Mangeloi—Seo a Hlileng a Leng Sona
MORENA oa ’muso o matla ha a lumele seo a se bonang. Banna ba bararo ba ahloletsoeng ho timetsoa ka mollo ba lopolloa litleneng tsa lefu! Ke mang ea ba pholositseng? Morena o bua le banna bao ba bararo ba lopolotsoeng o re: “Ho bokoe [Molimo oa lōna], ea rometseng lengeloi la hae ’me a pholosa bahlanka ba hae ba neng ba mo tšepile.” (Daniele 3:28) ’Musi enoa oa Babylona ea busitseng lilemong tse fetang likete tse peli tse fetileng ke paki e ileng ea bona ha lengeloi le pholosa batho. Nakong e fetileng batho ba limilione ba ne ba lumela hore mangeloi a teng. Kajeno, ba bangata ha ba lumele feela hore mangeloi a teng empa ba bile ba lumela hore a susumetsa bophelo ba bona ka tsela e itseng. Mangeloi ke libōpuoa tsa mofuta ofe, hona a simolohile hokae?
Ho ea ka Bibele, mangeloi ke meea, feela joalokaha Molimo ka boeena e le Moea. (Pesaleme ea 104:4; Johanne 4:24) Mangeloi a mangata haholo, a baloa ka limilione. (Tšenolo 5:11) ’Me kaofela ha ’ona a “matla ka bonatla.” (Pesaleme ea 103:20) Le hoja mangeloi a tšoana le batho ka hore le ’ona a na le botho ebile a fuoe tokelo ea ho ikhethela, ha aa ka a qala e le batho. Ha e le hantle, Molimo o bōpile mangeloi khale le pele batho ba e-ba teng—esita le pele ho bōptjoa polanete ena e bitsoang Lefatše. Bibele e re ha Molimo a “theha lefatše . . . linaleli tsa hoseng li [ile tsa] hoeletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Molimo ba qala ho hlaba litlatse.” (Jobo 38:4, 7) Kaha mangeloi a bōpiloe ke Molimo, a bitsoa bara ba Molimo.
Molimo o bōpile mangeloi ka morero ofe? Mangeloi a phethile karolo efe bophelong ba batho? Na kajeno a ama bophelo ba rōna? Kaha ke libōpuoa tse nang le bolokolohi ba ho ikhethela, na ho na le mangeloi leha e le afe a latetseng tsela ea Satane Diabolose ’me a iketsa lira tsa Molimo? Bibele e fana ka likarabo tsa ’nete lipotsong tsena.