Liithuti Tsa Gileade li Khothalletsoa ho Bua ka “Lintho Tse Hlollang”
KA LA 13 September, 2003, letšoele la batho ba 6 635 ba tsoang linaheng tse 52 le ile la e-ba teng lenaneong la kabo ea mangolo la sehlopha sa bo115 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.
Le ile la utloa khothatso e thehiloeng Bibeleng e neng e khothalletsa liithuti tse 48 tsa sehlopha sena ho isa “lintho tse hlollang tsa Molimo” ho batho ba lulang linaheng tse 17. (Liketso 2:11) Ke hona moo liithuti tsena li tla ntšetsa pele mosebetsi oa tsona oa boromuoa teng.
Mantsoeng a hae a selelekela, Stephen Lett, setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, ea neng a bile a sebetsa e le molula-setulo oa lenaneo leo la kabo ea mangolo, o ile a hopotsa liithuti mantsoe ana: “Ha le e-ea likabelong tsa lōna, ho sa tsotellehe hore na le ea hokae kapa hore na le iphumana le le maemong afe, le tsebe hore ho na le ba bangata ba nang le lōna ho feta ba leng khahlanong le lōna.” Mor’abo rōna Lett o ile a sebelisa khaolo ea 6 ea Marena a Bobeli, hore a hopotse liithuti hore ha li ntse li tsebahatsa “lintho tse hlollang tsa Molimo” li ka itšetleha ka Jehova Molimo le mangeloi a likete-kete hore ba tla li tšehetsa. (2 Marena 6:15, 16) Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba tobana le batho ba ba hanyetsang le ba iphapanyang ha ba ntse ba le mosebetsing oa bona oa ho bolela le oa ho ruta, ’me kajeno baromuoa ba Bakreste ba tobana le maemo a tšoanang. Leha ho le joalo, ba ka itšetleha ka tšehetso e tsoang leholimong le ka tšehetso e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova oa lefatšeng.—Pesaleme ea 34:7; Matheu 24:45.
Buang ka “Lintho Tse Hlollang Tsa Molimo”
Ka mor’a mantsoe a selelekela a molula-setulo, Harold Corkern, oa Komiti ea Lekala ea United States, o ile a bua ka sehlooho se reng “Ho Lebella Lintho Tsa Sebele—Ke Habohlokoa Bakeng sa Thabo le Katleho Tšebeletsong.” Mor’abo rōna Corkern o ile a bontša hore haeba seo motho a tšepileng hore se tla etsahala se sa etsahale, oa soetseha, joalokaha Liproverbia 13:12 e bontša. Leha ho le joalo, hangata ho soetseha ho bakoa ke ho lebella lintho tseo e seng tsa sebele tse sa phethahaleng. Liithuti li lokela ho italima le ho talima batho ba bang ka tsela e leka-lekaneng le ea sebele. Li lokela ho lebella hore li tla etsa liphoso, empa liphoso tsena ha lia lokela ho etsa hore li soabe ka ho feteletseng ha li ntse li loanela ho thusa ba bang ho utloisisa “lintho tse hlollang tsa Molimo.” Mor’abo rōna Corkern o ile a khothalletsa baromuoa ba bacha hore ba itšetlehe ka Jehova, “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.”—Baheberu 11:6.
Sebui se latelang lenaneong e bile Daniel Sydlik, setho sa Sehlopha se Busang, ea ileng a bua ka sehlooho se reng “Tšepo ea Bokreste—Ke Eng?” O ile a re: “Tšepo ke tšobotsi e ntle eo Mokreste a lokelang ho ba le eona. Ke molao oa se nepahetseng o etsang hore motho a be le kamano e ntle le Molimo. Ho ke ke ha khoneha hore motho eo e seng Mokreste a be le tšepo eo re nang le eona.” Mor’abo rōna Sydlik o ile a tsoela pele ho hlalosa likarolo tse sa tšoaneng tsa tšepo ea Bokreste tse thusang motho ho lula a e-na le tšepo ho sa tsotellehe mathata a bophelo. “Ha re e-na le tšepo re ka tobana le maemo a bophelo ba letsatsi le letsatsi ka matla a macha re bile re ikutloa hore re hlōtse.” Tšepo ea Mokreste e mo thusa hore a talime Jehova e le Molimo oa morero le hore a thabele ho mo sebeletsa.—Baroma 12:12.
Wallace Liverance, mongolisi oa Sekolo sa Gileade, ha a khothatsa liithuti o ile a re: “Le ’Ne le Tsamaee ka Moea.” (Bagalata 5:16) O ile a bontša kamoo Baruke, mongoli oa Jeremia, a batlileng a khaotsa kateng ho tsamaea ka moea. Ka lekhetlo le leng, Baruke o ile a tepella eaba o qala ho phehella ho ipatlela lintho tse khōlō. (Jeremia 45:3, 5) Ka mor’a moo Mor’abo rōna Liverance o ile a bontša hore ba bang ba ile ba khaotsa ho latela Jesu ’me ba hana ’nete ea moea, e leng eona ea bohlokoa hore motho a bolokehe. Sena se etsahetse hobane ba ne ba sa utloisise seo a neng a ba ruta sona, ’me ba ile ba soetseha ha lintho tsa nama tseo ba neng ba li lebeletse li sa phethahale ka nako eo. (Johanne 6:26, 27, 51, 66) Baromuoa, bao mosebetsi oa bona e leng ho lebisa tlhokomelo ea batho ho ’Mōpi le morero oa hae, ba ka ithuta eng litlalehong tsee? Liithuti li ile tsa khothalletsoa hore li se ke tsa ameha ka maemo, ho rorisoa ke batho, kapa ho ithuisa ka ho sebelisa kabelo ea puso ea Molimo.
Morupeli oa Gileade Mark Noumair o ile a botsa potso e reng, “Na U Tla Fana Kapa U Tla Amohela?” O ile a theha litlhaloso tsa hae ho Baahloli 5:2, moo ho ileng ha rorisoa Baiseraele ka bomong ka lebaka la ho ithaopela ho sebeletsa lebothong la Barake ntle ho boithati. Liithuti tsa Gileade li ile tsa babatsoa ka moea oo li o bontšitseng ha li ne li arabela pitsong ea Barake e Moholoanyane, Jesu Kreste, hore li tšoarehe haholoanyane ntoeng ea moea. Masole a Kreste a lokela ho thahasella ho khahlisa motho ea a bitsitseng. Mor’abo rōna Noumair o ile a hopotsa liithuti a re: “Hang feela ha re qala ho nahana haholo ka ho ikhahlisa, re tlohela ho loantša sera. . . . Tšebeletso ea boromuoa ha e lebise tlhokomelo ho uena. E lebisa tlhokomelo ho Jehova, bobusing ba hae le tabeng ea hore ho phethoe thato ea hae. Ha re sebeletse re le baromuoa hobane re batla hore Jehova a re thabise, empa re mo sebeletsa hobane re mo rata.”—2 Timothea 2:4.
Morupeli oa Gileade Lawrence Bowen o ile a sebetsa e le molula-setulo oa lipuisano tlas’a sehlooho se reng “Ba Halaletse ka ’Nete.” (Johanne 17:17) O ile a bontša hore liithuti tsa sehlopha sa bo115 ke basebeletsi ba halalelitsoeng ba Molimo. Ha ba ntse ba le sekolong, ba ile ba boela ba kopanela tšebeletsong ea tšimo, ba batla batho ba tšepahalang ba ratang ’nete. Liithuti tsena ha lia ka tsa bua ka ‘tšusumetso e tsoang ho tsona,’ joalokaha Jesu le barutuoa ba hae ba pele ba sa ka ba etsa joalo. (Johanne 12:49, 50) Ka cheseho li ile tsa nehelana ka lentsoe la ’nete le bululetsoeng, le le fanang ka bophelo. Lipontšo tse etsoang ka liphihlelo tsa sebele le liphihlelo tsa liithuti tsena li ile tsa bontša liphello tse matla tseo Bibele e bileng le tsona ho batho bao liithuti li ileng tsa teana le bona.
Keletso le Phihlelo Lia Khothatsa
Anthony Pérez le Anthony Griffin, litho tsa Lefapha la Tšebeletso tsa lekala la United States, ba ile ba buisana le litho tsa Likomiti Tsa Makala tse tsoang lefatšeng lohle. Banna bana ba ile ba tšohla mathata ao baromuoa ba bacha ba tobanang le ’ona ’me ba ile ba fana ka keletso e sebetsang e thehiloeng liphihlelong tsa bona. A mang a mathata ana a akarelletsa ho fapana ha litso, boemo ba leholimo bo chesang le bo mongobo bo bang teng selemo kaofela, kapa maemo a bolumeli le a lipolotiki ao liithuti li sa a tloaelang. Ke eng e ka thusang baromuoa ba bacha ho tloaela maemo a bona a macha? Ke ho rata Jehova, ho rata batho, ho se talime morao le ho se etse lintho ka lepotlapotla. Setho se seng sa komiti ea lekala se itse: “Baahi ba sebakeng seo re neng re abetsoe ho se sebetsa ba phetse moo ka lilemo tse makholo-kholo pele re fihla. Ka sebele re ne re ka khona ho phela sebakeng seo le ho tloaela maemo a sona. Nako le nako ha re ne re tobana le mathata, re ne re a nka e le monyetla oa ho ntlafatsa botho ba rōna. U itšetleha ka thapelo le ka moea oa Jehova, ’me u bona bonnete ba mantsoe a Jesu a reng, ‘Ke na le lōna.’”—Matheu 28:20.
