Ho Batla ‘Perela e Theko e Phahameng’ Kajeno
“Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki.”—MATHEU 24:14.
1, 2. (a) Bajuda ba ne ba ikutloa joang ka ’Muso oa Molimo mehleng ea Jesu? (b) Jesu o ile a etsa’ng hore a fane ka kutloisiso e nepahetseng ka ’Muso, hona liphello e bile life?
’MUSO OA MOLIMO e ne e le taba eo Bajuda ba e thahasellang haholo ha Jesu a e-tla lefatšeng. (Matheu 3:1, 2; 4:23-25; Johanne 1:49) Leha ho le joalo, qalong ba bangata ba bona ba ne ba sa utloisise ka botlalo boholo ba oona le matla a oona; hape ba ne ba sa utloisise hore e ne e tla ba puso e leholimong. (Johanne 3:1-5) Esita le ba bang ba ileng ba fetoha balateli ba Jesu ba ne ba sa utloisise ka botlalo seo ’Muso oa Molimo o leng sona kapa hore na ba lokela ho etsa’ng e le hore ba fumane tlhohonolofatso ea ho ba babusi-’moho le Kreste.—Matheu 20:20-22; Luka 19:11; Liketso 1:6.
2 Ha nako e ntse e tsamaea, ka mamello Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae lithuto tse ngata, tse akarelletsang papiso ea perela e theko e phahameng e tšohliloeng sehloohong se eteletseng sena pele, a ba bontša bohlokoa ba hore ba ikitlaetse ha ba batla ’Muso oa leholimo. (Matheu 6:33; 13:45, 46; Luka 13:23, 24) E tlameha ebe sena se ile sa ama lipelo tsa bona ka ho teba hobane kapele ba ile ba fetoha baboleli ba sa khathaleng le ba sebete ba litaba tse molemo tsa ’Muso likarolong tse hōle tsa lefatše, e leng taba e pakoang ka ho feletseng ke buka ea Liketso.—Liketso 1:8; Bakolose 1:23.
3. Mabapi le mehla ea rōna, Jesu o ile a re’ng ka ’Muso?
3 Joale, ho thoe’ng mabapi le mehleng ea kajeno? Batho ba limilione ba bolelloa ka litlhohonolofatso tsa paradeise ea lefatšeng tlas’a ’Muso. Boprofeteng ba hae bo boholo bo buang ka “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ka ho toba Jesu o ile a re: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:3, 14; Mareka 13:10) Hape o ile a hlalosa hore mosebetsi ona o moholohali o lokela ho phethoa ho sa tsotellehe litšitiso tse boima haholo le mathata, esita le mahloriso. Leha ho le joalo, o ile a fana ka tiisetso ena: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Matheu 24:9-13) Ka tsela e itseng sena sohle se hloka boitelo le boinehelo bo tšoanang le ba mohoebi ea tsamaeang oa papisong ea Jesu. Na kajeno ho na le batho ba bontšang tumelo e joalo le cheseho ha ba batla ’Muso?
Thabo e Tlisoang ke ho Fumana ’Nete
4. ’Nete ea ’Muso e ba le liphello life ho batho kajeno?
4 Mohoebi oa papisong ea Jesu o ile a thaba haholo ha a fumana seo a neng a lemoha hore ke ‘perela e theko e phahameng.’ Thabo eo e ile ea mo susumelletsa hore a etse sohle se neng se le matleng a hae hore a fumane perela eo. (Baheberu 12:1) Ka ho tšoanang, kajeno ’nete e mabapi le Molimo le ’Muso oa hae e hohela batho ebile ea ba susumetsa. Sena se re hopotsa se kileng sa buuoa ke Mor’abo rōna A. H. Macmillan, ea ngotseng buka e bitsoang Faith on the March e mabapi le ha a ntse a batla Molimo le morero oa Hae ka moloko oa batho. O ile a re: “Selemo le selemo, batho ba likete-kete ba ntse ba fumana seo ke se fumaneng. ’Me ke batho ba tšoanang le ’na le uena, hobane ba tsoa lichabeng tsohle, merabeng eohle, mekhoeng eohle ea bophelo ebile ke ba lilemo tsohle. ’Nete ha e khethe. E hohela batho ba mefuta eohle.”
5. Re bona liphello life tse ntle tlalehong ea selemo sa tšebeletso sa 2004?
5 Bonnete ba mantsoe ao bo bonahala selemo le selemo ha litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li susumelletsa batho ba lipelo li tšepahalang hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova le ho etsa thato ea hae. Selemo sa tšebeletso sa 2004, se qalileng ka September 2003 ho fihlela ka August 2004, ha ea ka ea e-ba mokhelo. Likhoeling tseo tse 12, batho ba 262 416 ba ile ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova phatlalatsa ka hore ba kolobetsoe metsing. Sena se etsahetse linaheng tse 235, tseo ho tsona Lipaki Tsa Jehova li khannang lithuto tsa lehae tsa Bibele tse 6 085 387 beke le beke e le hore li thuse batho ba tsoang mekhoeng eohle ea bophelo le lichabeng tse ngata, merabeng le lipuong hore ba fumane ’nete e phelisang e tsoang Lentsoeng la Molimo.—Tšenolo 7:9.
6. Ke hobane’ng ha ho ’nile ha e-ba le keketseho e tsitsitseng ho theosa le lilemo?
6 See sohle se finyeletsoe joang? Ha ho pelaelo hore Jehova o hulela batho bana ba nang le tšekamelo e nepahetseng ho eena. (Johanne 6:65; Liketso 13:48) Leha ho le joalo, re se lebale boinehelo le boiteko bo sa khaotseng ba batho ba ’nileng ba ikitlaetsa ho batla ’Muso. Ha a le lilemo li 79, Mor’abo rōna Macmillan o ile a ngola a re: “Ho tloha ha ke qala ho ithuta ka lintho tse tšepisitsoeng moloko oa batho o kulang le o shoang, tšepo eo ke nang le eona linthong tseo molaetsa oo oa Bibele o li senotseng ha e e-s’o ka e fifala. Hona nakong eo ke ile ka ikemisetsa ho fumana litaba tse eketsehileng mabapi le seo Bibele e se rutang e le hore ke khone ho thusa ba bang, bao joaloka ’na, ba ntseng ba batla ho tseba Molimo ea Matla ’Ohle, Jehova, le merero ea hae e metle ka moloko oa batho.”
7. Ke phihlelo efe e bontšang thabo le cheseho ea ba fumanang ’nete ea Bibele?
7 Cheseho eo ea bonahala le har’a bahlanka ba Jehova kajeno. Ka mohlala, nahana ka Daniela oa Vienna, Austria. O ile a re: “Ho tloha bongoaneng, haesale Molimo e le motsoalle oa ka e moholo. Kamehla ke ne ke batla ho tseba lebitso la hae hobane ho ’na ha ho thoe ‘Molimo’ ho ne ho utloahala eka ha ho buuoe ka motho. Empa ke ile ka lokela ho ema ho fihlela ha ke ne ke le lilemo li 17, ha Lipaki Tsa Jehova li fihla heso. Li ile tsa hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke batla ho e tseba ka Molimo. Qetellong, ke ne ke fumane ’nete, ’me ho ne ho thabisa hakaakang! Ke ne ke thabile hoo ke ileng ka qala ho bolella e mong le e mong molaetsa oo.” Kapele, bana bao a neng a kena sekolo le bona ba ile ba mo soma ka lebaka la cheseho ea hae. Daniela o ile a tsoela pele ho re: “Leha ho le joalo, ke ne ke bona seo e le ho phethahala ha boprofeta ba Bibele, hobane ke ne ke ithutile hore Jesu o itse balateli ba hae ba ne ba tla hlouoa ba be ba hlorisoe ka lebaka la lebitso la hae. Ke ne ke thabile ebile ke hloletsoe.” Kapele, Daniela o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova, a kolobetsoa ’me a qala ho hahamalla pakane ea tšebeletso ea boromuoa. Ka mor’a hore a nyaloe, Daniela, hammoho le monna oa hae Helmut, ba ile ba qala mosebetsi oa ho pakela Maafrika, Machaena, Mafilipino le Maindia a neng a lula Vienna. Hona joale Daniela le Helmut ba sebeletsa e le baromuoa ka boroa-bophirimela ho Afrika.
Ha ba Tele
8. Ke tsela efe e ’ngoe e putsang eo ka eona ba bangata ba bontšitseng lerato la bona ho Molimo le botšepehi ba bona ’Musong oa hae?
8 Ka sebele, kajeno tšebeletso ea boromuoa ke e ’ngoe ea litsela tseo ka tsona batho ba Jehova ba bonahatsang lerato la bona ho Molimo le botšepehi ba bona ’Musong oa hae. Joaloka mohoebi oa papisong ea Jesu, ba kenelang tšebeletso ena ba ikemiselitse ho ea libakeng tse hōle ka lebaka la ’Muso. Ho hlakile hore baromuoa bana ha ba tsamaele ho ea fumana litaba tse molemo tsa ’Muso; empa ba li isa ho batho ba lulang libakeng tsena tse hōle tsa lefatše, ba ba ruta hore e be barutuoa ba Jesu Kreste ebile ba ba thusa ho etsa joalo. (Matheu 28:19, 20) Linaheng tse ngata ba tlameha ho mamella mathata a sa tloaelehang. Empa mamello ea bona e putsoa ka ho enneng.
9, 10. Ke liphihlelo life tse thabisang tseo baromuoa ba bileng le tsona libakeng tse hōle tse kang Central African Republic?
9 Ka mohlala, nahana ka Central African Republic, moo palo ea ba bileng teng Sehopotsong sa lefu la Kreste selemong se fetileng e neng e le 16 184, e leng palo e batlang e mena ea bahoeletsi ba ’Muso naheng eo ka makhetlo a supileng. Kaha ha ho na motlakase libakeng tse ngata naheng eo, hangata batho ba etsa mesebetsi ea bona ea lapeng ea letsatsi le letsatsi ba le ka ntle moriting oa sefate. Kahoo ho tloaelehile hore baromuoa ba etse mosebetsi oa bona oa boboleli ka tsela e tšoanang—ba khanne lithuto tsa Bibele ba le ka ntle tlas’a moriti oa sefate. Molemo oa ho balla ka ntle ke hore hoa khanya ebile ho pholile, empa ho na le molemo o mong hape. Batho ba moo ba rata Bibele haholo, ’me ho qoqa ka litaba tsa bolumeli ke ntho e tloaelehileng joaloka ho bua ka litaba tsa lipapali kapa boemo ba leholimo linaheng tse ling. Hangata, batho ba fetang ka tsela ba hlokomela se etsahalang ebe le bona ba kenella thutong.
10 Kahoo, ha moromuoa e mong a ntse a khanna thuto ea Bibele a le ka ntle, mohlankana e mong ea neng a lula ka mose ho seterata seo ba neng ba le ho sona o ile a tla ’me a re kaha o ne a e-s’o ka a eteloa, moromuoa eo o lokela ho tla a tl’o ithuta Bibele le eena ka ho tšoanang. Moromuoa o ile a thabela ho etsa joalo, ’me mohlankana eo o hatela pele ka potlako. Naheng eo, hangata mapolesa a emisa Lipaki ’mileng, eseng hore a li fe samane kapa tefiso e itseng hobane li tlōtse molao, empa hobane a kōpa litokollo tsa morao-rao tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! kapa ho leboha Lipaki ka sehlooho se itseng seo a se thabetseng haholo.
11. Ho sa tsotellehe liteko, baromuoa ba sebelitseng ka nako e telele ba ikutloa joang ka tšebeletso ea bona?
11 Bongata ba ba ileng ba kenela tšebeletso ea boromuoa lilemong tse fetileng tse 40 kapa tse 50 ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi tšimong. Ke mohlala o motle hakaakang oa tumelo le tiisetso ho rōna bohle! Banyalani ba bang ba sebelelitse hammoho e le baromuoa linaheng tse tharo tse fapaneng ka lilemo tse fetang 42. Monna o re: “Ho ’nile ha e-ba le mathata. Ka mohlala, re ile ra loantša malaria ka lilemo tse 35. Empa ha ho mohla re kileng ra ikoahlaela qeto ea rōna ea ho ba baromuoa.” Mosali oa hae oa phaella: “Kamehla ho ’nile ha e-ba le lintho tse ngata tseo re li lebohang. Tšebeletso ea tšimo e thabisa haholo, ’me ho bobebe ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ha u bona liithuti li tla libokeng ’me li tsebana, ho joalokaha eka ka linako tsohle ke ’moka oa lelapa oa ho thabela botsoalle.”
Ba “Nka Lintho Tsohle e le Tahlehelo”
12. Motho a ka bontša joang hore ka sebele o ananela bohlokoa ba ’Muso?
12 Ha mohoebi ea tsamaeang a fumana perela e theko e phahameng, o ile “a tloha ’me ka potlako a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona ’me a e reka.” (Matheu 13:46) Boikemisetso bona ba ho tela ntho e ka ’nang ea talingoa e le ea bohlokoa ke tšobotsi e tsebahatsang bao ka sebele ba ananelang bohlokoa ba ’Muso. Joaloka ea neng a tla kopanela khanyeng ea ’Muso le Kreste, moapostola Pauluse o ile a re: “Ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.”—Bafilipi 3:8.
13. Motho e mong o ile a bontša joang hore o rata ’Muso oa Molimo Czech Republic?
13 Ka tsela e tšoanang, kajeno ba bangata ba ikemiselitse ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore ba fumane litlhohonolofatso tsa ’Muso. Ka mohlala, ka October 2003, mosuoe-hlooho ea lilemo li 60 oa sekolo se seng Czech Republic o ile a fumana buka e thusang ho ithuta Bibele e bitsoang Tsebo e Isang Bophelong bo sa feleng. Ka mor’a hore a e bale, hang-hang o ile a ikopanya le Lipaki Tsa Jehova sebakeng sa habo hore a ithute Bibele. O ile a tsoela pele hantle moeeng ’me kapele a qalisa ho ba teng libokeng tsohle. Empa ho thoe’ng ka sepheo sa hae sa hore a iketele ho ba ramotse le ho ba setho sa ntlo ea senate? O ile a khetha ho kenela peiso e fapaneng—e leng peiso ea bophelo, hore e be ’moleli oa ’Muso. O ile a re: “Ke ile ka khona ho nehelana ka lingoliloeng tse ngata tsa Bibele ho bana bao ke ba rutang sekolong.” O ile a tšoantšetsa boinehelo ba hae ho Jehova ka hore a kolobetsoe metsing kopanong ka July 2004.
14. (a) Litaba tse molemo tsa ’Muso li susumelelitse ba limilione hore ba etse’ng? (b) Ke lipotso life tse lokelang ho nahanoa ka ho teba tseo re ka ipotsang tsona re le batho ka bomong?
14 Batho ba bang ba limilione ho pota lefatše ba nkile bohato ka tsela e tšoanang mabapi le litaba tse molemo tsa ’Muso. Ba tsoile lefatšeng le khopo, ba hlobola botho ba khale, ba tlohela metsoalle ea bona ea pele ’me ba tela lipakane tsa bona tsa lefatše. (Johanne 15:19; Baefese 4:22-24; Jakobo 4:4; 1 Johanne 2:15-17) Ke hobane’ng ha ba etsa see sohle? Hobane ba talima litlhohonolofatso tsa ’Muso oa Molimo e le tsa bohlokoa haholo ho feta ntho leha e le efe eo tsamaiso ea hona joale e ka fanang ka eona. Na u ikutloa ka tsela e tšoanang ka litaba tse molemo tsa ’Muso? Na li u susumelletsa hore u etse liphetoho tse hlokahalang e le hore mokhoa oa hao oa bophelo, lintho tseo u li nkang e le tsa bohlokoa le lipakane tsa hao li ka lumellana le seo Jehova a se hlokang? Ho etsa joalo ho tla u tlisetsa litlhohonolofatso tse enneng, hona joale le nakong e tlang.
Kotulo e Fihla Sehlohlolong
15. Ho profetiloe hore batho ba Molimo ba ne ba tla etsa’ng matsatsing a ho qetela?
15 Mopesaleme o ile a ngola a re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole.” Batho bana ba itlhahisitseng ba akarelletsa “sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka” le “lebotho le leholo” la “basali ba bolelang litaba tse molemo.” (Pesaleme ea 68:11; 110:3) Phello e bile efe ka lebaka la ho khothala le boitelo ba batho ba Jehova—banna le basali, ba bacha le ba hōlileng—matsatsing aa a ho qetela?
16. Fana ka mohlala oa kamoo bahlanka ba Molimo ba ikitlaetsang kateng ho thusa ba bang hore ba ithute ka ’Muso.
16 Pula-maliboho e mong, kapa ’moleli oa nako e tletseng oa ’Muso naheng ea India o ne a ipotsa hore na batho ba fetang limilione tse peli ba sa utloeng litsebeng naheng eo ba ne ba ka thusoa joang hore ba ithute ka ’Muso. (Esaia 35:5) O ile a etsa qeto ea ho ngolisa sekolong se rutang puo ea matsoho se leng Bangalore e le hore a ithute eona. Ha a le moo, o ile a khona ho arolelana tšepo ea ’Muso le batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng, ’me ha thehoa lihlopha tsa thuto ea Bibele. Nakong ea libeke tse ’maloa, batho ba fetang leshome ba ile ba qala ho tla libokeng Holong ea ’Muso. Hamorao, ha a le moketeng oa lenyalo, pula-maliboho eo o ile a kopana le mohlankana e mong ea sa utloeng litsebeng oa Calcutta ea neng a e-na le lipotso tse ngata le thahasello e matla ea ho tseba ho eketsehileng ka Jehova. Leha ho le joalo, bothata bo ne bo le teng. Mohlankana enoa o ne a lokela ho khutlela Calcutta, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 1 600, ho ea qalisa lithuto tsa koleche, ’me ho ne ho se na Lipaki tse tsebang puo ea matsoho moo. O ile a leka ka matla ho susumelletsa ntat’ae hore a mo lumelle ho ea sekolong Bangalore ho fapana le ho ea Calcutta, e le hore a ka tsoela pele ho ithuta Bibele. O ile a tsoela pele hantle moeeng, ’me hoo e ka bang ka mor’a selemo, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova. Ka ho tšoanang, le eena o ile a ithuta Bibele le batho ba bangata ba sa utloeng litsebeng, ho akarelletsa le e mong eo e neng e le motsoalle oa hae ho tloha bongoaneng. Hona joale lekala la India le lokisetsa hore bo-pula-maliboho ba ithute puo ea matsoho e le hore ba ka thusa tšimong eo.
17. Pheta seo u utloang se khothatsa ka ho khetheha mabapi le tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 2004 e leqepheng la 19 ho ea ho la 22.
17 Leqepheng la 19 ho ea ho la 22 makasineng ena, u tla fumana tlaleho ea selemo sa tšebeletso sa 2004 e mabapi le mosebetsi oa tšimo oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara. Ak’u e hlahlobe hakhutšoanyane, ’me u iponele bopaki ba hore batho ba Jehova ho pota lefatše ba tsepamisitse mehopolo ea bona ka matla tabeng ea ho batla ‘perela e theko e phahameng’ kajeno.
U ’ne U “Batle ’Muso Pele”
18. Ke boitsebiso bofe boo Jesu a sa kang a bo kenyelletsa papisong ea mohoebi ea tsamaeang, hona hobane’ng?
18 Ha re khutlela papisong ea Jesu ea mohoebi ea tsamaeang, rea hlokomela hore Jesu ha aa ka a re letho mabapi le hore na mohoebi eo o ne a tla iphelisa joang ka mor’a hore a rekise sohle seo a neng a e-na le sona. Ka ho utloahalang, ba bang ba ka ’na ba botsa ba re: ‘Mohoebi eo o ne a tla fumana lijo, liaparo le bolulo joang kaha joale o ne a sa salloa ke letho leo a ka iphelisang ka lona? Perela eo ea bohlokoa e ne e tla mo tsoela molemo ofe?’ Tseo e ne e tla ba lipotso tse utloahalang ha re sheba litaba ho ea kamoo batho ba li shebang kateng. Empa na Jesu ha aa ka a khothatsa barutuoa ba hae ka hore: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa”? (Matheu 6:31-33) Taba e ka sehloohong papisong eo ke hore ho hlokahala re inehele ka pelo eohle ho Molimo ’me re chesehele ’Muso. Na ho na le seo re ka ithutang sona tabeng ee?
19. Ke thuto efe e ka sehloohong eo re ka ithutang eona papisong ea Jesu ea perela e theko e phahameng?
19 Ebang re sa tsoa ithuta litaba tse molemo tse babatsehang kapa re ’nile ra batla ’Muso le ho bolella ba bang ka litlhohonolofatso tsa oona ka lilemo tse mashome, re tlameha ho tsoela pele ho thahasella ’Muso oo haholo le ho o ela hloko. Tsena ke linako tse thata, empa re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore seo re se batlang ke ntho ea sebele ’me ha ho letho le ka bapisoang le sona—joaloka perela eane eo mohoebi a ileng a e fumana. Liketsahalo tsa lefatše hammoho le boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse li fana ka bopaki bo kholisang ba hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ (Matheu 24:3) Joaloka mohoebi ea tsamaeang, a re cheseheleng ’Muso oa Molimo ka pelo eohle ’me re thabeleng tokelo ea ho bolela litaba tse molemo.—Pesaleme ea 9:1, 2.
Na U sa Hopola?
• Ke eng e thusitseng hore ho be le keketseho har’a barapeli ba ’nete ho theosa le lilemo?
• Ho bonahala boikutlo bofe har’a ba sebeletsang e le baromuoa?
• Batho ba entse liphetoho life ka lebaka la litaba tse molemo tsa ’Muso?
• Re ka ithuta thuto efe ea bohlokoa papisong ea Jesu ea perela e theko e phahameng?
[Chate e leqepheng la 19-22]
ILALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2004 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
“’Nete . . . e hohela batho ba mefuta eohle.”—A. H. Macmillan
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Daniela le Helmut ba ile ba bolela litaba tse molemo tšimong ea batho ba buang lipuo lisele Vienna
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Kajeno baromuoa ba hlohonolofalitsoe ka ho enneng joaloka mohoebi ea tsamaeang
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
“Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata”