“Sabole ea Jehova le ea Gideone!”
EKA litsie ka bongata, a putula masimo a nonneng hoo a salang e le letsoatlare. Ke nakong ea puso ea Baahloli ba Iseraele, ’me Baiseraele ba feletsoe ke tšepo. Ka lilemo tse supileng, hang feela ha peō e jetsoeng e qala ho mela, mabotho a hapang thepa a Bamidiane le a Baamaleke le a ba Bochabela ba palameng likamele, a futuhela naha. Mehlape ea bafutuhi e hasana hohle e batla makhulo, e ja ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tala. Empa sechaba sa Iseraele ha se na leha e le esele, poho kapa nku. Puso ea Bamidiane e sehlōhō hoo Baiseraele ba futsanehileng ba sebelisang libaka tse ka tlaase tsa polokelo tse lithabeng, mahaheng le libakeng tseo ho leng thata ho li atamela.
Mahlomola aa a bakoa ke eng? Baiseraele ba bakoenehi ba sebeletsa melimo ea bohata. Ka lehlakoreng le leng, Jehova o ba tloheletse matsohong a bahatelli ba bona. Ha bara ba Iseraele ba se ba sa khone ho mamella boemo bona, ba kōpa thuso ho Jehova. Na o tla mamela? Re ka ithuta eng phihlelong ea Baiseraele?—Baahloli 6:1-6.
Na ke Sehoai se Seli Kapa “ea Matla, ea Sebete”?
Ka tloaelo lihoai tsa Baiseraele li pola koro ka pholo le selei sebakeng se bulehileng moo moea o fokang e le hore o fefole ’mōkō le ho o arohanya le lithollo ha ho olōsoa. Empa ka lebaka la tšokelo ea bafutuhi ba ikemiselitseng ho tlatlapa naha mokhoa ona oa ho olōsa o ba pooaneng haholo. A patehile mahlong a Bamidiane, Gideone o pola koro sehatelong sa veine—ho ka etsahala hore ebe ke sekhakeletsi se seholo se patehileng se betliloeng lejoeng. (Baahloli 6:11) Lithollo tse nyenyane li ka ’na tsa poleloa moo ka molamu. Ka lebaka la maemo, Gideone o sebelisa ntho leha e le efe e fumanehang.
Inahanele feela kamoo Gideone a makalang kateng ha lengeloi la Jehova le hlaha ho eena ’me le re: “Jehova o na le uena, uena ea matla, ea sebete.” (Baahloli 6:12) Kaha Gideone o pola lithollo sehatelong sa veine ka sekhukhung, ka sebele ha a inke e le motho ea sebete. Empa mantsoe ao a bontša hore Molimo o kholisehile hore Gideone e ka ba moeta-pele ea sebete oa Iseraele. Leha ho le joalo, Gideone ka boeena o lokela ho kholiseha ka seo.
Ha Jehova a mo laela hore a ‘pholose Baiseraele seatleng sa Bamidiane,’ ka boinyenyefatso Gideone o re: “Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Baiseraele ka eng? Bona! Sekete sa ka ke se senyenyane ho Manase, ebile ’na ke monyenyane ntlong ea Ntate.” Gideone ea seli o kōpa pontšo ea hore Molimo o tla ba le eena ha a timetsa Bamidiane, ’me Jehova o ikemiselitse ho phethahatsa kōpo e utloahalang ea Gideone ea ho batla ho kholisoa. Kahoo Gideone o fa lengeloi le mo etetseng mpho ea lijo, ’me mollo o nyoloha lefikeng, o chesa nyehelo eo. Ka mor’a hore Jehova a kokobetse Gideone matšoafo, Gideone o haha aletare sebakeng seo.—Baahloli 6:12-24.
“Baale a ke a Iketsetse Tšireletso ea Molao”
Bothata bo boholo ba Baiseraele hase khatello ea Bamidiane. Ke bokhoba ba borapeli ba Baale. Jehova ke “Molimo ea boulelang,” ’me ha ho motho ea ka mo sebeletsang ka tšoanelo empa a ntse a rapela melimo e meng. (Exoda 34:14) Ka hona, Jehova o laela Gideone hore a senye aletare ea ntat’ae ea Baale le ho rema palo e halalelang. Kaha o tšaba hore na ntat’ae le batho ba bang ba tla re’ng haeba a etsa sena motšehare, Gideone o etsa sena bosiu, a thusoa ke bahlanka ba hae ba leshome.
Ke hantle hore ebe Gideone o seli, hobane ha barapeli ba Baale ba hlokomela ketso ea hae ea “ho se hlomphe,” ba batla hore a bolaoe. Leha ho le joalo, ntat’a Gideone, e leng Joashe, o tla ka lebaka le ke keng la hanyetsoa, o behelana mabaka le sechaba hore haeba Baale ke Molimo, o tla khona ho ikemela. Joale, ka nepo Joashe o bitsa mora oa hae Jerubaale, e bolelang “Baale a ke a Iketsetse Tšireletso ea Molao Khahlanong le Eena.”—Baahloli 6:25-32, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe.
Kamehla Molimo o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ha ba emela borapeli ba ’nete ka tieo. Ha Bamidiane le ba entseng selekane le bona ba boela ba hlasela sebaka se busoang ke Baiseraele, ‘moea oa Jehova o aparela Gideone.’ (Baahloli 6:34) A susumetsoa ke moea oa Molimo, kapa matla a sebetsang, Gideone o bokella mabotho melokong ea Manase, Ashere, Zabulone le Nefthali.—Baahloli 6:35.
Ho Itokisetsa ho Nka Bohato
Le hoja hona joale Gideone a e-na le lebotho la ba 32 000, o kōpa pontšo ho Molimo. Haeba boea bo tlohetsoeng seotlong bo kolobisoa ke phoka empa lefatše le omme, seo e tla ba pontšo ea hore Molimo o tla pholosa Baiseraele ka eena. Jehova o etsa mohlolo ona, ’me Gideone o kōpa pontšo ea bobeli ea hore lefatše le kolobe empa boea bo kutiloeng bona bo lule bo omme, ’me o etsetsoa pontšo eo. Na Gideone o seli ho feta tekanyo? Ha ho bonahale ho le joalo, hobane Jehova o lumela ho phetha kōpo ea hae ea hore a kholisehe. (Baahloli 6:36-40) Kajeno ha rea lebella hore mehlolo e joalo e etsahale. Leha ho le joalo, re ka fumana tataiso ea Jehova le tiiso e tsoang Lentsoeng la hae.
Joale Molimo o hlahisa ntlha ea hore lebotho la Gideone le leholo haholo. Haeba Baiseraele ba hlōla lira tsa bona ka lebotho le leholo hakaalo, ba ka ’na ba ithorisa ka hore ba ipholositse ka bobona. Empa thoriso e lokela ho lebisoa ho Jehova ka tlhōlo eo ba tlang ho e fumana. Tharollo e tla ba eng? Gideone o lokela ho sebelisa tokisetso ea Molao oa Moshe ka ho kōpa hore ea tletseng tšabo a ikhule. Kahoo, banna ba hae ba 22 000 baa ikhula, ’me ho sala feela ba 10 000.—Deuteronoma 20:8; Baahloli 7:2, 3.
Ponong ea Molimo, banna bana ba sa ntse ba le bangata. Gideone o bolelloa hore a ba bolelle hore ba theohele metsing. Rahistori oa Mojuda Josephus o re Molimo o ile a re Gideone a ise lebotho la hae nōkeng nakong ea ha ho chesa motšehare. Ho sa tsotellehe seo, Gideone o hlokomela tsela eo banna bana ba noang ka eona. Ke ba 300 feela ba khang metsi ka letsoho le le leng ’me ba a qapha ha ba ntse ba qamaka sera se ka ’nang sa ba hlasela. Ke feela ba 300 ba falimehileng ba tla tsamaea le Gideone. (Baahloli 7:4-8) Ak’u nahane u le boemong ba bona. Kaha lira tsa hao li 135 000 ka palo, ruri u lokela ho phetha ka hore u tla hlōla ka matla a Jehova feela, eseng a hao!
Molimo o kōpa Gideone hore a nke mohlanka e mong ’me ba e’o hloela liahelo tsa Bamidiane. Ha ba ntse ba le moo, Gideone o utloa monna e mong a phetela motsoalle oa hae toro ’me monna eo ntle ho tikatiko o hlalosa hore toro eo e bolela hore Molimo o ikemiselitse ho nehelana ka Bamidiane letsohong la Gideone. Sena ke sona seo Gideone a batlang ho se utloa. O kholisehile hore Jehova o tla etsa hore eena le banna ba hae ba 300 ba hlōle Bamidiane.—Baahloli 7:9-15.
Leqheka la Ntoa
Banna bana ba 300 ba aroloa ka lihlopha tse tharo ’me sehlopha ka seng se na le banna ba 100. Monna e mong le e mong o fuoa lenaka le nkho e khōlō e se nang letho. Serumula se patiloe ka har’a nkho. Gideone o fana ka taelo ea pele e reng: ‘Ntalimeng, ’me le etse kamoo ke etsang kateng. Ha ke letsa lenaka, le lōna le letse a lōna ’me le hoeletse le re “Sabole ea Jehova le ea Gideone!”’—Baahloli 7:16-18, 20.
Bahlabani ba Baiseraele ba 300 ba kena ba nyenyelepa moeling oa liahelo tsa ba lireng. Ke hoo e ka bang ka hora ea leshome bosiu—hang feela ka mor’a hore ho kene balebeli ba bang. Ena e bonahala e le nako e loketseng hantle ea ho hlasela, hobane ho tla nka nako pele mahlo a balebeli ba sa tsoa kena mosebetsing a tloaela lefifi.
Joale Bamidiane ba tlala tšabo! Ka tšohanyetso, ho utloahala molumo oa ho pshatleha ha linkho tse 300, lerata le tlerolang la manaka a 300, le ho hoeletsa ha banna ba 300. Ba tsielehile, haholo-holo ka lebaka la mohoo o reng “Sabole ea Jehova le ea Gideone!,” Bamidiane le bona ba eketsa lerata leo ka ho hoeletsa. Har’a moferefere ona, ho thata ho khetholla motsoalle ho sera. Ba 300 ba ema libakeng tsa bona ha Molimo a etsa hore lira li bolaeane ka lisabole tsa tsona. Ba qhalakanya liahelo, baa ba qabella, ’me ba qala ho bolaea lebotho leo larita e leng se neng se akarelletsa ho lelekisa Bamidiane hore le ka mohla ba se hlole ba tšoenya Baiseraele. Tlhaselo e nkileng nako e telele le e sehlōhō e fihlile bofelong.—Baahloli 7:19-25; 8:10-12, 28.
Esita le ka mor’a tlhōlo ena, Gideone o ntse a inyenyefalitse. Ha Baefraime, bao ho totobetseng hore ba ikutloa ba nyelisitsoe ka ho se bitsetsoe ntoeng, ba leka ho mo loantša, empa o araba ka mosa. Karabo ea hae e bonolo e leleka khalefo ea bona ’me e kokobetsa moea oa bona.—Baahloli 8:1-3; Liproverbia 15:1.
Ha e le mona ho se ho thehiloe khotso, Baiseraele ba phehella Gideone hore e be morena oa bona. Ka sebele eo ke teko! Empa Gideone oa e hana. Ha aa fifalloa ke pono ea hore na ke mang ea hlōtseng Bamidiane. O re: “Nke ke ka le busa, leha e le hore mora oa ka o tla le busa. Jehova ke eena ea tla le busa.”—Baahloli 8:23.
Leha ho joalo, kaha Gideone ha aa phethahala, ha a bontše kahlolo e molemo kamehla. Ka lebaka le sa tsejoeng, o etsa efoda ka lintho tse hapiloeng ntoeng ’me o e beha pontšeng motseng oa hae. Tlaleho e re Baiseraele bohle ba qala ho ba le “likamano tse litšila” le efoda eo. Baa e rapela, ’me e ba leraba esita le ho Gideone le ba ntlo ea hae. Empa ha e e-s’o be morapeli oa litšoantšo ka ho feletseng, hobane ka Mangolong o nkoa e le monna ea nang le tumelo ho Jehova.—Baahloli 8:27; Baheberu 11:32-34.
Seo re Ithutang Sona
Pale ea Gideone e fana ka lithuto tse lemosang le tse khothatsang. E re lemosa hore haeba Jehova a ka tlosa moea oa hae le tlhohonolofatso ea hae ho rōna ka lebaka la boitšoaro ba rōna bo tsoileng tseleng, boemo ba rōna ba moea bo tla tšoana le ba baahi ba futsanehileng ba naha ela e hlasetsoeng ke litsie. Re phela linakong tse mahlonoko ’me le ka mohla ha rea lokela ho lebala hore tlhohonolofatso ea Jehova “ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” (Liproverbia 10:22) Re thabela tlhohonolofatso ea Molimo kahobane re ‘mo sebeletsa ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng.’ Ho seng joalo, o ne a tla re lahla.—1 Likronike 28:9.
Tlaleho ea Gideone e ka re khothatsa, hobane e paka hore Jehova a ka pholosa batho ba hae kotsing leha e le efe, esita le ka ho sebelisa batho bao ho bonahalang eka baa fokola kapa ha ba na matla. Hore ebe Gideone le banna ba hae ba 300 ba ile ba khona ho hlōla Bamidiane ba 135 000 ho paka hore Molimo o na le matla a sa feleng. Re ka ’na ra iphumana re le maqakabetsing ’me ho ka bonahala lira tsa rōna li re feta hōle ka palo hoo li re nyahamisang. Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele ea Gideone e re khothalletsa ho tšepa Jehova, ea tla hlohonolofatsa le ho pholosa bohle ba bontšang tumelo ho Eena.