Samuel Herd, setho sa Sehlopha se Busang, o ile a beha lenaneo sehlohlolong ka puo ea hae e nang le sehlooho se reng, “Tsoelang Pele le Bua ka Lintho Tse Hlollang Tsa Molimo.” Ha moea o halalelang o ne o tšolloa ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., o ile oa tsosa barutuoa ba Jesu molota hore ba bue “ka lintho tse hlollang tsa Molimo.” Ke eng se ka thusang baromuoa ba bacha kajeno hore ba bue ka ’Muso oa Molimo ka cheseho e tšoanang? Ba ka thusoa ke moea o halalelang o tšoanang. Mor’abo rōna Herd o ile a khothatsa liithuti tse sa tsoa fumana mangolo hore li ‘chesehe moeeng,’ li thabele likabelo tsa tsona, le ka mohla li se ke tsa lebala koetliso eo li e fumaneng. (Baroma 12:11) Mor’abo rōna Herd o ile a re: “Bibele ke ntho e hlollang ea Molimo. Le ka mohla le se ke la halala bohlokoa ba eona. Molaetsa oa eona oa phela. E phunyeletsa ntho ho ea fihla khubung ea eona. E sebeliseng ha le lokisa lintho bophelong ba lōna. E lumelleng hore e fetole tsela eo le nahanang ka eona. Lebelang matla a lōna a ho nahana ka ho ithuta, ho bala le ho thuisa ka Mangolo . . . Ikemisetseng ho sebelisa koetliso eo le e fumaneng Gileade e le hore le tsoele pele ho bua ka ‘lintho tse hlollang tsa Molimo.’”
Ha ho se ho baliloe litumeliso tse tsoang lefatšeng lohle ’me ho se ho fanoe ka mangolo a diploma, seithuti se seng se ile sa bala lengolo la sehlopha le neng le hlalosa kamoo li lebohang kateng bakeng sa koetliso eo li e fumaneng. Ka mor’a moo, Mor’abo rōna Lett o ile a phetha ketsahalo ena e thabisang ka ho bua ka 2 Likronike 32:7 le Deuteronoma 20:1, 4. Ha a hokahanya litlhaloso tsa hae tse phethang le mantsoe a hae a selelekela, o ile a lihela likhala ka ho re: “Kahoo liithuti tse ratehang, ha le ntse le tsoela pele, ha le ntse le tsamaea ntoeng ea moea le le likabelong tsa lōna tse ncha, le hopole hore Jehova o tla be a ntse a tsamaea le lōna. Le ka mohla le se ke la lebala hore ho na le ba bangata ba nang le lōna ho feta ba leng khahlanong le lōna.”
[Lebokose le leqepheng la 25]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tseo se li emetseng: 7
Palo ea linaha tseo se abetsoeng ho tsona: 17
Palo ea liithuti: 48
Karolelano ea lilemo: 33.7
Karolelano ea lilemo ’neteng: 17.8
Karolelano ea lilemo tšebeletsong ea nako e tletseng: 13.5
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Sehlopha sa Bo115 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ka ho le letona moleng ka mong.
(1) Brown, T.; Goller, C.; Hoffman, A.; Bruzzese, J.; Trahan, S. (2) Smart, N.; Cashman, F.; Garcia, K.; Lojan, M.; Seyfert, S.; Gray, K. (3) Beckett, M.; Nichols, S.; Smith, K.; Gugliara, A.; Rappenecker, A. (4) Gray, S.; Vacek, K.; Fleming, M.; Bethel, L.; Hermansson, T.; Hermansson, P. (5) Rappenecker, G.; Lojan, D.; Dickey, S.; Kim, C.; Trahan, A.; Washington, A.; Smart, S. (6) Goller, L.; Burghoffer, T.; Gugliara, D.; Nichols, R.; Washington, S.; Kim, J. (7) Beckett, M.; Dickey, J.; Smith, R.; Garcia, R.; Hoffman, A.; Seyfert, R.; Brown, H. (8) Fleming, S.; Bruzzese, P.; Burghoffer, W.; Bethel, T.; Cashman, J.; Vacek, K.