Jesu Kreste o na le Tšusumetso Efe ho Uena?
MOTHEONG oa seo re buisaneng ka sona sehloohong se fetileng, na ho ka ba le pelaelo ea hore lithuto tsa Jesu li bile le tšusumetso e matla lefatšeng lohle? Leha ho le joalo, potso ea bohlokoa ke ena, “’Na ka bonna, lithuto tsa Jesu li na le tšusumetso efe ho ’na?”
Lithuto tsa Jesu li ne li akarelletsa litaba tse ngata. Thuto ea bohlokoa eo li fanang ka eona e ka ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba hao. A re nahanisiseng ka seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le ho etelletsa pele lintho tsa pele, ho hlaolela setsoalle le Molimo, ho ba le likamano tse ntle le ba bang, ho rarolla mathata le ho qoba pefo.
Etelletsa Pele Lintho Tsa Pele Bophelong
Bophelo ba kajeno bo potlakileng bo nka boholo ba nako ea rōna hoo litaba tsa moea li qheleloang ka thōko. Nahana ka mohlankana ea ka holimo ho lilemo tse 20 eo re tla mo bitsa Thabang. Ke ’nete hore Thabang o thabela ho qoqa ka litaba tsa moea ’me o nka seo a ithutang sona ho tsona e le sa bohlokoa, empa oa tletleba: “Ho hang ha ke na nako ea ho qoqa ka tsona kamehla. Ke sebetsa ka matsatsi a tšeletseng ka beke. Letsatsi feela leo ke sa sebetseng ka lona ke Sontaha. ’Me ka mor’a ho etsa lintho tseo ke lokelang ho li etsa, ke shoele ke mokhathala.” Haeba u bothateng bo tšoanang, u ka rua molemo ho seo Jesu a ileng a se ruta Thutong ea Thabeng.
Jesu o ile a re ho bongata bo neng bo mo khobokanetse: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. Na moea ha o bohlokoa ho feta lijo le ’mele ho feta liaparo? Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta? . . . Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle. Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:25-33) Re ithuta eng ho see?
Jesu o ne a sa khothaletse hore re hlokomolohe lintho tsa nama tse hlokoang ke rōna le malapa a rōna. Bibele e re: “Haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Leha ho le joalo, Jesu o tšepisitse hore haeba re beha lintho tsa pele boemong ba tsona ’me re etelletsa pele litaba tsa moea, Molimo o tla tiisa hore re fumana lintho tse ling tse hlokahalang. Mona re ithuta hore re lokela ho beha lintho tsa pele boemong ba tsona. Motho oa thaba ha a latela keletso ena; etsoe “ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.
Hlaolela Botsoalle le Molimo
Ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea baa bona hore hoa hlokahala ho hlaolela setsoalle le Molimo. Re ka theha setsoalle se molemo joang le motho ofe kapa ofe? Na ha re se thehe ka ho leka ho tseba motho eo haholoanyane? Re lokela ho ipha nako ea ho ithuta pono ea hae, boikutlo ba hae, bokhoni ba hae, lintho tseo a li finyeletseng, tseo a li ratang le tseo a sa li rateng. Ho joalo le ha motho a batla ho ba le setsoalle le Molimo. Ho hlokahala ho mo tseba ka nepo. Ha Jesu a ne a rapella barutuoa ba hae ho Molimo o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) Ha ho pelaelo hore ho hlokahala hore re tsebe Molimo e le hore re hlaolele setsoalle le eena. Tsebo ena e fumaneha feela Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo, e leng Bibele. (2 Timothea 3:16) Re lokela ho beha nako eo re ithutang Bibele ka eona.
Leha ho le joalo, tsebo feela ha ea lekana. Thapelong eona ena, Jesu o itse ka barutuoa ba hae: “Ba bolokile lentsoe la hao.” (Johanne 17:6) Ha rea lokela ho rua tsebo feela ka Molimo empa hape re lokela ho itšoara tumellanong le tsebo eo. Ebe re ka ba metsoalle ea Molimo ka tsela efe hape? Na ka sebele re ka lebella hore setsoalle sa rōna le motho e mong se hōle haeba ka boomo re fapoha maikutlo a hae le litekanyetso tsa hae? Kahoo, mehato eohle ea rōna bophelong e lokela ho tataisoa ke pono ea Molimo le litekanyetso tsa hae. Nahana kamoo litekanyetso tsa hae tse peli li sebetsang kateng likamanong tsa rōna le batho ba bang.
E-ba le Likamano Tse Ntle le ba Bang
Ketsahalong e ’ngoe, Jesu o ile a pheta pale e khutšoanyane e le hore a rute thuto ea bohlokoa mabapi le likamano tsa batho. O ile a bua ka morena ea neng a batla ho lokisa litlaleho le makhoba a hae. Leha ho le joalo, e mong oa ’ona, o ne a e-na le molato o moholo ’me a se na mokhoa oa ho o lefa. Morena o ile a laela hore monna eo, mosali oa hae le bana ba hae ba rekisoe e le hore a lefshoe. Ea nang le molato o ile a oa ka mangole eaba oa kōpa: “U se ke ua mphella pelo ke tla u lefa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ka lebaka la ho mo qenehela, monghali o ile a hlakola molato oa hae. Empa lekhoba leo le ile la tloha ho morena, la fumana lekhoba-’moho le lona le le kolotang chelete e nyenyane, eaba le laela hore le le lefe. Le hoja lekhoba-’moho le lona le ile la kōpa mohau, lekhoba la pele le ile la etsa hore lekhoba le leng le kenngoe chankaneng ho fihlela le lefile molato oa lona kaofela. Ha morena a utloa sena, o ile a halefa, ’me a botsa: “Na . . . u ne u sa tšoanela hore ebe u hauhetse lekhoba-’moho le uena, joalokaha le ’na ke u hauhetse?” Ka mor’a moo o ile a re lekhoba le sa tšoareleng le kenngoe chankaneng ho fihlela le lefile sohle seo le se kolotang. Jesu o ile a ruta ka pale ena tjena: “Ntate oa ka oa leholimo le eena o tla sebetsana le lōna ka mokhoa o tšoanang haeba le sa tšoarele e mong le e mong mor’abo ho tloha lipelong tsa lōna.”—Matheu 18:23-35.
Kaha re batho ba sa phethahalang, re na le liphoso tse ngata. Ha ho mohla re ka lefang Molimo molato o moholo oo re o entseng ka ho mo siteloa. Ntho feela eo re ka e etsang ke ho kōpa hore a re tšoarele. ’Me Jehova Molimo o itokiselitse ho re tšoarela litlōlo tsohle tsa rōna, hafeela re tšoarela barab’abo rōna libe tseo ba re sitetsoeng ka tsona. Thuto ee e matla hakaakang! Jesu o ile a ruta balateli ba hae hore ba rapele tjena: “U re tšoarele melato ea rōna, joalokaha le rōna re tšoaretse ba nang le melato ho rōna.”—Matheu 6:12.
Rarolla Sesosa sa Mathata
Jesu o ne a utloisisa batho ka ho feletseng. Keletso ea hae e ne e le hore ho rarolloe sesosa sa bothata. Nahana ka mehlala e latelang e ’meli.
Jesu o ile a re: “Le utloile hore ho itsoe ho ba linakong tsa boholo-holo, ‘U se ke ua bolaea; empa mang kapa mang ea bolaeang o tla ikarabella lekhotleng la toka.’ Leha ho le joalo, ke re ho lōna e mong le e mong ea tsoelang pele a halefetse mor’abo o tla ikarabella lekhotleng la toka.” (Matheu 5:21, 22) Mona Jesu o ile a bontša hore sesosa sa bothata ba ho bolaea se tebile ho feta ketso e mabifi ka boeona. Se maikutlong a hōlang ka pelong ea ’molai. Hoja batho ba ne ba thibela lehloeo kapa khalefo hore li se ke tsa hōla, pefo e etsoang ka morero e ne e ke ke ea e-ba teng. Ho ne ho tla qojoa tšollo e ngata hakaakang ea mali ha ho ne ho ka sebelisoa thuto ee!
Hlokomela kamoo Jesu a lemohang sesosa sa bothata bo bong bo bakang masoabi a maholo. O ile a re ho bongata: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae. Joale, haeba leihlo leo la hao le letona le etsa hore u khoptjoe, u le honye ’me u le lahlele hōle le uena.” (Matheu 5:27-29) Jesu o ile a ruta hore bothata bo tebile ho feta boitšoaro bo bobe ka bobona. Bothata bo bakoa ke se tlang pele—e leng litakatso tse mpe. Ha motho a hanela ho lohotha ka litakatso tse fosahetseng ’me a li ‘lahlela hōle’ le kelello ea hae, o tla hlōla bothata bo ka ’nang ba hlaha ba boitšoaro bo bobe.
“Khutlisetsa Sabole ea Hao Sebakeng sa Eona”
Bosiung boo Jesu a ileng a ekoa a ba a tšoaroa ka bona, e mong oa barutuoa ba hae o ile a ntša sabole ea hae hore a mo sireletse. Jesu o ile a mo laela: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.” (Matheu 26:52) Hoseng ka le latelang, Jesu o ile a re ho Ponse Pilato: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba loanne hore ho se ke ha nehelanoa ka ’na ho Bajuda. Empa, joale, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.” (Johanne 18:36) Na thuto ee ha e na thuso?
Boikutlo ba Bakreste ba pele e ne e le bofe ka seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le ho se be mabifi? Buka e bitsoang The Early Christian Attitude to War e re: “Feela joalokaha [lithuto tsa Jesu] li ile tsa thibela hore batho ba se ke ba tšoaroa ka mabifi kapa ba lematsoa, se neng se akarelletsoa ka ho hlaka ke hore ntoa ha ea lokela . . . Bakreste ba pele ba ile ba etsa hantle kamoo Jesu a neng a buile kateng, ba ba ba utloisisa lithuto tsa hae tsa hore ha e le hantle, ba lokela ho ba bonolo ’me ba se ke ba itšireletsa ka mabifi. Ba ile ba etsa hore bolumeli ba bona bo khetholloe ka khotso; ba nyatsa ntoa ka matla ka lebaka la hore e tšolla mali.” Histori e ka be e fapane hakaakang hoja bohle ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba latela thuto ee e le kannete!
U ka Rua Molemo Lithutong Tsohle Tsa Jesu
Lithuto tsa Jesu tseo re buisaneng ka tsona li molemo haholo, li bonolo ebile li matla. Moloko oa batho o ka rua molemo ka ho tseba lithuto tsa hae le ka ho li sebelisa.a
Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u bone kamoo u ka ruang molemo kateng lithutong tse nang le bohlale bo fetisisang tse kileng tsa buuoa ke motho. Re u kōpa ka mofuthu hore u iteanye le tsona kapa u ngolle atereseng e leqepheng la 2 la makasine ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa tlhahlobo e phethahetseng ea lithuto tsa Jesu, bona buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
“Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Lithuto tsa Jesu li ka ba le tšusumetso e molemo bophelong ba hao