Boemo ba Bofutsana Kajeno
BATHO ba atisa ho bona Vicentea a hula kariki e laetseng haholo literateng tsa São Paulo, Brazil. O bokella lik’hateboto, litšepe le lipolasetiki tse lahliloeng. Ha ho fifala feela, o ala k’hateboto ka tlas’a kariki ea hae ebe oa robala. O bonahala a sa tsotelle lerata la likoloi le la libese tse ntseng li feta seterateng se phetheselang seo a robetseng ho sona. O kile a sebetsa, a ba le ntlo le lelapa—empa o lahlehetsoe ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Joale o iphelisa ka ho sebetsa ka thata seterateng.
Ka bomalimabe, batho ba limilione lefatšeng ka bophara, joaloka Vicente, ba phela bofutsaneng ba boja-likata. Linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong, batho ba bangata ba tlameha ho lula literateng kapa mek’huk’hung. Ho tloaelehile ho bona mekōpa-kōpa ea batho ba holofetseng, le ba foufetseng le ea basali ba anyesang masea. Ha u fihla lirobotong, u tla bona bana ba matha pakeng tsa makoloi a emeng, ba leka ho rekisa lipompong ka tšepo ea hore ba tla fumana lisentenyana.
Ho thata ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha bofutsana bo joalo bo lumeletsoe ho tsoela pele. Makasine ea Brithani e bitsoang The Economist e re: “Ha ho mohla batho ba kileng ba rua hakana, kapa ba e-ba le tsebo e ngata hakana litabeng tsa bongaka, tsa theknoloji le ho ba le bohlale bo hlokahalang hore ba felise bofutsana.” Ka sebele tsebo ena e ruisitse batho ba bangata molemo o moholo. Literateng tsa metse e mengata e meholo linaheng tse ntseng li tsoela pele moruong, ho tletse makoloi a macha a benyang. Litsi tsa mabenkele li tletse lisebelisoa tsa morao-rao, ’me batho ba bangata baa li reka. Litsi tse ling tse peli tsa mabenkele tsa Brazil li ile tsa etsa letšolo la ho rekisa lisebelisoa tse itseng. Litsi tsena tsa mabenkele li ile tsa buloa bosiu kaofela ho tloha ka la 23 ho ea ho la 24 December, 2004. Se seng sa litsi tsena se ile sa hira batho ba tantšang tantši ea samba hore ba thabise bareki. Ketsahalo ena e ile ea hohela bareki ba ka bang 500 000!
Leha ho le joalo, matšoele-tšoele a batho ha a rue molemo leruong la batho ba ruileng. Phapang e khōlō e pakeng tsa barui le mafutsana e entse hore batho ba bangata ba phethe ka hore taba ea ho felisa bofutsana e potlakile haholo. Makasine ea Brazil e bitsoang Veja e ile ea re: “Taba ea bohlokoa ka ho fetisisa eo baeta-pele ba lefatše ba lokelang ho e tšohla selemong sena sa [2005] ke ea ho loantša bofutsana.” Veja e ile ea boela ea bua ka tlhahiso ea hore ho etsoe Morero oa Marshall o mocha oo sepheo sa oona e leng ho thusa linaha tse futsanehileng haholo, haholo-holo tsa Afrika.b Leha ho le joalo, le hoja litlhahiso tseo li fana ka maikutlo a hore ho na le tsoelo-pele e etsoang, makasine eona ena e ile ea phaella ka ho re: “Ho boetse ho na le mabaka a mangata a ho belaella hore litlhahiso tsena li bile le katleho. Haeba linaha tse ngata li tsilatsila ho tšehetsa morero oa mofuta ona ka chelete, ke hobane hangata chelete ha e fuoe batho ba lokelang ho e fuoa.” Ka bomalimabe, ka lebaka la bobolu, le melao e rarahaneng e liehisang litšebeletso, boholo ba chelete eo mebuso, mekhatlo ea machaba le batho ka bomong ba fanang ka eona, ha ho mohla e fihlang ho batho ba e hlokang e le kannete.
Jesu o ne a tseba hore ke bothata bo tla ’ne bo be teng. O ile a re: “Kamehla le na le mafutsana.” (Matheu 26:11) Na see se bolela hore bofutsana bo ke ke ba fela lefatšeng? Na ho na le se ka etsoang ho ntlafatsa boemo? Ke eng seo Bakreste ba ka se etsang ho thusa mafutsana?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lebitso le fetotsoe.
b Morero oa Marshall e ne e le lenaneo le tšehelitsoeng ke United States ka lichelete, le neng le etselitsoe ho thusa hore ho tsosoe moruo oa Europe ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše.