Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 9/1 maq. 18-22
  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pefo e Hlasela Batho Hape
  • Re Ela Hloko Litemoso Tsa Jehova
  • U ’Ne U Tsamaee le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere
  • “Ha re Mofuta o Ikhulang ho ea Timetsong”
  • Na u Ahlola Lefatše ka Tumelo ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Molimo o Ile a Pholosa Noe ka Lebaka Lefe?—Ke Hobane’ng ha ho le Bohlokoa Hore re Tsebe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • “O ne a Tsamaea le Molimo oa ’Nete”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • Tumelo ea Noe e Ahlola Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 9/1 maq. 18-22

Re Tla Tsamaea ka Lebitso la Jehova Molimo oa Rōna

“Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.”—MIKEA 4:5.

1. Boitšoaro bo ne bo le joang mehleng ea Noe, ’me Noe o ne a fapane joang le batho ba bang?

ENOKE ke eena motho oa pele eo Bibele e bolelang hore o ile a tsamaea le Molimo. Oa bobeli ke Noe. Bibele e re bolella se latelang: “Noe e ne e le motho ea lokileng. O ne a se na molato har’a batho ba mehleng ea hae. Noe o ne a tsamaea le Molimo oa ’nete.” (Genese 6:9) Matsatsing a Noe, batho ka kakaretso ba ne ba furaletse borapeli bo hloekileng. Maemo a ile a mpefatsoa ke mangeloi a sa tšepahaleng a ileng a tlōla molao ka ho nyala basali le ka ho tsoala bana ba bitsoang Banefilime, e leng “ba matla,” kapa ‘banna ba tummeng,’ ba mehleng eo. Hase feela lefatše le ileng la tlala pefo! (Genese 6:2, 4, 11) Ho sa tsotellehe seo, Noe o ne a se na molato ’me e ne e le “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Ha Molimo a laela Noe hore a hahe areka bakeng sa ho pholosa bophelo, ka boikokobetso o ile a “etsa ho ea ka sohle seo Molimo a mo laetseng sona. A fela a etsa joalo.” (Genese 6:22) Ke ’nete hore Noe o ile a tsamaea le Molimo.

2, 3. Noe o re behetse mohlala ofe o motle?

2 Pauluse o ile a kenyelletsa Noe lethathamong la hae la lipaki tse tšepahalang ha a ne a ngola a re: “Ka tumelo Noe, ka mor’a ho fuoa temoso ea bomolimo ea lintho tse e-s’o bonoe, o ile a bontša tšabo ea bomolimo eaba o haha areka bakeng sa ho pholosa ba ntlo ea hae; ka tumelo ena o ile a ahlola lefatše, ’me a fetoha mojalefa oa ho loka ho eang ka tumelo.” (Baheberu 11:7) Ka sebele mohlala oa hae oa babatseha! Kaha Noe o ne a kholisehile hore mantsoe a Jehova a tla phethahala, o ile a sebelisa nako ea hae, matla a hae le matlotlo a hae hore a phethe litaelo tsa Molimo. Ka tsela e tšoanang, kajeno batho ba bangata ba hana menyetla ea lefatše lena ’me ba sebelisa nako ea bona, matla a bona le matlotlo a bona hore ba phethe litaelo tsa Jehova. Tumelo ea bona ea babatseha ’me e tla ba pholosa e be e pholose le ba bang.—Luka 16:9; 1 Timothea 4:16.

3 E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore Noe le lelapa la hae ba bontše tumelo feela joalokaha ho sa ka ha e-ba bonolo ho Enoke, eo e neng e le ntate-moholo oa Noe eo re buileng ka eena sehloohong se fetileng. Matsatsing a Noe joaloka matsatsing a Enoke, barapeli ba ’nete ba ne ba fokola haholo ka palo—ke batho ba robeli feela ba neng ba tšepahala le ba ileng ba pholoha Moroallo. Noe e ne e le ’moleli oa ho loka lefatšeng le mabifi le le se nang boitšoaro. Ntle ho moo, eena le lelapa la hae ba ile ba haha areka e khōlō ea lehong e le hore ba lokisetse moroallo oa lefatše lohle, le hoja ho ne ho se motho ea kileng a bona moroallo. E tlameha ebe batho ba neng ba ba bona ba ne ba makala haholo.

4. Jesu o ile a totobatsa phoso efe ea batho ba mehleng ea Noe?

4 Ntho e makatsang ke hore ha Jesu a ne a bua ka matsatsi a Noe, ha aa ka a bua ka pefo, bolumeli ba bohata kapa boitšoaro bo bobe—le hoja lintho tsena li ne li le mpe ka ho fetisisa. Jesu o ile a totobatsa hore phoso ea batho ba mehleng eo e bile ho hlokomoloha temoso. O itse “ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona.” Na ho ja, ho noa, ho nyala le ho nyaloa ho ne ho le phoso? Ba ne ba nahana hore ba phela bophelo bo tloaelehileng. Empa moroallo o ne o le tseleng, ’me Noe eena e ne e le ’moleli oa ho loka. Mantsoe a hae le boitšoaro ba hae e ne e lokela ho ba temoso ho bona. Empa ha baa ka “ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle.”—Matheu 24:38, 39.

5. Noe le lelapa la hae e ne e lokela ho ba batho ba mofuta ofe?

5 Ha re nahana ka mehla eo, rea bona hore Noe o ile a nka bohato bo bohlale. Leha ho le joalo, matsatsing a pele ho Moroallo, ho ne ho hlokahala sebete hore motho a se ke a ea le bongata. Noe le lelapa la hae ba ne ba lokela ho ba le tumelo e feletseng ea hore Moroallo oa tla e le hore ba hahe areka eo e khōlō ba be ba kenye liphoofolo tse neng li tla hlahisa mefuta ea habo tsona. Na ebe ka linako tse ling ba bang lelapeng la Noe ba ne ba lakatsa eka batho ba ka be ba sa ba bone, ba bile ba lakatsa eka ba ka be ba phela joaloka batho ba bang? Le haeba ka linako tse ling ba ne ba ee ba nahane joalo, ba ile ba ’na ba tšepahala. Ka mor’a lilemo tse ngata—tse ngata ho feta tseo leha e le mang oa rōna a ka li phelang tsamaisong ena ea lintho—tumelo ea Noe e ile ea mo pholosa Moroallong. Leha ho le joalo, Jehova o ile a ahlola bohle ba neng ba nahana hore ba phela bophelo bo tloaelehileng ’me ba sa natse lintho tse neng li etsahala mehleng ea bona.

Pefo e Hlasela Batho Hape

6. Ke boemo bofe bo ileng ba tsoela pele ka mor’a Moroallo?

6 Ha metsi a Moroallo a se a fokotsehile, batho ba ile ba qala tsela e ncha ea ho phela. Leha ho le joalo, batho ba ne ba ntse ba sa phethahala le “tšekamelo ea pelo ea motho” e ile ea tsoela pele e le “mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Ntle ho moo, le hoja mangeloi a ne a ke ke a hlola a iketsa batho, a ne a ntse a sebetsa ka thata. Batho ba sa tšabeng Molimo, ba ile ba potlakela ho bontša hore ba “rapaletse matleng a ea khopo,” ’me joalokaha ho le joalo kajeno, barapeli ba ’nete ba ne ba tlameha ho loana le “maqiti a Diabolose.”—1 Johanne 5:19; Baefese 6:11, 12.

7. Pefo e ile ea tota joang lefatšeng ka mor’a Moroallo?

7 Ha ho pelaelo hore ho tloha mehleng ea Nimrode, ka mor’a Moroallo batho ba ile ba boela ba tlatsa pefo lefatšeng. Ka lebaka la keketseho ea baahi le tsoelo-pele ho tsa theknoloji, pefo eo e ntse e tota. Lilemong tse fetileng, ho ne ho sebelisoa lisabole, marumo, liqha le metsu, hammoho le likoloi tsa ntoa. Mehleng ea morao tjena, ho ile ha etsoa likanono le lithunya tse khōlō le tse nyenyane le meqeqeko ea libetsa tse kotsi haholo tsa lekholong la bo20 la lilemo. Ntoeng ea I ea Lefatše ho ile ha hlaha libetsa tse tšosang haholo, tse kang lifofane, litanka, likepe tse sesang ka tlas’a metsi le khase e chefo. Ntoeng eo, libetsa tsena li ile tsa bolaea batho ba limilione. Na lintho tsee li ile tsa tsometsa batho? Che.

8. Tšenolo 6:1-4 e phethahalitsoe joang?

8 Selemong sa 1914, Jesu o ile a behoa hore e be Morena oa ’Muso oa leholimo oa Molimo, ’me ‘letsatsi la Morena’ le ile la qala. (Tšenolo 1:10) Ponong e tlalehiloeng bukeng ea Tšenolo, Jesu o ile a bonoa e le Morena ea palameng pere e tšoeu ea il’o hlōla. O ne a lateloa ke banna ba bang ba lipere, e mong le e mong a tšoantšetsa kotlo e itseng e oelang batho. E mong oa bona o ne a palame pere e ’mala oa mollo, ’me o ile a nehoa matla a hore a “tlose khotso lefatšeng e le hore ba ka bolaeana; [eaba o] fuoa sabole e khōlō.” (Tšenolo 6:1-4) Pere ena le mopalami oa eona ba tšoantšetsa ntoa, ’me sabole e khōlō e tšoantšetsa tšenyo e e-s’o kang e bonoa e bakoang ke lintoa tsa mehleng ena tse loanoang ka libetsa tse matla. Mehleng ena libetsa tseo li akarelletsa lihlomo tsa nyutlelie, tseo se seng le se seng sa tsona se nang le matla a ho bolaea batho ba mashome a likete; lirokete tse ka betsetsang lihlomo ho lira tse bohōle ba lik’hilomithara tse likete; esita le libetsa tsa morao-rao tjena tse kotsi tse bolaeang larita tse nang le lik’hemik’hale le likokoana-hloko.

Re Ela Hloko Litemoso Tsa Jehova

9. Lefatše la kajeno le tšoana joang le la pele ho Moroallo?

9 Mehleng ea Noe, Jehova o ile a timetsa batho ka lebaka la pefo e feteletseng ea batho ba khopo e neng e hlohleletsoa ke Banefilime. Kajeno teng ho joang? Na lefatše ha le mabifi joaloka nakong eo? Ka sebele le mabifi! Ho feta moo, joaloka matsatsing a Noe, kajeno batho ba iketsetsa mesebetsi ea bona, ba leka ho phela ka tsela eo ba nahanang hore e tloaelehile, ba hlokomoloha litemoso. (Luka 17:26, 27) Kahoo, na ho na le lebaka la ho belaela hore Jehova o tla timetsa batho hape? Che, ha le eo!

10. (a) Boprofeta ba Bibele bo pheta-pheta temoso efe? (b) Ke tsela efe feela e bohlale e ka nkoang kajeno?

10 Makholo a lilemo pele ho Moroallo, Enoke o ile a profeta ka timetso e neng e lokela ho tla mehleng ea rōna. (Juda 14, 15) Jesu le eena o ile a bua ka “matšoenyeho a maholo” a tlang. (Matheu 24:21) Baprofeta ba bang ba ile ba lemosa ka nako ena. (Ezekiele 38:18-23; Daniele 12:1; Joele 2:31, 32) Bukeng ea Tšenolo, re bala ka tlhaloso e hlakileng ea timetso ena ea ho qetela. (Tšenolo 19:11-21) Re le batho ka bomong, re etsisa Noe ebile re baboleli ba mafolofolo ba ho loka. Re ela hloko litemoso tsa Jehova ’me ka lerato re thusa baahelani ba rōna hore ba re etsise. Kahoo, joaloka Noe, re tsamaea le Molimo. Ka sebele, ke habohlokoa hore bohle ba ratang bophelo ba ’ne ba tsamaee le Molimo. Re ka etsa see joang ho sa tsotellehe mathata ao re tobanang le ’ona letsatsi le letsatsi? Re lokela ho ba le tumelo e matla ea hore morero oa Molimo o tla phethahala.—Baheberu 11:6.

U ’Ne U Tsamaee le Molimo Linakong Tsena Tse Moferefere

11. Re etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka tsela efe?

11 Lekholong la pele la lilemo, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba bitsoa ba “Tsela Eo.” (Liketso 9:2) Bophelo bohle ba bona bo ne bo laoloa ke ho lumela ho Jehova le ho Jesu Kreste. Ba ne ba hata mehlaleng ea Mong’a bona. Kajeno, ba etsisoa ke Bakreste ba tšepahalang.

12. Ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a qeta ho fepa letšoele ka mohlolo?

12 Hore tumelo ke ntho ea bohlokoa, ho hlakisoa ke se ileng sa etsahala bosebeletsing ba Jesu. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a fepa ka mohlolo letšoele la banna ba ka bang 5 000. Batho ba ne ba hloletsoe ba bile ba thabile. Empa, hlokomela se ileng sa etsahala ka mor’a moo. Rea bala: “Ha batho ba bona lipontšo tseo a ileng a li etsa, ba qala ho re: ‘Kannete-nete enoa ke moprofeta ea neng a tla tla lefatšeng.’ Ka hona Jesu, ka ho tseba hore ba haufi le ho mo tšoara hore ba mo etse morena, a boela a tloha a ea thabeng a le mong feela.” (Johanne 6:10-15) Bosiung bona boo o ile a ea sebakeng se seng. Ho ka etsahala hore ebe ba bangata ba ile ba soaba ha Jesu a hana borena. Hopola hore o ne a bontšitse hore o bohlale hoo e ka bang morena le hore o na le matla a ho fa batho seo ba se hlokang nameng. Ho sa tsotellehe seo, e ne e e-s’o be nako ea Jehova ea hore Jesu a buse e le Morena. Ntle ho moo, ’Muso oa Jesu e ne e tla ba oa leholimo eseng oa lefatše.

13, 14. Ba bangata ba ile ba itlhahatsa hore ba na le pono efe, ’me tumelo ea bona e ile ea lekoa joang?

13 Leha ho le joalo, bongata bo ile ba ’na ba latela Jesu, ’me kamoo Johanne a bolelang kateng, bo ile ba mo fumana “ka mose ho leoatle.” Ke hobane’ng ha bo ile ba mo latela ka mor’a hore a hane ha bo ne bo leka ho mo etsa morena? Hore ebe ba bangata ba ile ba bua haholo ka lijo tseo Jehova a neng a fane ka tsona lefeelleng mehleng ea Moshe, ba ile ba itlhahatsa hore ba shebile melemo feela. Ka ho bua joalo, ba ne ba bolella Jesu ka tsela e sa tobang hore a ’ne a ba fe lijo. Eitse ha Jesu a lemoha hore sepheo sa bona se fosahetse, a qala ho ba ruta linnete tsa moea tse neng li ka ba thusa hore ba nahane ka tsela e fapaneng le eo. (Johanne 6:17, 24, 25, 30, 31, 35-40) Ka lebaka lena, ba bang ba ile ba mo korotlela, haholo ha a ne a ba etsetsa papiso ena: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ntle le hore le je nama ea Mor’a motho le ho noa mali a hae, ha le na bophelo ka ho lōna. Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng, ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.”—Johanne 6:53, 54.

14 Hangata lipapiso tsa Jesu li ne li susumelletsa batho ho bontša hore na ba hlile ba rata ho tsamaea le Molimo kapa che. Le eona ena e ile ea etsa joalo. E ile ea ba halefisa haholo. Rea bala: “Ba bangata ho barutuoa ba hae, ha ba utloa sena, ba re: ‘Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang’?” Jesu o ile a ba hlalosetsa hore ba lokela ho batla moelelo oa lintho tsa moea mantsoeng a hae. O ile a re: “Ke moea o fanang ka bophelo; nama ha e na thuso ho hang. Lipolelo tseo ke le boleletseng tsona ke moea ’me ke bophelo.” Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ne ba hana ho mamela, ’me tlaleho ena e re: “Ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.”—Johanne 6:60, 63, 66.

15. Balateli ba bang ba Jesu ba ile ba ba le maikutlo afe a nepahetseng?

15 Leha ho le joalo, hase barutuoa bohle ba Jesu ba ileng ba etsa joalo. Ke ’nete hore barutuoa ba tšepahalang ba ne ba sa utloisisa hantle seo Jesu a neng a se buile. Ho sa tsotellehe seo, tšepo ea bona ho eena e ile ea lula e tiile. E mong oa barutuoa bao ba tšepahalang, ea bitsoang Petrose, o ile a hlalosa maikutlo a bohle ba ileng ba sala ka ho re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng.” (Johanne 6:68) Ka sebele boikutlo bona boa babatseha ebile ke mohlala o motle!

16. Re ka ’na ra lekoa joang, ’me re lokela ho ba le boikutlo bofe bo loketseng?

16 Le rōna kajeno re ka lekoa joaloka barutuoa bao ba pele. Re ka ’na ra nyahamisoa ke hore ebe litšepiso tsa Jehova ha li phethahatsoe ka potlako kamoo re ka ratang kateng. Re ka ’na ra nahana hore ho thata ho utloisisa litlhaloso tsa Mangolo tse libukeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng. Hape, re ka ’na ra soabisoa ke boitšoaro ba Mokreste e mong. Na e ka ba ho nepahetseng hore re khaotse ho tsamaea le Molimo ka lebaka la mabaka aa kapa a mang a tšoanang le ’ona? Che! Barutuoa ba ileng ba tloha ho Jesu ba ile ba itlhahatsa hore ba nahana feela ka lintho tsa nama. Re lokela ho qoba mokhoa oo.

“Ha re Mofuta o Ikhulang ho ea Timetsong”

17. Ke eng e ka re thusang hore re ’ne re tsamaee le Molimo?

17 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Jehova o re totobaletsa sena ka Bibeleng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esaia 30:21) Ho mamela Lentsoe la Molimo ho re thusa ‘ho lebela ka tieo kamoo re tsamaeang kateng.’ (Baefese 5:15) Ho ithuta Bibele le ho thuisa ka seo re ithutang sona ho re thusa “ho tsamaea ’neteng.” (3 Johanne 3) Joalokaha Jesu a ile a bolela, ke ’nete hore “ke moea o fanang ka bophelo; nama ha e na thuso ho hang.” Ntho feela e tšepahalang eo re ka e latelang ke ho tataisoa ke lintho tsa moea tseo re li fumanang ka Lentsoe la Molimo, ka moea oa hae le ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.

18. (a) Ke tsela efe e booatla eo ba bang ba tsamaeang ka eona? (b) Re sebeletsa ho ba le tumelo ea mofuta ofe?

18 Kajeno, batho ba sa khotsofalang ka lebaka la ho nahana ka lintho tsa nama kapa bao litakatso tsa bona li sa phethahalang, ba atisa ho amohela menyetla ea lefatše lena habonolo. Ka lebaka la ho lebala hore nako e se e ile, ba bona ho sa hlokahale hore ba ‘lule ba lebetse, ’me ba khetha ho phehella lipakane tsa boithati ho e-na le ho etelletsa ’Muso pele. (Matheu 24:42) Ka sebele ke booatla ho tsamaea ka tsela ena. Lemoha mantsoe ana a moapostola Pauluse: “Ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong, empa re mofuta o nang le tumelo hore moea o bolokoe o phela.” (Baheberu 10:39) Re phela linakong tse moferefere joaloka Enoke le Noe, empa re na le tokelo e khethehileng ea ho tsamaea le Molimo joaloka bona. Ha re etsa joalo, re na le tebello e tiisitsoeng ea hore re tla bona ha litšepiso tsa Jehova li phethahala, ha bokhopo bo felisoa le ha ho thehoa lefatše le lecha la khotso. Ka sebele re lebeletse lintho tse babatsehang!

19. Mikea o hlalosa boikemisetso ba barapeli ba ’nete joang?

19 Moprofeta ea bululetsoeng Mikea o ile a re lichaba tsa lefatše li ne “li tla tsamaea se seng le se seng ka lebitso la molimo oa sona.” Ka mor’a moo o ile a bua ka eena le bahlanka ba bang ba tšepahalang a re: “Re tla tsamaea ka lebitso la Jehova Molimo oa rōna ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng.” (Mikea 4:5) Haeba u na le boikemisetso bo kang ba Mikea, lula haufi le Jehova ho sa tsotellehe hore na linako li ba moferefere hakae. (Jakobo 4:8) E se eka bohle re ka lakatsa ka lipelo tsohle ho tsamaea le Jehova Molimo oa rōna hona joale le ho isa nakong e sa lekanyetsoang, esita le ka ho sa feleng!

U ka Araba Joang?

• Matsatsi a Noe le a kajeno a tšoana joang?

• Noe le lelapa la hae ba ile ba tsamaea ka tsela efe, ’me re ka etsisa tumelo ea bona joang?

• Balateli ba bang ba Jesu ba ile ba itlhahatsa hore ba na le pono efe e fosahetseng?

• Bakreste ba ’nete ba ikemiselitse ho etsa’ng?

[Litšoantšo tse leqepheng la 20]

Feela joaloka matsatsing a Noe, kajeno batho ba phathahane ka mesebetsi ea bona ea letsatsi le letsatsi

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Re le baboleli ba ’Muso, “ha re mofuta o ikhulang ho ea timetsong”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela