Jehova o Koetlisa Balisa Molemong oa Mohlape oa Hae
“Jehova o fana ka bohlale; molomong oa hae ho tsoa tsebo le temoho.”—LIPROVERBIA 2:6.
1, 2. Ke hobane’ng ha banna ba kolobelitsoeng ba hahamalla boikarabelo bo eketsehileng ka phuthehong?
NICK o se a sebelelitse e le molebeli ka lilemo tse supileng, ’me o re: “Ke ile ka thaba haholo ha ke ne ke behoa hore ke be moholo. Ke ile ka nka sena e le monyetla o khethehileng oa ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Ke ile ka nahana hore ke lokela ho mo leboha ka sohle seo a nketselitseng sona. Hape ke ne ke batla ho thusa litho tsa phutheho ka hohle kamoo ho khonehang, e leng ho li thusa ka tsela e tšoanang le eo baholo ba bang ba ileng ba nthusa ka eona.” Leha ho le joalo, o ne a thabile empa ho ne ho e-na le lintho tse mo tšoenyang. Nick o tsoela pele o re: “Kaha ha ke behoa hore ke be moholo ke ne ke e-na le lilemo tse ka tlaase ho 30, ke ne ke tšoenyehile hore ha ke na ho ba le litalenta tse hlokahalang—e leng temoho le bohlale—hore ke lise phutheho ka katleho.”
2 Batho bao Jehova a ba behang hore ba hlokomele mohlape oa hae ba na le mabaka a mangata a ho thaba. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa baholo ba Efese lebaka le le leng la thabo ha a qotsa mantsoe a Jesu, ha a ne a re: “Ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela.” (Liketso 20:35) Ho sebeletsa joaloka mohlanka ea sebeletsang kapa moholo ho bulela banna ba kolobelitsoeng menyetla e eketsehileng ea ho ba le seo ba se fang Jehova le phutheho. Ka mohlala, bahlanka ba sebeletsang ba thusa baholo. Bahlanka bana ba boetse ba hlokomela likabelo tse ling tse ngata tse jang nako, empa e le tse hlokahalang. Bara bana babo rōna ba susumetsoa ke ho rata Molimo le moahelani hore ba etse tšebeletso ea bohlokoa.—Mareka 12:30, 31.
3. Ke hobane’ng ha ba bang ba ka ’na ba tsilatsila ho hahamalla mesebetsi ea phutheho?
3 Ho thoe’ng ka monna ea kolobelitsoeng oa Mokreste ea nahanang hore ha a tšoanelehe, ’me ka lebaka leo a tsilatsila ho hahamalla mosebetsi oa ho ba mohlanka le oa hore qetellong e be moholo? Joaloka Nick, a ka ’na a tšoenyeha ka hore ha a na litalenta tse hlokahalang hore e ka ba molisa ea atlehang. U le mor’abo rōna ea kolobelitsoeng, na u e mong oa ba ikutloang ka tsela ee? Ha ho phoso hore motho a tšoenyehe ka lintho tse joalo. Jehova o nka balisa ba behiloeng ba ikarabella ka tsela eo ba tšoarang mohlape ka eona. Jesu o ile a re: “E mong le e mong ea fuoeng ho hongata, ho tla batloa ho hongata ho eena; ’me eo batho ba behileng ho hongata taolong ea hae, ba tla batla ho fetang ho tloaelehileng ho eena.”—Luka 12:48.
4. Jehova o thusa bao a ba behang hore ba hlokomele linku tsa hae joang?
4 Na Jehova o lebeletse hore bahlanka le baholo bao a ba behang ba jare boikarabelo ba le bang? Che. Ho e-na le hoo, o ba thusa ka lintho tse molemo tse ba thusang hore ba atlehe. Joalokaha re ile ra tšohla taba ena sehloohong se fetileng, Jehova o ba fa moea oa hae o halalelang, ’me tholoana ea oona e ba thusa ho hlokomela linku ka bonolo. (Liketso 20:28; Bagalata 5:22, 23) Ho phaella moo, Jehova o ba fa bohlale, tsebo le temoho. (Liproverbia 2:6) O etsa see joang? A re ke re tšohleng litsela tse tharo tseo ka tsona Jehova a koetlisang batho bao a ba behang hore ba hlokomele linku tsa hae.
Ba Koetlisoa ke Balisa ba Nang le Tsebo
5. Ke hobane’ng ha Petrose le Johanne e ne e le balisa ba atlehang?
5 Ha moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ne ba le ka pel’a lekhotla la Sanhedrine, baahloli ba hlalefileng ka mokhoa oa lefatše ba lekhotla leo ba ne ba nka Petrose le Johanne e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” Ke ’nete hore ba ne ba tseba ho bala le ho ngola, empa thuto ea Mangolo ba ne ba sa e fumana ho bo-rabi. Leha ho le joalo, Petrose le Johanne hammoho le barutuoa ba bang ba ne ba bontšitse hore ke mesuoe e atlehang, e tsebang ho susumetsa ba bangata ba e mamelang hore e be balumeli. Ho ile ha tla joang hore banna bao ba maemo a tloaelehileng e be mesuoe e ipabolang hakaalo? Ka mor’a ho mamela Petrose le Johanne, lekhotla le ile la “qala ho hlokomela hore ba kile ba ba le Jesu.” (Liketso 4:1-4, 13) Ke ’nete hore ba ne ba fumane moea o halalelang. (Liketso 1:8) Empa ho ile ha totobala le ho bona baahloli bao ba neng ba sa utloisise litaba tsa moea hore Jesu o ne a koetlisitse banna bao. Ha Jesu a sa ntse a e-na le baapostola lefatšeng, ha aa ka a ba ruta feela tsela ea ho bokella batho ba kang linku empa o ile a ba ruta le tsela ea ho ba lisa ha e se e le karolo ea mohlape.—Matheu 11:29; 20:24-28; 1 Petrose 5:4.
6. Jesu le Pauluse ba ile ba beha mohlala ofe oa ho koetlisa ba bang?
6 Ha Jesu a se a tsositsoe, o ile a tsoela pele ho koetlisa bao a neng a ba behile hore e be balisa. (Tšenolo 1:1; 2:1–3:22) Ka mohlala, Jesu ka boeena o ile a khetha Pauluse a ba a bona le hore oa koetlisoa. (Liketso 22:6-10) Pauluse o ile a ananela koetliso eo a ileng a e fuoa a ba a fetisetsa ho baholo ba bang seo a neng a ithutile sona. (Liketso 20:17-35) Ka mohlala, o ile a sebelisa nako e ngata le matla ho koetlisa Timothea hore e be “mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona” tšebeletsong ea Molimo. (2 Timothea 2:15) Banna bana ba ile ba ba le setsoalle se matla haholo. Pejana, Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “Joaloka ngoana le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo.” (Bafilipi 2:22) Pauluse o ne a sa batle ho etsa Timothea kapa motho leha e le ofe morutuoa oa hae. Ho e-na le hoo, o ne a khothalletsa barutuoa-’moho le eena hore e be ‘baetsisi ba hae, esita le joalokaha e ne e le [moetsisi] oa Kreste.’—1 Bakorinthe 11:1.
7, 8. (a) Ke phihlelo efe e bontšang molemo o bang teng ha baholo ba etsisa Jesu le Pauluse? (b) Baholo ba lokela ho qala neng ho koetlisa bahlanka ba sebeletsang ba ka moso le baholo ba ka moso?
7 Balisa ba nang le tsebo ba etsisa Jesu le Pauluse ka ho nka bohato ba ho koetlisa barab’abo bona ba kolobelitsoeng, ’me ho ba le liphello tse tšoanang tse ntle. Nahana ka phihlelo ea Chad. O hōliselitsoe lelapeng le arohaneng tumelong empa o sa tsoa behoa hore e be moholo. O re: “Ha lilemo li ntse li feta, baholo ba bangata ba nang le tsebo ba ile ba nthusa hore ke tsoele pele moeeng. Kaha Ntate e ne e se molumeli, baholo bao ba ile ba mpontša lerato le khethehileng ’me ba ile ba fetoha bo-ntate ba ka ba moea. Ba ile ba ipha nako ea ho nkoetlisetsa tšebeletso, ’me hamorao, moholo e mong o ile a nkoetlisa ka ho khethehileng ho phethahatsa likabelo tseo ke neng ke li fuoa ka phuthehong.”
8 Joalokaha phihlelo ea Chad e bontša, balisa ba nang le temoho ba koetlisa bahlanka ba sebeletsang ba ka moso le baholo ba ka moso pele ba tšoanelehela boikarabelo bo joalo. Ke hobane’ng ha ba etsa joalo? Ke hobane Bibele e laela hore bahlanka ba sebeletsang le baholo ba be le boitšoaro le bomoea bo phahameng pele ba behoa hore ba sebeletse. Ba lokela “ba ke ba lekoe pele mabapi le ho tšoaneleha.”—1 Timothea 3:1-10.
9. Balisa ba hōlileng tsebong ba na le boikarabelo bofe, hona hobane’ng?
9 Haeba barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba lokela ho lekoa pele, ke hantle hore ba koetlisoe esale pele. Mohlala ke ona: Haeba sekolong seithuti se ne se ka kōptjoa ho ngola tlhahlobo e thata eo matichere a sa se koetlisetsang eona ka mokhoa o qaqileng, na seithuti seo se ne se tla feta tlhahlobong eo? Mohlomong se ne se tla hlōleha ho feta tlhahlobong eo. Kahoo, hoa hlokahala hore motho a koetlisoe. Leha ho le joalo, mesuoe e seli ha e rute liithuti feela hore li fete litlhahlobo empa e li ruta le ho sebelisa tsebo eo li e fumanang. Ka ho tšoanang, baholo ba khothetseng ba thusa barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ka ho ba koetlisa ka tsela e khethehileng hore ba hlaolele litšobotsi tse hlokoang ho monna ea behoang hore e be moholo. Morero oa bona hase feela ho thusa bara bana babo bona hore ba sebeletse e le bahlanka ba sebeletsang kapa baholo ba behiloeng, empa ba ba thusa le hore ba khone ho hlokomela mohlape hantle. (2 Timothea 2:2) Ha e le hantle, barab’abo rōna ba kolobelitsoeng ba lokela ho sebetsa ka thata hore ba finyelle litšoaneleho tse hlokoang ho mohlanka ea sebeletsang kapa moholo. (Tite 1:5-9) Leha ho le joalo, haeba balisa ba nang le tsebo ba ithaopela ho koetlisa ba hahamallang boikarabelo ka phuthehong, ba ka ba thusa hore ba tsoele pele ka potlako haholo.
10, 11. Balisa ba ka koetlisetsa ba bang likabelo tse eketsehileng joang?
10 Balisa ba nang le tsebo ba ka koetlisa ba bang ka tsela e qaqileng joang hore ba hlokomele likabelo ka phuthehong? Pele ho tsohle, ba lokela ho thahasella barab’abo bona ba ka phuthehong—ba sebetse le bona khafetsa tšimong le ho ba thusa ho ntlafatsa tsebo ea bona ea ho tšoara “lentsoe la ’nete ka nepo.” (2 Timothea 2:15) Balisa ba hōlileng tsebong ba bolella bara bao babo bona ka thabo e fumanoang ka ho sebeletsa ba bang le ka khotsofalo eo balisa ba e fumanang ka ho ipehela lipakane tsa moea le ka ho li finyella. Ka mosa ba boetse ba fana ka litlhahiso tse tobileng tsa kamoo mor’abo rōna a ka ntlafatsang kateng hore e be ‘mohlala ho mohlape.’—1 Petrose 5:3, 5.
11 Ha mor’abo rōna a se a behiloe hore e be mohlanka ea sebeletsang, balisa ba bohlale ba tsoela pele ho mo koetlisa. Bruce ea sebelelitseng e le moholo ka lilemo-lemo, o re: “Ke rata ho lula le mohlanka ea sa tsoa behoa hore ke hlahlobe le eena litaelo tse hatisitsoeng ke lekhoba le tšepahalang le le masene. Re boetse re bala tataiso leha e le efe e mabapi le kabelo ea hae, ’me ka mor’a moo ke rata ho sebetsa le eena ho fihlela a tseba mosebetsi.” Ha mohlanka leha e le ofe a ntse a rua tsebo, a ka boetse a koetlisetsoa mosebetsi oa bolisa. Bruce o tsoela pele o re: “Ha ke tsamaea le mohlanka ea sebeletsang ho ea leetong la bolisa, ke mo thusa hore a khethe mangolo a tobileng a tla khothatsa le ho susumetsa motho eo re mo etelang kapa lelapa leo re le etelang. Hore mohlanka e tle e be molisa ea atlehang o lokela ho ithuta ho sebelisa Mangolo ka tsela e susumetsang pelo.”—Baheberu 4:12; 5:14.
12. Baholo ba nang le tsebo ba ka koetlisa baholo ba sa tsoa behoa joang?
12 Balisa ba sa tsoa behoa ba boetse ba rua molemo haholo ha ba ntse ba koetlisoa ho ea pele. Nick eo ho ileng ha buuoa ka eena pejana o re: “Ke ile ka thusoa haholo ke koetliso eo ke ileng ka e fumana ka ho khetheha ho baholo ba babeli ba seng ba hōlile lilemong. Hangata bara bana babo rōna ba ne ba utloisisa hore na litaba tse itseng li lokela ho sebetsoa joang. Kamehla ba ne ba ’mamela ba sa fele pelo ’me ba nka maikutlo a ka ka botebo—esita le haeba ba ne ba sa lumellane le ’ona. Ke ile ka ithuta haholo ha ke bona kamoo ba neng ba ikokobelitse ba bile ba hlompha kateng ha ba sebelisana le baralib’abo rōna ka phuthehong. Baholo bana ba ile ba hatisa kelellong ea ka hore hoa hlokahala hore ke sebelise Bibele ka bohlale ha ke sebetsa mathata kapa ha ke fana ka khothatso.”
Ba Koetlisoa ka Lentsoe la Molimo
13. (a) Mor’abo rōna o hloka’ng e le hore e be molisa ea atlehang? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka”?
13 Ka sebele, Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, le na le melao, melao-motheo le mehlala eo molisa a e hlokang e le hore ‘a hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:16, 17) Mor’abo rōna a ka ’na a ba le thuto e ntle ea sekolong, empa tsebo ea hae ea Mangolo le tsela eo a e sebelisang ka eona ke tsona tse tla mo thusa hore e be molisa ea atlehang. Nahana ka mohlala oa Jesu. E ne e le molisa oa moea ea fetang bohle ka tsebo, ka temoho le ka bomoea ea kileng a phela lefatšeng, empa ho sa tsotellehe seo, eena ka boeena o ne a sa tšepe bohlale ba hae ha a ruta linku tsa Jehova. O ile a re: “Seo ke se rutang hase sa ka, empa ke sa ea nthomileng.” Ebe ke hobane’ng ha Jesu a ile a isa tlotla ho Ntat’ae oa leholimo? O ile a hlalosa tjena: “Ea buang ka ho iqalla o ipatlela thoriso.”—Johanne 7:16, 18.
14. Balisa ba qoba ho ipatlela thoriso joang?
14 Balisa ba tšepahalang ba qoba ho ipatlela thoriso. Ha ba thehe keletso ea bona le khothatso ea bona bohlaleng ba bona empa ba li theha Lentsoeng la Molimo. Ba utloisisa hore mosebetsi oa molisa ke ho thusa linku hore li be le “kelello ea Kreste,” eseng kelello ea baholo. (1 Bakorinthe 2:14-16) Ka mohlala, ho thoe’ng haeba moholo ea neng a thusa banyalani mathateng a bona a lenyalo a ne a ka theha keletso ea hae tsebong ea hae ho e-na le ho e theha melao-motheong ea Bibele le boitsebisong bo hatisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (Matheu 24:45) Keletso ea hae e ka ’na ea susumetsoa haholo ke lintho tse tloaetsoeng sebakeng seo a lulang ho sona ea ba ea fella feela tsebong ea hae e nyenyane. Ke ’nete hore meetlo e meng ha e mebe, ’me ho ka etsahala hore ebe moholo eo ke khale a li bona. Empa linku li rua molemo haholo ha balisa ba li khothalletsa ho mamela lentsoe la Jesu le lipolelo tsa Jehova ho e-na le ho mamela likhopolo tsa batho kapa ho latela lintho tse tloaetsoeng libakeng tseo ba lulang ho tsona.—Pesaleme ea 12:6; Liproverbia 3:5, 6.
Ba Koetlisoa ke “Lekhoba le Tšepahalang le le Masene”
15. Jesu o ile a fa “lekhoba le tšepahalang le le masene” mosebetsi ofe, ’me lebaka le leng le etsang hore sehlopha sa lekhoba se atlehe ke lefe?
15 Balisa ba kang moapostola Petrose, Johanne le Pauluse kaofela e ne e le litho tsa sehlopha seo Jesu a ileng a hlalosa hore ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Litho tsa sehlopha sena sa lekhoba ke barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ka moea ba lefatšeng, ba nang le tšepo ea ho busa le Kreste leholimong. (Tšenolo 5:9, 10) Joalokaha ho ne ho ka lebelloa, matsatsing ana a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho, palo ea barab’abo Kreste ba setseng lefatšeng e fokotsehile. Leha ho le joalo, mosebetsi oo Jesu a ileng a ba fa oona hore ba o etse—e leng oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso pele bofelo bo tla—hona joale o eketsehile ho feta neng kapa neng. Leha ho le joalo, sehlopha sa lekhoba se atlehile ka tsela e tsotehang! Ka mabaka afe? Lebaka le leng ke hore se koetlisitse litho tsa “linku tse ling” hore li se thuse mosebetsing oa ho bolela le oa ho ruta. (Johanne 10:16; Matheu 24:14; 25:40) Kajeno, boholo ba mosebetsi ona bo etsoa ke sehlopha sena se tšepahalang sa linku tse ling.
16. Banna ba behiloeng ba koetlisoa joang ke sehlopha sa lekhoba?
16 Sehlopha sa lekhoba se fana ka koetliso ee joang? Lekholong la pele la lilemo, baemeli ba sehlopha sa lekhoba ba ne ba filoe matla a ho koetlisa le ho beha balebeli liphuthehong, ebe balebeli bona, ba koetlisa litho tsa phutheho. (1 Bakorinthe 4:17) Ho joalo le kajeno. Sehlopha se Busang—e leng sehlopha se senyenyane sa baholo ba tlotsitsoeng se emelang sehlopha sa lekhoba—se file baemeli ba sona matla a ho koetlisa le ho beha bahlanka le baholo liphuthehong tse mashome a likete lefatšeng lohle. Ho phaella moo, Sehlopha sena se Busang se hlophisa likolo tse koetlisang litho tsa Likomiti Tsa Makala, balebeli ba tsamaeang, baholo le bahlanka ba sebeletsang hore na ba hlokomele linku ka tsela e molemohali joang. Tataiso e eketsehileng e fanoa ka mangolo, ka lihlooho tse hatisoang koranteng ea Molula-Qhooa le ka lingoliloeng tse ling, tse kang Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova.a
17. (a) Jesu o bontšitse joang hore o tšepa sehlopha sa lekhoba? (b) Balisa ba moea ba ka bontša joang hore ba tšepa sehlopha sa lekhoba?
17 Jesu o tšepa sehlopha sena sa lekhoba haholo hoo a se behileng hore se okamele “lintho tsohle tsa hae”—ke hore, lintho tsohle tse amanang le borapeli lefatšeng. (Matheu 24:47) Balisa ba behiloeng le bona ba bontša hore ba tšepa sehlopha sa lekhoba ka ho sebelisa tataiso eo ba e fumanang ho Sehlopha se Busang. Ha ho pelaelo hore ha balisa ba koetlisa banna ba bang, ebile bona ka bobona ba lumela ho koetlisoa ke Lentsoe la Molimo, ’me ba sebelisa thuto eo ba e filoeng ke sehlopha sa lekhoba, ba momahanya mohlape. Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o koetlisitse banna ba amehileng ka botebo ka setho se seng le se seng sa phutheho ea Bokreste!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
U ka Araba Joang?
• Balisa ba moea ba hōlileng tsebong ba koetlisa ba bang joang?
• Ke hobane’ng ha balisa ba sa rute likhopolo tsa bona?
• Balisa ba bontša hore ba tšepa sehlopha sa lekhoba joang hona ba se tšepa ka lebaka lefe?
[Setšoantšo se leqepheng la 24, 25]
Baholo ba Bakreste ba koetlisa banna ba bacha ka phuthehong
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
“Lekhoba le tšepahalang le le masene” le koetlisa baholo ka matla