Letsatsi la Kabo ea Mangolo—Letsatsi Har’a Matsatsi
“RE HLOHONOLOFALITSOE ka letsatsi har’a matsatsi. Le sele le bohoeng ba ntja. Leholimo le leputsoa. Joang bo botala. Linonyana lia bina. Lena ke letsatsi har’a matsatsi, ’me ha ho letho le tla re soetsa. Jehova hase Molimo ea soetsang. Ke Molimo ea hlohonolofatsang.”
Ka mantsoe ao, Mor’abo rōna Samuel Herd, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, o ile a thakhola lenaneo la kabo ea mangolo la sehlopha sa bo117 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Letsatsi e ne e le la la 11 September, 2004. Lenaneo lena le monate le ne le akarelletsa keletso e matlafatsang e thehiloeng Bibeleng, liphihlelo tsa liithuti ha li ntse li le sekolong le tsa baromuoa ba nang le boiphihlelo. E, e ne e le letsatsi har’a matsatsi ho bohle ba 6 974 ba neng ba le teng Setsing sa Thupelo sa Watchtower se Patterson, New York, le mehahong e Brooklyn le Wallkill, e neng e hoketsoe ka mohala le video.
Mantsoe a Khothatsang Liithuti
John Kikot, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala la United States, o ile a bua mantsoe a khothatsang sehloohong se reng “Lula U le Moromuoa ea Thabileng.” O ile a bolela hore liithuti tsa Gileade li tsejoa e le batho ba thabileng, joalokaha ho ne ho totobetse moketeng ona oa kabo ea mangolo. Liithuti li ne li thabetse thuto ea Mangolo eo li e fumaneng sekolong, ’me joale li ne li le boemong ba ho ea thusa ba bang hore le bona ba thabe ka tsela e tšoanang. Joang? Ka ho ba baromuoa ba itetseng tšebeletsong ea bona. Jesu o itse: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ha baromuoa bana ba bacha ba ntse ba etsisa Jehova Molimo, “Molimo ea thabileng,” ea nang le seatla se bulehileng le ea fang batho ba bang ’nete, ba tla khona ho lula ba thabile.—1 Timothea 1:11.
Lenaneong lena ho ile ha latela setho se seng sa Sehlopha se Busang, David Splane, eo sehlooho sa hae se neng se re “U Tla Sebelisana Joang le Batho?” Ha ho pelaelo hore ho hotle ebile hoa khahlisa ho lula hammoho bonngoeng, le hoja sena se ka ’na sa hloka hore motho e be “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.” (1 Bakorinthe 9:22; Pesaleme ea 133:1) Mor’abo rōna Splane o ile a bolela hore liithuti tse abeloang mangolo li il’o teana le batho ba bangata mosebetsing oa boromuoa—batho ba tšimong, baromuoa-’moho le tsona, bara le baralib’abo tsona ba liphuthehong tse ncha le batho ba liofising tsa makala tse laolang mosebetsi oa ho bolela le ho ruta. O ile a li fa litlhahiso tse tla li thusa hore li sebelisane le batho ba bang ka thabo kamoo ho ka khonehang kateng, a re: Tsebang puo e buuoang moo, tsebang meetlo ea teng le hore na le ka feto-fetoha joang le eona, le fe baromuoa-’moho le lōna nako ea boikhutso, ’me le mamele ba etellang pele.—Baheberu 13:17.
Ka mor’a moo, morupeli oa Gileade, Lawrence Bowen, o ile a botsa, “Monahano oa Hao o Sekametse Hokae?” O ile a hopotsa liithuti hore ba neng ba “ahlola ka ponahalo ea ka ntle” ha baa ka ba amohela hore Jesu e ne e le Mesia. (Johanne 7:24) Kaha re batho ba sa phethahalang, ho hlokahala hore kaofela re itebele hore re se ke ra “nahana menahano ea batho” empa re nahane ‘menahano ea Molimo.’ (Matheu 16:22, 23) Esita le batho ba hōlileng moeeng ha baa lokela ho khaotsa ho lokisa monahano oa bona. Joaloka sekepe se leoatleng, ho etsa litokiso hona joale ho ka bolela ho fihla moo re eang teng kapa ho soahlamana moeeng joalokaha sekepe se soahlamana. Ho tsoela pele re ithuta Bibele ho latela moelelo oa se buuoang, ho re thusa ho nahana ‘menahano ea Molimo.’
Wallace Liverance, morupeli e mong oa Sekolo sa Gileade, o ile a koala karolo ena ea lenaneo. Sehlooho sa hae, se neng se thehiloe ho Esaia 55:1, se ne se re “U Tla Reka Eng?” O ile a khothalletsa liithuti ho “reka” khatholoho, thabo le lijo tse tsoang molaetseng oa Molimo oa boprofeta oa mehleng ea rōna. Boprofeta ba Esaia bo ile ba tšoantša lentsoe lena la Molimo le metsi, veine le lebese. Le ka rekoa joang “ntle ho chelete le ntle ho tefello”? Mor’abo rōna Liverance o ile a hlalosa hore ke ka ho ela hloko boprofeta ba Bibele le ka hore menahano le litsela tseo e seng tsa Mangolo li nkeloe sebaka ka menahano le litsela tsa Molimo. (Esaia 55:2, 3, 6, 7) Ha baromuoa ba bacha ba etsa sena, ba ka lula likabelong tsa bona linaheng lisele. Hangata batho ba sa phethahalang ba nahana hore thabo e tlisoa ke ho sehlela ho ja hamonate. Sebui se ile sa khothatsa ka ho re: “Le se ke la khahloa ke none e feta e hlotsa. Le se ke la ea le khongoana holimo ke monahano oo. Tiisang hore le ipehela nako ea ho ithuta Lentsoe la Molimo la boprofeta ka mokhoa o hloahloa. Le ka le khatholla, la le matlafatsa la ba la le fa thabo likabelong tsa lōna tsa boromuoa.”
Liphihlelo Tse Thabisang Tsa Liithuti le Lipuisano
Liithuti li ne li kopanela kamehla mosebetsing oa boboleli. Puong ea morupeli e mong oa Gileade, Mark Noumair, liithuti tse ’maloa li ile tsa tšoantšisa liphihlelo tse ileng tsa hatisa sehlooho se reng “Ho se be Lihlong ka Litaba Tse Molemo.” (Baroma 1:16) Bamameli ba ile ba thabela ho mamela kamoo bahoeletsi bana ba nang le phihlelo ba ileng ba paka kateng ka ntlo le ntlo, literateng le litsing tsa mabenkele. Liithuti tse tsebang lipuo tse ling li ile tsa ikitlaelletsa ho fihla ho batho ba buang lipuo tseo tšimong ea liphutheho tseo li neng li le ho tsona. Tse ling li ile tsa sebelisa hamolemo lingoliloeng tsa Bibele tse hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, li li sebelisa maetong a ho boela le ha li qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. Li ne li se “lihlong” ho bolela litaba tse molemo.
Mor’abo rōna William Nonkes, ea sebetsang Lefapheng la Tšebeletso, o ile a buisana le baromuoa ba nang le phihlelo ba tsoang Burkina Faso, Latvia le Russia. Ba ile ba fana ka keletso e thusang e neng e thehiloe sehloohong se reng “Ka Lerato Jehova o Putsa ba Tšepahalang.” E mong oa barab’abo rōna eo ho ileng ha buisanoa le eena o ile a khothalletsa liithuti ho hopola lebotho la Gideone la masole a 300. Lesole le leng le le leng le ne le fuoe kabelo e neng e thusa hore phutuho ea Gideone e atlehe. (Baahloli 7:19-21) Ka ho tšoanang, baromuoa ba lulang likabelong tsa bona baa putsoa.
Sehlooho sa lipuisano tse ileng tsa tsamaisoa ke Samuel Roberson, eo e leng morupeli Patterson, se ne se re “Fetoha Lintho Tsohle ho Batho ba Mefuta Eohle.” O ile a buisana le litho tse ’nè tsa Likomiti Tsa Makala tsa Senegal, Guam, Liberia le Madagascar. Baromuoa bohle ba sebetsang linaheng tsena ba 170. Lipuisanong tsena liithuti tse abeloang mangolo li ile tsa ithuta kamoo Likomiti Tsa Makala li thusang baromuoa ba bacha ho tsitsa likabelong tsa bona. Sena hangata se akarelletsa ho ithuta meetlo e ka ’nang ea bonahala e sa tloaeleha ho batho ba Bophirimela. Ka mohlala, linaheng tse ling ho tloaelehile ho bona banna, esita le ba ka phuthehong ea Bokreste, ba tšoarane ka matsoho joaloka metsoalle ha ba ntse ba tsamaea hammoho. Libakeng tse ling tse laoloang ke lekala la Guam, ho jeoa lijo tse sa tloaelehang. Empa ba bang ba ikamahanya le maemo, ’me baromuoa ba bacha le bona ba ka etsa joalo.
Guy Pierce, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a bua ka sehlooho se reng “Lulang le Tšepahala ‘’Musong oa Morena oa Rōna.’” O ile a hopotsa bamameli sena: “Jehova o bōpile ka morero. O ne a e-na le morero ka pōpo ea hae. Morero oa hae ka lefatše lena ha oa fetoha. O tla phethahala ntle ho tšitiso. Ha ho letho le tla o fetola.” (Genese 1:28) Mor’abo rōna Pierce o ile a khothalletsa bohle hore ka botšepehi ba ikokobelletse bobusi ba Molimo ho sa tsotellehe mathata a hlahileng ka lebaka la sebe sa motho oa pele, e leng Adama. Mor’abo rōna Pierce o ile a eletsa ka ho re: “Re phela nakong ea kahlolo. Nako e se e lekane motinyane bakeng sa hore re finyelle batho ba lipelo li tšepahalang hore re ba thuse ho tseba ’nete. Sebelisang nako ena hamolemo hore le finyelle ba bang ka litaba tse molemo tsa ’Muso.” Ba tšehetsang ’Muso oa Molimo ka botšepehi ba ka kholiseha hore Molimo o ba tšehelitse.—Pesaleme ea 18:25.
Molula-setulo o ile a lihela likhala ka ho bala melaetsa e reng tsela-tšoeu! le e thoholetsang liithuti e tsoang makaleng a lefatšeng ka bophara. Ka mor’a moo o ile a abela liithuti mangolo a diploma, eaba se seng sa tsona se bala lengolo la sehlopha la kananelo e tlohang pelong ea thuto eo li e filoeng. Sena se ile sa koala letsatsi lena la bohlokoahali har’a matsatsi leo bohle ba neng ba le teng ba tla le hopola ho isa khale.
[Lebokose le leqepheng la 23]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tseo se li emetseng: 11
Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 22
Palo ea liithuti: 48
Karolelano ea lilemo: 34,8
Karolelano ea lilemo ’neteng: 18,3
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13,4
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Sehlopha sa Bo117 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1) Thompson, E.; Norvell, G.; Powell, T.; Kozza, M.; McIntyre, T. (2) Reilly, A.; Clayton, C.; Allan, J.; Blanco, A.; Muñoz, L.; Rustad, N. (3) Guerrero, Z.; Garcia, K.; McKerlie, D.; Ishikawa, T.; Blanco, G. (4) McIntyre, S.; Cruz, E.; Guerrero, J.; Ritchie, O.; Avellaneda, L.; Garcia, R. (5) Powell, G.; Fiskå, H.; Muñoz, V.; Baumann, D.; Shaw, S.; Brown, K.; Brown, L. (6) Shaw, C.; Reilly, A.; Peloquin, C.; Münch, N.; McKerlie, D.; Ishikawa, K. (7) Münch, M.; Peloquin, J.; Kozza, T.; Avellaneda, M.; Allan, K.; Ritchie, E.; Norvell, T. (8) Cruz, J.; Baumann, H.; Clayton, Z.; Fiskå, E.; Thompson, M.; Rustad, J.