Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 1/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rua Molemo ka “Lijo-thollo Tsa Leholimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lere la Arone le Mela Lipalesa
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 1/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Na areka ea selekane e ne e tšetse matlapa a lejoe a mabeli feela, kapa na e ne e tšetse le lintho tse ling?

Ka 1026 B.C.E. ha ho ne ho neheloa tempele ea Solomone, “ho ne ho se na letho ka Arekeng haese matlapa a mabeli ao Moshe a neng a fane ka ’ona Horebe, ha Jehova a ne a etsa selekane le bara ba Iseraele ha ba ne ba tsoa Egepeta.” (2 Likronike 5:10) Empa ho ne ho sa be joalo ka linako tsohle.

“Ka khoeli ea boraro ka mor’a hore bara ba Iseraele ba tsoe naheng ea Egepeta,” ba ile ba kena lefeelleng la Sinai. (Exoda 19:1, 2) Ka mor’a moo, Moshe o ile a nyolohela Thabeng ea Sinai ’me a amohela matlapa a mabeli a Molao. Oa pheta o re: “Joale ka reteleha ’me ka theoha thabeng eaba ke beha matlapa ka har’a areka eo ke neng ke e entse, hore a lule teng, feela joalokaha Jehova a ne a ntaetse.” (Deuteronoma 10:5) Ena e ne e le areka, kapa e le ntho e tšelang ea nakoana, eo Jehova a neng a laetse Moshe hore a e hahe e le hore e tšele matlapa a Molao. (Deuteronoma 10:1) Areka ea selekane e ne e e-s’o ka e lokela ho sebetsa ho fihlela hoo e ka bang bofelong ba selemo sa 1513 B.C.E.

Nakoana ka mor’a hore ba lopolloe Egepeta, Baiseraele ba ile ba qala ho korotla ka lijo. Kahoo Jehova o ile a ba fa manna. (Exoda 12:17, 18; 16:1-5) Nakong eo, Moshe o ile a laela Arone a re: “Nka nkho ’me ka har’a eona u tšele manna a tletseng omere u a behe ka pel’a Jehova e le ho hong ho lokelang ho bolokoa melokong eohle ea lōna.” Tlaleho eo e re: “Feela joalokaha Jehova a ne a laetse Moshe, Arone a a beha pel’a Bopaki [e leng ka moo ho bolokoang litokomane tsa bohlokoa] e le ho hong ho lokelang ho bolokoa.” (Exoda 16:33, 34) Le hoja ho se na pelaelo ea hore Arone o ile a bokella manna ’me a a tšela ka nkhong nakong eo, nkho eo e ile ea behoa ka pel’a Bopaki ka mor’a hore Moshe a etse Areka ’me a behe matlapa ka har’a eona.

Joalokaha ho se ho boletsoe, Areka ea selekane e ile ea hahuoa morao selemong sa 1513 B.C.E. Molamu oa Arone o ile oa behoa ka Arekeng eo hamorao haholo, ka mor’a hore Kora le ba bang e be marabele. Moapostola Pauluse o bua ka “areka ea selekane . . . , eo ka ho eona ho neng ho e-na le nkho ea khauta e nang le manna le molamu oa Arone o ileng oa ba le lithunthung le matlapa a selekane.”—Baheberu 9:4.

Manna e ne e le lijo tse lokiselitsoeng ke Molimo nakong ea leeto la Baiseraele la lilemo tse 40 lefeelleng. A ile a khaotsa ho ba teng ha “ba qala ho ja tse ling tsa lihlahisoa tsa naha” e tšepisitsoeng. (Joshua 5:11, 12) Molamu oa Arone o ile oa behoa ka arekeng ka morero o itseng—oa hore e be pontšo kapa bopaki bo khahlanong le moloko oa marabele. Sena se fana ka maikutlo a hore molamu oo o ile oa lula ka moo nakong eo Baiseraele ba neng ba le leetong la bona lefeelleng. Kahoo, ho bonahala e le ntho e utloahalang ho fihlela qeto ea hore neng neng ka mor’a hore Baiseraele ba kene Naheng e Tšepisitsoeng le pele ho neheloa tempele ea Solomone, molamu oa Arone le nkho ea khauta e tšetseng manna li ile tsa ntšoa ka arekeng ea selekane.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela