Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 52
  • Gideone le Banna ba Hae ba 300

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Gideone le Banna ba Hae ba 300
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Sabole ea Jehova le ea Gideone!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Gideone o Ile a Hlola Bamidiane
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Baholo, le ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Gideone?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Jehova—Motsoalle oa Rōna e Moholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 52

PALE EA 52

Gideone le Banna ba Hae ba 300

NA U bona se etsahalang moo? Bana ke banna ba ntoa kaofela ba Iseraele. Banna ba inameng baa noa. Monna ea emeng haufi le bona ke Moahloli Gideone. O shebile hore na ba noa metsi joang.

Ak’u shebisise u bone litsela tse sa tšoaneng tseo banna bana ba noang ka tsona. Ba bang ba noa ka molomo ba inametse ka metsing. Empa e mong o kha metsi ka letsoho, e le hore a qamake se etsahalang haufi le eena. Hona ke habohlokoa, hobane Jehova o itse Gideone a khethe feela banna ba qamakang ha ba ntse ba e-noa. Ba bang kaofela, Molimo o itse ba khutlisetsoe hae. A re bone lebaka.

Baiseraele ba kene khathatsong e khōlō hape. Lebaka ke hore ha baa mamela Jehova. Bamidiane baa ba busa ’me baa ba hatella. Joale Baiseraele ba hoeletsa ho Jehova ho kōpa thuso, ’me Jehova o mamela lillo tsa bona.

Jehova o re Gideone a bokelle lebotho, kahoo o bokella banna ba ntoa ba 32 000. Empa Baiseraele ba lokela ho loantša lebotho la banna ba 135 000. Leha ho le joalo, Jehova o re ho Gideone: ‘U na le banna ba bangata haholo.’ Ke hobane’ng ha Jehova a ne a bua joalo?

Hobane ha Baiseraele ba ne ba ka hlōla ntoeng, ba ne ba ka ’na ba nahana hore ba hlōtse ka matla a bona. Ba ne ba ka ’na ba nahana hore ha ba hloke thuso ea Jehova hore ba hlōle. Kahoo Jehova o re ho Gideone: ‘Bolella banna bohle ba tšohileng hore ba khutlele hae.’ Ha Gideone a ba bolella, ho khutla banna ba ntoa ba 22 000. Joale o sala ka banna ba 10 000 feela ho ea loantša masole ao kaofela a 135 000.

Empa, mamela! Jehova o re: ‘U sa na le banna ba bangata haholo.’ Kahoo o re Gideone a tlise banna molatsoaneng ona hore ba noe metsi ’me a khutlise bohle ba noang ba isitse lifahleho fatše. Jehova oa tšepisa o re: ‘Ke tla etsa hore u hlōle ka banna ba 300 ba ileng ba qamaka ha ba ntse ba noa.’

Joale nako ea ntoa ea fihla. Gideone o arola banna ba hae ba 300 ka lihlopha tse tharo. O neha banna bao manaka kaofela ha bona le linkho tse nang le mabone ka hare. Ho elella har’a mpa ea bosiu, kaofela ba pota-pota kampo ea masole a sera. Joale ba letsetsa manaka a bona hong, ba pshatla linkho tsa bona, ’me ba hoeletsa ba re: ‘Sabole ea Jehova le ea Gideone!’ Ha masole a sera a tsoha, a ferekane ebile a tšohile. Kaofela a qala ho baleha, ’me Baiseraele ba hlōla ntoa.

Baahloli khaolo ea 6 ho ea ho ea 8.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela