Pale ea Bophelo
Bophelo bo Khotsofatsang le bo Thabisang ba ho Iketsa Sehlabelo ka ho Rata
JOALOKAHA HO BOLETSE MARIAN LE ROSA SZUMIGA
Pesaleme ea 54:6 e re: “Ke tla u etsetsa sehlabelo ka ho rata.” Ana ke mantsoe ao Marian Szumiga le mosali oa hae Rosa ba lulang Fora ba ’nileng ba bua ka ’ona haholo bophelong ba bona. Morao tjena ba ile ba pheta liketsahalo tse ling tsa bohlokoa bophelong ba bona bo bolelele, le bo khotsofatsang tšebeletsong ea Jehova.
MARIAN: Batsoali ba ka e ne e le bajaki ba tsoang Poland ebile e le litho tsa kereke ea Roma e K’hatholike. Ntate o ne a sa kena sekolo. Leha ho le joalo, nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ha a ntse a le sesoleng, o ile a ithuta ho bala le ho ngola. Ntate e ne e le monna ea tšabang Molimo, empa khafetsa kereke e ne e mo soabisa.
Ho na le ketsahalo e ’ngoe eo a neng a sa e lebale. Ka tsatsi le leng ha ba ntse ba le ntoeng, moruti oa sesole o ile a etela lekala la Ntate la sesole. Eitse ha ho qhoma bomo haufi le moo, moruti a baleha a tšohile, a ntse a shapa pere ea hae ka sefapano hore e mathe haholo. Ntate o ne a makalletse hore “moemeli” oa Molimo o sebelisa ntho e “halalelang” hore a tsebe ho baleha ka potlako. Ho sa tsotellehe liphihlelo tseo le masetla-pelo a ntoa ao a ileng a a bona, tumelo ea Ntate ho Molimo ha ea ka ea thekesela. Hangata o ne a lebisa tlotla ho Molimo ka hore ebe o khutlile a sireletsehile ntoeng.
“Poland e Nyenyane”
Ka 1911, Ntate o ile a nyala ngoanana ea tsoang motsaneng o haufi. Lebitso la hae e ne e le Anna Cisowski. Nakoana ka mor’a ntoa, ka 1919, Ntate le ’Mè ba ile ba tloha Poland eaba ba fallela Fora moo Ntate a ileng a fumana mosebetsi morafong oa mashala. Ka March 1926, ke ile ka hlahela Cagnac-les-Mines, ka boroa-bophirimela ho Fora. Hamorao, batsoali ba ka ba ile ba lula tikolohong ea Mapolishe e bitsoang Loos-en-Gohelle, haufi le Lens e ka leboea ho Fora. Seapehi sa moo e ne e le Lepolishe, raselakha e le Lepolishe ’me moprista oa parishe e le Lepolishe. Ha ho makatse hore ebe sebaka sena se ne se bitsoa Poland e Nyenyane. Batsoali ba ka ba ne ba tšoarehile mesebetsing ea sechaba. Hangata Ntate o ne a hlophisa lipapali, tse neng li akarelletsa papali ea sethaleng, ’mino oa liletsa le ho bina ka mantsoe. Hape o ne a buisana le moprista khafetsa, empa o ne a sa khotsofale ha moprista a ne a atisa ho mo araba ka ho re, “Ho na le lintho tse ngata tse sa hlaloseheng.”
Ka tsatsi le leng ka 1930, basali ba babeli ba ile ba kokota monyako oa lapeng. E ne e le Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng ka nako eo. Ntate o ile a fumana Bibele ho bona, e leng buka eo e neng e le khale a ntse a batla ho e bala. Hape eena le ’Mè ba ile ba thabela ho bala libuka tse thehiloeng Bibeleng tse siiloeng ke basali bao. Batsoali ba ka ba ile ba angoa ka ho teba ke seo ba se balileng libukeng tseo. Ho sa tsotellehe bophelo ba bona bo maphathaphathe, batsoali ba ka ba ile ba qala ho ba teng libokeng tse hlophisitsoeng ke Liithuti Tsa Bibele. Lipuisano tsa bona le moprista li ile tsa e-ba mabifi le ho feta ho fihlela ha ka tsatsi le leng a tšosa ka hore haeba batsoali ba ka ba ntse ba tsoela pele ho kopanela le Liithuti Tsa Bibele, Ausi Stéphanie o tla lelekoa sehlopheng se ithutang katekisima. Ntate o ile a mo araba a re: “Sek’a khathatseha ka seo. Ho tloha hona joale, morali oa ka le bana ba bang ba tla ea le rōna libokeng tsa Liithuti Tsa Bibele.” Ntate o ile a itokolla kerekeng, eaba mathoasong a 1932, batsoali ba ka baa kolobetsoa. Ka nako eo, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba ka bang 800 Fora.
Rosa: Batsoali ba ka ba ne ba tsoa Hungary ’me, ho tšoana le lelapa labo Marian, ba ile ba lula ka boroa ho Fora e le hore ba sebetse merafong ea mashala. Ke hlahile ka 1925. Ka 1937, e mong oa Lipaki Tsa Jehova, Auguste Beugin, kapa Papa Auguste kamoo re neng re mo bitsa kateng, o ile a qala ho tlisetsa batsoali ba ka Molula-Qhooa ka Sehungary. Ba ne ba rata limakasine tsena, empa ha ho le ea mong oa bona eo e ileng ea e-ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Le hoja ke ne ke le monyenyane, pelo ea ka e ile ea angoa ke seo ke neng ke se bala Molula-Qhooeng, ’me ngoetsi ea Papa Auguste, e leng Suzanne Beugin, o ne a nthata. Batsoali ba ka ba ile ba mo lumella hore a ee le ’na libokeng. Hamorao, ha ke qala ho sebetsa, ho ea ha ka libokeng ka Sontaha ho ile ha khopisa Ntate. Le hoja e ne e le motho ea botsoalle ka tlhaho, o ile a tletleba ka ho re, “Har’a beke ha u e’o, ’me ka Lisontaha u ea libokeng tseo tsa hao!” Leha ho le joalo, ke ile ka ’na ka ea. Kahoo ka tsatsi le leng Ntate o ile a re, “Phutha seo e leng sa hao u ntsoele ka ntlo!” E ne e le bosiu haholo. Ke ne ke le lilemo li 17 feela, ’me ke sa tsebe hore na ke tla leba hokae. Ke ile ka ea ha Suzanne, ke lla habohloko. Ke lutse le Suzanne hoo e ka bang beke pele Ntate a romela ausi hore a tl’o ntata hore a nkhutlisetse lapeng. Ke ne ke le motho ea lihlong ka tlhaho, empa khopolo e boletsoeng ho 1 Johanne 4:18 e ile ea nthusa hore ke eme ke tiile. Lengolo leo le re “lerato le phethahetseng le lahlela tšabo ka ntle.” Ke ile ka kolobetsoa ka 1942.
Lefa la Bohlokoa la Moea
Marian: Ke ile ka kolobetsoa ka 1942 le bo-ausi ba ka Stéphanie le Mélanie le Abuti Stéphane. Lapeng, bophelo ba lelapa bo ne bo itšetlehile ka Lentsoe la Molimo. Ha re lutse tafoleng kaofela, Ntate o ne a re balla Bibele ka Sepolishe. Hangata re ne re sebelisa linako tsa rōna tsa mantsiboea re mametse batsoali ba rōna ha ba ntse ba re phetela liphihlelo tseo ba bileng le tsona mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. Linako tsena tse khothatsang moeeng li ile tsa re ruta ho rata Jehova le ho mo tšepa haholoanyane. Ho kula ho ile ha etsa hore Ntate a tlohele mosebetsi, empa o ile a tsoela pele ho re hlokomela moeeng le nameng.
Kaha joale Ntate o ne a e-na le nako e eketsehileng, hang ka beke o ne a khannela bacha ba phutheho thuto ea Bibele ka Sepolishe. Ke moo ke ileng ka ithuta ho bala Sepolishe teng. Hape Ntate o ile a khothatsa bacha ka litsela tse ling. Ka lekhetlo le leng ha Mor’abo rōna Gustave Zopfer, eo ka nako eo a neng a okametse mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova Fora, a etela phutheho ea rōna, Ntate o ile a hlophisa hore ho be le k’hoaere le tšoantšiso ea boholo-holo ea Bibele e buang ka mokete oa Morena Belshatsare le mongolo oa leboteng. (Daniele 5:1-31) Karolo ea Daniele e ne e bapaloa ke Louis Piéchota, eo hamorao a ileng a ema a tiile khahlanong le Manazi.a Re le bana re ile ra hōlisetsoa tikolohong ea mofuta ona. Re ne re hlokomela hore kamehla batsoali ba rōna ba tšoarehile ka lintho tsa moea. Kajeno, kea bona hore ka sebele batsoali ba ka ba re sietse lefa la bohlokoa.
Ha ho qhoma Ntoa ea II ea Lefatše ka 1939, mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa thibeloa Fora. Ka lekhetlo le leng, motsana oa habo rōna o ile oa sechoa. Masole a Majeremane a ne a lika-likelitse matlo kaofela. Ntate o ne a epile mokoti o sa bonahaleng ka tlas’a otoropo, ’me re ne re pata libuka tse fapa-fapaneng tsa Bibele ka ho oona. Leha ho le joalo, ka laeng ea raka ho ne ho e-na le likopi tse ’maloa tsa bukana ea Fascism or Freedom. Kapele-pele Ntate o ile a li pata ka pokothong ea baki e neng e fanyehiloe phasejeng. Masole a mabeli le lepolesa la Lefora a ile a secha ntlo eso. Re ne re letile ka matsoalo. Lesole le leng le ile la qala ho secha liaparo tse neng li fanyehiloe phasejeng, ’me kapele-pele ka mor’a moo la kena ka kichineng, kamoo re neng re le ka teng, le tšoere libukana ka letsoho. Le ile la re tonela mahlo, la beha libukana tseo tafoleng, eaba le tsoela pele ho secha libakeng tse ling. Kapele ke ile ka nka libukana tseo eaba ke li kenya ka rakeng eo masole a neng a se a ile a e secha. Lesole leo ha lea ka la botsa hore na libukana tseo li ile kae—e ne eka le lebetse thuoe! ka tsona.
Ho Kenela Tšebeletso ea Nako e Tletseng
Ka 1948, ke ile ka etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Matsatsi a seng makae hamorao, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Fora. Lengolong leo ho ne ho e-na le kabelo ea hore ke e’o sebeletsa ke le pula-maliboho phuthehong ea Sedan, haufi le Belgium. Batsoali ba ka ba ne ba thabile ha ba bona ke ikitlaelletsa ho etsa tšebeletso ea Jehova ka tsela eo. Leha ho le joalo, Ntate o ile a mpolella hore bopula-maliboho bo ne bo ke ke ba e-ba bonolo. E ne e tla ba mosebetsi o boima. Leha ho le joalo, o ile a re ke amohelehile kamehla lapeng ’me o ne a tla nthusa haeba ke e-na le mathata. Le hoja batsoali ba ka ba ne ba se na chelete e ngata, ba ile ba nthekela baesekele e ncha. Ke sa ntse ke e-na le rasiti ea baesekele eo, ’me ha ke e sheba, ke sekisa meokho. ’Mè le Ntate ba ile ba hlokahala ka 1961, empa mantsoe a bohlale a Ntate a ntse a luma litsebeng tsa ka; a nkhothalitse le ho ntšelisa lilemong tsohle tsa ka tsa tšebeletso.
Motho e mong ea ileng a nkhothatsa ke morali’abo rōna oa Mokreste ea neng a le lilemo li 75 oa phutheho ea Sedan ea bitsoang Elise Motte. Hlabula, ke ne ke palama baesekele ea ka ke e-ea metsaneng e ka thōko ho ea bolela, ’me Elise eena o ne a tsamaea ka terene. Leha ho le joalo, ka tsatsi le leng lienjiniere tsa literene li ile tsa teraeka, ’me Elise o ne a sa khone ho ea hae. Tharollo feela e ne e le hore ke mo palamise sebakeng se laelang lithōtō baesekeleng ea ka ke mo ise hae—o ne a sa lula hamonate. Hoseng ha letsatsi le latelang, ke ile ka tla le mosamo ’me ka lata Elise ha hae. O ile a khaotsa ho tsamaea ka terene, ’me ka chelete ea ho palama eo a neng a e boloka, o ne a khona ho re rekela seno se chesang nakong ea lijo tsa motšehare. Ke mang ea neng a ka nahana hore baesekele ea ka e ka ba sepalangoang sa sechaba?
Boikarabelo bo Eketsehileng
Ka 1950, ke ile ka kōptjoa hore ke be molebeli oa potoloho karolong eohle e ka leboea ea Fora. Kaha ke ne ke le lilemo li 23 feela, ha ke qala ho utloa seo ke ile ka tšoha. Ke ne ke nahana hore ofisi ea lekala e entse phoso! Ke ne ke ipotsa lipotso tse ngata ke re: ‘Na ebe kea tšoaneleha moeeng le nameng hore nka etsa mosebetsi oo? Na ebe ke tla khona ho lula libakeng tse sa tšoaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe?’ Ho feta moo, ho tloha ha ke le lilemo li tšeletseng, ke ile ka ba le bothata ba mahlo a lephekha. Boloetse bona bo etsa hore leihlo le leng la ka le pelekanele ka ntle. Sena se ’nile sa etsa hore ke itšohe, ke khathatsehe ka hore na batho ba tla re’ng. Ka lehlohonolo, ka nako eo, ke ile ka thusoa haholo ke Stefan Behunick, ea ileng a fumana lengolo sekolong sa Gileade. Mor’abo rōna Behunick o ne a ile a lelekoa Poland ka lebaka la mosebetsi oa hae oa boboleli eaba o abeloa hape Fora. Ka sebele ke ne ke tsota sebete sa hae. O ne a rata Jehova le ’nete ka botebo. Ba bang ba ne ba nahana hore o ne a ntšoere ka thata, empa ke ile ka ithuta ho hongata ho eena. Sebete sa hae se ile sa nthusa hore ke be le kholiseho e khōloanyane.
Mosebetsi oa ho potoloha o ile oa mpha monyetla oa ho thabela liphihlelo tse monate tšebeletsong ea tšimo. Ka 1953, ke ile ka kōptjoa hore ke etele Monghali Paoli, ea neng a lula ka boroa ho Paris a bile a entse peeletso ea Molula-Qhooa. Re ile ra kopana, eaba ke elelloa hore o ne a tsoile sesoleng le hore o ne a rata Molula-Qhooa haholo. O ile a mpolella hore ka mor’a hore a bale sehlooho se neng se bua ka Sehopotso sa lefu la Kreste tokollong ea morao-rao, o ile a keteka Sehopotso a le mong eaba o qeta karolo e setseng ea mantsiboea ao a bala Lipesaleme. Puisano ea rōna e ile ea nka hoo e ka bang thapama eohle. Pele ke tsamaea, re ile ra boela ra buisana hakhutšoanyane ka kolobetso. Hamorao ke ile ka mo romella memo ea hore a tle kopanong ea rōna ea potoloho, e neng e tla tšoaroa mathoasong a 1954. O ile a tla, ’me Mor’abo rōna Paoli o ile a ba har’a batho ba 26 ba ileng ba kolobetsoa kopanong eo. Liphihlelo tse tšoanang le ena li ntse li nthabisa.
Rosa: Ka October 1948, ke ile ka qala ho ba pula-maliboho. Ka mor’a ho sebeletsa Anor, haufi le Belgium, ke ile ka abeloa Paris, hammoho le pula-maliboho e mong, ea bitsoang Irène Kolanski (hona joale ke Leroy). Re ne re lula kamoreng e nyenyane Saint-Germain-des Près bohareng ba toropo. Kaha ke ne ke le ngoanana ea hōletseng mahaeng, ke ne ke hlolloa ke batho ba Paris. Ke ne ke nahana hore kaofela ha bona ba tsoetse pele ebile ba bohlale haholo. Empa ka lebaka la boboleli, kapele ke ile ka hlokomela hore ba ne ba sa fapana le batho ba bang. Re ne re atisa ho lelekoa ke balebeli ba mehaho, ’me ho ne ho le thata ho qalisa lithuto tsa Bibele. Leha ho le joalo, batho ba bang ba ile ba amohela molaetsa oa rōna.
Kopanong e ’ngoe ea potoloho ka 1951, ho ile ha buisanoa le ’na le Irène ka tšebeletso ea rōna ea bopula-maliboho. Ha u nahana, ke mang ea neng a re botsa lipotso? Molebeli oa potoloho e mocha lilemong ea bitsoang Marian Szumiga. Re ne re kile ra bonana hanngoe, empa ka mor’a kopano, re ile ra qala ho ngollana. ’Na le Marian re ne re tšoana linthong tse ngata, ho akarelletsa le tabeng ea hore re ile ra kolobetsoa ka selemo se le seng ’me ra bula maliboho ka selemo se le seng. Leha ho le joalo, habohlokoa le ho feta, bobeli ba rōna re ne re batla ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng. Kahoo ka mor’a ho nahanisisa ka thapelo, re ile ra nyalana ka la 31 July, 1956. Bohato boo bo ile ba etsa hore ke qalise tsela e ncha ka ho feletseng ea bophelo. Hase feela hore ke ile ka tlameha ho tloaela ho ba mohats’a motho e mong empa hape ke ile ka tlameha ho tloaela ho tsamaea le Marian mosebetsing oa potoloho, e leng se neng se bolela hore ke ne ke tlameha ho robala libetheng tse sa tšoaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe. Qalong, ho ne ho se bonolo, empa re ne re letetsoe ke lintho tse ngata tse thabisang.
Bophelo bo Khotsofatsang
Marian: Ka lilemo-lemo, re bile le tokelo ea ho thusa ha ho lokisetsoa likopano tse ’maloa tse khōlō. Ka thabo, ke hopola ka ho khetheha e ’ngoe e ileng ea tšoaroa ka 1966, Bordeaux. Ka nako eo, mesebetsi ea Lipaki Tsa Jehova e ne e thibetsoe Portugal. Kahoo lenaneo la kopano le ne le fanoa le ka Sepotoketsi molemong oa Lipaki tse ileng tsa khona ho nka leeto la ho ea Fora. Bara le barali babo rōna ba Bakreste ba makholo ba neng ba tsoa Portugal ba ile ba fihla, empa bothata e ne e le hore na ba tla robala hokae. Kaha Lipaki tsa Bordeaux li ne li se na bolulo bo lekaneng mahaeng a tsona, re ile ra hira holo e se nang letho ea libaesekopo hore e sebelisoe e le sebaka sa marobalo. Re ile ra ntša litulo kaofela, eaba re sebelisa kharetene ea sethala ho arola holo hore e be le libaka tse peli tsa ho robala, se seng bakeng sa barab’abo rōna se seng bakeng sa baralib’abo rōna. Hape re ile ra kenya lishaoara le libaka tseo ho hlapeloang matsoho ho tsona, ra ala furu fatše konkreiteng eaba re e koahela ka liseile. E mong le e mong o ne a khotsofalletse tokisetso ena.
Ka mor’a mananeo a kopano, re ile ra etela bara le barali babo rōna sebakeng seo sa marobalo. Ho ne ho le monate. Ruri liphihlelo tseo ba bileng le tsona ho sa tsotellehe ho mamella khanyetso ka lilemo tse telele li ile tsa re matlafatsa haholo. Ha ba tsamaea ka mor’a kopano, kaofela re ne re tletse meokho ka mahlong.
Ke ne ke fumane tokelo e ’ngoe lilemo tse peli pele ho moo, ka 1964, ha ke ne ke kōptjoa hore ke be molebeli oa setereke. Ke ile ka boela ka ipotsa hore na ebe kea tšoaneleha ho etsa mosebetsi oo. Empa ke ile ka ipolella hore haeba ba ikarabellang ba nkōpile hore ke amohele kabelo eo, ho totobetse hore ba ile ba nahana hore nka khona ho e phetha. Ho ne ho thabisa ho sebetsa le balebeli ba bang ba tsamaeang. Ke ile ka ithuta ho hongata ho bona. Ba bangata ba bona ke mehlala ea sebele ea ho bontša ho se fele pelo le tiisetso, e leng litšoaneleho tsa bohlokoa mahlong a Jehova. Ke ile ka elelloa hore haeba re ithuta ho leta, Jehova oa tseba hore na o tla re fumana hokae.
Ka 1982 ofisi ea lekala e ile ea re kōpa hore re boele re hlokomele sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba Mapolishe ba 12 Boulogne-Billancourt, ka ntle ho Paris. Re ne re sa lebella seo. Ke ne ke tseba mantsoe a seng makae a Sepolishe a sebelisoang litabeng tsa puso ea Molimo, empa ke ne ke thatafalloa ke ho etsa lipolelo. Leha ho le joalo, mosa le tšebelisano-’moho ea bara bao babo rōna li ile tsa nthusa haholo. Kajeno, phutheho eo e na le bahoeletsi ba ka bang 170, ho akarelletsa le bo-pula-maliboho ba ka bang 60. Hamorao, ’na le Rosa re ile ra boela ra etela lihlopha le liphutheho tsa Sepolishe Austria, Denmark le Jeremane.
Ho Fetoha ha Maemo
Ho etela liphutheho tse sa tšoaneng e ne e le bophelo ba rōna, empa bophelo ba ka bo ntseng bo fokola bo entse hore ka 2001 re khaotse mosebetsi oa ho tsamaea. Re ile ra fumana folete toropong ea Pithiviers, moo khaitseli ea ka Ruth a lulang teng. Ka mosa ofisi ea lekala e re khethile hore re be bo-pula-maliboho ba khethehileng ’me lihora tsa rōna li fokolitsoe ho latela maemo a rōna.
Rosa: Lintho li ile tsa nthatafalla haholo selemong sa pele seo ke khaolitseng mosebetsi oa potoloho ka sona. Phetoho eo e ne e le khōlō hoo ke neng ke ikutloa ke se na thuso. Empa ke ile ka ikhopotsa ka re, ‘U sa ntse u ka sebelisa nako ea hao le matla ao u nang le ’ona hantle ka ho sebeletsa u le pula-maliboho.’ Kajeno, ke thabela ho sebetsa le bo-pula-maliboho ba bang phuthehong ea rōna.
Haesale Jehova a Ntse a re Hlokometse
Marian: Ke leboha Jehova haholo hore ebe Rosa ebile motsoalle oa ka ka lilemo tse fetileng tse 48. O ile a ntšehetsa haholo lilemong tsena tsohle tseo ke bileng mosebetsing oa ho tsamaea ka tsona. Ha ho mohla nkileng ka mo utloa a re, ‘Ke lakatsa eka re ka tlohela mosebetsi ona ’me re be le ntlo ea rōna.’
Rosa: Ka nako e ’ngoe ho ne ho ee ho be le batho ba reng ho ’na, “Le phela bophelo bo sa tloaelehang. Kamehla le lula le e-na le batho.” Empa hantle-ntle ‘bophelo bo tloaelehileng’ ke bo joang? Hangata re ipokella ka lintho tse ngata tse ka ’nang tsa re sitisa hore re hahamalle mesebetsi ea moea. Re hloka feela bethe e loketseng, tafole le lintho tse seng kae tsa motheo. Joaloka bo-pula-maliboho re ne re e-na le lintho tse bonahalang tse fokolang haholo, empa re ne re e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang bakeng sa ho etsa thato ea Jehova. Ka linako tse ling ke ne ke botsoa potso e reng, “U tla etsa’ng ha u se u tsofetse u se na ntlo le penshene.” Ke ne ke qotsa mantsoe a Pesaleme ea 34:10: “Ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” Haesale Jehova a ntse a re hlokometse.
Marian: Ka sebele ho joalo! Ha e le hantle, Jehova o re file se fetang seo re se hlokang. Ka mohlala, ka 1958, ke ile ka khethoa hore ke emele potoloho ea rōna kopanong ea machaba New York. Leha ho le joalo, re ne re se na chelete ea ho rekela Rosa tekete. Mantsiboeeng a mang mor’abo rōna e mong o ile a re fa enfelopo e ngotsoeng “New York.” Mpho e neng e le ka enfelopong eo e ile ea thusa Rosa hore a khone ho tsamaea le ’na!
Ho hang ’na le Rosa ha re ikoahlaee ka lilemo tseo re li qetileng tšebeletsong ea Jehova. Ha rea lahleheloa ke letho empa re fumane ntho e ’ngoe le e ’ngoe—bophelo bo khotsofatsang le bo thabileng tšebeletsong ea nako e tletseng. Ka sebele Jehova ke Molimo ea tsotehang. Re ithutile ho mo tšepa ka ho feletseng, ’me lerato la rōna ho eena le eketsehile. Barab’abo rōna ba bang ba Bakreste ba ile ba shoa ka lebaka la ho tšepahala ha bona. Leha ho le joalo, ke lumela hore ha nako e ntse e tsamaea, motho o boetse o lokela ho tela bophelo ba hae letsatsi le letsatsi. ’Na le Rosa re ’nile ra loanela ho etsa joalo ho tla fihlela hona joale, ’me re ikemiselitse ho etsa joalo le nakong e tlang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ea Louis Piéchota e reng, “Ka Pholoha ‘Leeto la Lefu,’” e ile ea hatisoa Molula-Qhooeng oa February 15, 1980.
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
François le Anna Szumiga le bana ba bona, Stéphanie, Stéphane, Mélanie le Marian hoo e ka bang ka 1930. Marian o eme setuloaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka holimo: Ho nehelana ka likhatiso tsa Bibele ’marakeng Armentières, ka leboea ho Fora, ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka letsohong le letšehali: Stefan Behunick le Marian ka 1950
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Rosa (qetellong ka letsohong le letšehali) a e-na le Irène pula-maliboho-’moho le eena (oa bone ho tloha ka letsohong le letšehali), ba phatlalatsa kopano ka 1951
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Marian le Rosa letsatsi pele ho lechato la bona
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Re ne re sebelisa baesekele haholo maetong a rōna ha re potoloha