Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 11/15 maq. 27-31
  • “Litsela Tsa Jehova li Lokile”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Litsela Tsa Jehova li Lokile”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova o Batla Borapeli bo se Nang Boikaketsi
  • Molimo o Bontša Lerato le Tšepahalang ho Batho ba Hae
  • U Tšepe Jehova Kamehla
  • Kamehla Litsela Tsa Jehova li Lokile
  • Baetsalibe ba ka Khutlela ho Jehova
  • Tsoela Pele U Tsamaea Litseleng Tse Lokileng Tsa Jehova
  • Buka ea Bibele ea 28—Hosea
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Hosea
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Boprofeta ba Hosea bo re Thusa ho Tsamaea le Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Tsamaea le Molimo, ’me U Kotule se Molemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 11/15 maq. 27-31

“Litsela Tsa Jehova li Lokile”

“Litsela tsa Jehova li lokile, ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona.”—HOSEA 14:9.

1, 2. Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba qalise bophelo ba mofuta ofe, hona ba ile ba etsahalloa ke eng?

MEHLENG ea moprofeta Moshe, Jehova o ile a etsa hore Baiseraele ba qalise bophelo bo lokileng. Leha ho le joalo, mathoasong a lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., boemo ba bona bo ne bo se bo le bobe hoo Molimo a ileng a ba fumana ba le molato oa phoso e tebileng. Sena se totobatsoa ke Hosea khaolo ea 10 ho ea ho ea 14.

2 Lipelo tsa Baiseraele e ne e se e le tsa boikaketsi. Sechaba seo sa ’muso oa meloko e leshome se ne se “lemile bokhopo” ’me se ile sa kotula ho se loke. (Hosea 10:1, 13) Jehova o ile a re: “Ha Iseraele e sa le moshanyana, ka nako eo ke ne ke mo rata, ’me ke bitsitse mora oa ka Egepeta.” (Hosea 11:1) Le hoja Molimo a ne a lopolotse Baiseraele botlamuoeng ba Egepeta, ba ile ba mo leboha ka leshano le thetso. (Hosea 11:12) Ka hona, Jehova o ile a ba fa keletso ena: “U lokela ho khutlela ho Molimo oa hao, u boloke mosa o lerato le toka.”—Hosea 12:6.

3. Ho ne ho tla etsahala’ng ka Basamaria ba marabele, empa Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa’ng e le hore ba hauheloe?

3 Basamaria ba marabele le morena oa bona ba ne ba tla felisoa habohloko. (Hosea 13:11, 16) Empa khaolo ea ho qetela ea boprofeta ba Hosea e qala ka boipiletso bo reng: “Lōna Baiseraele, le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna.” Haeba Baiseraele ba ne ba ka baka ’me ba kōpa tšoarelo, Molimo o ne a tla ba hauhela. Ho hlakile hore ba ne ba lokela ho lumela hore “litsela tsa Jehova li lokile,” ’me ba tsamaee ho tsona.—Hosea 14:1-6, 9.

4. Re tla tšohla melao-motheo efe boprofeteng ba Hosea?

4 Karolo ena ea boprofeta ba Hosea e na le melao-motheo e mengata e ka re thusang hore re tsamaee le Molimo. Re tla tšohla e latelang: (1) Jehova o batla borapeli bo se nang boikaketsi, (2) Molimo o bontša lerato le tšepahalang ho batho ba hae, (3) re lokela ho tšepa Jehova kamehla, (4) kamehla litsela tsa Jehova li lokile le hore (5) baetsalibe ba ka khutlela ho Jehova.

Jehova o Batla Borapeli bo se Nang Boikaketsi

5. Molimo o lebeletse hore re mo sebeletse joang?

5 Jehova o lebeletse hore re mo etsetse tšebeletso e halalelang ka mokhoa o hloekileng, o se nang boikaketsi. Leha ho le joalo, Baiseraele ba ne ba fetohile “sefate sa morara se bolileng” se sa beheng. Baiseraele ba ne ba “atisitse lialetare” tseo ba neng ba li sebelisa borapeling ba bohata. Bakoenehi bana ba ne ba bile ba hlomile lifika, tseo mohlomong e neng e le liemahale tseo ba neng ba li sebelisa borapeling bo sa hloekang. Jehova o ne a tlil’o heletsa lialetare tsena le ho senya lifika tseo.—Hosea 10:1, 2.

6. E le hore re tsamaee le Molimo, ke mokhoa ofe oo re lokelang ho o tlohela?

6 Boikaketsi ha bo amohelehe har’a bahlanka ba Jehova. Empa ho ne ho etsahetse’ng ka Baiseraele? ‘Lipelo tsa bona li ne li fetohile tse tletseng boikaketsi’! Le hoja ba ne ba kile ba etsa selekane le Jehova e le sechaba se inehetseng ho eena, o ile a ba fumana ba le molato oa boikaketsi. Re ka ithuta’ng ho see? Haeba re inehetse ho Molimo, ha rea lokela ho ba baikaketsi. Liproverbia 3:32 e fana ka temoso e reng: “Motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.” E le hore re tsamaee le Molimo, re lokela ho bontša lerato “le tsoang pelong e hloekileng le le tsoang letsoalong le letle le le tsoang tumelong e se nang boikaketsi.”—1 Timothea 1:5.

Molimo o Bontša Lerato le Tšepahalang ho Batho ba Hae

7, 8. (a) Ke maemong afe ao ho ’ona Molimo a ka re bontšang lerato le tšepahalang? (b) Re lokela ho etsa’ng haeba re entse sebe se tebileng?

7 Haeba re rapela Jehova ka tsela e se nang boikaketsi le e lokileng, o tla re bontša mosa oa hae o lerato, kapa lerato le tšepahalang. Baiseraele ba sa mameleng ba ile ba bolelloa: “Itjalleng peō ka ho loka; kotulang tumellanong le mosa o lerato. Itemeleng thite, ha ho sa na le nako ea ho batla Jehova ho fihlela a tla ’me a le rupela ka ho loka.”—Hosea 10:12.

8 Lintho li ne li tla tsamaea hantle hakaakang hoja feela Baiseraele ba ne ba ka baka ’me ba batla Jehova! O ne a tla thabela ‘ho ba rupela ka ho loka.’ Haeba re entse sebe se tebileng, a re batleng Jehova, re rapelle hore a re tšoarele ’me re batle thuso ea moea ho baholo ba Bakreste. (Jakobo 5:13-16) Hape re lokela ho batla tataiso ea moea o halalelang oa Molimo, hobane “ea jalang ka sepheo sa ho jalla nama ea hae o tla kotula ho bola nameng ea hae, empa ea jalang ka sepheo sa ho jalla moea o tla kotula bophelo bo sa feleng moeeng.” (Bagalata 6:8) Haeba re ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea,’ Molimo o tla ’ne a re bontše lerato la hae le tšepahalang.

9, 10. Hosea 11:1-4 e sebetsa joang ho Baiseraele?

9 Re ka kholiseha hore kamehla Jehova o sebetsana ka tsela e lerato le batho ba hae ba inehetseng. Bopaki ba sena bo fumanoa ho Hosea 11:1-4, e balehang tjena: “Ha Iseraele e sa le moshanyana, ka nako eo ke ne ke mo rata, ’me ke bitsitse mora oa ka Egepeta. . . . Ba ile ba etsetsa litšoantšo tsa Baale sehlabelo, ’me ba qala ho etsetsa litšoantšo tse betliloeng mosi oa sehlabelo. Empa ha e le ’na, ka ruta Baefraime [Baiseraele] ho tsamaea, ka ba sika ka matsoho; ’me ha baa ka ba hlokomela hore ke ba folisitse. Ke ’nile ka ba hula ka liropo tsa motho oa lefatše, ka lithapo tsa lerato, hoo ho bona ke ileng ka ba joaloka ba tlosang joko mehlahareng ea bona, ’me ka bonolo ka tlisetsa e mong le e mong lijo.”

10 Mona Baiseraele ba bapisoa le ngoana e monyenyane. Ka lerato Jehova o ile a ruta Baiseraele ho tsamaea, a ba sika ka matsoho. Hape o ile a ’na a ba hula ka “lithapo tsa lerato.” Eo ke tlhaloso e amang maikutlo hakaakang! Ak’u inahane u le motsoali u tataisa ngoana oa hao e monyenyane ha a qala ho tsamaea. U otlolotse matsoho. Haeba u ne u phela Iseraele ea boholo-holo, mohlomong u ne u tla etsa seo batsoali ba bangata ba neng ba se etsa mehleng eo: u ne u tla sebelisa lithapo hore ngoana oa hao a itšoareletse ka tsona e le hore a se ke a oa. Lerato leo Jehova a u ratang ka lona le mofuthu joalo. O thabela ho u tataisa ka “lithapo tsa lerato.”

11. Ke ka tsela efe Molimo a ileng a ba ‘joaloka motho ea tlosang joko’?

11 Ha Jehova a ne a sebelisana le Baiseraele, o ile a ba “joaloka ba tlosang joko mehlahareng ea bona, ’me ka bonolo [a] tlisetsa e mong le e mong lijo.” Molimo o ile a ba joaloka motho ea tlosang joko kapa ea e suthisetsang hōle e le ho nolofalletsa phoofolo ho fula ka bolokolohi. Ke feela ha Baiseraele ba ne ba itokolla jokong ea ho ikokobelletsa Jehova moo ba neng ba kena jokong e hatellang ea lira tsa bona. (Deuteronoma 28:45, 48; Jeremia 28:14) E se eka le ka mohla re ke ke ra oela liatleng tsa sera sa rōna se seholo, e leng Satane, ebe re utloisoa bohloko ke joko ea hae e hatellang. Ho e-na le hoo, a re tsoeleng pele ho tsamaea ka botšepehi le Molimo oa rōna ea lerato.

U Tšepe Jehova Kamehla

12. Ho ea ka Hosea 12:6, ho hlokahala eng e le hore re tsoele pele re tsamaea le Molimo?

12 E le hore re tsoele pele re tsamaea le Molimo, re lokela ho mo tšepa kamehla. Baiseraele ba ile ba bolelloa: “Ha e le uena, u lokela ho khutlela ho Molimo oa hao, u boloke mosa o lerato le toka; ’me u ke u tšepe Molimo oa hao kamehla.” (Hosea 12:6) Baiseraele ba ne ba ka fana ka bopaki ba hore ba bakile ’me ba khutletse ho Jehova ka ho bontša mosa o lerato, ka ho sebelisa toka le ka ho ‘tšepa Molimo kamehla.’ Ho sa tsotellehe hore na re tsamaile le Molimo halelele hakae, re lokela ho ikemisetsa ho bontša mosa o lerato, re bontše toka ’me re tšepe Molimo kamehla.—Pesaleme ea 27:14.

13, 14. Pauluse o sebelisa Hosea 13:14 joang, hona seo se re fa lebaka lefe la hore re tšepe Jehova?

13 Boprofeta ba Hosea bo mabapi le Baiseraele bo re fa lebaka le khethehileng la ho tšepa Molimo. Jehova o ile a re: “Ke tla ba lopolla letsohong la Sheole; ke tla ba lokolla lefung. Metsu ea hao e hokae, Uena Lefu? Ho timetsa ha hao ho kae, Uena Sheole?” (Hosea 13:14) Jehova o ne a sa rera ho pholosa Baiseraele lefung la sebele ka nako eo, empa qetellong o ne a tla metsa lefu ka ho sa feleng ’me a etsolle ho hlōla ha lona.

14 Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste-’moho le eena ba tlotsitsoeng, o ile a qotsa boprofeta ba Hosea eaba o ngola mantsoe a latelang: “Ha sena se ka bolang se apara ho se bole ’me sena se shoang se apara ho se shoe, joale ho tla etsahala polelo e ngoliloeng: ‘Lefu le metsitsoe ka ho sa feleng.’ ‘Lefu, tlhōlo ea hao e hokae? Lefu, motsu oa hao o hokae?’ Motsu o hlahisang lefu ke sebe, empa matla bakeng sa sebe ke Molao. Empa ho ke ho lebohuoe Molimo, kaha o re fa tlhōlo ka Morena oa rōna Jesu Kreste!” (1 Bakorinthe 15:54-57) Jehova o ile a tsosa Jesu bafung, e le hore a fane ka tiiso e khothatsang ea hore batho ba mohopolong oa Molimo ba tla tsosoa. (Johanne 5:28, 29) Leo ke lebaka le thabisang hakaakang la hore re tšepe Jehova! Empa ho na le ntho e ’ngoe kantle ho tsoho e re susumeletsang ho tsamaea le Molimo.

Kamehla Litsela Tsa Jehova li Lokile

15, 16. Ke eng e ileng ea boleloa esale pele mabapi le Samaria, hona boprofeta boo bo ile ba phethahala joang?

15 Ho kholiseha ha rōna ka hore “litsela tsa Jehova li lokile” ho re thusa hore re tsoele pele re tsamaea le Molimo. Baahi ba Samaria ha baa ka ba tsamaea litseleng tse lokileng tsa Molimo. Ka lebaka leo, ba ne ba tla tlameha ho kotula litholoana tsa liphoso tsa bona le tsa ho hloka tumelo ho Jehova. Ho ile ha boleloa esale pele ha thoe: “Basamaria ba tla nkoa ba le molato, etsoe ba fetohetse Molimo oa bona. Ba tla oa ka sabole. Bana ba bona ba tla robakanngoa, ’me basali ba bona ba baimana ba tla taboloa.” (Hosea 13:16) Litlaleho tsa histori li bontša hore Baassyria ba ileng ba hapa Samaria, ba ne ba etsa liketso tse sehlōhō joalo.

16 Samaria e ne e le motse-moholo oa ’muso oa Iseraele oa meloko e leshome. Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe mona lebitso Samaria le bolela sebaka sohle se neng se le pusong ea ’muso oo. (1 Marena 21:1) Morena Shalmanesere oa Bohlano oa Assyria o ile a thibella motse oa Samaria ka 742 B.C.E. Qetellong ha Samaria e oa ka 740 B.C.E., baahi ba bangata ba eona ba hlaheletseng ba ile ba isoa kholehong Mesopotamia le Media. Ho ntse ho se na bonnete ba hore na Samaria e ile ea haptjoa ke Shalmanesere oa Bohlano kapa ke mohlahlami oa hae Sargone oa Bobeli. (2 Marena 17:1-6, 22, 23; 18:9-12) Leha ho le joalo, litlaleho tsa Sargone li bua ka ho isoa ha Baiseraele ba 27 290 libakeng tse Karolong e ka Holimo ea Eufrate le Media.

17. Ho e-na le ho nyelisa litekanyetso tsa Molimo, re lokela ho etsa’ng?

17 Baahi ba Samaria ba ile ba kotula litholoana tse babang ka lebaka la ho se mamele Jehova le ho se tsamaee litseleng tsa hae tse lokileng. Joaloka Bakreste ba inehetseng, le rōna re ka kotula litholoana tse babang haeba re ka tloaela ho etsa libe, ra ba ra nyelisa litekanyetso tsa Molimo tse lokileng. E se eka le ka mohla re ke ke ra latela tsela eo e khopo! Ho e-na le hoo, e mong le e mong oa rōna a ke a sebelise keletso ea moapostola Petrose e reng: “Ho se ke ha e-ba le ea mong oa lōna ea utloang bohloko kahobane e le ’molai kapa lesholu kapa moetsi oa bobe kapa e le ea itšunya-tšunyang litabeng tsa batho ba bang. Empa haeba a utloa bohloko kahobane e le Mokreste, a se ke a ikutloa a le lihlong, empa a ke a tsoele pele ho tlotlisa Molimo ka lebitso lena.”—1 Petrose 4:15, 16.

18. Ke joang re ka ‘tsoelang pele ho tlotlisa Molimo’?

18 Re ‘tsoela pele ho tlotlisa Molimo’ ka ho tsamaea litseleng tsa hae tse lokileng ho e-na le ho itaola. Kaine o ile a bolaea hobane o ne a itaola ’me o ile a hlokomoloha temoso ea Jehova ea hore sebe se haufi le ho mo tšoasa. (Genese 4:1-8) Balame o ile a lumela ho lefuoa ke morena oa Moabe empa o ile a hlōleha ho rohaka Baiseraele. (Numere 24:10) Hape, Molimo o ile a bolaea Kora oa Molevi le ba bang ka lebaka la ho fetohela bolaoli ba Moshe le Arone. (Numere 16:1-3, 31-33) Ka sebele ha re batle ho tsamaea ka “tsela ea Kaine” ea polao, ebile ha re batle ho mathela “tseleng e fosahetseng ea Balame” kapa ho timela “puong ea borabele ea Kora.” (Juda 11) Leha ho le joalo, haeba re ka etsa phoso, boprofeta ba Hosea bo tla re tšelisa.

Baetsalibe ba ka Khutlela ho Jehova

19, 20. Baiseraele ba bakileng ba ile ba nyehela mahlabelo a eng?

19 Esita le ba khopiloeng ka ho etsa sebe se tebileng ba ka khutlela ho Jehova. Re fumana kōpo ena e tiileng ho Hosea 14:1, 2: “Lōna Baiseraele, le khutlele ho Jehova Molimo oa lōna, etsoe le khopiloe phosong ea lōna. Inkeleng mantsoe ’me le khutlele ho Jehova. E-reng ho eena, kaofela ha lōna, ‘E se eka u ka tšoarela phoso; ’me u amohele se molemo, ’me re tla nyehela e le puseletso lipohoana tsa melomo ea rōna.’”

20 Baiseraele ba bakileng ba ile ba nyehela Molimo ‘lipohoana tsa melomo ea bona.’ Lipohoana tsena e ne e le mahlabelo a thoriso ea sebele. Pauluse o ile a bua ka boprofeta bona ka mokhoa o sa tobang ha a ne a khothalletsa Bakreste ho ‘nyehela kamehla ho Molimo sehlabelo sa thoriso, ke hore, litholoana tsa melomo e bolelang lebitso la hae phatlalatsa.’ (Baheberu 13:15) Ka sebele ke tlōtla ho tsamaea le Molimo le ho nyehela mahlabelo a joalo kajeno!

21, 22. Baiseraele ba bakileng ba ne ba tla tsosolosoa joang?

21 Baiseraele ba ileng ba furalla tsela ea bona ea ho se mamele eaba ba khutlela ho Molimo, ba ile ba nyehela ‘lipohoana tsa melomo ea bona’ ho eena. Ka lebaka leo, ba ile ba tsosolosoa moeeng, feela joalokaha Molimo a ne a tšepisitse. Hosea 14:4-7 e re: “[’Na Jehova] ke tla folisa ho se tšepahale ha bona. Ke tla ba rata ka boithatelo ba ka, hobane bohale ba ka bo khutlile ho eena. Ke tla tšoana le phoka ho Iseraele. O tla thunya joaloka khahla, ’me o tla ntša metso ea hae joaloka Lebanone. Makala a hae a tla tsoa, ’me ho hlompheha ha hae ho tla tšoana le ha sefate sa mohloaare, ’me monko oa hae o monate o tla tšoana le oa Lebanone. Ba tla boela ba lule moriting oa hae. Ba tla jala lijo-thollo, ’me ba tla ba le lithunthung joaloka sefate sa morara. Sehopotso sa hae se tla tšoana le veine ea Lebanone.”

22 Baiseraele ba bakileng ba ne ba tla folisoa moeeng ’me ba boele ba thabele lerato la Molimo. Jehova o ne a tla ba joaloka phoka e khathollang ho bona ka kutloisiso ea hore o ne a tla ba hlohonolofatsa haholo. Sechaba sa hae se tsosolositsoeng se ne se tla hlompheha ‘ho tšoana le sefate sa mohloaare’ ’me se ne se tla tsamaea litseleng tsa Molimo. Kaha re ikemiselitse ho tsamaea le Jehova Molimo, ho hlokahala hore re etse’ng?

Tsoela Pele U Tsamaea Litseleng Tse Lokileng Tsa Jehova

23, 24. Buka ea Hosea e lihela likhala ka boprofeta bofe bo khothatsang, hona bo re ama joang?

23 Haeba re batla ho tsoela pele re tsamaea le Molimo, re lokela ho sebelisa “bohlale bo tsoang holimo” ’me kamehla re tsamaee litseleng tsa hae tse lokileng. (Jakobo 3:17, 18) Temana ea ho qetela ea boprofeta ba Hosea e baleha tjena: “Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee? Ea masene, e le hore a ka li tseba? Etsoe litsela tsa Jehova li lokile, ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona; empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.”—Hosea 14:9.

24 Ho e-na le ho tataisoa ke bohlale le litekanyetso tsa lefatše lena, a re ikemisetseng ho tsamaea litseleng tse lokileng tsa Molimo. (Deuteronoma 32:4) Hosea o ile a tsamaea litseleng tse lokileng tsa Molimo ka lilemo tse 59 kapa ho feta moo. O ile a phatlalatsa melaetsa e tsoang ho Molimo ka botšepehi, a tseba hore ba bohlale le ba masene ba ne ba tla utloisisa mantsoe ao. Ho thoe’ng ka rōna? Hafeela Jehova a re lumella ho fana ka bopaki, re tla ’ne re batle ba bontšang bohlale ka ho amohela mosa oa hae o sa tšoanelang. Re thabela ho etsa sena re sebelisana ka botlalo le “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Matheu 24:45-47.

25. Ho hlahloba ha rōna boprofeta ba Hosea ho tla re thusa hore re etse’ng?

25 Ho hlahloba ha rōna boprofeta ba Hosea ho tla re thusa ho tsoela pele re tsamaea le Molimo re lebeletse ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng la hae le lecha. (2 Petrose 3:13; Juda 20, 21) Eo ke tšepo e babatsehang hakaakang! Tšepo eo e tla phethahala ho rōna haeba re tsoela pele ho bontša ka lipuo le ka liketso hore ruri re tiile ha re re: “Litsela tsa Jehova li lokile.”

U ka Araba Joang?

• Molimo o tla sebetsana le rōna joang haeba re mo sebeletsa ka tsela e hloekileng?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Jehova kamehla?

• Ke hobane’ng ha u kholisehile hore litsela tsa Jehova li lokile?

• Ke joang re ka tsoelang pele re tsamaea litseleng tsa Jehova tse lokileng?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Amohela thuso ea moea e tsoang ho baholo ba Bakreste

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Boprofeta ba Hosea bo re fa lebaka la ho ba le tšepo ka seo Jehova a se tšepisitseng mabapi le tsoho

[Litšoantšo tse leqepheng la 31]

Tsoela pele u tsamaea le Molimo u lebeletse bophelo bo sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela