‘Ho Fumana Perela e le ’Ngoe e Theko e Phahameng’
“’Muso oa maholimo ke pakane eo batho ba e hahamallang, ’me ba hahamallang pele baa o nka.”—MATHEU 11:12.
1, 2. (a) Ke tšobotsi efe e sa tloaelehang eo Jesu a ileng a e hlalosa ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae tse buang ka ’Muso? (b) Jesu o ile a re’ng papisong ea perela e theko e phahameng?
NA HO na le ntho eo u e nkang e le ea bohlokoa hoo u neng u ka fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u nang le eona kapa ua tela sohle seo u nang le sona e le hore feela u be le eona? Le hoja batho ba bua ka ho itella ho finyella pakane e itseng—e kang chelete, botumo, matla kapa maemo—ha hoa tloaeleha hore motho a fumane ntho e khahlehang hoo a ka ikemisetsang ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a e fumane. Ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba, tse buang ka ’Muso oa Molimo, Jesu Kreste o ile a bua ka tšobotsi ena e khahlehang empa e le e sa tloaelehang.
2 Ke papiso, kapa setšoantšo, eo Jesu a ileng a e phetela barutuoa ba hae ba le bang, eo hangata e bitsoang papiso ea perela e theko e phahameng. Jesu o ile a re: “’Muso oa maholimo o joaloka mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle. Ha a fumana perela e le ’ngoe e theko e phahameng, a tloha ’me ka potlako a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.” (Matheu 13:36, 45, 46) Ke’ng seo Jesu a neng a batla hore bamameli ba hae ba ithute sona setšoantšong see? Hona re ka rua molemo joang mantsoeng a Jesu?
Bohlokoa ba Liperela
3. Ke hobane’ng ha liperela tse ntle e ne e le tsa bohlokoa hakaale mehleng ea boholo-holo?
3 Ho tloha mehleng ea boholo-holo, liperela li ’nile tsa nkoa e le lintho tsa bohlokoahali tsa ho khabisa. Buka e ’ngoe e bolela hore ho ea ka setsebi sa Moroma, e leng Pliny e Moholo, liperela e ne e le tsona “tse ka sehloohong linthong tsohle tsa bohlokoa.” Ho fapana le khauta, silevera kapa majoe a mangata a bohlokoa, liperela li hlahisoa ke lintho tse phelang. Hoa tsebahala hore mefuta e meng ea li-oyster e ka fetola sebōpeho sa lintho tse li kukunelang—tse kang majoe a manyenyane—hore e be liperela tse phatsimang ka hore li-oyster tseo li ntše lero le tsejoang e le nacre le koahelang majoe ao. Mehleng ea boholo-holo, liperela tse ntle ka ho fetisisa li ne li bokelloa haholo Leoatleng le Lefubelu, Koung ea Persia le Leoatleng la Indian—hōle haholo le naha ea Iseraele. Ha ho pelaelo hore ke ka lona lebaka leo Jesu a ileng a bua ka “mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle.” Hore motho a fumane liperela tseo ruri e leng tsa bohlokoa, ho hlokahala hore a etse boiteko bo matla.
4. Thuto e ka sehloohong papisong ea Jesu ea mohoebi ea tsamaeang ke efe?
4 Esita le hoja ho tloha khale liperela tse ntle li ne li bitsa theko e phahameng, ho totobetse hore thuto e ka sehloohong papisong ea Jesu e ne e se bohlokoa ba chelete ba liperela. Papisong ena, Jesu ha aa ka a bapisa ’Muso oa Molimo le perela e theko e phahameng feela; o ile a bua ka “mohoebi ea tsamaeang ea batlang liperela tse ntle” le ka seo a ileng a se etsa ka mor’a hore a fumane perela eo e ntle. Ho fapana le morekisi ea tloaelehileng, mohoebi enoa ea tsamaeang oa liperela e ne e le motho ea ka bitsoang setsebi litabeng tsa khoebo, motho ea neng a sheba lintho ka leihlo le nchocho kapa ea neng a e-na le matla a ho lemoha litšobotsi tse ntle le lintlha tse poteletseng tse etsang hore perela e be e sa tloaelehang. O ne a tla tseba perela ea ’nete ha a e bona, ’me o ne a ke ke a thetsoa ka liperela tsa boleng bo tlaase kapa tsa bohata tse rekisoang.
5, 6. (a) Ke’ng e thahasellisang ka ho khetheha ka mohoebi oa papisong ea Jesu? (b) Papiso ea letlotlo le patiloeng e senola eng ka mohoebi ea tsamaeang?
5 Ho na le taba e ’ngoe hape e thahasellisang ka mohoebi enoa. Ka tloaelo mohoebi o qala ka ho lekanyetsa hore na perela e ka rekoa ka bokae a tle a khone ho etsa qeto ea hore na o tla e lefella bokae e le hore a etse phaello. Hape o ne a ka ’na a nahana hore na ebe ho tla ba le motho ea ka rekang perela eo e le hore a ka e rekisa kapele. Ka mantsoe a mang, o ne a tla batla ho etsa phaello ka potlako ka letsete leo la hae, eseng ka hore perela eo e be ea hae. Empa litaba ha li joalo ka mohoebi enoa oa papisong ea Jesu. O ne a sa batle phaello ea chelete kapa molemo o bonahalang. Ha e le hantle, o ne a ikemiselitse ho tela “lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona”—mohlomong thepa eohle ea hae le lintho tsohle tsa hae—e le hore a fumane seo e leng khale a se batla.
6 Ho bahoebi ba bangata, seo monna eo oa papisong ea Jesu a ileng a se etsa mohlomong e ne e se ntho e bohlale. Rakhoebo ea masene o ne a ke ke a nahana ho kena khoebong e kotsi joalo. Empa mohoebi oa papisong ea Jesu o ne a talima lintho tsa bohlokoa ka tsela e fapaneng. O ne a ke ke a putsoa ka molemo leha e le ofe oa chelete, empa o ne a tla putsoa ka thabo le khotsofalo ea ho ba le ntho ea bohlokoa haholo. Taba ena e hlakisoa setšoantšong se tšoanang le seo, seo Jesu a ileng a se etsa. O ile a re: “’Muso oa maholimo o joaloka letlotlo le patiloeng tšimong, leo motho a ileng a le fumana ’me a le pata; ka lebaka la thabo eo a nang le eona oa ea ’me a rekise lintho tseo a nang le tsona ’me a reke tšimo eo.” (Matheu 13:44) E, thabo e tlisoang ke ho fumana letlotlo leo le ho ba le lona e ne e le matla hoo e ileng ea susumelletsa monna eo ho tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona. Na kajeno ho na le batho ba joalo? Na ho na le letlotlo le lokeloang ke boitelo bo bokaalo?
Ba Ileng ba Ananela Bohlokoa ba ’Muso
7. Jesu o ile a bontša joang hore o ne a ananela bohlokoa ba ’Muso haholo?
7 Jesu o ne a bua ka “’muso oa maholimo” ha a pheta papiso ea hae. Ka sebele eena ka boeena o ne a ananela bohlokoa ba ’Muso. Litlaleho tsa Kosepele li fana ka bopaki bo matla bo tšehetsang taba eo. Ka mor’a hore a kolobetsoe ka 29 C.E., Jesu o ile “a qala ho bolela ’me a re: ‘Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.’” O ile a ruta matšoele ka ’Muso oa Molimo ka lilemo tse tharo le halofo. O ile a pholletsa le naha eohle, a “tsamaea ho tloha motseng o mong ho ea ho o mong le ho tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong, a bolela ’me a phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.”—Matheu 4:17; Luka 8:1.
8. Jesu o ile a etsa’ng ho bontša seo ’Muso o tla se finyella?
8 Ka hore a etse mehlolo e mengata ho pholletsa le naha eo—e akarelletsang ho phekola ba kulang, ho fepa ba lapileng, ho laola maemo a leholimo, esita le ho tsosa bafu—Jesu o ile a boela a bontša seo ’Muso oa Molimo o tla se finyella. (Matheu 14:14-21; Mareka 4:37-39; Luka 7:11-17) Qetellong, o ile a paka botšepehi ba hae ho Molimo le ’Musong oa hae ka ho nehelana ka bophelo ba hae, a shoa e le moshoela-tumelo thupeng ea tlhokofatso. Feela joalokaha mohoebi ea tsamaeang a ile a tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e-na le eona ka ho rata hore a fumane ‘perela e theko e phahameng,’ Jesu o ile a phelela ’Muso a ba a o shoela.—Johanne 18:37.
9. Ke tšobotsi efe e sa tloaelehang e ileng ea bonoa har’a barutuoa ba Jesu ba pele?
9 Jesu ha aa ka a qetella feela ka ho etsa hore ’Muso e be ntho e ka sehloohong bophelong ba hae empa hape o ile a bokella sehlopha se senyenyane sa balateli. Bana le bona e ne e le batho ba neng ba ananela bohlokoa ba ’Muso haholo. E mong oa bona e ne e le Andrease, eo qalong e neng e le morutuoa oa Johanne Mokolobetsi. Eitse ha ba utloa bopaki ba Johanne ba hore Jesu ke “Konyana ea Molimo,” Andrease le e mong oa barutuoa ba Johanne, eo ho ka etsahalang hore ebe e ne e le e mong oa bara ba Zebedea, eo le eena a neng a bitsoa Johanne, kapele-pele ba ile ba huleloa ho Jesu ’me ea e-ba balumeli. Empa litaba ha lia ka tsa fella moo. Hang feela, Andrease o ile a ea ho mor’abo e leng Simone, ’me a re ho eena: “Re fumane Mesia.” Kapele ka mor’a moo, Simone, (ea ileng a tsejoa e le Kefase, kapa Petrose) hammoho le Filipi le motsoalle oa hae Nathanaele le bona ba ile ba hlokomela hore Jesu ke Mesia. Ha e le hantle, Nathanaele o ile a susumelletseha hore a re ho Jesu: “U Mora oa Molimo, Morena oa Iseraele.”—Johanne 1:35-49.
Ba Susumelletseha ho Nka Bohato
10. Barutuoa ba ile ba etsa’ng ha Jesu a e-tla ’me a ba bitsa nako e itseng ka mor’a hore a kopane le bona ka lekhetlo la pele?
10 Thabo eo Andrease, Petrose, Johanne le ba bang ba bileng le eona ha ba fumana Mesia e ka ’na ea bapisoa le eo mohoebi ea tsamaeang a bileng le eona ha a fumana perela e theko e phahameng. Joale ba ne ba tla etsa joang? Likosepele ha li re bolelle seo ba ileng ba se etsa hang-hang ka mor’a hore ba kopane le Jesu ka lekhetlo lena la pele. Kamoo ho bonahalang kateng, ba bangata ba bona ba ile ba khutlela mokhoeng oa bona o tloaelehileng oa bophelo. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ho isa ho selemo, Jesu o ile a boela a kopana le Andrease, Petrose, Johanne le Jakobo mor’abo Johanne ba le khoebong ea bona ea ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea.a Ha Jesu a ba bona, o ile a re: “Ntšaleng morao, ’me ke tla le etsa batšoasi ba batho.” Ba ile ba etsa joang? Ha e bua ka Petrose le Andrease, tlaleho ea Matheu e re: “Hang-hang ha ba tlohela matlooa, ba mo latela.” Ha e le ka Jakobo le Johanne, re bala tjena: “Hang-hang ha ba siea sekepe ’me ba siea ntat’a bona, ba mo latela.” Tlaleho ea Luka e phaella ka ho re ba ile “ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba baa mo latela.”—Matheu 4:18-22; Luka 5:1-11.
11. E ka ’na eaba ke’ng e ileng ea etsa hore barutuoa ba nke bohato ka potlako ha Jesu a ba bitsa?
11 Na barutuoa ba ne ba entse qeto ka lepotlapotla feela tjee? Le hanyenyane! Le hoja ba ile ba khutlela khoebong ea malapa a bona ea ho tšoasa litlhapi ka mor’a hore ba kopane le Jesu ka lekhetlo la pele, ha ho pelaelo hore seo ba neng ba se bone ba ba ba se utloa ka lekhetlo leo la pele se ile sa ba ama ka ho teba pelong le kelellong. Taba ea hore ebe ho ne ho fetile nako e batlang e etsa selemo e ne e tla ba fa nako e ngata ea hore ba nahane ka ho teba ka litaba tseo. Joale nako ea hore ba etse qeto e ne e fihlile. Na ba ne ba tla tšoana le mohoebi ea tsamaeang eo pelo ea hae e ileng ea susumetseha haholo ha a fumana perela ea bohlokoahali hoo, joalokaha Jesu a hlalositse, a ileng “a tloha ’me ka potlako” a etsa seo a neng a lokela ho se etsa hore a reke perela eo? E. Lipelo tsa bona li ile tsa susumetsoa ke seo ba neng ba se bone le ho se utloa. Ba ile ba hlokomela hore joale nako ea ho nka bohato e ne e fihlile. Kahoo, joalokaha tlaleho e re bolella, ntle le ho tsilatsila, ba ile ba tela ntho e ’ngoe le e ’ngoe ’me ea e-ba balateli ba Jesu.
12, 13. (a) Ba bangata ba ileng ba utloa Jesu ba ile ba etsa’ng? (b) Jesu o ile a re’ng ka barutuoa ba hae ba tšepahalang, hona mantsoe a hae a bolela’ng?
12 Barutuoa baa ba tšepahalang ba ne ba fapane hakaakang le ba bang bao ho ileng ha buuoa ka bona hamorao litlalehong tsa Kosepele! Jesu o ne a phekotse batho ba bangata a ba a ba fepa empa ba ile ba itsoella pele ka mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi. (Luka 17:17, 18; Johanne 6:26) Ba bang ba bile ba ikhula ha Jesu a ba mema hore e be balateli ba hae. (Luka 9:59-62) Ho fapana le bao, hamorao ha Jesu a bua ka ba tšepahalang o ile a re: “Ho tloha matsatsing a Johanne Mokolobetsi ho fihlela joale ’muso oa maholimo ke pakane eo batho ba e hahamallang, ’me ba hahamallang pele baa o nka.”—Matheu 11:12.
13 Ho ‘hahamalla’ le ho ‘hahamalla pele’—mantsoe aa a bolela’ng? Mabapi le leetsi la Segerike leo mantsoe ana a tsoang ho lona, Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words e re: “Leetsi leo le bolela boikitlaetso.” Ha se bua ka temana ena, setsebi sa Bibele, Heinrich Meyer se re: “Ka tsela ena ho hlalosoa ho phehella ka tabatabelo, u sa cheche, le ho leka ka matla ho finyella ’muso oa Bomesia o atamelang . . . Ke thahasello e matla le e sefutho mabapi le ’muso oo (eseng feela ho khutsa le ho lebella ho hong).” Joaloka mohoebi ea tsamaeang, kapele-pele batho bana ba ’maloa ba ile ba hlokomela seo ruri e neng e le sa bohlokoa, ’me ka ho rata ba tela sohle seo ba neng ba e-na le sona ka lebaka la ’Muso.—Matheu 19:27, 28; Bafilipi 3:8.
Ba Bang ba Ile ba Kena Letšolong
14. Jesu o ile a lokisetsa baapostola mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso joang, hona phello e bile efe?
14 Ha Jesu a ntse a tsoela pele ka tšebeletso ea hae, o ile a koetlisa ba bang a ba a ba thusa hore ba hahamalle ’Muso. O ile a qala ka ho khetha ba 12 ho barutuoa ba hae ’me a ba bitsa baapostola, kapa ba romiloeng ke eena. Jesu o ile a fa baapostola bana litaelo tse qaqileng tsa hore na ba phethe tšebeletso ea bona joang, a ba a ba lemosa ka liteko le mathata ao ba neng ba tla thulana le ’ona. (Matheu 10:1-42; Luka 6:12-16) Ka lilemo tse ka bang peli tse latelang, ba ile ba tsamaea le Jesu maetong a hae a boboleli ho pholletsa le naha eo, ’me ba thabela botsoalle bo haufi le eena nakong eo. Ba ile ba utloa lipolelo tsa hae, ba hlokomela mesebetsi ea hae e matla ’me ba bona mohlala oa hae. (Matheu 13:16, 17) Ha ho pelaelo hore sena sohle se ile sa ba ama ka ho teba, hoo joaloka mohoebi ea tsamaeang, ba ileng ba cheseha ’me ba batla ’Muso ka lipelo tsohle tsa bona.
15. Jesu o ile a re lebaka le neng le hlile le lokela ho thabisa barutuoa ba hae ke lefe?
15 Ho phaella ho baapostola ba 12, Jesu o ile a “khetha ba bang ba mashome a supileng ’me a ba romela ka bobeli ka pele ho eena ho kena motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng seo a neng a tla tla ho sona.” Hape o ile a ba bolella ka liteko le mathata ao ba neng ba tla thulana le ’ona ’me a ba laela hore ba bolelle batho ba re: “’Muso oa Molimo o atametse ho lōna.” (Luka 10:1-12) Ha ba 70 ba khutla, ba ne ba thabile haholo ’me ba tlalehela Jesu sena ba re: “Morena, esita le bademona ba behoa tlas’a rōna ka ho sebelisa lebitso la hao.” Empa mohlomong ba ile ba makala ha Jesu a senola hore ba tla fumana thabo e fetang eo kahobane ba chesehela ’Muso. O ile a re ho bona: “Le se ke la thabela hore ebe meea e behoa tlas’a lōna, empa le thabe kahobane mabitso a lōna a ngotsoe maholimong.”—Luka 10:17, 20.
16, 17. (a) Jesu o ile a re’ng ho baapostola ba hae ba tšepahalang bosiung ba ho qetela a e-na le bona? (b) Mantsoe a Jesu a ile a tlisetsa baapostola thabo joang le ho ba fa tiisetso efe?
16 Qetellong, ka bosiu ba ho qetela Jesu a e-na le baapostola, ka la 14 Nisane, 33 C.E., o ile a theha se ileng sa tsejoa e le Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ’me a ba laela hore ba ikhopotse ketsahalo eo. Mantsiboeeng ’ona ao, Jesu o ile a re ho ba 11 ba setseng: “Ke lōna ba nkhomaretseng litekong tsa ka; ’me ke etsa selekane le lōna, feela joalokaha Ntate a entse selekane le ’na, bakeng sa ’muso, e le hore le ka ja le ho noa tafoleng ea ka ’musong oa ka, le ho lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.”—Luka 22:19, 20, 28-30.
17 E tlameha ebe lipelo tsa baapostola li ile tsa tlala thabo le khotsofalo hakaakang ha ba utloa mantsoe ao a Jesu! Ba ne ba fuoa tlotla e phahameng ka ho fetisisa le monyetla o ikhethang ka ho fetisisa tseo motho leha e le ofe a neng a ka li fumana. (Matheu 7:13, 14; 1 Petrose 2:9) Joaloka mohoebi eane ea tsamaeang, ba ne ba tetse lintho tse ngata hore ba latele Jesu e le hore ba batle ’Muso. Joale ba ne ba tiisetsoa hore boitelo boo ba neng ba bo entse ho fihlela nakong eo, e ne e se ba lefeela.
18. Ntle ho baapostola ba 11, ke bo-mang bao qetellong le bona ba neng ba tla rua molemo ’Musong?
18 E ne e se baapostola ba neng ba e-na le Jesu feela bosiung boo ba neng ba tla rua molemo ’Musong. Thato ea Jehova e ne e le hore ka kakaretso batho ba 144 000 ba kenngoe selekaneng sa ’Muso e le babusi-’moho le Jesu Kreste ’Musong o khanyang oa leholimo. Ho phaella moo, ponong moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo, boo ho seng motho ea neng a khona ho bo bala, . . . bo eme ka pel’a terone le ka pel’a Konyana, . . . bo re: ‘Poloko ea rōna e tsoa ho Molimo oa rōna, ea lutseng teroneng, le Konyana.’” Bana ke bafo ba lefatšeng ba ’Muso oo.b—Tšenolo 7:9, 10; 14:1, 4.
19, 20. (a) Batho ba lichaba tsohle ba bulehetsoe ke monyetla ofe? (b) Ho tla tšohloa potso efe sehloohong se latelang?
19 Pejana feela Jesu a nyolohela leholimong, o ile a laela balateli ba hae ba tšepahalang a re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:19, 20) Ka tsela eo, batho ba tsoang lichabeng tsohle e ne e tla ba barutuoa ba Jesu Kreste. Bana le bona ba ne ba tla tsepamisa lipelo tsa bona ’Musong—ho sa tsotellehe hore na moputso oa bona ke oa leholimong kapa oa lefatšeng—feela joalokaha mohoebi ea tsamaeang a ile a etsa joalo mabapi le perela e ntle.
20 Mantsoe a Jesu a ile a bontša hore mosebetsi oa ho etsa barutuoa o ne o tla tsoela pele ho fihlela “qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Kahoo, na mehleng ea rōna ho sa ntse ho e-na le batho ba ikemiselitseng ho fana ka sohle seo ba nang le sona e le hore ba batle ’Muso oa Molimo joaloka mohoebi ea tsamaeang? Potso ena e tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ka etsahala hore ebe Johanne, mor’a Zebedea, o ile a latela Jesu ’me a bona lintho tse ling tseo Jesu a ileng a li etsa ka mor’a hore ba kopane ka lekhetlo la pele, e leng se ileng sa mo nolofalletsa hore a li ngole ka tsela e hlakileng tlalehong ea hae ea Kosepele. (Johanne, khaolo ea 2-5) Leha ho le joalo, o ile a khutlela khoebong ea lelapa nako e itseng pele Jesu a mo bitsa.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng, bona khaolo ea 10 ea buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Ke thuto efe e ka sehloohong papisong ea mohoebi ea tsamaeang?
• Jesu o ile a bontša joang hore o ananela bohlokoa ba ’Muso haholo?
• Ke’ng se ileng sa etsa hore Andrease, Petrose, Johanne le ba bang ba nke bohato hang-hang ha Jesu a ba bitsa?
• Batho ba lichaba tsohle ba na le monyetla ofe o babatsehang?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
‘Ba tlohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eaba ba latela Jesu’
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a laela balateli ba hae hore ba etse barutuoa