U ka Etsa Liqeto Tse Lumellanang le Thato ea Molimo Joang?
UNITED STATES, monna e mong o ile a ea bankeng a nkile cheke e etsang R163 000. O ne a batla ho koalla chelete eo ak’haonteng eo a ka e ntšang feela ka mor’a nako e itseng. Leha ho le joalo, mookameli oa banka o ile a mo eletsa hore a tsetele chelete eo ’marakeng oa matsete, a bolela hore ha ho mohla letsete la ’maraka le felloang ke matla esita le ka mor’a nako e telele. Monna eo o ile a etsa qeto ea ho latela keletso eo. Nakoana ka mor’a moo, letsete la hae ha lea ka la hlola le mo fa seo a neng a se tšepisitsoe.
Ketsahalo ena e bontša hore ha ho bonolo ho etsa liqeto tse bohlale. Ho thoe’ng ka liqeto tse fapa-fapaneng tseo re tobanang le tsona bophelong? Liqeto tse ngata tseo re li etsang li ka fella ka hore re atlehe kapa re hlōlehe—’me ka linako tse ling li ka ba tsa fella ka hore re phele kapa re shoe. Kahoo, re ka kholiseha joang hore re etsa liqeto tse bohlale?
“Tsela ke Eona Ena”
Letsatsi ka leng re etsa liqeto mabapi le seo re se jang, seo re se aparang, hore na re ee hokae le tse ling tse joalo. Liqeto tse ling li ka ’na tsa bonahala eka li nyenyane, empa liphello tsa tsona e ka ’na ea e-ba tse khōlō. Ka mohlala, ho etsa qeto ea ho tsuba sakerete ka lekhetlo la pele ho ka ’na ha etsa hore u lemalle ho tsuba bophelo bohle ba hao. Le ka mohla ha rea lokela ho khella fatše liqeto tse bonahalang eka li nyenyane.
Re ka fumana tataiso hokae ha re etsa liqeto, esita le tse bonahalang eka li nyenyane? Ho ne ho tla thabisa hakaakang ho ba le moeletsi ea ka tšeptjoang ea neng a tla re eletsa ha re tobane le ho etsa qeto e boima! Moeletsi ea joalo u ka mo fumana. Buka ea boholo-holo eo molaetsa oa eona o sebetsang mehleng ena e re: “Litsebe tsa lōna li tla utloa lentsoe ka mor’a lōna le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona,’ esere la ea ka ho le letona kapa la ea ka ho le letšehali.” (Esaia 30:21) Mantsoe aa a ne a buuoa ke mang? Hona u ka tiisa joang hore keletso ea hae ke e ka tšeptjoang?
Tšepiso eo e boletsoeng ka holimo e hlaha ka Bibeleng, e leng buka eo batho ba limilione ba ithutileng eona ’me ba hlokomela hore e bululetsoe ke ’Mōpi, Jehova Molimo. (2 Timothea 3:16, 17) Jehova o tseba sebōpeho sa rōna, kahoo ke eena ea ka fanang ka keletso e molemo ka ho fetisisa. Hape a ka bona bokamoso esale pele, kaha ke eena “Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe; Ea reng, ‘Morero oa ka o tla ema o tiile.’” (Esaia 46:10) Mopesaleme o ile a bontša hore o tšepa Lentsoe la Jehova ha a re: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Empa Jehova o re thusa joang hore re tsamaee re sireletsehile lefatšeng la kajeno le tletseng matšoenyeho? Re ka etsa liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo joang?
Sebelisa Melao-motheo ea Bibele
Jehova Molimo o file Bakreste melao-motheo ea hae e le hore ba etse liqeto tse bohlale. Ho ithuta melao-motheo ea Bibele le ho e sebelisa ho ka tšoantšoa le ho ithuta puo le ho e bua. Hang ha u se u tseba ho bua puo eo hantle, hangata ua utloa ha motho e mong a fosa melao ea puo eo hobane seo a se buang se sa utloahale se nepahetse. Mohlomong u ke ke ua tseba ho bolela ka ho toba hore na o fositse molao ofe oa puo eo polelong ea hae, empa ua tseba hore o entse phoso. Ha u se u ithutile melao-motheo ea Bibele ebile u tseba ho e sebelisa ka nepo bophelong, hangata ua lemoha ha qeto e itseng e sa lokela, e sa lumellane le melao-motheo ea Bibele.
Ka mohlala, mohlankana a ka ’na a tobana le ho etsa qeto ea hore na a lokise moriri oa hae joang. Ha ho taelo ea Bibele eo ka ho toba e nyatsang mokhoa o itseng oa ho lokisa moriri. Empa, ak’u nahane ka molao-motheo ona oa Bibele. Moapostola Pauluse o ile a ngola tjena: “Ke lakatsa ha basali ba ikhabisa ka moaparo o hlophehileng hantle, ka boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong, eseng ka mekhoa ea ho loha moriri le khauta kapa liperela kapa liaparo tsa theko e boima haholo, empa ka tsela e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba fa Molimo tlhompho ea borapeli, e leng, ka mesebetsi e molemo.” (1 Timothea 2:9, 10) Mona Pauluse o bua ka basali, empa molao-motheo ona o sebetsa ho banna le basali ka ho tšoana. Ke ofe molao-motheo oo? Ke oa hore tsela eo re shebahalang ka eona e lokela ho bonahatsa boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong. Kahoo mohlankana a ka ipotsa, ‘Na mokhoa oo ke lokisang moriri ka oona o tla bontša boitlhompho bo tšoanelang Mokreste?’
Ke molao-motheo ofe o molemo oo mohlankana a ka o fumanang mantsoeng a latelang a morutuoa Jakobo? “Basali ba bafebi, na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo? Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.” (Jakobo 4:4) Bakreste ba nyonya khopolo ea ho ba metsoalle ea lefatše, leo e leng sera sa Molimo. Na ho lokisa moriri ka mokhoa o ratoang ke lithaka tsa hae ho tla etsa hore a bonahale eka ke motsoalle oa Molimo kapa ke motsoalle oa lefatše? Mohlankana ea nahanang ho lokisa moriri ka mokhoa o itseng a ka sebelisa melao-motheo e joalo ea Bibele ha a etsa qeto e bohlale. Ka sebele, melao-motheo ea Bibele e re thusa ho etsa liqeto. Ha re tloaetse ho etsa liqeto tse thehiloeng melao-motheong ea Bibele, ho ba bonolo haholo hore re etse liqeto tse bohlale tse sa re bakeleng mathata.
Re ka fumana melao-motheo e mengata ka Lentsoeng la Molimo. Ha e le hantle, ho ka etsahala hore re se ke ra fumana temana eo ka ho toba e buang ka boemo ba rōna. Leha ho le joalo, re ka bala kamoo batho ba bang ba ileng ba mamela tataiso ea Molimo le kamoo ba bang ba ileng ba hlokomoloha litemoso tsa Molimo. (Genese 4:6, 7, 13-16; Deuteronoma 30:15-20; 1 Bakorinthe 10:11) Ha re bala litlaleho tseo ’me re nahanisisa ka liphello tsa ho mamela tataiso ea Molimo le tsa ho se e mamele, re tla lemoha melao-motheo ea Bibele e ka re thusang ho etsa liqeto tse khahlisang Molimo.
Ak’u nahane ka mohlala oa puisano e khutšoanyane eo Jesu Kreste a ileng a ba le eona le moapostola oa hae Petrose. Banna ba neng ba bokella lekhetho la lidrakema tse peli ba ne ba botsitse Petrose ba re: “Na mosuoe oa lōna ha a lefe lekhetho la lidrakema tse peli?” Petrose o ne a ba arabetse ka ho re: “E, oa le lefa.” Nakoana ka mor’a moo, Jesu o ile a botsa Petrose a re: “Marena a lefatše a amohela lekhetho la thepa kapa lekhetho la hlooho ho bo-mang? Ho bara ba ’ona kapa ho basele?” Ha Petrose a re: “Ho basele,” Jesu o ile a re ho eena: “Joale, ka sebele, bara ba lokolohile lekhethong. Empa e le hore re se ke ra etsa hore ba khoptjoe, uena e-ea leoatleng, u lahlele selope, ’me u nke tlhapi ea pele e nyolohang ’me, ha u e ahlamisa, u tla fumana chelete ea tšepe ea statera. U e nke ’me u ba fe eona bakeng sa ka le uena.” (Matheu 17:24-27) Ke melao-motheo efe ea Bibele eo re e fumanang tlalehong ee?
Ka hore Jesu a botse letoto la lipotso, o ile a thusa Petrose ho utloisisa hore, kaha Eena e ne e le Mora oa Molimo, o ne a sa lokela ho lefa lekhetho. Le hoja qalong Petrose a ne a sa utloisisa taba eo, ka mosa Jesu o ile a mo thusa hore a e utloisise. Ha batho ba bang ba etsa liphoso, re ka ’na ra etsisa Jesu ka ho etsa qeto ea ho ba utloela bohloko ho e-na le hore re ba bontše liphoso tsa bona hampe feela kapa re ba nyatse.
Joale Petrose o ne a ka utloisisa lebaka leo ba lefang lekhetho ka lona—e leng la hore ba se ke ba khopisa ba bang. Re boetse re ithuta molao-motheo o mong tlalehong ena. Ke oa hore ho bohlokoa haholo ho nahanela matsoalo a ba bang ho e-na le ho tsitlella seo e leng litokelo tsa rōna.
Ke’ng e re susumelletsang ho etsa liqeto tse bontšang hore re hlompha matsoalo a ba bang? Ke ho rata moahelani oa rōna. Jesu Kreste o ile a ruta hore ho rata moahelani oa rōna joalokaha re ithata ke eona taelo ea bobeli ea bohlokoa e latelang ea hore re rate Molimo ka moea oohle oa rōna. (Matheu 22:39) Leha ho le joalo, re phela lefatšeng le buellang boithati, ebile kaha re batho ba baetsalibe, re sekametse boithating. Kahoo, hore motho a rate moahelani oa hae joalokaha a ithata, o lokela ho fetola kelello ea hae.—Baroma 12:2.
Ba bangata ba entse liphetoho tse joalo, ’me ba nahanela ba bang ha ba etsa liqeto, ebang ke tse khōlō kapa ke tse nyenyane. Pauluse o ile a ngola a re: “Ka ho hlakileng, le ile la bitsetsoa tokoloho, barab’eso; feela le se ke la sebelisa tokoloho ena e le tlhohlelletso bakeng sa nama, empa ka lerato le sebeletsane joaloka makhoba.” (Bagalata 5:13) Re ka etsa seo joang? Nahana ka ngoanana e mong ea ileng a fallela motseng oa mahaeng ho ea thusa batho hore ba ithute Lentsoe la Molimo. Ha a ntse a buisana le batho, o ile a hlokomela hore le hoja liaparo tsa hae li ne li hlompheha ho ea ka litloaelo tsa moaparo oa toropong, batho ba ne ba bua hampe ka liaparo tsa hae. Liaparo tsa hae le mokhoa oa hae oa ho itlhopha o ne o hlompheha, empa o ile a etsa qeto ea ho apara liaparo tseo e seng tsa feshene “e le hore lentsoe la Molimo le se ke la nyefoloa.”—Tite 2:5.
U ka be u entse’ng haeba u ne u tobane le ho etsa qeto e itseng mabapi mokhoa oa ho itlhopha kapa ntho e ’ngoe eo u e ratang? U ka kholiseha hore Jehova o tla thaba ha u etsa liqeto tse bontšang hore u nahanela matsoalo a ba bang.
Bonela Lintho Pele
Ho phaella tabeng ea melao-motheo ea Bibele le matsoalo a ba bang, ke’ng hape eo re ka nahanang ka eona ha re etsa liqeto? Le hoja ho le thata ho phela ka tsela ea Bokreste ebile ho tšoana le ho tsamaea tseleng e tšesaane e makukuno, Molimo o re fa bolokolohi bo bongata ka har’a meeli eo a e behileng. (Matheu 7:13, 14) Re lokela ho nahana ka hore na liqeto tsa rōna li tla ama boiketlo ba rōna moeeng, kelellong, maikutlong le ’meleng ka tsela efe nakong e tlang.
Ha re re u ntse u nahana ka ho amohela mosebetsi o itseng. Mohlomong ha ho letho le phoso kapa le sa lokelang ka mosebetsi oo. U tla khona ho ea libokeng tsa Bokreste le likopanong. Moputso oa teng e tla ba o hlamatsehang. Mohiri o ananela tsebo ea hao haholo ’me o batla ho u sebelisa ka botlalo. Ho feta moo, le uena u rata mosebetsi oa mofuta oo. Na ho ka ba le letho le ka u sitisang ho amohela mosebetsi oo? Joale, ho thoe’ng ha u hlokomela hore u ka ’na ua rata mosebetsi oo haholo? U bolelloa hore u ke ke ua qobelloa hore u sebetse nako e eketsehileng. Empa ha ho e-na le mosebetsi o itseng o khethehileng o lokelang ho etsoa ho fihlela o felile, na u ka rata ho ikitlaetsa ho feta kamoo u loketseng? Na ho sebetsa nako e eketsehileng joalo e tla ba ntho ea kamehla? Na mosebetsi oo o tla hloka hore u siee lelapa la hao ’me qetellong u sitoe ho etsa mesebetsi ea moea eo joang kapa joang u sa lokelang ho e tlohela?
Nahana kamoo Jim a ileng a etsa qeto e khōlō kateng mabapi le mosebetsi oa hae. O ile a sebetsa ka thata ’me a fumana maemo a phahameng k’hamphaning eo a neng a e sebeletsa. Qetellong e ile ea e-ba mookameli oa k’hamphani eo Linaheng Tsa Bochabela, eaba ea e-ba motsamaisi e moholo k’hamphaning e sebelisanang le eona e United States, ’me ea e-ba setho sa boto ea batsamaisi ba k’hamphani eo linaheng tsa Europe. Leha ho le joalo, eitse ha moruo o theoha Japane, o ile a hlokomela hore na e ne e le lefeela le lekaakang ho lelekisa chelete le maemo a phahameng. Chelete eo a neng a e sebelelitse ka thata e ile ea fela ka potlako. O ile a utloa hore bophelo ba hae ha bo na morero. O ile a ipotsa: ‘Lilemo tse leshome ho tloha joale ke tla be ke etsa’ng?’ O ile a lemoha hore mosali oa hae le bana ba ne ba tsepamisitse maikutlo lipakaneng tsa bohlokoa haholo bophelong ba bona. Ka lilemo tse ngata, ba ne ba ntse ba kopanela le phutheho ea Lipaki Tsa Jehova. Jim o ne a batla hore le eena a fumane thabo le khotsofalo eo lelapa la hae le neng le e-na le eona. Kahoo o ile a qala ho ithuta Bibele.
Kapele, Jim o ile a bona hore mokhoa oo a phelang ka oona o ne o mo sitisa ho phela ka tsela e nang le morero joaloka Mokreste. Kaha o ne a lula a le tseleng a ea Asia, United States le Europe, o ne a se na nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele le ea ho ba le balumeli-’moho le eena. O ile a lokela ho etsa qeto: ‘Na ke tla tsoela pele ke phela ka tsela eo ke phetseng ka eona ka lilemo tse 50 tse fetileng, kapa na ke tla phehella tsela e ncha ea ho phela?’ Ka mor’a hore a rapele Molimo ka taba eo, o ile a nahana hore na qetellong ho tla etsahala joang eaba o etsa qeto ea ho tlohela mesebetsi eohle ea hae ntle le o le mong o neng o tla mo lumella ho ba le nako ea ho phehella lintho tsa moea. (1 Timothea 6:6-8) Qeto ea hae e ile ea mo thabisa haholo, ea mo fa monyetla oa ho ikakhela ka setotsoana mesebetsing ea Bokreste.
Liqeto tseo u li etsang ke tsa bohlokoa, ebang ke tse khōlō kapa ke tse nyenyane. Qeto eo u e etsang kajeno e ka fella ka hore u atlehe kapa u hlōlehe, e ka ba ea etsa hore u phele kapa u shoe nakong e tlang. U ka etsa liqeto tse bohlale haeba u nahana ka melao-motheo ea Bibele, u nahanela matsoalo a ba bang ebile u nahana ka liphello tsa nako e telele tsa seo u se etsang. Etsa liqeto tse lumellanang le thato ea Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Liqeto tse bonahalang li le nyenyane li ka ’na tsa e-ba le liphello tse khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Melao-motheo ea Bibele e ka mo thusa joang hore a etse qeto e bohlale?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Jesu o ile a bua le Petrose ka qenehelo