‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
“A khahleha hakaakang lithabeng maoto a . . . ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo!”—ESAIA 52:7.
1, 2. (a) Ho etsahala lintho life tse tšosang letsatsi le letsatsi? (b) Batho ba bangata ba etsa’ng ha ba lula ba utloa litaba tse bohloko?
KAJENO lefatšeng ka bophara batho ba bonahala ba tsielehile ke litaba tse bohloko. Ha ba bulela seea-le-moea ba utloa litlaleho tse tšosang tsa maloetse a kotsi a nanarelang batho lefatšeng. Ha ba shebella litaba thelevisheneng ba bona litšoantšo tseo ho leng thata ho li lebala tsa bana ba lapileng ba llelang thuso. Ha ba re ba nka koranta ba bala ka libomo tse phatlolang mehaho, tse bolaeang batho ba bangata ba se nang molato.
2 Ha e le hantle, letsatsi le letsatsi ho etsahala lintho tse tšosang. Ka sebele boemo ba lefatše lena bo ntse bo mpefala. (1 Bakorinthe 7:31) Makasine e ’ngoe ea Europe Bophirimela e ile ea re ka linako tse ling ho bonahala eka lefatše lohle le “tloha le fela.” Ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ba ikutloa ba nyahame! Ha ho pelaelo hore motho e mong ea boletsoeng patlisisong e entsoeng United States ka litaba tsa thelevishene o ne a bua maikutlo a batho ba limilione, ha a re: ‘Ke ikutloa ke nyahame ka ho feletseng ha ke qeta ho shebella litaba. Ke litaba tse bohloko feela. Lia sithabetsa.’
Litaba Tseo Bohle ba Lokelang ho li Utloa
3. (a) Bibele e phatlalatsa litaba life tse molemo? (b) Ke hobane’ng ha u nka litaba tse molemo tsa ’Muso e le tsa bohlokoa?
3 Na litaba tse molemo li ka fumanoa lefatšeng lee le sa faneng ka tšepo? Ka sebele li ka fumanoa! Ke ho khothatsang ho tseba hore Bibele e phatlalatsa litaba tse molemo. Ke litaba tse reng ’Muso oa Molimo o tla felisa ho kula, tlala, tlōlo ea molao, ntoa le khatello ea mefuta eohle. (Pesaleme ea 46:9; 72:12) Na tsee hase tsona litaba tseo motho e mong le e mong a lokelang ho li utloa? Ka sebele Lipaki Tsa Jehova li nahana joalo. Ke kahoo li tsebahalang hohle ka ho etsa boiteko bo tsoelang pele ba ho bolella batho ba lichaba tsohle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Matheu 24:14.
4. Re tl’o hlahloba likarolo life tsa mosebetsi oa rōna sehloohong see le se latelang?
4 Leha ho le joalo, ke’ng seo re ka se etsang hore re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo ka tsela e khotsofatsang le e nang le sepheo—esita le libakeng tseo batho ba bangata ba sa amoheleng molaetsa? (Luka 8:15) Ha ho pelaelo hore ho hlahloba ho se hokae likarolo tse tharo tsa bohlokoa tsa mosebetsi oa rōna oa boboleli ho tla re thusa. Re tla hlahloba (1) sepheo sa rōna, kapa lebaka leo re bolelang ka lona; (2) molaetsa oa rōna, kapa seo re se bolelang; le (3) mekhoa eo re e sebelisang, kapa litsela tseo re bolelang ka tsona. Ha re lula re e-na le sepheo se loketseng, molaetsa oa rōna o hlakile, ’me re sebelisa mekhoa e atlehang, re tla fa batho ba bangata monyetla oa ho utloa litaba tse molemo ka ho fetisisa—e leng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.a
Lebaka Leo re Bolelang Litaba Tse Molemo ka Lona
5. (a) Lebaka le ka sehloohong le re susumelletsang ho kopanela tšebeletsong ke lefe? (b) Ke hobane’ng ha ho ka thoe ho mamela ha rōna taelo ea Bibele ea ho bolela ho bontša hore re rata Molimo?
5 A re hlahlobeng karolo ea pele—e leng sepheo sa rōna. Ke hobane’ng ha re bolela litaba tse molemo? Ka lebaka lona leo Jesu a neng a bolela ka lona. O ile a re: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31; Pesaleme ea 40:8) Lebaka le ka sehloohong ke hore re susumetsoa ke lerato la rōna ho Molimo. (Matheu 22:37, 38) Bibele e amahanya ho rata Molimo le ho etsa tšebeletso, kaha e re: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” (1 Johanne 5:3; Johanne 14:21) Na litaelo tsa Molimo li akarelletsa ‘ho ea le ho etsa barutuoa’? (Matheu 28:19) E. Ke ’nete hore mantsoe ao a builoe ke Jesu, empa ha e le hantle a ne a tsoa ho Jehova. Joang? Jesu o ile a re: “Ha ke etse letho le itsoelang ho ’na; empa feela joalokaha Ntate a nthutile ke bua lintho tsena.” (Johanne 8:28; Matheu 17:5) Kahoo, ha re mamela taelo ea ho bolela, re bontša Jehova hore rea mo rata.
6. Ho rata Molimo ho re susumetsa ka litsela life hore re bolele?
6 Ho feta moo, ho rata Jehova ho re susumelletsa ho bolela hobane re batla ho hanyetsa mashano ao Satane a a jalang ka eena. (2 Bakorinthe 4:4) Satane o tlisitse pelaelo ea hore na Molimo o busa ka ho loka. (Genese 3:1-5) Joaloka Lipaki Tsa Jehova, re labalabela ho kenya letsoho tabeng ea ho pepesa liketselletso tsa Satane le ho halaletsa lebitso la Molimo ho batho bohle. (Esaia 43:10-12) Ho feta moo, re kopanela tšebeletsong hobane re tseba litšobotsi tsa Jehova le litsela tsa hae. Re ikutloa re le haufi le eena ’me re na le takatso e matla ea ho bolella ba bang ka Molimo oa rōna. Ha e le hantle, molemo oa Jehova le litsela tsa hae tse lokileng li re tlisetsa thabo hoo re ke keng ra khaotsa ho bua ka eena. (Pesaleme ea 145:7-12) Re ikutloa re tlameha ho bolela thoriso ea hae le ho bua ka “makhabane” a hae ho ba tla mamela.—1 Petrose 2:9; Esaia 43:21.
7. Ntle le hore re rata Molimo, re na le lebaka lefe le leng la bohlokoa le etsang hore re kopanele mosebetsing oa boboleli?
7 Ho na le lebaka le leng la bohlokoa le etsang hore re tsoele pele ho kopanela tšebeletsong: Re labalabela ho imolla batho ba sithabelitsoeng ke litaba tse bohloko tse sa feleng le ba mameletseng khatello ka mabaka a sa tšoaneng. Ka ho etsa joalo, re leka ho etsisa Jesu. Ka mohlala, sheba se hlalositsoeng ho Mareka khaolo ea 6.
8. Tlaleho ea Mareka khaolo ea 6 e bontša’ng ka boikutlo boo Jesu a neng a e-na le bona ka batho?
8 Baapostola ba khutla phutuhong ea boboleli ’me ba phetela Jesu sohle seo ba se entseng le ho se ruta. Jesu oa elelloa hore baapostola ba khathetse, ’me o re ba tsamaee le eena ba “phomole hanyenyane.” Kahoo ba kena seketsoaneng ba ea sebakeng se khutsitseng. Batho ba ba sala morao, ba matha ba iphaphathile le lebōpo la leoatle ’me ka mor’a nakoana ba fihla ho bona. Jesu o etsa’ng? Tlaleho e re: “A bona bongata bo boholo, empa a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona, hobane bo ne bo le joaloka linku tse se nang molisa. A qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:31-34) Jesu o ile a susumetsoa ke khauho hore a tsoele pele ho bolella batho litaba tse molemo le hoja a ne a khathetse. Ho hlakile hore Jesu o ne a utloela batho bana bohloko. A ba qenehela.
9. Re ithuta eng tlalehong e ho Mareka khaolo ea 6 mabapi le sepheo se nepahetseng ha re etsa boboleli?
9 Re ithuta’ng tlalehong ee? Re le Bakreste, re ikutloa re tlameha ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. Rea tseba hore ke boikarabelo ba rōna ho bolela litaba tse molemo, kaha ke thato ea Molimo hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe.” (1 Timothea 2:4) Leha ho le joalo, ha re etse tšebeletso ea rōna hobane re ikutloa re tlamehile feela empa re e etsa hobane re e-na le qenehelo. Haeba re hlile re qenehela batho joalokaha Jesu a ne a ba qenehela, lipelo tsa rōna li tla re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho tsoela pele re ba bolella litaba tse molemo. (Matheu 22:39) Ha re kopanela tšebeletsong ka sepheo seo se setle re tla susumelletseha ho bolela litaba tse molemo re sa khaotse.
Molaetsa oa Rōna ke Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso oa Molimo
10, 11. (a) Esaia o hlalosa molaetsa oo re o bolelang ka tsela efe? (b) Jesu o ile a tlisa litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo joang, hona bahlanka ba Molimo ba latela mohlala oa Jesu joang kajeno?
10 Ho thoe’ng ka karolo ea bobeli ea tšebeletso ea rōna—e leng molaetsa oa rōna? Re bolela eng? Moprofeta Esaia o ile a hlalosa molaetsa oo re o phatlalatsang ka tsela ena e ntle, a re: “A khahleha hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse molemo, ea phatlalatsang khotso, ea tlisang litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo, ea phatlalatsang poloko, ea reng ho Sione: ‘Molimo oa hao ke morena!’”—Esaia 52:7.
11 Polelo ea sehlooho temaneng ena e reng, “Molimo oa hao ke morena,” e re hopotsa molaetsa oo re lokelang ho o phatlalatsa, e leng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Mareka 13:10) Hlokomela hore temana ena e boetse e hlalosa litaba tse molemo tse jeroeng ke molaetsa oa rōna. Esaia o sebelisa mantsoe a kang “poloko,” “litaba tse molemo,” “khotso” le “ho hong ho molemo.” Lilemo tse makholo ka mor’a Esaia, Jesu Kreste o ile a phethahatsa boprofeta bona ka tsela e ikhethang lekholong la pele la lilemo C.E., ka hore ka cheseho a behe mohlala ka ho phatlalatsa litaba tsa ho hong ho molemo, e leng ’Muso oa Molimo o tlang. (Luka 4:43) Mehleng ea kajeno, haholo-holo ho tloha ka 1919, Lipaki Tsa Jehova li latetse mohlala oa Jesu ka hore ka cheseho li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng le litlhohonolofatso tseo o tla li tlisa.
12. Litaba tse molemo tsa ’Muso li ba le phello efe ho ba li amohelang?
12 Litaba tse molemo tsa ’Muso li ba le phello efe ho ba li amohelang? Kajeno, feela joaloka mehleng ea Jesu, litaba tse molemo li fana ka matšeliso le tšepo. (Baroma 12:12; 15:4) Li fana ka tšepo ho ba lipelo li tšepahalang hobane baa ithuta hore ho na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore nako e molemo ea tla. (Matheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:13) Ho ba le tšepo e joalo ho thusa haholo batho ba tšabang Molimo hore ba be le pono e nepahetseng ka maemo a litaba. Mopesaleme o re ‘ba ke ke ba tšoha esita le litaba tse mpe.’—Pesaleme ea 112:1, 7.
Molaetsa o Tla ‘Tlamisa ba Robehileng Lipelo’
13. Moprofeta Esaia o re’ng ka litlhohonolofatso tseo hona joale li tlelang ba amohelang litaba tse molemo?
13 Ho phaella moo, litaba tse molemo tseo re li bolelang li tlisetsa ba li amohelang khatholoho le litlhohonolofatso hona joale. Joang? Moprofeta Esaia o ile a hlalosa litlhohonolofatso tse ling tseo a li boletseng esale pele ha a re: “Moea oa ’Musi Morena Jehova o holim’a ka, ka lebaka la hore Jehova o ntlotselitse hore ke bolelle ba bonolo litaba tse molemo. O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo, ke phatlalatse tokoloho ho ba isitsoeng kholehong le ho tutuboloha ho hoholo ha mahlo ho batšoaruoa; ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa kamohelo le letsatsi la phetetso la Molimo oa rōna; ho tšelisa bohle ba siameng.”—Esaia 61:1, 2; Luka 4:16-21.
14. (a) Poleloana ho ‘tlamisa ba robehileng lipelo’ e bontša eng ka molaetsa oa ’Muso? (b) Re bonahatsa kameho eo Jehova a nang le eona ka ba robehileng lipelo joang?
14 Ho ea ka boprofeta boo, Jesu o ne a tla ‘tlamisa ba robehileng lipelo’ ha a bolela litaba tse molemo. Ke papiso e susumetsang hakaakang eo Esaia a e sebelisang! Ho latela buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele, lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ‘ho tlamisa’ le “atisa ho sebelisoa tabeng ea ‘ho tlamisa’ ka lesela le tlamisang maqeba, kahoo e le bakeng sa ho alafa le ho phekola ba nang le maqeba.” Mooki ea tsotellang a ka ’na a thatela lesela kapa lelapi karolong ea ’mele oa motho ea lemetseng e le hore a e tšehetse. Ka ho tšoanang, ha bahoeletsi ba tsotellang ba bolela molaetsa oa ’Muso, ba tšehetsa bohle ba amohelang molaetsa ba fetang maemong a thata. ’Me ba bonahatsa kameho eo Jehova a nang le eona ka ho fana ka tšehetso ho ba e hlokang. (Ezekiele 34:15, 16) Ha a bua ka Molimo mopesaleme o ile a re: “O folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.”—Pesaleme ea 147:3.
Kamoo Molaetsa oa ’Muso o Tlisang Phetoho Kateng
15, 16. Ke liphihlelo life tsa sebele tse bontšang kamoo molaetsa oa ’Muso o fanang ka tšehetso ho ba e hlokang le ho ba matlafatsa?
15 Ho na le liphihlelo tse ’maloa tsa sebele tse bontšang kamoo molaetsa oa ’Muso o tšehetsang ba robehileng lipelo le ho ba matlafatsa kateng. Nahana ka mosali-moholo e mong oa Amerika Boroa ea bitsoang Oreanna, ea neng a se a feletsoe ke takatso ea ho phela. Paki e ’ngoe ea Jehova e ile ea qala ho etela Oreanna le ho mo balla Bibele le Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele.b Qalong, ’mè enoa ea nyahameng o ne a mamela a ntse a le likobong ha a balloa ’me a koetse mahlo, nako le nako a ntse a sisimoha pelo. Empa ka mor’a nakoana, o ile a qala ho leka ho lula betheng ha a ntse a balloa. Ha nako e ntse e-ea, o ne a se a lula setulong ka kamoreng ea ho phomola, a emela hore motho ea mo rutang Bibele a fihle. Ka mor’a moo, mosali eo o ile a qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso. O ile a khothatsoa ke seo a ithutang sona libokeng tseo, ’me a qala ho fa batho ba fetang ka tsela pel’a ha hae lingoliloeng tsa Bibele. Oreanna o ile a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova a le lilemo li 93. Molaetsa oa ’Muso o ne o tsosolositse takatso ea hae ea ho phela.—Liproverbia 15:30; 16:24.
16 Molaetsa oa ’Muso o fana ka tšehetso ea bohlokoa esita le ho ba tsebang hore ho kula ho haufi le ho khaoletsa bophelo ba bona. Ka mohlala, nahana ka Maria oa Europe Bophirimela. O ne a tšoeroe ke boloetse bo sa phekoleheng ’me a feletsoe ke tšepo. O ne a nyahame ka ho tebileng ha a kopana le Lipaki Tsa Jehova. Empa bophelo ba hae bo ile ba boela ba e-ba le morero ha a ithuta ka merero ea Molimo. O ile a kolobetsoa ’me a ba mafolofolo haholo mosebetsing oa boboleli. Lilemong tse peli tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, sefahleho sa hae se ne se khanya tšepo le thabo. Maria o hlokahetse a e-na le tšepo e tiileng ea hore bafu ba tla tsoha.—Baroma 8:38, 39.
17. (a) Molaetsa oa ’Muso o fetola bophelo ba batho ba o amohelang joang? (b) U bone ka litsela life hore Jehova “o phahamisa bohle ba inameng”?
17 Litlaleho tsena li paka hore molaetsa oa ’Muso o ka fetola bophelo ba batho ba labalabelang linnete tsa Bibele. Batho ba saretsoeng ka lebaka la ho shoeloa ke eo ba mo ratang ba boetse baa matlafala ha ba ithuta ka tšepo ea tsoho. (1 Bathesalonika 4:13) Batho ba futsanehileng le ba sokolang ho fepa ba malapa a bona ba fumana seriti le ho ba sebete ha ba ithuta hore Jehova a ke ke a ba furalla le ka mohla haeba ba tšepahala ho eena. (Pesaleme ea 37:28) Ka thuso ea Jehova, ba bangata ba sithabelitsoeng ke ho tepella maikutlo, butle-butle ba fumana matla ao ba a hlokang hore ba hlaphoheloe ’me maemong a mang ba bile ba khona ho hlōla boloetse boo. (Pesaleme ea 40:1, 2) Ha e le hantle, ka matla a tsoang Lentsoeng la hae, hona joale Jehova “o phahamisa bohle ba inameng.” (Pesaleme ea 145:14) Ha re bona kamoo litaba tse molemo tsa ’Muso li khothatsang ba robehileng lipelo kateng tšimong ea rōna le ka phuthehong ea Bokreste, seo se lula se re hopotsa hore re na le litaba tse molemo ka ho fetisisa tse fumanehang kajeno!—Pesaleme ea 51:17.
“Thapeli ea ka ho Molimo Bakeng sa Bona”
18. Pauluse o ile a ameha joang ha Bajuda ba hana litaba tse molemo, hona hobane’ng?
18 Le hoja molaetsa oa rōna o jere litaba tse molemo ka ho fetisisa, ba bangata baa o hana. See se ka ’na sa re ama joang? Ka tsela eo se ileng sa ama moapostola Pauluse ka eona. O ne a atisa ho pakela Bajuda, empa ba bangata ba bona ba ne ba hana molaetsa oa poloko. Ho o hana ha bona ho ile ha ama Pauluse ka ho teba. O ile a re: “Ke na le mesarelo e meholo le bohloko bo sa khaotseng ka pelong ea ka.” (Baroma 9:2) Pauluse o ne a qenehela Bajuda bao a ba pakelang. O ne a utloa bohloko hore ebe ba hana litaba tse molemo.
19. (a) Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang hore ka linako tse ling re ka ’na ra ikutloa re nyahame? (b) Ke’ng se ileng sa thusa Pauluse hore a tsoele pele ka mosebetsi oa hae oa boboleli?
19 Le rōna ka ho tšoanang re bolela litaba tse molemo hobane re e-na le qenehelo. Kahoo, ke ho utloahalang hore re ka ’na ra ikutloa re nyahame ha batho ba bangata ba hana molaetsa oa ’Muso. Ho ikutloa ka tsela eo ho bontša hore re amehile e le kannete ka boiketlo ba moea ba batho bao re ba pakelang. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola mohlala oa moapostola Pauluse. Ke eng e ileng ea mo thusa hore a tsoele pele ka mosebetsi oa hae oa boboleli? Le hoja Pauluse a ile a utloa bohloko ha Bajuda ba hana ho amohela litaba tse molemo, ha aa ka a felloa ke tšepo ka Bajuda bohle, a nahana hore ha ho ba ka thusehang. O ne a tšepile hore ho ntse ho e-na le ba bang ba neng ba tla amohela Kreste. Ke kahoo Pauluse a ileng a ngola kamoo a ikutloang kateng ka Bajuda ka bomong a re: “Khahleho ea pelo ea ka le thapeli ea ka ho Molimo bakeng sa bona e bakeng sa poloko ea bona.”—Baroma 10:1.
20, 21. (a) Re ka etsisa mohlala oa Pauluse joang tšebeletsong ea rōna? (b) Ho tla tšohloa karolo efe ea tšebeletso ea rōna sehloohong se latelang?
20 Hlokomela lintho tse peli tseo Pauluse a ileng a li totobatsa. O ne a lakatsa hore batho ba bang ba fumane poloko, ’me o ile a rapela Molimo ka tieo tabeng eo. Kajeno, re latela mohlala oa Pauluse. Re lula re e-na le takatso e tiileng ea ho fumana leha e le bafe bao e ka ’nang eaba ba ntse ba e-na le boikutlo bo nepahetseng ka litaba tse molemo. Re tsoela pele ho rapela Jehova hore e se eka re ka fumana batho ba joalo e le hore re ba thuse ho latela tsela e ba isang polokong.—Liproverbia 11:30; Ezekiele 33:11; Johanne 6:44.
21 Leha ho le joalo, hore re finyelle batho ba bangata ka molaetsa oa ’Muso ka hohle kamoo ho ka khonehang, ha rea lokela ho ela hloko feela hore na ke hobane’ng ha re bolela le hore re bolela eng empa re lokela ho ela hloko le hore na re bolela joang. Taba ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena se tla tšohla likarolo tse peli tse qalang. Sehlooho sa bobeli se tla tšohla karolo ea boraro.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
U Ithutile Eng?
• Ke hobane’ng ha re kopanela tšebeletsong?
• Molaetsa oa sehlooho oo re o bolelang ke ofe?
• Ba amohelang molaetsa oa ’Muso ba fumana litlhohonolofatso life?
• Ke’ng e tla re thusa ho tsoela pele tšebeletsong ea rōna?
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Molaetsa oa ’Muso o matlafatsa ba robehileng lipelo
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Thapelo e re thusa ho mamella tšebeletsong ea rōna