Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/1 leq. 3
  • Armagedone—Na e Tla Qetella ka Tlokotsi?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Armagedone—Na e Tla Qetella ka Tlokotsi?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Armagedone—Batho ba Bang ba re ke Eng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Armageddone—Seo e Seng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Armageddone—Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ntoa ea Armagedone Ke’ng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/1 leq. 3

Armagedone—Na e Tla Qetella ka Tlokotsi?

ARMAGEDONE! Na lentsoe lee le etsa hore u nahane ka litšoantšo tsa batho ba bolaoang ka bongata kapa bokahohle bo chesoang ke khanare ea mollo? “Armagedone” ke le leng la mantsoe a seng makae a Bibele ao batho ba buang ka ’ona khafetsa likarolong tse ngata tsa lefatše. Lentsoe lena le ’nile la sebelisoa haholo ho hlalosa bokamoso bo lerootho boo batho ba talimaneng le bona. Indasteri ea boithabiso e tlatsitse likelello tsa batho ka litšoantšo tse nyarosang tsa “Armagedone” e tlang. Lentsoe lena le entsoe sephiri ebile ho na le likhopolo tse fosahetseng ka lona. Le hoja ho na le likhopolo tse ngata mabapi le hore na le bolela eng, boholo ba tsona ha li lumellane le seo Bibele e se rutang ka Armagedone, e leng moo lentsoe leo le tsoang teng.

Kaha Bibele e amahanya Armagedone le “ho fela ha lefatše,” na ha u lumele hore ke habohlokoa ho utloisisa ka ho hlaka hore na ha e le hantle lentsoe lee le bolela’ng? (Matheu 24:3, Bibele ea Sesotho) Hona na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho leba mohloling o phahameng ka ho fetisisa oa ’nete, e leng Lentsoe la Molimo, hore u fumane likarabo mabapi le hore na Armagedone ke eng le hore na e tla ama uena le ba lelapa la hao joang?

Tlhahlobo e joalo e tla bontša hore ho e-na le hore Armagedone e qetelle ka tlokotsi, e tla qalisa nako e thabisang bakeng sa batho ba lakatsang ho phela le ho atleha lefatšeng le lecha la ho loka. Ha u ntse u hlahloba se hlileng se boleloang ke Armagedone sehloohong se latelang, u tla rua molemo ka hore u utloisise ka ho hlaka ’nete ena ea bohlokoa ea Mangolo.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]

U NAHANA HORE ARMAGEDONE KE ENG?

• Koluoa ea nyutlelie

• Tlokotsi e amanang le tikoloho

• Ho thulana ha lefatše le lihloliloeng tsa leholimo

• Ho timetsa ha Molimo ba khopo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela