Na U sa Hopola?
Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:
• Ke mabaka afe a mang a etsang hore ebe bobe bo atile hakaale kajeno?
Lebaka le leng la hore ho be le liketso tse mpe ke hobane motho o sekametse bobeng. (Genese 8:21) Lebaka le leng ke hore batho ba bangata ha ba na tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo. Ho feta moo, Satane, eena ea qapileng bobe, o tsoela pele ho itšunya-tšunya litabeng tsa batho.—1/1, leqepheng la 4-6.
• Ho ka ba le liphello life tse molemo ka lebaka la lentsoe le molemo le builoeng ka nako e nepahetseng? (Liproverbia 12:25)
Seo se ka etsa hore ea bolelloang lentsoe leo a itšepe, a khothatsoe, a be a susumetsoe, ’me se ka etsa hore a ikutloe a amoheleha ho ba bang. Hape, ha re ntse re batla ho babatsa ba bang, re thuseha hore re bone lintho tse ntle ho bona.—1/1, leqepheng la 16-17.
• Areka ea selekane e ne e tšetse eng?
E ne e tšetse matlapa a mabeli a lejoe a Molao hammoho le manna. Ka mor’a hore Kora e be lerabele, molamu oa Arone o ile oa behoa ka Arekeng hore e be bopaki khahlanong le moloko oo. (Baheberu 9:4) E ka ’na eaba molamu oo le manna li ne li ntšitsoe ka Arekeng pele tempele ea Solomone e neheloa.—1/15, leqepheng la 31.
• Ke hobane’ng ha Bajuda ba ile ba lokela ho tlisa patsi tempeleng mehleng ea Nehemia?
Molao oa Moshe o ne o sa laele hore batho ba nyehele ka patsi. Empa mehleng ea Nehemia ho ne ho hlokahala patsi e ngata e le hore ho ka chesoa mahlabelo aletareng.—2/1, leqepheng la 11.
• Muratorian Fragment ke eng?
Ke karolo ea buka e ngotsoeng ka letsoho ea Selatine. Buka ena e ngotsoeng ka letsoho e ile ea qala ho ngoloa ka Segerike ho ella bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo C.E. E ngotsoe lethathamo la khale ka ho fetisisa la libuka tsa Mangolo a Segerike a Bakreste tse talingoang e le tse amohelehang, ebile e na le litlhaloso tse buang ka libuka tseo le bangoli ba tsona.—2/15, leqepheng la 13-14.
• Ke hobane’ng ha Vashti, Mofumahali oa Persia a ile a ’na a hana ho tla ho morena? (Esthere 1:10-12)
Bibele ha e bolele hore na sepheo sa hae e ne e le sefe. Litsebi tse ling li bolela hore o ile a hana hobane a ne a sa rate ho itlotlolla ka pel’a baeti ba morena ba tahiloeng. Kapa mohlomong mofumahali enoa ea neng a le sebōpeho se setle feela o ne a hlile a se na boikokobetso, kahoo a beha mohlala o mobe bakeng sa basali ba bang ba neng ba le ’Musong oa Persia.—3/1, leqepheng la 9.
• Thekollo e re lopolla ka tsela efe?
Sehlabelo sa Jesu se ka re lopolla sebeng seo re se futsitseng ’me sa re lokolla liphellong tse bolaeang tsa sebe. (Baroma 6:23) Sehlabelo sena se lokolla Bakreste ba ’nete letsoalong le molato. Ha re bontša tumelo thekollong, ha re ikutloe re e-na le tšabo ka boemo ba rōna ka pel’a Molimo. (1 Johanne 2:1)—3/15, leqepheng la 8.
• Re ka ithuta eng thibelong ea Molao e reng ho se ke ha phehoa potsanyane ka lebese la ’m’a eona? (Exoda 23:19)
E ka ’na eaba ho pheha ha mofuta oo e ne e le mokhoa o etsoang ke bahetene oa hore ba nese pula. (Levitike 20:23) Molimo o ile a lokisetsa hore lebese la pōli le matlafatse potsanyane ’me le e hōlise. Ho pheha potsanyane ka lebese leo ho ne ho tla bontša ho nyelisa kamano eo Molimo a e thehileng pakeng tsa pōli le potsanyane ea eona. Molao o thibelang ketso ena o bontša qenehelo e mosa ea Molimo.—4/1, leqepheng la 31.