Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w05 12/15 maq. 13-16
  • Histori ea Mathata a ho Fetolela Bibele ka Setaliana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Histori ea Mathata a ho Fetolela Bibele ka Setaliana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphetolelo Tsa Pele Tse sa Fellang Tsa Bibele
  • Bibele ea Pele e Feletseng ea Setaliana
  • Bibele ke Buka e “sa Tsejoeng”
  • Ho Khoehlisoa Marapo a e Thibelang
  • Ba Lekile ho Thibela Batho ho Bala Lentsoe la Molimo
    Tsoha!—2011
  • Leha Puo e se e Shoele, Bibele Eona e Ntse e Phela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Liphetolelo Tse Ngata Hakaale Tsa Bibele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2017
  • Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
w05 12/15 maq. 13-16

Histori ea Mathata a ho Fetolela Bibele ka Setaliana

‘BIBELE ke e ’ngoe ea libuka tse ajoang haholo naheng ea habo rōna [ea Italy], empa hape ho ka etsahala hore ebe ke e ’ngoe ea libuka tse baloang seoelo haholo. [Mak’hatholike] a ntse a sa khothalletsoe ho tseba Bibele ebile ha a thusoe ho e bala joalokaha e le Lentsoe la Molimo. Ho na le Mak’hatholike a batlang ho tseba Bibele, empa hangata ha ho ea a bolellang Lentsoe.’

Ho hlaha lipotso tse ngata ka lebaka la polelo ena e ileng ea buuoa ka 1995 ke litho tsa Mokhatlo oa Babishopo ba Mataliana. Lilemong tse makholo tse fetileng, Bibele e ne e baloa hakae Italy? Ke hobane’ng ha e sa ka ea ajoa haholo joaloka linaheng tse ling? Ke hobane’ng ha e ntse e le e ’ngoe ea libuka tse sa baloeng haholo Italy? Likarabo tse ling li ka fumanoa ka ho hlahloba histori ea liphetolelo tsa Bibele tsa puo ea Setaliana.

Lipuo tse tsoileng Selatineng—e leng Sefora, Sepanishe, Sepotoketsi, Setaliana le tse ling—li ile tsa nka lilemo tse makholo hore li ikemele. Linaheng tse fapa-fapaneng tsa Europe tse nang le semelo sa Selatine, lipuo tsa libaka tseo ka bomong li ile tsa qala ho hlomphuoa esita le ho sebelisoa ha ho ne ho ngoloa libuka ka tsona. Ho ntlafatsoa ha lipuo tsa libaka ka bomong ho ile ha ama ka ho toba ho fetoleloa ha Bibele. Joang? Ho na le nako eo ka eona, Selatine, e leng puo ea bohlokoa e neng e sebelisoa ke Kereke e K’hatholike, se ileng sa fapana haholo le maleme le lipuo tsa libaka tsena hoo batho ba sa rutehang ba neng ba se ba sa se utloisise.

Selemong sa 1000, baahi ba bangata ba hloahloeng ea Italy ba ne ba tla thatafalloa ke ho bala Bibele ea Selatine ea Vulgate, le haeba ba ne ba ka e fumana. Ka lilemo tse makholo, sehlopha se busang sa bolumeli sa batho ba phahameng se ne se laola thuto, hammoho le se neng se rutoa liunivesithing tse seng kae tse neng li le teng. Thuto eo e ne e le molemo bakeng sa batho ba ’maloa feela ba maemo. Kahoo, qetellong Bibele e ile ea e-ba “buka e sa tsejoeng.” Empa batho ba bangata ba ne ba rata ho ba le Lentsoe la Molimo le ho le utloisisa ka lipuo tsa bona.

Ka kakaretso, baruti ba ne ba hanyetsa ho fetoleloa ha Bibele, ba tšaba hore ho tla jala seo ho neng ho thoe ke bokhelohi. Ho ea ka rahistori Massimo Firpo, “ho sebelisoa ha lipuo tsa linaha ka bomong [ho ne ho tla bolela] ho tlosoa ha mokoallo oa puo [ea Selatine] o neng o sirelelitse bolaoli bo feletseng boo baruti ba neng ba e-na le bona litabeng tsa bolumeli.” Kahoo, mabaka a amanang le tsoelo-pele, bolumeli le kahisano ke ’ona a entseng hore thuto ea Bibele e se ke ea pharalla Italy.

Liphetolelo Tsa Pele Tse sa Fellang Tsa Bibele

Lekholong la bo13 la lilemo, libuka tsa Bibele li ile tsa qala ho fetoleloa ka Setaliana li tlosoa Selatineng. Liphetolelo tseo tse sa fellang, li ne li kopitsoa ka letsoho ’me theko ea tsona e ne e phahame haholo. Ha liphetolelo li ntse li eketseha lekholong la bo14 la lilemo, Bibele e feletseng e ne e se e batla e fumaneha ka Setaliana, le hoja libuka tsa eona li ne li fetoletsoe ke batho ba sa tšoaneng, ka linako tse sa tšoaneng ebile ba le libakeng tse sa tšoaneng. Boholo ba liphetolelo tsena tse entsoeng ke bafetoleli ba sa tsejoeng, li ne li rekoa ke barui kapa barutehi, e leng bona feela ba neng ba e-na le mokhoa oa ho li reka. Esita leha ho se ho sebelisoa mechine ea khatiso e ileng ea etsa hore theko ea libuka e theohe haholo, rahistori Gigliola Fragnito o bolela hore Libibele li ne li fumanoa “ke batho ba ’maloa feela.”

Ka lilemo tse makholo, batho ba bangata haholo ba ne ba ntse ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Esita le nakong ea ho kopanngoa ha Italy ka 1861, baahi ba etsang liphesente tse 74,7 ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola. Kahoo, ha ’muso o mocha oa Italy o lokisetsa thuto ea sechaba e sa lefelloeng le e tlamang bohle, Mopapa Pius IX o ile a ngolla morena ka 1870 a mo khothalletsa hore a thibele molao oo, oo mopapa a ileng a hlalosa hore ke “lefu la seoa” le reretsoeng “ho senya likolo tsa K’hatholike ka ho feletseng.”

Bibele ea Pele e Feletseng ea Setaliana

Bibele ea pele e feletseng ea Setaliana e ile ea hatisoa Venice ka 1471, lilemo tse ka bang 16 ka mor’a hore ka lekhetlo la pele Europe e sebelise litlhaku tse ngoloang ka mochine. Nicolò Malerbi, moitlami oa Mocamaldoli, o ile a phatlalatsa phetolelo ea hae ka mor’a likhoeli tse robeli. O ile a sebelisa haholo liphetolelo tse neng li le teng, a li hlophisa ka Bibele ea Selatine ea Vulgate eaba o fetola mantsoe a mang hore a lumellane le a puo ea ha habo ea Sevenice. Phetolelo ea hae e bile eona Bibele ea pele ea Setaliana e hatisitsoeng e ileng ea ajoa haholo.

Monna e mong ea ileng a phatlalatsa phetolelo ea Bibele Venice ke Antonio Brucioli. E ne e le setho sa mokhatlo oa tsosoloso ea mekhoa ea Bagerike le Baroma se nang le litšekamelo tsa Boprostanta, empa ha ho mohla a ileng a itokolla ka molao Kerekeng e K’hatholike. Ka 1532, Brucioli o ile a fetolela Bibele a e tlosa lipuong tsa pele tsa Seheberu le Segerike. Bibele ena ke eona ea pele ea Setaliana e ileng ea fetoleloa e tlosoa lipuong tseo tsa pele. Le hoja e sa ngoloa ka Setaliana sa makhonthe, tsela eo e khomaretseng boitsebisong ba pele ka eona ea tsoteha, ha re nahana hore na tsebo ea lipuo tsa pele tsa Bibele e ne e fokola hakae ka nako eo. Brucioli o ile a khutlisetsa lebitso la Molimo ka ho le ngola e le “Ieova” libakeng tse ling le liphetolelong tse ling. Hoo e ka bang ka lilemo tse lekholo, Bibele ea hae e ne e ratoa haholo ke Maprostanta a Mataliana le bahanyetsi ba bolumeli.

Ho ile ha phatlalatsoa liphetolelo tse ling tsa Setaliana tseo, ha e le hantle, e neng e le litokiso tsa Bibele ea Brucioli, ’me tse ling tsa tsona li ile tsa phatlalatsoa ke Mak’hatholike. Ha ho le e ’ngoe ea tsona e ileng ea ajoa haholo. Ka 1607, moruti e mong oa Mocalvine ea bitsoang Giovanni Diodati, eo batsoali ba hae ba neng ba balehetse Switzerland ka lebaka la mahloriso a bolumeli, ha a le Geneva, o ile a phatlalatsa phetolelo e ’ngoe ea Setaliana e tsoang lipuong tsa pele tseo Bibele e neng e ngotsoe ka tsona. Phetolelo ena ea hae e ile ea e-ba Bibele eo Maprostanta a Mataliana a ileng a e sebelisa ka lilemo tse makholo. Ho latela nako eo e fetoletsoeng ka eona, ho nkoa hore ke phetolelo e babatsehang ea Setaliana. Bibele ea Diodati e ile ea thusa Mataliana ho utloisisa lithuto tsa Bibele. Empa lithibelo tsa baruti li ile tsa sitisa ho ajoa ha phetolelo ena le tse ling.

Bibele ke Buka e “sa Tsejoeng”

Enciclopedia Cattolica e re: “Kamehla Kereke e ’nile ea atleha ho beha leihlo [khatisong] ea libuka, empa pele ho qaptjoa mechine ea khatiso, e ne e sa bone bohlokoa ba ho etsa letoto le feletseng la libuka tse thibetsoeng hobane libuka tseo ho neng ho nkoa hore li kotsi, li ne li chesoa.” Esita leha Karohano ea Mak’hatholike le Maprostanta e se e qalile, baruti ba likereke tse ngata tsa Europe ba ile ba etsa sohle se matleng a bona ho fokotsa kabo ea libuka tseo ho neng ho thoe ke tsa bokhelohi. Phetoho ea bohlokoa e etsahetse ka mor’a Seboka sa Trent ka 1546, ha ho ne ho tšohloa taba ea ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tse ling. Ho ile ha hlaha maikutlo a mabeli a sa tšoaneng. Ba neng ba tšehetsa ho thibeloa ha liphetolelo tsena ba ile ba bolela hore ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tse ling ke “mohloli oa bokhelohi bohle.” Ba neng ba hanyetsa thibelo ena ba ile ba bolela hore “lira” tsa bona, e leng Maprostanta, li ne li tla bolela hore kereke e thibela ho fetoleloa ha Bibele ka lipuo tse ling e le hore e pate “bolotsana le bomenemene.”

Ho se lumellane ho ile ha bolela hore Seboka seo ha sea ka sa etsa qeto e tiileng tabeng ea lithibelo, se ile sa fella feela ka hore ho hlomphuoe Vulgate, e ileng ea etsoa Bibele ea molao ea Kereke e K’hatholike. Leha ho le joalo, Carlo Buzzetti, tichere ea Pontifical University Salesianum, Roma, o bolela hore ha ho ne ho phatlalatsoa hore Vulgate “ea amoheleha,” hoo “e ne e le ho tšehetsa khopolo ea hore, ha e le hantle, ke eona feela Bibele ea molao.” Liketsahalo tse ileng tsa latela li ile tsa paka seo.

Ka 1559, Mopapa Paul IV o ile a phatlalatsa lethathamo la pele la libuka tse sa lumelloang, e ne e le lethathamo la libuka tseo Mak’hatholike a neng a thibetsoe ho li bala, ho li rekisa, ho li fetolela, kapa ho ba le tsona. Ho ne ho nkoa hore libuka tsena ha lia loka ebile li kotsi tumelong le boitšoarong. Lethathamo lena le ne le hanela batho ho bala liphetolelo tsa Bibele tseo e seng tsa Selatine, ho akarelletsa le phetolelo ea Brucioli. Ba neng ba hanyetsa lithibelo tsena ba ne ba khaoloa. Lethathamo la 1596 le ne le e-na le lithibelo tse thata le ho feta. Le ne le sa lumelle hore ho ka fetoleloa kapa ha hatisoa Bibele ka puo eo e seng Selatine. Libibele tseo li ne li lokela ho senngoa.

Ka lebaka leo, Libibele li ile tsa chesoa khafetsa mapatlelong a likereke qetellong ea lilemo tsa lekholo la bo16 la lilemo. Likelellong tsa batho ka kakaretso, Bibele e ile ea e-ba buka ea bakhelohi, ’me maikutlo ao a sa ntse a le teng ho batho ba bangata. Ho ile ha batla ho senngoa Libibele tsohle le libuka tse hlalosang Bibele tse neng li le lilaebraring tsa sechaba le tsa batho ka bomong, ’me lilemong tse latelang tse 200, ho ne ho se Mok’hatholike ea neng a ka fetolela Bibele ka Setaliana. Libibele tse neng li fetoletsoe ke litsebi tsa Maprostanta ke tsona feela tse neng li ajoa ka sekhukhu hloahloeng ea Italy, hobane batho ba ne ba tšaba hore ba tla li amohuoa. Kahoo, rahistori Mario Cignoni o re: “Ha e le hantle, ka makholo a lilemo, batho bao eseng baruti ba ile ba khaotsa ho bala Bibele. Bibele e ile ea batla e e-ba buka e sa tsejoeng, ’me Mataliana a limilione a ne a sa bale Bibele ho hang.”

Ho Khoehlisoa Marapo a e Thibelang

Hamorao, taelong ea letoto la la 13 June, 1757, Mopapa Benedict XIV o ile a nolofatsa molao oa pejana ka ho “lumella hore ho baloe liphetolelo tsa lipuo tse ling tse amoheloang ke Mopapa le tse phatlalalitsoeng ka tataiso ea babishopo.” Ka lebaka leo, Antonio Martini, eo hamorao e ileng ea e-ba moarekabishopo oa Florence, o ile a lokisetsa ho fetolela Vulgate. Karolo ea eona ea pele e ile ea phatlalatsoa ka 1769, ’me e feletseng ea phethoa ka 1781. Sengoliloeng se seng sa K’hatholike se bolela hore phetolelo ea Martini “e ne e le phetolelo ea pele ea Setaliana e ka phafuoang.” Pele ho phetolelo eo, Mak’hatholike a neng a sa utloisise Selatine a ne a sitoa ho bala Bibele e lumeletsoeng ke kereke. Ka lilemo tse latelang tse 150, ke phetolelo ea Martini feela eo Mak’hatholike a Mataliana a neng a lumeletsoe ho e sebelisa.

Litaba li ile tsa fetoha sebokeng sa Vatican II sa ntšetso-pele ea bonngoe ba bolumeli lefatšeng ka bophara. Ka 1965 tokomane e bitsoang Dei Verbum e ile ea khothalletsa ka lekhetlo la pele hore ho etsoe “liphetolelo tse loketseng le tse nepahetseng . . . tsa lipuo tse sa tšoaneng, tse nkoang tabeng e neng e ngotsoe pele libukeng tse halalelang.” Pejana ho moo, ka 1958, Pontificio istituto biblico (Mokhatlo oa Bapapa oa Bibele) o ile oa phatlalatsa “phetolelo ea pele e feletseng ea K’hatholike e fetoletsoeng ka libuka tsa [lipuo tsa pele tsa Seheberu le Segerike].” Phetolelo ena e ile ea khutlisa lebitso la Molimo ka ho le ngola e le “Jahve” ka makhetlo a seng makae.

Khanyetso ea hore ho se ke ha phatlalatsoa Libibele ka lipuo tse ling e sentse litaba, ’me liphello tsa eona li sa ntse li le teng. Joalokaha Gigliola Fragnito a boletse, phello ea eona e bile “hore balumeli ba halale matla a bona a ho nahana le a ho sebelisa matsoalo a bona.” Ntle ho moo, batho ba imelitsoe ka lineano tsa bolumeli, tseo Mak’hatholike a mangata a li nkang e le tsa bohlokoa ho feta Bibele. Lintho tsena kaofela li arohantse batho le Bibele, le hoja batho ba bangata ba tseba ho bala.

Leha ho le joalo, mosebetsi oa boevangeli oa Lipaki Tsa Jehova, o tsositse thahasello Bibeleng ea Setaliana. Ka 1963 Lipaki li ile tsa phatlalatsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Setaliana. Eaba ka 1967 li phatlalatsa Bibele e feletseng. Likopi tse fetang 4 000 000 tsa phetolelo ena li abiloe Italy feela. Bibele ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha, e sebelisang lebitso la Molimo, Jehova, e ikhetha ka ho khomarela ka thata kutloisisong ea se neng se ngotsoe pele ka Seheberu le ka Segerike.

Lipaki Tsa Jehova li ea ka ntlo le ntlo, li ntse li balla batho bohle molaetsa oa Mangolo o fanang ka tšepo, li bile li ba hlalosetsa oona, ha ba rata ho mamela. (Liketso 20:20) Ka lekhetlo le latelang ha u kopana le Lipaki Tsa Jehova, ke hobane’ng ha u sa li kōpe hore li u bontše hore na Bibele ea hao e re’ng ka tšepiso e hlollang ea Molimo ea hore haufinyane o tla theha “lefatše le lecha” leo “ho loka ho tla aha” ho lona?— 2 Petrose 3:13.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Venice

ROMA

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Brucioli o ile a ngola lebitso la Molimo Ieova phetolelong ea hae

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Lethathamo la libuka tse thibetsoeng le ile la bolela hore ho fetoleloa ha Bibele ka Setaliana ho kotsi

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]

Bible title page: Biblioteca Nazionale Centrale di Roma

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 15]

Brucioli’s translation: Biblioteca Nazionale Centrale di Roma; Index: Su concessione del Ministero per i Beni e le Attività Culturali

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela