Ba Ithaopa ka ho Rata
“BATHO ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata.” (Pesaleme ea 110:3) Mantsoe ana a na le moelelo o khethehileng ho liithuti tse 46 tsa sehlopha sa bo118 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. Li ile tsa itokisetsa joang hore li be teng sekolong see, se koetlisetsang bao e tla ba baromuoa ho sebeletsa litlhoko tsa moea tsa batho ba linaheng tse ling? Mike le Stacie, e leng liithuti sehlopheng sena sa bo118, ba re: “Qeto eo re ileng ra e etsa ea ho phela ka tsela e itekanetseng e ile ea re thusa ho fokotsa litšitiso le ho lula re tsepamisitse likelello linthong tsa moea. Re ile ra ikemisetsa ho se lumelle ho atleha ha rōna mosebetsing oa khoebo hore ho pupetse lipakane tsa rōna tsa moea.” Liithuti tse ling sehlopheng sena le tsona li ile tsa ithaopa ka ho rata joaloka Mike le Stacie, ’me hona joale ke baboleli ba ’Muso lik’honthinenteng tse ’nè.
Ka Moqebelo oa la 12 March, 2005, ho ne ho baloa thabo lifahlehong tsa batho ba 6 843 ba neng ba mametse lenaneo la kabo ea mangolo. Molula-setulo e ne e le Theodore Jaracz, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a ho amohela ka mofuthu baeti ba tsoang linaheng tse 28, o ile a bua ka bohlokoa ba thuto ea Bibele. Sebui se ile sa qotsa mantsoe a setsebi se seng sa Leamerika se bitsoang William Lyon Phelps, ’me sa re: “Motho e mong le e mong ea tsebang Bibele ka botlalo ho ka boleloa hore ha e le hantle o rutehile.” Le hoja thuto ea lefatše e ka ba molemo, thuto ea Bibele e molemo le ho feta. E thusa batho ho rua tsebo ka Molimo, e leng tsebo e isang bophelong bo sa feleng. (Johanne 17:3) Mor’abo rōna Jaracz o ile a babatsa liithuti ka hore ebe li ithaopetse ho kenya letsoho haholoanyane lenaneong le akaretsang la thuto ea Bibele le tšoaroang lefatšeng ka bophara liphuthehong tse fetang 98 000 tsa Lipaki Tsa Jehova.
Khothatso e Nakong ho Liithuti
Ka mor’a hore molula-setulo a bue mantsoe a bulang, William Samuelson o ile a fana ka puo e nang le sehlooho se reng, “Kamoo le ka Bang Joaloka Sefate se Atlehileng sa Mohloaare ka Tlung ea Molimo,” se neng se thehiloe ho Pesaleme ea 52:8. O ile a bontša hore sefate sa mohloaare se sebelisoa ka tsela ea tšoantšetso ka Bibeleng ho tšoantšetsa ho beha litholoana, botle le ho ba le seriti. (Jeremia 11:16) Sebui se ile sa bapisa liithuti le lifate tsa mohloaare, ’me sa re: “Jehova o tla le talima le le batle le bile le na le seriti ha le ntse le phetha mosebetsi oa lōna oa ho bolela ka ’Muso likabelong tsa lōna tsa boromuoa.” Feela joalokaha sefate sa mohloaare se hloka metso e pharaletseng e le hore se lule se phela nakong ea komello, liithuti li lokela ho matlafatsa metso ea tsona linthong tsa moea e le hore li mamelle boiphapanyo, ho hlorisoa, kapa liteko tse ling tseo li ka ’nang tsa tobana le tsona ha li sebeletsa linaheng tse ling.—Matheu 13:21; Bakolose 2:6, 7.
John E. Barr, e mong oa litho tse tharo tsa Sehlopha se Busang tse bileng le karolo lenaneong lena, o ile a bua ka sehlooho se reng “Le Letsoai la Lefatše.” (Matheu 5:13) O ile a bontša hore feela joalokaha letsoai la sebele le sireletsa lijo hore li se ke tsa bola, baromuoa ba bolelang ka ’Muso oa Molimo ba tla boloka bophelo ba batho ba mamelang, ba ba sireletse hore ba se ke ba bola boitšoarong le moeeng. Ka mor’a moo Mor’abo rōna Barr o ile a khothalletsa liithuti hore li “boloke khotso” a bua le tsona ka lentsoe le kang la motsoali. (Mareka 9:50) Sebui se ile sa eletsa: “Hlaolelang litholoana tsa moea, ’me ka linako tsohle le netefatse hore tsela eo le itšoarang ka eona le eo le buang ka eona ke e mosa le e nahanelang.”
“Lulang ka Sekepeng se Tsamaeang Metsing a Tebileng” e bile sehlooho sa puo ea Wallace Liverance, e mong oa barupeli ba Gileade. Feela joalokaha sekepe se tsamaeang metsing a tebileng se khona ho leba tseleng e nepahetseng, ho utloisisa “lintho tse tebileng tsa Molimo”—e leng linnete tse mabapi le morero oa Molimo le kamoo o tlang ho phethahatsoa kateng—le hona ho ka thusa motho hore a hatele pele moeeng. (1 Bakorinthe 2:10) Ho lula metsing a sa tebang a moea ka hore re khotsofalle feela “lintho tsa motheo tsa liphatlalatso tse halalelang tsa Molimo” ho ka re sitisa ho tsoela pele ha ba ha etsa hore ‘re senyeheloe [habonolo] ke tumelo joaloka sekepe se soahlamaneng.’ (Baheberu 5:12, 13; 1 Timothea 1:19) Mor’abo rōna Liverance o ile a phetha ka hore: “Lumellang hore ‘botebo ba maruo le bohlale le tsebo ea Molimo’ bo le boloke likabelong tsa lōna tsa boromuoa.”—Baroma 11:33.
Mark Noumair, morupeli e mong oa Gileade, o ile a bua ka sehlooho se reng “Na le Tla Phelela Lefa la Lōna?” Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se iketselitse lebitso le botumo bo botle ka lilemo tse fetang 60, ka lebaka la ‘bopaki bo bongata bo botle’ bo fanoeng ke liithuti tsa sekolo sena. (Genese 31:48) Lefa lena la Gileade le fetiselitsoe ho liithuti tsa sehlopha sa bo118. Mor’abo rōna Noumair o ile a khothalletsa liithuti hore li etsise Batekooa ba boholo-holo ba mehleng ea Nehemia ’me li sebelisane ka boikokobetso le liphutheho tsa habo tsona le baromuoa ba bang. Li ile tsa eletsoa hore li qobe boikhohomoso ba “ba hlomphehang” bao Nehemia a ileng a bua ka bona empa ho e-na le hoo li ithaopele ho sebetsa li khutsitse ebile li sa hlahella.—Nehemia 3:5.
Liphihlelo Tse Rutang le Puisano ka Lipotso
Puo e latelang lenaneong leo e ne e e-na le sehlooho se reng “Lentsoe la Molimo la Tsoela Pele ho Hōla.” (Liketso 6:7) Liithuti li ile tsa etsa lipontšo tsa liphihlelo tseo li bileng le tsona tšebeletsong ea tšimo ha li ntse li le moo sekolong, li tsamaisoa ke Lawrence Bowen, e leng morupeli e mong oa Gileade. Liphihlelo tseo li ne li bontša hore liithuti li ne li boletse Lentsoe la Molimo ka cheseho le hore Jehova o ne a li hlohonolofalitse ka ho enneng boitekong ba tsona.
Richard Ashe o ile a buisana le litho tse ling tsa lelapa la Bethele tse sebetsanang le litaba tse amanang le sekolo. Litlhaloso tsa tsona li ile tsa fana ka leseli la kamoo lelapa la Bethele le tšehetsang liithuti tsa Gileade kateng e le hore li rue molemo o feletseng thupelong eo li e fuoang. Ka mor’a moo, Geoffrey Jackson o ile a buisana le liithuti tse ling tsa khale tsa Gileade. Li ile tsa bua ka menyetla e mengata ea ho tlotlisa Jehova le ho mo hlompha e tlisoang ke bophelo ba boromuoa. Seithuti se seng se ile sa re: “Batho ba sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e etsang joaloka moromuoa. Baa mamela, baa talima ebile baa hopola.” Kahoo, liithuti li ile tsa khothalletsoa ho ba hlokolosi hore li behe mohlala o motle ka linako tsohle. Ha ho pelaelo hore keletso ena e molemo e tla li thusa haholo nakong e tlang.
Stephen Lett, eo e leng setho sa Sehlopha se Busang, o ile a fana ka puo e reng, “Tsoelang Pele le le Bajari ba ‘Metsi a Phelang.’” (Johanne 7:38) O ile a bontša hore liithuti li ruile molemo o moholo ka ho noa ’nete e tebileng e ka Lentsoeng la Molimo, likhoeling tse hlano tse fetileng. Empa baromuoa bao ba bacha ba tla etsa’ng ka boitsebiso boo ba ithutileng bona? Mor’abo rōna Lett o ile a khothalletsa liithuti hore li fe ba bang metsi ana a moea ka tsela e se nang boithati e le hore le bona ba ka ba le “seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng” ka hare ho bona. (Johanne 4:14) Sebui sa eketsa ka ho re: “Le ka mohla le se ke la lebala ho fa Jehova, e leng ‘mohloli oa metsi a phelang,’ tlhompho le khanya tse mo loketseng. E-bang le mamello ha le ruta ba tsoileng Babylona e Moholo e hlasetsoeng ke komello.” (Jeremia 2:13) Mor’abo rōna Lett o ile a phethela ka ho khothalletsa liithuti ho etsisa moea le monyaluoa ka cheseho ’me li tsoele pele li re: “‘Tloo!’ Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšenolo 22:17.
Mor’abo rōna Jaracz o ile a phetha lenaneo ka ho fetisa litumeliso tse tsoang linaheng tse ling. Ka mor’a moo seithuti se seng se ile sa bala lengolo le bontšang kananelo.
Na u ka ithaopela ho sebeletsa moo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane teng? Ha ho le joalo, hahamalla lipakane tsa moea joalokaha liithuti tsena tse abetsoeng mangolo li entse. Latsoa thabo le khotsofalo tseo motho a li fumanang ha a ithaopela ho sebeletsa Molimo ka nyakallo—ebang e le moromuoa naheng e ’ngoe kapa e le mosebeletsi ea haufi le hae.
[Lebokose le leqepheng la 13]
LIPALO-PALO TSA SEHLOPHA
Palo ea linaha tse emetsoeng: 8
Palo ea linaha tseo li abetsoeng ho tsona: 19
Palo ea liithuti: 46
Karolelano ea lilemo: 33,0
Karolelano ea lilemo li le ’neteng: 16,5
Karolelano ea lilemo li le tšebeletsong ea nako e tletseng: 12,9
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Sehlopha sa Bo118 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower se Abeloang Mangolo
Lethathamong le ka tlaase, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea ka morao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng ka mong.
(1) Brockmeyer, A.; Moloney, S.; Symonds, N.; Lopez, Y.; Howard, C. (2) Jastrzebski, T.; Brown, D.; Hernandez, H.; Malagón, I.; Jones, A.; Connell, L. (3) Howard, J.; Lareau, E.; Shams, B.; Hayes, S.; Brown, O. (4) Burrell, J.; Hammer, M.; Mayer, A; Kim, K.; Stanley, R.; Rainey, R. (5) Jastrzebski, P.; Zilavetz, K.; Ferris, S.; Torres, B.; Torres, F. (6) Connell, J.; Hernandez, R.; Moloney, M.; Malagón, J.; Shams, R.; Hayes, J. (7) Ferris, A.; Hammer, J.; Stanley, G.; Kim, C.; Symonds, S.; Lopez, D.; Burrell, D. (8) Brockmeyer, D.; Mayer, J.; Rainey, S.; Zilavetz, S.; Jones, R.; Lareau, J.