U Mamela Mang—Molimo Kapa Batho?
“Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—LIKETSO 5:29.
1. (a) Temana ea sehlooho ea thuto ee ke efe? (b) Ke hobane’ng ha baapostola ba ile ba kenngoa litlamong?
E TLAMEHA ebe baahloli ba lekhotla le phahameng la Bajuda ba ne ba halefile haholo. Batšoaruoa ba ne ba le sieo. Batšoaruoa bao e ne e le baapostola ba Jesu Kreste, monna eo lekhotla le phahameng le neng le mo ahloletse lefu libekenyana pele ho moo. Joale, lekhotla lena le ne le le mocheng oa ho shebana le balateli ba hae ba haufi. Empa ha balebeli ba il’o ba lata, ba ile ba fumana ba le sieo ka liseleng, le hoja mamati a ne a notletsoe. Balebeli ba ile ba tsebisoa kapele hore baapostola ba tempeleng Jerusalema le hore ka sebete ba ntse ba ruta batho ka Jesu Kreste—e leng oona mosebetsi oo ba neng ba o tšoaretsoe! Balebeli ba ile ba toba tempeleng eaba ba khutlisetsa baapostola litlamong, ’me ba ba isa ka lekhotleng.—Liketso 5:17-27.
2. Lengeloi le ile la laela baapostola hore ba etse’ng?
2 Lengeloi le ne le lokolotse baapostola chankaneng. Na le ne le ba lokolotse ka morero oa hore ba se ke ba hlola ba hlorisoa? Che. E ne e le ka morero oa hore baahi ba Jerusalema ba utloe litaba tse molemo tse mabapi le Jesu Kreste. Lengeloi lena le ile la laela baapostola hore ba “’ne [ba] bolelle sechaba lipolelo tsohle tse mabapi le bophelo bona.” (Liketso 5:19, 20) Ke kahoo eitseng ha balebeli ba fihla tempeleng, ba ileng ba fumana baapostola ba ntse ba phetha hantle seo lengeloi le neng le ba laetse sona.
3, 4. (a) Petrose le Johanne ba ile ba re’ng ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela? (b) Baapostola ba bang bona ba ile ba re’ng?
3 Baboleli bao ba babeli ba neng ba ikemiselitse, e leng moapostola Petrose le moapostola Johanne, ba ne ba sa qale ho hlaha ka lekhotleng joalokaha moahloli e moholo, Josefa Kaifase, a ile a ba hopotsa ka matla a re: “Re ile ra le laela ka tieo hore le se ke la ’na la ruta ka lebitso [la Jesu], ’me leha ho le joalo, bonang! le tlatsitse Jerusalema thuto ea lōna.” (Liketso 5:28) Kaifase o ne a sa lokela ho makala ha a bona Petrose le Johanne hape ka lekhotleng. Ha ba ne ba laeloa ka lekhetlo la pele hore ba khaotse ho bolela, baapostola bana ba babeli ba ile ba re: “Hore na ho lokile mahlong a Molimo ho mamela lōna ho e-na le Molimo, le ikahlolele. Empa ha e le rōna, re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” Petrose le Johanne ba ile ba etsisa moprofeta Jeremia ka hore ba se ke ba checha taelong eo ba neng ba e filoe ea ho bolela.—Liketso 4:18-20; Jeremia 20:9.
4 Lekhetlong lena, e ne e se Petrose le Johanne feela ba neng ba lokela ho ikemela ka lekhotleng, empa e ne e le baapostola kaofela, ho akarelletsa le Mathiase ea neng a sa tsoa khethoa. (Liketso 1:21-26) Ha ba laeloa hore ba khaotse ho bolela, le bona ka sebete ba ile ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Ho Mamela Molimo e le ’Musi ha ho Bapisoa le ho Mamela Batho e le Babusi
5, 6. Ke hobane’ng ha baapostola ba sa ka ba mamela taelo ea lekhotla?
5 Baapostola e ne e le batho ba mamelang molao bao ka tloaelo ba neng ba ke ke ba hlompholla taelo ea lekhotla. Leha ho le joalo, ha ho motho, ho sa tsotellehe hore na o matla hakae, ea filoeng matla a ho laela e mong hore a hlompholle o mong oa melao ea Molimo. Jehova ke “Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” (Pesaleme ea 83:18) Hase feela “Moahloli oa lefatše lohle” empa hape ke Mofani e Moholo oa Molao, esita le Morena oa bosafeleng. Taelo efe kapa efe e lekang ho etsolla o mong oa melao ea Molimo, ha e sebetse ho Molimo.—Genese 18:25; Esaia 33:22.
6 Ntlha ena e etsoe hloko ke litsebi tse ling tse hloahloa tsa molao. Ka mohlala, setsebi se seng sa molao sa Lenyesemane sa lekholong la bo18 la lilemo, e leng William Blackstone, se ile sa ngola hore ha ho na motho ea lokelang ho lumelloa ho hanyetsa “molao oa tšenolo” o ka Bibeleng. Kahoo, lekhotla la Sanhedrine le ile la tlōla molao ha le ne le laela baapostola hore ba khaotse ho bolela. Ho hang baapostola ba ne ba ke ke ba mamela taelo eo.
7. Ke hobane’ng ha baprista ba ka sehloohong ba ile ba halefisoa ke mosebetsi oa boboleli?
7 Baprista ba ka sehloohong ba ile ba halefisoa ke boikemisetso ba baapostola ba ho tsoela pele ba bolela. Baprista ba bang, ho akarelletsa le Kaifase, e ne e le Basaduse ba sa lumeleng tsoho ea bafu. (Liketso 4:1, 2; 5:17) Ho ntse ho le joalo, baapostola ba ne ba phehella hore Jesu o tsositsoe bafung. Ho phaella moo, baprista ba bang ba ka sehloohong ba ne ba ipatla ka mokhoa o feteletseng ho balaoli ba Roma. Ha baprista ba ka sehloohong ba ne ba fuoa monyetla nyeoeng ea Jesu hore ba lumele hore Jesu ke morena oa bona, ba ile ba ba ba hooa ba re: “Ha re na morena haese Cesare.” (Johanne 19:15)a Baapostola ba ne ba sa tiise feela hore Jesu o ne a tsositsoe bafung empa ba ne ba boetse ba ruta hore ka ntle ho lebitso la Jesu, “ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo leo ho fanoeng ka lona har’a batho leo ka sebele re tla pholoha ka lona.” (Liketso 2:36; 4:12) Baprista ba ne ba tšaba hore haeba batho ba ne ba ka lebella hore Jesu ea tsositsoeng e be Moeta-pele oa bona, Baroma ba ne ba ka ’na ba tla eaba baeta-pele ba Bajuda ba nkeloa ‘sebaka sa bona le sechaba sa bona.’—Johanne 11:48.
8. Gamaliele o ile a fa lekhotla la Sanhedrine keletso efe e bohlale?
8 Bokamoso ba baapostola ba Jesu Kreste bo ne bo bonahala bo le lerootho. Baahloli ba lekhotla la Sanhedrine ba ne ba ikemiselitse ho ba bolaea. (Liketso 5:33) Leha ho le joalo, maemo a ile a fetoha ho sa lebelloa. Setsebi se seng sa Molao, e leng Gamaliele, se ile sa ema eaba se lemosa bo-mphato’a sona hore ba hate butle. Ka bohlale o ile a re: “Haeba morero ona kapa mosebetsi ona o tsoa ho batho, o tla lihuoa; empa haeba o tsoa ho Molimo, le ke ke la khona ho ba liha.” Ka mor’a moo, Gamaliele o ile a eketsa ka ntlha ena ea bohlokoa: “Ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le loantša Molimo.”—Liketso 5:34, 38, 39.
9. Ke eng e bontšang hore mosebetsi oa baapostola o ne o tsoa ho Molimo?
9 Ho sa lebelloa, lekhotla le ile la amohela keletso ea Gamaliele. Banna ba Sanhedrine ba ile “ba bitsa baapostola, ba ba shapa, ’me ba ba laela hore ba khaotse ho bua ka lebitso la Jesu, eaba baa ba tlohela hore ba tsamaee.” Leha ho le joalo, ho e-na le hore baapostola ba tšohe, ba ile ba ikemisetsa ho mamela taelo ea lengeloi ea hore ba bolele litaba tse molemo. Kahoo, ha ba qeta ho lokolloa, “letsatsi le leng le le leng ka tempeleng le ka ntlo le ntlo [baapostola] ba tsoela pele ba sa khaotse ho ruta le ho bolela litaba tse molemo mabapi le Kreste, Jesu.” (Liketso 5:40, 42) Jehova o ile a hlohonolofatsa boiteko ba bona. O ile a bo hlohonolofatsa hakae? “Lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema.” Ha e le hantle, “bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.” (Liketso 6:7) Ka sebele e tlameha ebe sena se ne se qeta baprista ba ka sehloohong matla! Bopaki ba hore ka sebele mosebetsi oa baapostola o ne o tsoa ho Molimo, bo ne bo ntse bo eketseha!
Ba Loantšang Molimo ba ke ke ba Atleha
10. Ho ea ka batho, ke hobane’ng ha Kaifase a ne a ka ’na a ikutloa hore o se kotsometse, empa ke hobane’ng ha a ne a ithetsitse?
10 Lekholong la pele la lilemo, baprista ba phahameng ba Bajuda ba ne ba khethoa ke balaoli ba Roma. Josefa Kaifase ea ruileng o ne a behiloe setulong ke Valerius Gratus, ’me o ne a lutse ho sona nako e telele ho feta ba neng ba tlile pele ho eena. Mohlomong Kaifase o ile a nahana hore o finyelletse boemo boo ka lebaka la tsebo ea hae litabeng tsa machaba le ka lebaka la setsoalle sa hae le Pilato ho e-na le ho bo fumana ka tataiso ea Molimo. Leha ho le joalo, ho ile ha bonahala hore o ne a ithetsitse ka ho tšepa batho. Lilemo tse tharo feela ka mor’a hore baapostola ba hlahe ka pel’a lekhotla la Sanhedrine, Kaifase ha ea ka ea hlola e e-ba thatohatsi ea ba boholong ’musong oa Roma ’me o ile a tlosoa setulong sa ho ba moprista ea phahameng.
11. Ho ile ha etsahala eng ka Ponse Pilato le tsamaiso ea lintho ea Sejuda, hona u fihlela qeto efe ka taba ee?
11 Taelo ea ho theola Kaifase setulong e ile ea tsoa ho mookameli oa Pilato, Lucius Vitellius, ’musisi oa Syria, ’me motsoalle e moholo oa Kaifase, e leng Pilato, o ile a sitoa ho e thibela. Ha e le hantle, selemo feela ka mor’a hore Kaifase a theoloe setulong, Pilato o ile a tlosoa setulong eaba o laeloa hore a khutlele Roma e le hore a e’o ikarabella ka lintho tse khōlō tseo a neng a qosoa ka tsona. Tabeng ea baeta-pele ba Bajuda ba neng ba tšepile Cesare, Baroma ba ile ba fela ba nka ‘sebaka sa bona le sechaba sa bona.’ Sena se etsahetse selemong sa 70 C.E. ha mabotho a Roma a putula motse oa Jerusalema, hammoho le tempele le holo ea lekhotla la Sanhedrine. Ka sebele mantsoe ana a mopesaleme e ile ea e-ba ’nete hakaakang tabeng ee: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena”!—Johanne 11:48; Pesaleme ea 146:3.
12. Taba e amanang le Jesu e bontša joang hore ho mamela Molimo ke bohlale?
12 Ha ho bapisoa, Molimo o ile a khetha Jesu Kreste ea tsositsoeng hore e be Moprista ea Phahameng oa tempele e khōlō ea moea. Ha ho motho ea ka mo theolang boemong boo. Ka sebele, Jesu “o na le boprista ba hae ntle ho bahlahlami leha e le bafe.” (Baheberu 2:9; 7:17, 24; 9:11) Molimo o boetse o khethile Jesu hore e be Moahloli oa ba phelang le oa ba shoeleng. (1 Petrose 4:5) A le boemong boo, Jesu o tla etsa qeto ea hore na Josefa Kaifase le Ponse Pilato ba na le monyetla leha e le ofe oa ho phela nakong e tlang.—Matheu 23:33; Liketso 24:15.
Baboleli ba Kajeno ba Sebete
13. Mehleng ea kajeno, ke mosebetsi ofe o bonahetseng hore o tsoa ho batho, ’me ke ofe o bonahetseng hore o tsoa ho Molimo? U tseba joang?
13 Joaloka lekholong la pele la lilemo, le mehleng ea rōna ho ’nile ha e-ba le batho ba bangata ba ‘loantšang Molimo.’ (Liketso 5:39) Ka mohlala, ha Lipaki Tsa Jehova tsa Jeremane li ne li hana ho thoholetsa hore Adolf Hitler ke Moeta-pele oa tsona, Hitler o ile a ikana hore o tla li felisa. (Matheu 23:10) Mahlahana a hae a ile a fela a bolaea Lipaki Tsa Jehova. Manazi a ile a fela a atleha ho tšoara Lipaki tse likete le ho li isa likampong tsa mahloriso. A ile a ba a atleha ho bolaea Lipaki tse ling. Empa Manazi a ile a hlōleha ho senya qeto ea Lipaki ea ho rapela Molimo feela, ’me a ile a hlōleha ho felisa bahlanka ba Molimo kaofela. Mosebetsi oa Bakreste bana o ne o tsoa ho Molimo, eseng ho motho, ’me mosebetsi oa Molimo o ke ke oa lihuoa. Lilemo tse 60 hamorao, batho ba pholohileng likampong tsa mahloriso tsa Hitler ba sa ntse ba sebeletsa Jehova ka ‘lipelo tsohle le ka meea eohle le ka likelello tsohle,’ empa Hitler le mokha oa hae oa Manazi ba hopoloa feela ka liketso tsa bona tse sehlōhō.—Matheu 22:37.
14. (a) Bahanyetsi ba ’nile ba etsa boiteko bofe ho etselletsa bahlanka ba Molimo, hona phello e bile efe? (b) Na liketso tse joalo li tla lematsa batho ba Molimo ka nako e telele? (Baheberu 13:5, 6)
14 Ho tloha lilemong tsa ka mor’a liketso tsa Manazi, ba bang ba ’nile ba a etsisa ntoeng ea lefeela ea ho loantša Jehova le batho ba hae. Linaheng tse ngata tsa Europe, mekha e bomenemene ea bolumeli le ea lipolotiki e ’nile ea leka ho etselletsa Lipaki Tsa Jehova ka hore ke ‘lequloana le kotsi,’ e leng qoso eo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba qosoa ka eona. (Liketso 28:22) Leha ho le joalo, Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho le amohetse hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli, eseng lequloana. Ha ho pelaelo hore bahanyetsi bana ba tseba qeto ena. Ho sa tsotellehe seo, ba phehelletse ho etselletsa Lipaki. Ka lebaka la liketselletso tsena, ba bang ba Bakreste bana ba ’nile ba lelekoa mesebetsing. Bana ba Lipaki ba ’nile ba hlekefetsoa likolong. Batho ba boi ba hirisang matlo ba koenehetse litumellano tse neng li entsoe bakeng sa mehaho eo e neng e le khale Lipaki li e sebelisetsa liboka tsa tsona. Maemong a seng makae, mafapha a ’muso a ’nile a hanela batho ba bang ho ba bajaki hobane feela e le Lipaki Tsa Jehova! Leha ho le joalo, Lipaki ha li nyahame.
15, 16. Lipaki Tsa Jehova tsa Fora li entse joang ha mosebetsi oa tsona oa Bokreste o hanyetsoa, hona ke hobane’ng ha li tsoela pele ho bolela?
15 Ka mohlala, ka kakaretso Fora batho ba na le kahlolo e molemo ea litaba ebile ha ba leeme. Empa bahanyetsi ba seng ba kae ba entse melao e etselitsoeng ho sitisa mosebetsi oa ’Muso. Lipaki Tsa Jehova tsa moo li entse joang? Li ekelitse mosebetsi oa tsona oa boboleli ho feta leha e le neng pele ’me liphello tsa teng lia tsoteha. (Jakobo 4:7) Likhoeling tse ling tse tšeletseng, palo ea lithuto tsa mahae tsa Bibele e ile ea eketseha ka liphesente tse 33 naheng eo! E tlameha ebe Diabolose oa halefa ha a bona batho ba tšepahalang ba Fora ba nka khato ha ba utloa litaba tse molemo. (Tšenolo 12:17) Bakreste-’moho le rōna ba Fora ba kholisehile hore mantsoe ana a moprofeta Esaia a tla phethahala ho bona: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola.”—Esaia 54:17.
16 Lipaki Tsa Jehova ha li thabele ho hlorisoa. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho mamela taelo ea Molimo e eang ho Bakreste bohle, li ke ke tsa khaotsa ho bua ka lintho tseo li li utloileng. Li leka ho ba baahi ba molemo. Leha ho le joalo, moo molao oa Molimo o sa lumellaneng le molao oa motho, li tla mamela Molimo e le ’musi.
Le se ke la ba Tšaba
17. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšaba lira tsa rōna? (b) Re lokela ho tšoara batho ba re hlorisang joang?
17 Lira tsa rōna li kotsing e tšabehang. Li loantša Molimo. Kahoo, tumellanong le taelo ea Jesu, ho e-na le ho tšaba ba re hlorisang, rea ba rapella. (Matheu 5:44) Re rapella hore haeba ho e-na le ba hanyetsang Molimo ka lebaka la ho hloka tsebo joaloka Saule oa Tarsase, ka mosa Jehova o tla tutubolla mahlo a bona e le hore ba bone ’nete. (2 Bakorinthe 4:4) Saule e ile ea e-ba Mokreste ea bitsoang moapostola Pauluse ’me o ile a hlokofatsoa haholo ke balaoli ba mehleng ea hae. Ho sa tsotellehe seo, ha aa ka a khaotsa ho hopotsa balumeli-’moho le eena hore ba ‘ipehe tlaase ba mamele mebuso le balaoli joaloka babusi, ba lokele mosebetsi o mong le o mong o molemo, ho se be bao ba ba buang hampe [esita le haeba e le bahlorisi ba bona ba babe ka ho fetisisa], ba se ke ba rata ntoa, ba be le kahlolo e molemo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle.’ (Tite 3:1, 2) Lipaki Tsa Jehova tsa Fora le tsa libakeng tse ling li leka ho sebelisa keletso ena.
18. (a) Jehova a ka lopolla batho ba hae ka litsela life? (b) Qetellong ho tla etsahala’ng?
18 Molimo o ile a re ho moprofeta Jeremia: “Ke na le uena ho u lopolla.” (Jeremia 1:8) Ebe Jehova a ka re lopolla mahlorisong joang kajeno? A ka ’na a hlahisa moahloli ea kelello e hlaphohileng joaloka Gamaliele. Kapa a ka etsa hore motho e mong ea boholong ea bobolu kapa ea hanyetsang a nkeloe sebaka a sa lebella ke e mong ea nang le kahlolo e molemo haholoanyane. Empa ka linako tse ling, Jehova a ka lumella hore batho ba hae ba ’ne ba hlorisoe. (2 Timothea 3:12) Haeba Molimo a lumella hore re hlorisoe, kamehla o tla re fa matla a hore re tiisetse. (1 Bakorinthe 10:13) Ho sa tsotellehe hore na Molimo o lumella eng, re tseba hantle hore na qetellong ho tla etsahala joang: Ba loantšang batho ba Molimo ba loantša Molimo, ’me ba loantšang Molimo ba ke ke ba hlōla.
19. Temana ea selemo ea 2006 ke efe, hona ke hobane’ng ha e loketse?
19 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore ba lebelle matšoenyeho. (Johanne 16:33) Ka lebaka lena, mantsoe ana a ho Liketso 5:29 a loketse haholo hona joale: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.” Ka lebaka leo, mantsoe ana a monate a khethiloe hore e be temana ea selemo ea Lipaki Tsa Jehova selemong sa 2006. E se eka selemong se tlang le ka ho sa feleng re ka ikemisetsa ho mamela Molimo e le ’Musi ho sa tsotellehe se etsahalang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Cesare” eo baprista ba ka sehloohong ba ileng ba mo khetha phatlalatsa lekhetlong leo, e ne e le Moemphera Tiberiuse oa Roma ea neng a khesoa, a ikakasa ebile e le ’molai. Tiberiuse o ne a boetse a tumme ka boitšoaro bo hlephileng ba ho kopanela liphate.—Daniele 11:15, 21.
Na U ka Araba?
• Baapostola ba ile ba re behela mohlala ofe o khothatsang ka tsela eo ba ileng ba itšoara ka eona ha ba hanyetsoa?
• Ke hobane’ng ha ka linako tsohle re lokela ho mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho?
• Ha e le hantle bahanyetsi ba rōna ba loantša mang?
• Re ka lebella hore ho etsahale eng ka ba tiisetsang mahloriso?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]
Temana ea selemo ea 2006 e tla ba e reng: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
“Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho”
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Kaifase o ile a tšepa batho ho e-na le Molimo