Ho Hlouoa Ntle ho Lebaka
“Ba ntlhoile ntle ho lebaka.”—JOHANNE 15:25.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba makala ha Bakreste ba buuoa hampe, empa ke hobane’ng ha lipuo tseo li sa lokela ho re makatsa? (b) Ke moelelo ofe oa lentsoe “hloea” oo re tla o tšohla sehloohong see? (Bona mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
LIPAKI TSA JEHOVA li leka ho phela ka melao-motheo e ka Lentsoeng la Molimo. Ka lebaka lena, li na le botumo bo botle linaheng tse ngata. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, li ’nile tsa senngoa lebitso. Ka mohlala, motho e mong ea boholong pusong motseng oa St. Petersburg, Russia, o ile a hopola se latelang: “Re ile ra tlaleheloa hore ekare Lipaki Tsa Jehova ke mofuta o itseng oa sehlopha sa bakhelohi ba ipatileng, ba fenethang bana le ba ipolaeang.” Empa ka mor’a hore motho eena enoa ea boholong a sebetse le Lipaki Tsa Jehova litabeng tsa kopano e ’ngoe ea machaba, o ile a re: “Leha ho le joalo, ke bona batho ba tšoanang le ba bang, ba bososelang . . . Ke batho ba khotso le ba khobileng matšoafo, ebile ba ratana haholo.” O ile a phaella ka ho re: “Ho hang ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba bua mashano a joalo ka bona.”—1 Petrose 3:16.
2 Bahlanka ba Molimo ha ba thabe ha ba etselletsoa ka hore ke baetsi ba bobe, empa ha ba makale ha batho ba ba bua hampe. Jesu o ile a hlokomelisa balateli ba hae esale pele a re: “Haeba lefatše le le hloea, le tsebe hore le ntlhoile pele le le hloea. . . . Ke hore lentsoe le ngotsoeng Molaong oa bona le ka phethahala, ‘Ba ntlhoile ntle ho lebaka.’”a (Johanne 15:18-20, 25; Pesaleme ea 35:19; 69:4) Pejana o ne a itse ho barutuoa ba hae: “Haeba batho ba bitsitse mong’a ntlo Beelzebube, ba tla bitsa ba ntlo ea hae joalo hakaakang?” (Matheu 10:25) Bakreste ba utloisisa hore ho mamella nyeliso e joalo ke karolo ea ‘thupa ea tlhokofatso’ eo ba ileng ba e amohela ha e e-ba balateli ba Kreste.—Matheu 16:24.
3. Barapeli ba ’nete ba ’nile ba hlorisoa ho isa bohōleng bofe?
3 Ho hlorisoa ha barapeli ba ’nete ke ntho ea boholo-holo, e qalileng khale mehleng ea “Abele ea lokileng.” (Matheu 23:34, 35) Ha hoa fella feela ka lintho tse etsahalang seoelo mona le mane. Jesu o ile a re balateli ba hae ba ne ba “tla hlouoa ke batho bohle” ka lebaka la lebitso la hae. (Matheu 10:22) Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a ngola hore bahlanka bohle ba Molimo—ho akarelletsa e mong le e mong oa rōna—ba lokela ho lebella hore ba tla hlorisoa. (2 Timothea 3:12) See se bakoa ke eng?
Mohloli oa Lehloeo le sa Lokelang
4. Bibele e totobatsa joang mohloli oa lehloeo lohle le sa lokelang?
4 Lentsoe la Molimo le senola hore ho tloha qalong ho bile le motho ea sa bonahaleng ea fehlang lehloeo lena le sa lokelang. Nahana ka ho bolaoa ho sehlōhō ha Abele, monna oa pele oa tumelo. Bibele e bolela hore moholoane oa hae oa ’molai, e leng Kaine, o ne a ‘simolohile ho ea khopo,’ e leng Satane Diabolose. (1 Johanne 3:12) Kaine o ile a nka botho ba Satane, eaba Diabolose o mo sebelisetsa ho phetha merero ea hae e khopo. Bibele e boetse e senola karolo eo Satane a e phethileng tlhaselong e sehlōhō ea Jobo le Jesu Kreste. (Jobo 1:12; 2:6, 7; Johanne 8:37, 44; 13:27) Buka ea Tšenolo e totobatsa mohloli oa mahloriso a balateli ba Jesu ha e re: “Diabolose o tla ’ne a lahlele ba bang ba lōna chankaneng e le hore le ka lekoa ka ho feletseng.” (Tšenolo 2:10) Ha ho pelaelo hore Satane ke mohloli oa lehloeo lohle le sa lokelang le khahlanong le batho ba Molimo.
5. Satane o hloile barapeli ba ’nete ka lebaka lefe?
5 Satane o hloile barapeli ba ’nete ka lebaka lefe? Satane o sebelisitse morero o moholo ka ho fetisisa oa bolotsana o bontšang boiphahamiso bo feteletseng hore a qholotse Jehova Molimo, “Morena oa bosafeleng.” (1 Timothea 1:17; 3:6) O tsitlella hore Molimo o busa libōpuoa tsa hae ka melao e thata e sa hlokahaleng, le hore ha ho na motho ea sebeletsang Jehova ka sepheo se setle ebile batho ba sebeletsa Molimo molemong oa boithati feela. Satane o bolela hore ha a ka lumelloa ho leka batho, a ka etsa hore motho e mong le e mong a tlohele ho sebeletsa Molimo. (Genese 3:1-6; Jobo 1:6-12; 2:1-7) Satane o batla ho iketsa ’musi ea lekanang ka matla le Jehova ka hore a mo bue hampe a re ke mohatelli, o leshano, ebile o hlōlehile. Kahoo, o halefetse bahlanka ba Molimo ka lebaka la takatso ea hae e feteletseng ea hore a rapeloe.—Matheu 4:8, 9.
6. (a) Rōna ka borōna re ameha joang tsekong ea bobusi ba Jehova? (b) Ho utloisisa tseko ee ho re thusa joang hore re lule re tšepahala? (Bona lebokose, leqepheng la 16.)
6 Na u bona kamoo tseko ee e amang bophelo ba hao kateng? Kaha u mohlanka oa Jehova, mohlomong u fumane hore le hoja ho etsa thato ea Molimo ho hloka boiteko bo tiileng, melemo ea ho e etsa e meholo haholo. Leha ho le joalo, u tla etsa joang haeba maemo a hao a bophelo a etsa hore ho be thata, a bile a etsa hore ho be bohloko, hore u tsoele pele u boloka melao le melao-motheo ea Jehova? Hona ho thoe’ng haeba u bona hore ho etsa joalo ha ho u tsoele molemo? Na u tla etsa qeto ea hore ha ho thuse letho ho tsoela pele u sebeletsa Jehova? Kapa na ho rata Jehova le ho ananela ka botebo litšobotsi tsa hae tse babatsehang ho tla u susumelletsa ho tsoela pele u tsamaea litseleng tsohle tsa hae? (Deuteronoma 10:12, 13) Ka ho lumella Satane hore a re bakele mathata a itseng, Jehova o file e mong le e mong oa rōna monyetla oa hore re arabele ka borōna liqoso tsa Satane.—Liproverbia 27:11.
“Ha Batho ba le Nyelisa”
7. Leqheka le leng leo Diabolose a le sebelisang ho leka ho re furallisa Jehova ke lefe?
7 Joale a re ke re hlahlobisiseng le leng la maqiti ao Satane a a sebelisang ha a leka ho netefatsa liqoso tsa hae khahlanong le Jehova le bahlanka ba hae, a re ke re hlahlobisiseng mokhoa o mong—e leng nyeliso eo a e etsang ka leshano. Jesu o ile a re Satane ke “ntate oa leshano.” (Johanne 8:44) Diabolose, e leng lebitso le nang le moelelo le bolelang “Moetselletsi,” le mo tsebahatsa e le moetselletsi ea ka sehloohong oa Molimo, oa lentsoe la hae le molemo le oa lebitso la hae le halalelang. Diabolose o sebelisa litlhahiso tsa bolotsana, liqoso tsa bohata le mashano a pepenene ha a qholotsa bobusi ba Jehova, ’me o sebelisa maqheka ’ona ana ho etselletsa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo. Ka ho ekelletsa Lipaki tsena nyeliso, a ka etsa hore ho be thata haholo ho mamella teko e boima.
8. Satane o ile a tlisetsa Jobo nyeliso joang, hona ka phello efe?
8 Nahana ka se ileng sa hlahela Jobo, eo lebitso la hae le bolelang “Mohlouoa.” Ntle le hore Satane o ile a senyetsa Jobo mokhoa oa hae oa ho phela, a bolaea bana ba hae le ho mo kulisa, o ile a etsa hore Jobo a bonahale e le moetsalibe eo Molimo a mo otlang. Le hoja Jobo a ne a hlomphuoa haholo, o ile a nyelisoa, a ba a nyelisoa ke beng ka eena le metsoalle ea hae e haufi. (Jobo 19:13-19; 29:1, 2, 7-11) Ntle le moo, ka ho sebelisa batšelisi ba bohata, Satane o ile a batla ho ‘sithabetsa Jobo ka mantsoe,’ a qala ka ho etsa tlhahiso ea bolotsana ea hore e tlameha ebe o entse sebe se tebileng ’me ka mor’a moo a mo nyatsa ka ho toba ka hore ke mofosi. (Jobo 4:6-9; 19:2; 22:5-10) Ntho ee e ne e tla nyahamisa Jobo hakaakang!
9. Ho ile ha etsoa joang hore Jesu a bonahale eka ke moetsalibe?
9 Kaha Mora oa Molimo ke motšehetsi ea ka sehloohong oa bobusi ba Jehova, o ile a fetoha mohlouoa e moholo oa Satane. Ha Jesu a ne a tlile lefatšeng, Satane o ile a leka ho mo silafatsa moeeng, joalokaha a ne a lekile ka Jobo, a etsa hore Jesu a bonahale e le moetsalibe. (Esaia 53:2-4; Johanne 9:24) Batho ba ne ba mo bitsa letahoa le monyollo ebile ba re o “na le modemona.” (Matheu 11:18, 19; Johanne 7:20; 8:48; 10:20) O ile a qosoa ka bohata ho thoe oa nyefola. (Matheu 9:2, 3; 26:63-66; Johanne 10:33-36) Sena se ile sa tšoenya Jesu hobane o ne a tseba hore se tlisetsa Ntat’ae nyeliso e sa lokelang. (Luka 22:41-44) Qetellong, Jesu o ile a khokhotheloa thupeng joaloka senokoane se rohakiloeng. (Matheu 27:38-44) Ka ho boloka botšepehi bo phethahetseng, Jesu o ile a mamella “puo e joalo e hanyetsang ea baetsalibe.”—Baheberu 12:2, 3.
10. Masala a tlotsitsoeng e bile bahlaseluoa ba Satane joang mehleng ea kajeno?
10 Mehleng ea kajeno, masala a balateli ba tlotsitsoeng ba Kreste e ’nile ea e-ba bahlouoa ba Diabolose ka tsela e tšoanang. Satane o hlalosoa e le “moqosi oa barab’abo [Kreste] . . . ea ba qosang bosiu le motšehare ka pel’a Molimo oa rōna.” (Tšenolo 12:9, 10) Ho tloha ha Satane a lelekoa leholimong ’me a thibelloa lefatšeng, o matlafalitse boiteko ba hae ba ho etselletsa barab’abo Kreste ka hore ke melahloa e eisehang. (1 Bakorinthe 4:13) Linaheng tse ling, a ’nile a etselletsoa ka hore ke lequloana le kotsi, feela joalokaha ho ile ha etsahalla Bakreste ba lekholong la pele la lilemo. (Liketso 24:5, 14; 28:22) Joalokaha ho boletsoe qalong, a ’nile a etselletsoa ka liphatlalatso tsa bohata. Leha ho le joalo, “ka thoriso le tlhomphollo, ka tlaleho e mpe le tlaleho e ntle,” ka boikokobetso bara bana babo Kreste ba tlotsitsoeng, ba lekile ho ‘boloka litaelo tsa Molimo le ho etsa mosebetsi oa ho paka ka Jesu,’ ba tšehelitsoe ke metsoalle ea bona ea “linku tse ling.”—2 Bakorinthe 6:8; Johanne 10:16; Tšenolo 12:17.
11, 12. (a) Lebaka le leng le ka etsang hore Bakreste ba nyelisoe ke lefe? (b) Ke ka litsela life Mokreste a ka ’nang a utloisoa bohloko ka ho hlokang toka ka lebaka la tumelo ea hae?
11 Bonneteng, hase hore linyeliso tsohle tse hlahelang bahlanka ba Molimo ka bomong li ba hlahela “ka lebaka la ho loka.” (Matheu 5:10) Mathata a mang a ka re hlahela ka lebaka la ho se phethahale ha rōna. Ha ho na thoriso e khethehileng eo re e fumanang haeba ‘ha re etsa sebe ’me re ntse re jabeloa, re mamella seo.’ Leha ho le joalo, haeba Mokreste “ka lebaka la letsoalo ho Molimo, a mamella lintho tse bakang mesarelo ’me a utloa bohloko ka ho hlokang toka, ena ke ntho e lumellehang” ho Jehova. (1 Petrose 2:19, 20) Ebe see se ka etsahala tlas’a maemo afe?
12 Ba bang ba ’nile ba sotloa ka lebaka la ho hana ho kopanela meetlong ea lepato e sa lumellaneng le Mangolo. (Deuteronoma 14:1) Bacha ba Lipaki ba ’nile ba hlaseloa ka ho rehoa mabitso kamehla ka lebaka la ho khomarela melao ea Jehova ea boitšoaro. (1 Petrose 4:4) Batsoali ba bang ba Bakreste ba ’nile ba qosoa ka hore “ha ba hlokomele” kapa ka hore “ba na le tšoaro e mpe” hobane ba ne ba batla hore bana ba bona ba phekoloe ntle ho mali. (Liketso 15:29) Bakreste ba bang ba ’nile ba khetholloa ke beng ka bona le baahelani hobane feela e se e le bahlanka ba Jehova. (Matheu 10:34-37) Batho bana kaofela ba latela mohlala o ileng oa behoa ke baprofeta le Jesu ka boeena ka ho utloisoa bohloko ka ho hlokang toka.—Matheu 5:11, 12; Jakobo 5:10; 1 Petrose 2:21.
Ho Mamella Nyeliso
13. Ke eng se ka re thusang hore re lule re tsitsitse moeeng ha re tobane le nyeliso e matla?
13 Ha re nyelisoa ka matla ka lebaka la tumelo ea rōna, re ka ’na ra nyahama, joaloka moprofeta Jeremia, eaba re ikutloa hore re ke ke ra tsoela pele ho sebeletsa Molimo. (Jeremia 20:7-9) Ke eng e ka re thusang hore re lule re tsitsitse moeeng? Leka ho ba le pono ea Jehova ka taba ena. O nka batho ba lulang ba tšepahala litekong e le bahlōli eseng e le ba hlōtsoeng. (Baroma 8:37) Ak’u leke ho bona ka mahlo a kelello batho ba emetseng bobusi ba Jehova ho sa tsotellehe ho tlotlolloa ha mefuta eohle hoo Diabolose a ba utloisitseng bohloko ka hona—banna le basali ba kang Abele, Jobo, ’mè oa Jesu Maria le ba bang ba tšepahalang ba khale, haesita le bahlanka-’moho le rōna ba mehleng ena. (Baheberu 11:35-37; 12:1) Nahanisisa ka botšepehi boo ba ileng ba bo bontša. Leru leo le leholo la batho ba tšepahalang le re hoehla hore re e’o hloella le lona sethaleng se lokiselitsoeng ba hlōlang lefatše ka tumelo ea bona.—1 Johanne 5:4.
14. Thapelo e etsoang ka tieo e ka re matlafatsa joang hore re lule re tšepahala?
14 ‘Ha menahano ea rōna e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho rōna’ re ka ea ho Jehova ka thapelo e tiileng, ’me o tla re tšelisa le ho re matlafatsa. (Pesaleme ea 50:15; 94:19) O tla re fa bohlale boo re bo hlokang hore re loane le teko eo, hape o tla re thusa hore re lule re tsepamisitse mahlo tsekong e khōlō, e leng bobusi ba Jehova, boo e leng bona sesosa sa hore bahlanka ba hae ba hlouoe ka tsela e sa lokelang. (Jakobo 1:5) Hape Jehova a ka re fa “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle.” (Bafilipi 4:6, 7) Khutso ena e tsoang ho Molimo e re thusa hore re lule re khobile matšoafo ebile re tiile ha re tobane le khatello e matla, re sa inehele lipelaelong kapa tšabong. Jehova a ka sebelisa moea oa hae ho re matlafatsa hore re mamelle eng kapa eng eo a lumellang hore e re hlahele.—1 Bakorinthe 10:13.
15. Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra hlonama ha re le mahlomoleng?
15 Ke eng e ka re thusang hore re se ke ra hlonamela ba re hloileng ntle ho lebaka? Hopola hore lira tsa rōna tse ka sehloohong ke Satane le bademona. (Baefese 6:12) Ke ’nete hore batho ba bang baa hlokomela hore baa re hlorisa ebile ba ho etsa ka boomo, empa ba bangata ba hanyetsang batho ba Molimo ba ho etsa ka lebaka la ho hloka tsebo kapa ka lebaka la ho hlohlelletsoa ke batho ba bang. (Daniele 6:4-16; 1 Timothea 1:12, 13) Jehova o lakatsa hore “batho ba mefuta eohle” ba be le monyetla oa hore “ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:4) Ka sebele, batho ba bang bao e neng e le bahanyetsi e se e le barab’abo rōna ba Bakreste hona joale ka lebaka la ho bona boitšoaro ba rōna bo sa tšoauoeng phoso. (1 Petrose 2:12) Ho phaella moo, re ka ithuta mohlaleng oa Josefa, mora oa Jakobo. Le hoja Josefa a ile a ba mahlomoleng a maholo ka lebaka la barab’abo ka ntat’a bona, ha aa ka a ba jara ka pelo. Hobane’ng? Hobane o ile a bona hore letsoho la Jehova le ne le tsamaisa liketsahalo tabeng eo, ho phethahatsa morero oa Hae. (Genese 45:4-8) Ka tsela e tšoanang, Jehova a ka tlotlisa lebitso la hae ka ho sebelisa mahlomola leha e le afe a sa lokelang a ka re hlahelang.—1 Petrose 4:16.
16, 17. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ntle ho lebaka ka boiteko ba bahanyetsi ba ho sitisa mosebetsi oa boboleli?
16 Ha rea lokela ho tšoenyeha ntle ho lebaka haeba ka nakoana ho bonahala bahanyetsi ba atleha ho sitisa tsoelo-pele ea litaba tse molemo. Hona joale Jehova o sisinya lichaba ka bopaki bo fanoang lefatšeng lohle, ’me lintho tse lakatsehang lia kena. (Hagai 2:7) Kreste Jesu, Molisa ea Khabane, o ile a re: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela. Ke li fa bophelo bo sa feleng, . . . ’me ha ho le ea mong ea tla li hloibila letsohong la ka.” (Johanne 10:27-29) Mangeloi a halalelang le ’ona a kenelletse kotulong e khōlō ea moea. (Matheu 13:39, 41; Tšenolo 14:6, 7) Kahoo, ha ho letho leo bahanyetsi ba le buang kapa ba le etsang le tla nyopisa morero oa Molimo.—Esaia 54:17; Liketso 5:38, 39.
17 Hangata boiteko ba bahanyetsi bo ba le liphello tse fapanang le tse neng li lebeletsoe. Motseng o mong oa Afrika, batho ba ne ba jetse mashano a mangata a tšabehang ka Lipaki Tsa Jehova, a akarelletsang hore li rapela Diabolose. Ka lebaka lena, neng le neng ha Lipaki li ne li etile, Grace o ne a potela ka mor’a ntlo ebe o ipata ho fihlela li tsamaea. Ka letsatsi le leng moruti oa kereke ea hae o ile a phahamisa sengoliloeng se seng sa rōna eaba o bolella bohle ba teng hore ba se ke ba se bala hobane se tla ba furallisa tumelo ea bona. Sena se ile sa tsosa tjantjello ea Grace. Ka lekhetlo le latelang ha Lipaki li fihla, ho e-na le hore a ipate, o ile a qoqa le tsona eaba o iphumanela sengoliloeng seo. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele, ’me ka 1996 o ile a kolobetsoa. Hona joale Grace o sebelisa nako ea hae hore a batle ba bang bao e ka ’nang eaba ba filoe ka ntle ho letsoho ka Lipaki Tsa Jehova.
Matlafatsa Tumelo ea Hao Hona Joale
18. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re matlafatse tumelo ea rōna pele ho hlaha liteko tse matla, hona re ka e matlafatsa joang?
18 Kaha neng kapa neng Satane a ka re hlasela ka tšohanyetso ka lehloeo le sa lokelang, ke habohlokoa hore re matlafatse tumelo ea rōna hona joale. Re ka etsa see joang? Tlaleho e tsoang naheng e ’ngoe eo batho ba Jehova ba ’nileng ba hlorisoa ho eona e ile ea re: “Ntho e le ’ngoe e bonahetseng ka ho hlaka ke ena: Batho ba nang le mekhoa e metle ea moea le ba ananelang ’nete ea Bibele ka botebo ha ba na bothata ba ho tšoarella ka tieo ha liteko li fihla. Empa ba fosang liboka, ba sa beng teng kamehla tšebeletsong ea tšimo le ba sekisetsang linthong tse nyenyane ‘nakong e tšoanelang,’ hangata ke bona ba inehelang ha ba le litekong tse ‘chesang.’” (2 Timothea 4:2) Haeba u bona moo ho hlokahalang hore u ntlafatse, leka ho etsa joalo ntle ho tšenyo ea nako.—Pesaleme ea 119:60.
19. Ho tšepahala ha bahlanka ba Molimo har’a lehloeo le sa lokelang ho finyella eng?
19 Botšepehi ba barapeli ba ’nete mahlomoleng a maholo a bakoang ke lehloeo la bosatane ke bopaki ba sebele ba hore bobusi ba Jehova bo loketse, boa tšoaneleha ebile bo lokile. Botšepehi ba bona bo thabisa pelo ea Molimo. Leha batho ba ka ba nyelisa haholo, eo seriti sa hae se phahametseng lefatše le leholimo “ha a lihlong ka bona, hore ho ipiletsoe ho eena e le Molimo oa bona.” Ka sebele, mabapi le batho bao bohle ba tšepahalang, ka nepo ho ka thoe: “Lefatše le ne le sa ba tšoanele.”—Baheberu 11:16, 38.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka Mangolong, lentsoe “hloea” le na le meelelo e ’maloa e sa tšoaneng. Meelelong e meng, le bolela feela ho rata ntho hanyenyane. (Deuteronoma 21:15, 16) Ho “hloea” ho ka boetse ha bolela ho nena ntho empa e se ka morero oa ho e ntša kotsi, ho e-na le hoo e le ka morero oa ho e qoba ka lebaka la ho e nyonya. Leha ho le joalo, ho “hloea” ke lentsoe leo hape le ka bolelang bora bo tebileng, lisuoa tsa nako e telele tseo hangata li tsamaeang le lonya. Sehloohong sena ho tla tšohloa moelelo ona oa lentsoe lena.
Na U ka Hlalosa?
• Ke mang ea hlohlelletsang lehloeo le sa lokelang le tobisoang ho barapeli ba ’nete?
• Satane o ile a sebelisa nyeliso joang ha a leka ho senya botšepehi ba Jobo le ba Jesu?
• Jehova o re matlafatsa joang hore re eme re tiile har’a lehloeo la bosatane?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ba Ile ba Hlokomela Hore na Tseko e Hlileng e Amehang ke Efe
E mong oa Lipaki Tsa Jehova tsa Ukraine, moo mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ileng oa thibeloa ka lilemo tse fetang tse 50, o ile a re: “Boemo ba Lipaki Tsa Jehova ha boa lokela ho shejoa feela ka hore na batho ba bang ba re tšoara joang . . . Batho ba bangata ba boholong ba ne ba mpa ba phetha mesebetsi ea bona feela. Ha ’muso o fetoha, ba boholong ba ile ba hlanamela ’muso oa khale, empa rōna ha rea ka ra fetoha. Re ile ra hlokomela hore sesosa sa sebele sa likhathatso tsa rōna se ne se senotsoe ka Bibeleng.
“Ha rea ka ra nka hore re mpa re le bahlaseluoa ba se nang molato ba batho ba hatellang. Se ileng sa re thusa ho mamella ke ho utloisisa ka ho hlaka tseko e ileng ea phahamisoa serapeng sa Edene—e leng tseko ea tokelo ea Molimo ea ho busa . . . Re ne re sa ema feela ka lehlakoreng la tseko e amang batho empa re ne re boetse re eme ka lehlakoreng la tseko e amang ’Musi oa bokahohle. Re ne re e-na le kutloisiso e phahameng haholo ea litseko tse hlileng li amehang. Sena se ile sa re matlafatsa sa ba sa re thusa ho boloka botšepehi esita le tlas’a maemo a thata ka ho fetisisa.”
[Setšoantšo]
Victor Popovych, arrested in 1970
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ke mang ea neng a hlohlelletsa nyeliso eo Jesu a ileng a nyelisoa ka eona?
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Jobo, Maria le bahlanka ba Molimo ba mehleng ea kajeno, ba kang Stanley Jones, ba tšehelitse bobusi ba Jehova