Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 7/15 leq. 3
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebe sa Tšimolohong e ne e le Eng?
    Tsoha!—2006
  • Bophelo bo ne bo le Joang Paradeiseng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Ba Lelekoa Paradeiseng
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
  • Lebaka Leo ka Lona Bokhopo bo Tsoelang Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 7/15 leq. 3

’Muso oa Molimo ke Eng?

MOLOKO oa batho o ile oa oeloa ke koluoa e kaakang li sa tloha feela! Lengeloi le leng le ile la fetohela ’Mōpi oa lona ka boeena. Lerabele lena le ile la eka mosali oa pele, Eva, hore a je tholoana e hanetsoeng. Ha le bua ka eena le monna oa hae, Adama, lengeloi lena le ile la re: “Ka sebele le ke ke la shoa. Etsoe Molimo oa tseba hore letsatsing leo ka lona le jang tsa sona mahlo a lōna a tla tutuboloha ’me le tla ba joaloka Molimo, le tsebe botle le bobe.” (Genese 2:16, 17; 3:1-5) Lengeloi lena la lerabele le ile la bitsoa Diabolose le Satane.—Tšenolo 12:9.

Na Eva o ile a mamela se boletsoeng ke Satane? Bibele e re: “Mosali a bona hore sefate se loketse ho jeoa le hore sea lakatseha mahlong, e, sefate se ne se lakatseha ha se talingoa. Kahoo a qala ho kha tholoana ea sona ’me a e ja. Ka mor’a moo a fa le monna oa hae ha a se a e-na le eena ’me a qala ho e ja.” (Genese 3:6) E, banyalani ba pele, e leng Adama le Eva, ba ile ba fetohela Molimo joaloka Satane. Ka lebaka leo, bona le bana ba bona ba ile ba lahleheloa ke Paradeise. Bana ba neng ba lokela ho tsoaloa ba phethahetse ba bile ba tla phela ka ho sa feleng, joale ba ne ba tla futsa sebe le lefu.—Baroma 5:12.

Joale Jehova Molimo, ’Musi ea Phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, o ile a etsa joang? O ile a rera ho etsa tokisetso ea hore batho ba tšoareloe libe. (Baroma 5:8) Jehova Molimo o entse tokisetso ea ’muso o tla hlōla bothata bona. Tokisetso ena e bitsoa “’muso oa Molimo.” (Luka 21:31) ’Muso ona o thehiloeng o leng ka tlaasana ho bobusi ba Molimo ba bokahohleng, o na le morero o khethehileng.

Morero oa ’Muso oa Molimo ke ofe? Litšobotsi tse ling tsa oona ke life, hona li fapane joang le tsa puso ea motho? ’Muso oo o ne o tla qala ho busa neng? Lipotso tsena li tla tšohloa sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela