Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 10/1 maq. 4-7
  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”—Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morero oa Molimo oa ka ho sa Feleng ka Lefatše
  • Molimo ea sa Fetoheng
  • Tsela ea ho Fumana Lefa le Tšepisitsoeng
  • ‘Lefatšeng, Joaloka Leholimong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Lefatše e Tla ba Paradeise?
    Tsoha!—2008
  • Na Lefatše la Rōna le Tla Felisoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bophelo bo na le Morero o Hlollang
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 10/1 maq. 4-7

“Ba Bonolo ba Tla Rua Lefatše”—Joang?

“E KA ’na eaba u tloaelane le mantsoe a Jesu a khothatsang a reng ‘ba bonolo ba tla rua lefatše.’ Empa ha u nahana ka sohle seo batho ba se etsang ba bang le seo ba se etsang lefatše, u nahana hore lefatše le tla sala le e-na le eng eo ba bonolo ba ka e ruang?”—Matheu 5:5; Pesaleme ea 37:11.

Myriam, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a botsa potso ena ho qalisa puisano ea Bibele. Monna eo a neng a buisana le eena o ile a arabela ka hore haeba Jesu o tšepisitse seo, lefatše e ne e tla tlameha ho ba sebaka se ka ruuoang e le lefa eseng lesupi kapa sebaka se ke keng sa ahuoa.

Ka sebele karabo eo e ne e tšepisa. Empa na re na le lebaka la ho ba le tšepo e joalo? Ka sebele re na le lona, kaha Bibele e re fa mabaka a matla a ho lumela hore tšepiso eo e tla phethahala. Ha e le hantle, ho phethahala ha tšepiso eo ho amana haufi-ufi le morero oa Molimo ka batho le lefatše. ’Me re kholisehile hore seo Molimo a se rerileng, o tla se phetha. (Esaia 55:11) Kahoo, morero oa Molimo oa qalong ka batho e ne e le ofe, hona o tla phethahala joang?

Morero oa Molimo oa ka ho sa Feleng ka Lefatše

Jehova Molimo o bōpile lefatše a e-na le morero o tobileng. “Sena ke seo Jehova a se boletseng, ’Mōpi oa maholimo, Eena Molimo oa ’nete, ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi: ‘Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.’” (Esaia 45:18) Ka hona, lefatše le ne le bōpetsoe ka ho khetheha hore batho ba ahe ho lona. Ho feta moo, morero oa Molimo ka lefatše ke hore e be lehae la batho la ka ho sa feleng. “O thehile lefatše holim’a libaka tsa lona tse tiisitsoeng; le ke ke la sisinngoa ho isa nakong e sa lekanyetsoang, kapa ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 104:5; 119:90.

Morero oa Molimo ka lefatše o boetse o totobatsoa ke taelo eo a ileng a e fa banyalani ba pele ba batho. Jehova o ile a re ho Adama le Eva: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse, ’me le laole litlhapi tsa leoatle le libōpuoa tse fofang tsa maholimo le sebōpuoa se seng le se seng se phelang se hahabang lefatšeng.” (Genese 1:28) Lefatše, leo Molimo a neng a le behile tlhokomelong ea Adama le Eva, e ne e lokela ho ba lehae la bona la ka ho sa feleng le la bana ba bona. Lilemo tse makholo-kholo hamorao mopesaleme o ile a phatlalatsa a re: “Ha e le maholimo, ke maholimo a Jehova, empa lefatše o le file bara ba batho.”—Pesaleme ea 115:16.

E le hore Adama le Eva, hammoho le bana ba bona, ba bone ha tebello eo e hlollang e phethahala, e mong le e mong oa bona o ne a lokela ho amohela Jehova Molimo, ’Mōpi le Monehi-Bophelo, e le ’Musi oa bona ’me ba ikemisetse ho mo mamela. Jehova ha aa ka a siea khoao ea letho tabeng ena ha a ne a laela motho oa pele: “U ka ja tsa sefate se seng le se seng sa serapa hore u khotsofale. Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe u se ke ua ja tsa sona, etsoe ka letsatsi leo ka lona u jang tsa sona ka sebele u tla shoa.” (Genese 2:16, 17) E le hore Adama le Eva ba tsoele pele ba phela serapeng sa Edene, ba ne ba lokela ho mamela taelo eo e bonolo e bileng e boletsoeng ka ho hlaka. Ka ho etsa joalo ba ne ba tla bontša hore ba ananela sohle seo Ntate oa leholimo a ba etselitseng sona.

Ha Adama le Eva ba khetha ho se mamele Molimo ka ho tlōla taelo eo a ba fileng eona, ha e le hantle ba ile ba furalla ea ba fileng ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e-na le eona. (Genese 3:6) Ka ho etsa joalo ba ile ba lahleheloa ke lehae le letle la Paradeise, bona hammoho le bana ba bona. (Baroma 5:12) Na ho se mamele ha banyalani bao ba pele ho ile ha sitisa morero oo Molimo a neng a bōpile lefatše ka oona?

Molimo ea sa Fetoheng

Molimo o ile a re ka moprofeta oa hae Malakia: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Ha se hlalosa temana ena, setsebi se seng sa Bibele sa Lefora, e leng L. Fillion se boletse hore polelo ena e amana haufi-ufi le ho phethahatsoa ha litšepiso tsa Molimo. Fillion o ile a ngola a re: “Jehova a ka be a ile a timetsa batho ba hae ba marabele, empa kaha ha a koenehele litšepiso tsa hae, o tla tšepahalla litšepiso tseo a li entseng nakong e fetileng, ho sa tsotellehe maemo leha e le afe.” Molimo ha a na ho lebala litšepiso tseo a li entseng, ebang ke lintho tseo a li tšepisitseng motho, sechaba, kapa moloko oa batho, empa o tla li phethahatsa ka nako ea hae e loketseng. “O hopotse selekane sa hae esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang, lentsoe leo a le laetseng, ho isa melokong e sekete.”—Pesaleme ea 105:8.

Leha ho le joalo, re ka kholiseha joang hore Jehova ha aa fetola morero oa hae oa qalong ka lefatše? Re ka kholiseha ka sena hobane ho pholletsa le Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele, re fumana moo le buang ka morero oa Molimo oa ho fa batho ba mamelang lefatše. (Pesaleme ea 25:13; 37:9, 22, 29, 34) Ho feta moo, Mangolo a hlalosa hore ba hlohonolofalitsoeng ke Jehova ba lutse ba sireletsehile, e mong le e mong o lutse “tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga,” ’me “ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.” (Mikea 4:4; Ezekiele 34:28) Ba khethiloeng ke Jehova “ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.” Ho tla rena khotso har’a bona le pakeng tsa bona le liphoofolo tse hlaha tsa naha.—Esaia 11:6-9; 65:21, 25.

Bibele e fana ka tlhase eo ka tsela e ’ngoe e re bontšang seo Molimo a se tšepisang. Nakong ea puso ea Morena Solomone, sechaba sa Iseraele se ile sa thabela nako ea khotso le nala. Tlas’a puso ea hae, “Bajuda le Baiseraele [ba ne] ba lula ba sireletsehile, e mong le e mong tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho tloha Dane ho ea Beerseba, ka matsatsi ’ohle a Solomone.” (1 Marena 4:25) Bibele e re Jesu o ‘feta Solomone,’ ’me ha mopesaleme a bua ka puso ea hae ka tsela ea boprofeta o ile a re: “Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo.” Ka nako eo, “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”—Luka 11:31; Pesaleme ea 72:7, 16.

Kaha Jehova Molimo o tšepahalla seo a se buileng, a ke ke a tiisa feela hore lefa le tšepisitsoeng lea fumaneha empa hape o tla le khutlisetsa khanyeng eohle ea lona. Ho Tšenolo 21:4, Lentsoe la Molimo le re bolella hore lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [batho], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.” Ha e le hantle sena se tšepisitsoeng mona ke Paradeise.—Luka 23:43.

Tsela ea ho Fumana Lefa le Tšepisitsoeng

Lefatše le tla fetoloa paradeise tlas’a puso e tla busa e le leholimong, e leng ’Muso oo Jesu Kreste e leng Morena oa oona. (Matheu 6:9, 10) Ntlha ea pele, ’Muso oo o tla “felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18; Daniele 2:44) Ka mor’a moo, Jesu Kreste e le “Khosana ea Khotso,” o tla phethahatsa mantsoe ana a boprofeta: “Ho ke ke ha e-ba le bofelo bongateng ba puso ea bohosana le khotso.” (Esaia 9:6, 7) Tlas’a ’Muso oo, batho ba limilione, ho akarelletsa ba tla tsosoa hore ba boele ba phele, ba tla ba le monyetla oa ho rua lefatše.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Ke bo-mang ba tla ba mocheng oa ho thabela lefa leo le babatsehang? Nahana ka mantsoe ana a Jesu a reng: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5) Ho ba maikutlo a bonolo, kapa ho ba bonolo ho bolela’ng? Libuka tse hlalosang mantsoe li atisa ho hlalosa “bonolo,” e le ho ba mosa, ho ba ea itekanetseng, ea ikokobelitseng le ea khutsitseng. Leha ho le joalo, lentsoe le sebelisitsoeng Segerikeng sa qalong le na le moelelo o tebileng le ho feta. New Testament Wordbook ea William Barclay e bolela hore lentsoe leo “le bontša mosa, empa mosa oo o na le matla a kang a tšepe.” Le hlalosa boikutlo ba kelello bo lumellang motho hore a tiisetse ho etsoa hampe empa a sa halefe kapa a sa nahane ho iphetetsa, a etsa seo sohle hobane a e-na le kamano e ntle le Molimo, ’me kamano eo e ba mohloli oa matla a hae.—Esaia 12:2; Bafilipi 4:13.

Motho ea bonolo o amohela litekanyetso tsa Molimo ka boikokobetso likarolong tsohle tsa bophelo ba hae; ha a tsitlelle ho etsa lintho ho ea ka maikutlo a hae kapa ho ea ka maikutlo a ba bang. Hape o ruteha habonolo, o ikemiselitse ho rutoa ke Jehova. Mopesaleme Davida o ile a ngola: “[Jehova] o tla etsa hore ba bonolo ba tsamaee qetong ea hae ea boahloli, o tla ruta ba bonolo tsela ea hae.”—Pesaleme ea 25:9; Liproverbia 3:5, 6.

Na u tla ba e mong oa “ba bonolo” ba tla rua lefatše? Haeba u khothalla ho ithuta ka Jehova le thato ea hae ka Lentsoeng la hae ’me u sebelisa seo u ithutileng sona, le uena u ka lebella ho rua lefatše la paradeise le ho phela ho lona ka ho sa feleng.—Johanne 17:3.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Morero oa Molimo ka lefatše o totobatsoa ke taelo eo a ileng a e fa Adama le Eva

[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]

Khotso le tšireletseho pusong ea Solomone li ile tsa fana ka tlhase ea lefa le tšepisitsoeng

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Sheep and background hill: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.; Arabian oryx: Hai-Bar, Yotvata, Israel; farmer plowing: Garo Nalbandian

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lefatše le lecha le lokileng lea tla—na u tla phela ho lona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela