Nahanisisa ka Molemo oa Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova
“Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao.”—PESALEME EA 65:4.
1, 2. (a) Litokisetso tse amanang le tempele li ne li tla ba le liphello life ho batho ba Molimo? (b) Davida o ile a etsa litokisetso life tsa hore tempele e hahuoe?
DAVIDA oa Iseraele ea boholo-holo ke e mong oa batho ba hlaheletseng ka ho fetisisa bao ho buuoang ka bona ka Mangolong a Seheberu. Davida enoa eo e neng e le molisa, sebini, moprofeta ebile e le morena o ne a tšepa Jehova Molimo ka botlalo. Kamano e haufi eo Davida a neng a e-na le eona le Jehova e ile ea mo tsosetsa takatso ea ho hahela Molimo ntlo. Ntlo eo, kapa tempele, e ne e tla ba setsi sa borapeli ba ’nete Iseraele. Davida o ne a tseba hore litokisetso tse amanang le tempele li ne li tla tlisetsa batho ba Molimo thabo le melemo. Ka hona, Davida o ile a bina a re: “Ho thaba eo [uena Jehova] u mo khethang le ho etsa hore a atamele, e le hore a ka lula mabaleng a hao. Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao, sebaka se halalelang sa tempele ea hao.”—Pesaleme ea 65:4.
2 Davida ha aa ka a lumelloa ho okamela mosebetsi oa ho haha ntlo ea Jehova. Ho e-na le hoo, tokelo eo e ile ea fuoa mor’a hae Solomone. Davida ha aa ka a korotla hobane joale tokelo eo a neng a e labalabela e ne e filoe motho e mong. Ntho e ka sehloohong eo a neng a amehile ka eona e ne e le hore tempele e hahuoe. O ile a tšehetsa mosebetsi oo ka pelo ea hae eohle ka hore a fe Solomone lipolane tsa kaho tseo a neng a li filoe ke Jehova. Ho feta moo, Davida o ile a hlophisa Balevi ba likete hore ba etse lihlopha tsa tšebeletso ’me a nehelana ka khauta e ngata le silevera hore tempele e hahuoe.—1 Likronike 17:1, 4, 11, 12; 23:3-6; 28:11, 12; 29:1-5.
3. Bahlanka ba Molimo ba na le boikutlo bofe ka litokisetso tsa borapeli ba ’nete?
3 Baiseraele ba tšepahalang ba ile ba tšehetsa litokisetso tsa borapeli ba ’nete ntlong ea Molimo. Joaloka bahlanka ba Jehova ba kajeno, le rōna re tšehetsa litokisetso tsa borapeli ka har’a karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ka tsela eo re bontša hore re na le boikutlo bo tšoanang le ba Davida. Ha re na moea oa ho belaela. Ho e-na le hoo, re nahanisisa ka molemo oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Na u kile ua nahana ka lintho tse molemo tse ngata tseo ruri re ka li ananelang? A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.
Re Ananela ba Etellang Pele
4, 5. (a) “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le phetha mosebetsi oa lona joang? (b) Lipaki tse ling li bontšitse hore li ikutloa joang ka lijo tsa moea tseo li li fumanang?
4 Re na le mabaka a utloahalang a ho ananela “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo Jesu Kreste a le behileng hore le okamele lintho tsohle tsa hae lefatšeng. Lekhoba leo le entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, le etella pele mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo, le lokisetsa hore ho be le liboka tsa borapeli ’me le hatisa lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse fetang 400. Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba thabela ho ja ‘lijo tsena tsa moea ka nako e tšoanetseng.’ (Matheu 24:45-47) Ka sebele ha ho na lebaka la ho korotla ka tsona.
5 Ka lilemo tse ngata, Paki ea Jehova e hōlileng e bitsoang Elfi e ’nile ea fumana matšeliso le thuso ka ho sebelisa keletso ea Mangolo e fumanoang ka har’a lingoliloeng tsa sehlopha sa lekhoba. Kananelo e tebileng ea Elfi e ile ea mo susumetsa hore a ngole tjena: “Ke ne ke tla etsa’ng kantle le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?” Peter le Irmgard le bona ba sebelelitse Molimo ka lilemo tse mashome. Irmgard o ananela lingoliloeng tsohle tse etsoang ke “mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o lerato le o tsotellang.” Lingoliloeng tsena li akarelletsa tse etselitsoeng batho ba nang le litlhoko tse khethehileng, ba kang ba sa boneng kapa ba sa utloeng litsebeng.
6, 7. (a) Mosebetsi oa liphutheho o hlokomeloa joang lefatšeng ka bophara? (b) Ba bang ba ntšitse maikutlo a bona joang mabapi le karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova?
6 “Lekhoba le tšepahalang” le emetsoe ke Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e leng sehlopha se senyenyane sa banna ba tlotsitsoeng ka moea se leng ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. Sehlopha se Busang se beha bahlanka ba Jehova ba nang le phihlelo hore ba sebeletse liofising tsa makala tse hlokometseng mosebetsi oa liphutheho tse fetang 98 000 lefatšeng ka bophara. Banna ba finyellang se hlokoang ke Bibele ba behoa hore e be baholo le bahlanka ba sebeletsang liphuthehong tsena. (1 Timothea 3:1-9, 12, 13) Baholo ba etella pele ’me ka lerato ba lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona. Ka sebele ke molemo o mokaakang ho ba karolo ea mohlape oo le ho bona lerato le bonngoe tse leng teng ka har’a “mokhatlo oohle oa barab’abo rōna”!—1 Petrose 2:17; 5:2, 3.
7 Ho e-na le ho belaela ka hona le hoane, hangata batho ba bolela kamoo ba ananelang tataiso e lerato ea moea eo baholo ba ba fang eona. Ka mohlala, nahana ka mosali e mong oa Mokreste ea lilemong tsa bo-30, ea bitsoang Birgit. Ha e sa le mocha, o ile a tloaelana le batho ba babe ’me a batla a oela boitšoarong bo bobe. Empa keletso e hlakileng ea Bibele eo baholo ba ileng ba mo fa eona le tšehetso ea balumeli-’moho le eena e ile ea mo pholosa boemong bo ka beng bo ile ba mo lematsa. Hona joale Birgit o ikutloa joang? O re: “Ke leboha haholo hore ebe ke ntse ke le karolo ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o babatsehang.” Andreas ea lilemo li 17 o re: “Ka sebele ona ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ke mokhatlo o molemo ka ho fetisisa lefatšeng.” Na ha rea lokela ho leboha kamoo karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova e leng molemo kateng?
Ba Etellang Pele ha Baa Phethahala
8, 9. Batho ba bang ba mehleng ea Davida ba ile ba etsa joang, hona boitšoaro ba bona bo ile ba ama Davida joang?
8 Ho hlakile hore ba behiloeng hore ba etelle pele borapeling ba ’nete ha baa phethahala. Kaofela ba etsa liphoso, ’me ba bang ba na le mefokolo e phehellang eo ba sebetsang ka thata hore ba e laole. Na re lokela ho nyahamisoa ke see? Che. Esita le batho ba neng ba filoe boikarabelo bo boholo Iseraele ea boholo-holo ba ile ba etsa liphoso tse khōlō. Ka mohlala, ha Davida e sa ntse e le mohlankana, o ile a kōptjoa hore a binele Morena Saule ea neng a tšoenyehile e le hore a mo khobe matšoafo. Hamorao, Saule o ile a leka ho bolaea Davida, eo qetellong a ileng a lokela ho baleha hore a pholose bophelo ba hae.—1 Samuele 16:14-23; 18:10-12; 19:18; 20:32, 33; 22:1-5.
9 Baiseraele ba bang le bona ba ile ba etsa ka bolotsana. Ka mohlala, Joabe, molaoli oa sesole oa Davida o ile a bolaea Abnere, ea neng a amana le Saule. Absalome o ile a etsa ’momori khahlanong le ntat’ae, Davida, a batla borena. ’Me Akitofele, moeletsi ea tšeptjoang oa Davida o ile a mo tsoa tlaase. (2 Samuele 3:22-30; 15:1-17, 31; 16:15, 21) Leha ho le joalo, Davida ha aa ka a lulela ho ba ’melaeli ea tletseng lehloeo; ebile ha aa ka a furalla borapeli ba ’nete. Ha e le hantle, Davida o ile a etsa se fapaneng le seo ka ho feletseng. Tlokotsi e ile ea etsa hore Davida a khomarele Jehova ’me a lule a e-na le boikutlo bo botle boo a neng a e-na le bona ha a ne a baleha Saule. Nakong eo, Davida o ile a bina a re: “Mpontše mohau, Molimo, u mpontše mohau, etsoe moea oa ka o tšabetse ho uena; ke tšabela moriting oa mapheo a hao ho fihlela litsietsi li feta.”—Pesaleme ea 57:1.
10, 11. Mokreste ea bitsoang Gertrud o ile a thulana le eng ha a sa le mocha, hona o ile a re’ng ka liphoso tsa balumeli-’moho le eena?
10 Kajeno ha re na lebaka la ho belaela ka hore ho na le bolotsana bo itseng ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo. Ebile Jehova le mangeloi a hae hammoho le balisa ba moea ha ba lumelle hore ho be le batho ba bolotsana le ba khopo ka phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re tobana le ho se phethahale ha rōna le ha bahlanka ba bang ba Molimo.
11 Ha morapeli e mong oa Jehova oa nako e telele ea bitsoang Gertrud e sa le moroetsana, o kile a etselletsoa ka hore ke molotsana ebile hase ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng. O ile a re’ng ka seo? Na Gertrud o ile a korotla ka tšoaro e joalo? Che. Pejana ho lefu la hae ka 2003 a le lilemo li 91, o ile a nahanisisa ka bophelo ba hae eaba o hlalosa tjena: “Bophelong ba ka liphihlelo tsena li nthutile hore ho sa tsotellehe liphoso tseo batho ba li etsang, Jehova o tsamaisa mosebetsi oa hae oa bohlokoa, oo ho oona a sebelisang rōna batho ba sa phethahalang.” Ha Gertrud a ne a lokela ho sebetsana le liphoso tsa bahlanka ba bang ba Molimo, o ne a rapela Jehova ho tloha botebong ba pelo.
12. (a) Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba beha mohlala ofe o mobe? (b) Re lokela ho tsepamisa mehopolo ea rōna ho eng?
12 Kaha esita le Bakreste ba tšepahalang ka ho fetisisa le ba inehetseng ha baa phethahala, ha mohlanka ea khethiloeng a etsa phoso, a re tsoeleng pele re etsa “lintho tsohle [re] sa korotle.” (Bafilipi 2:14) E ne e tla ba bomalimabe bo bokaakang haeba re ne re ka latela mohlala o mobe oa batho ba seng bakae ba phutheho ea Bokreste ea lekholong la pele la lilemo! Ho ea ka morutuoa Juda, mesuoe ea bohata ea mehleng eo e ne e “hlokomoloha borena ’me [e] nyefola ba khanyang.” Ho feta moo, bafosi bao e ne e le “bakorotli, ba belaelang ka tse ba hlahelang bophelong.” (Juda 8, 16) E se eka re ka hana tsela ea babelaeli ba korotlang ’me ra tsepamisa mehopolo ea rōna linthong tse molemo tseo re li fumanang ka “lekhoba le tšepahalang.” A re ananeleng molemo oa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ’me re ‘’ne re etse lintho tsohle re sa korotle.’
“Puo Ena ea Tšosa”
13. Ba bang ba ile ba etsa joang ha ba utloa lithuto tse itseng tsa Jesu Kreste?
13 Le hoja ba bang lekholong la pele la lilemo ba ne ba korotlela bahlanka ba behiloeng, ba bang bona ba ne ba korotlela lithuto tsa Jesu. Joalokaha ho tlalehiloe ho Johanne 6:48-69, Jesu o ile a re: “Ea jang nama ea ka le ho noa mali a ka o na le bophelo bo sa feleng.” Ha ba utloa mantsoe ana, “ba bangata ho barutuoa ba hae . . . ba re: ‘Puo ena ea tšosa; ke mang ea ka e mamelang?’” Jesu o ne a hlokomela hore “barutuoa ba hae ba ne ba korotla ka sena.” Ho feta moo, “ka lebaka la sena ba bangata ho barutuoa ba hae ba tloha ho ea linthong tse ka morao ’me ba ne ba se ba sa tsamaee le eena.” Empa hase barutuoa bohle ba ileng ba korotla. Hlokomela se ileng sa etsahala ha Jesu a botsa baapostola ba 12: “Le lōna ha le batle ho tsamaea, na ha ho joalo?” Moapostola Petrose o ile a araba a re: “Morena, re tla tloha re ee ho mang? Ke uena ea nang le lipolelo tsa bophelo bo sa feleng; ’me re lumetse ’me rea tseba hore u Mohalaleli oa Molimo.”
14, 15. (a) Ke hobane’ng ha ba ’maloa ba sa khotsofalle ntlha e itseng ea lithuto tsa Bokreste? (b) Re ka ithuta’ng ka se etsahaletseng monna ea bitsoang Emanuel?
14 Mehleng ea kajeno, batho ba fokolang ka palo har’a batho ba Molimo ha baa khotsofalla ntlha e itseng ea thuto ea Bokreste ’me ba korotletse karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ke hobane’ng ha see se etsahala? Hangata ho korotla ho joalo ho bakoa ke ho se utloisise tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona. Mōpi o senolela batho ba hae ’nete mohato ka mohato. Kahoo, ka linako tse ling kutloisiso ea rōna ea Mangolo e lokela ho ntlafatsoa. Boholo ba batho ba Jehova bo thabela lintlafatso tse joalo. Ba ’maloa ba iketsa ‘ba lokileng ho feta tekanyo’ ’me ba khopisoa ke liphetoho tse joalo. (Moeklesia 7:16) E ka ’na eaba ba etsa sena ka lebaka la boikhohomoso, ’me ba bang ba oela lerabeng la ho ba le monahano o itaolang. Ho sa tsotellehe hore na lebaka la rōna ke lefe, ho korotla ho joalo ho kotsi, kaha ho ka re khutlisetsa lefatšeng le mekhoeng ea lona.
15 Ka mohlala, Emanuel e ne e le Paki e tšoaeang liphoso linthong tse ling tseo a neng a li bala likhatisong tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45) O ile a khaotsa ho bala lingoliloeng tsa rōna tsa Bokreste ’me qetellong a bolella baholo ba phutheho ea habo hore ha a sa batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e khutšoanyane Emanuel o ile a hlokomela hore ruri lithuto tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova li ne li nepahetse. O ile a ikopanya le Lipaki, a lumela phoso ea hae, eaba o khutlisetsoa ka phuthehong e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. Ka lebaka leo, o ile a boela a thaba.
16. Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra belaela ka lithuto tse itseng tsa Bokreste?
16 Ho thoe’ng haeba re kena molekong oa ho korotla ka lebaka la ho belaella lithuto tse itseng tsa batho ba Jehova? Joale a re se keng ra fela pelo. Mohlomong “lekhoba le tšepahalang” le tla qetella le hatisitse taba e arabang lipotso tsa rōna ’me e tlose lipelaelo tseo re nang le tsona. Bohlale ke hore re batle thuso ho baholo ba Bakreste. (Juda 22, 23) Thapelo, thuto ea botho le ho tloaelana le balumeli-’moho le rōna ba ratang lintho tsa moea ho ka re thusa ho tlosa lipelaelo ’me ho ka tebisa kananelo eo re nang le eona ka linnete tse matlafatsang tumelo tseo re ithutileng tsona ka mocha oo Jehova a buang le rōna ka oona.
Lula U E-na le Boikutlo bo Nepahetseng
17, 18. Ho e-na le ho korotla, re lokela ho ba le boikutlo bofe, hona hobane’ng?
17 Bonneteng, ka tlhaho batho ba sa phethahalang ba tloaetse ho etsa sebe, ’me ba bang ba ka ’na ba ba le tloaelo ea ho belaela ho sa hlokahale. (Genese 8:21; Baroma 5:12) Empa haeba re itloaetsa ho korotla, re tla be re beha kamano ea rōna le Jehova Molimo kotsing. Kahoo, re lokela ho laola takatso leha e le efe e ka bang teng ea ho korotla.
18 Ho e-na le ho korotla ka lintho tse itseng ka phuthehong, re lokela ho lula re e-na le boikutlo bo nepahetseng ’me re latele mokhoa o tsitsitseng oa ho etsa lintho o re bolokang re tšoarehile, re thabile, re hlompha, re leka-lekane ebile re phetse hantle tumelong. (1 Bakorinthe 15:58; Tite 2:1-5) Jehova ke eena ea laolang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka hare ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, ’me Jesu o hlokomela se etsahalang phuthehong ka ’ngoe, feela joalokaha ho ne ho le joalo lekholong la pele la lilemo. (Tšenolo 1:10, 11) U se ke ua fela pelo, empa u letele Molimo le Kreste, e leng Hlooho ea phutheho. Balebeli ba ikarabellang ba ka ’na ba sebelisoa hore ba lokise litaba tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore li lokisoe.—Pesaleme ea 43:5; Bakolose 1:18; Tite 1:5.
19. Ho fihlela ’Muso o laola ka botlalo litaba tsa moloko oa batho, re lokela ho tsepamisa maikutlo a rōna ho eng?
19 Haufinyane tsamaiso ena e khopo ea lintho e tla fela, ’me ’Muso oa Bomesia o tla laola ka botlalo litaba tsa moloko oa batho. Ho fihlela seo se etsahala, ho bohlokoa hore kaofela ha rōna re lule re e-na le boikutlo bo nepahetseng! Sena se tla re thusa ho lemoha makhabane a balumeli-’moho le rōna, ho e-na le ho tsepamisa maikutlo liphosong tsa bona. Re tla thaba ha re tsepamisa maikutlo litšobotsing tsa bona tse ntle. Ho e-na le ho nyotobetsoa maikutlo ke ho korotla, re tla khothatsoa re be re hahuoe moeeng.
20. Ho ba le boikutlo bo nepahetseng ho tla re thusa ho thabela litlhohonolofatso life?
20 Ho ba le boikutlo bo nepahetseng ho tla boela ho re thusa ho hopola litlhohonolofatso tse ngata tseo re li thabelang ka lebaka la ho kopanela le karolo e lefatšeng ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Ona ke oona mokhatlo feela o hlophisitsoeng lefatšeng o tšepahalang ho ’Musi oa bokahohleng. U ikutloa joang ka taba eo le ka tokelo eo u nang le eona ea ho kopanela borapeling ba Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova? E se eka u ka ba le boikutlo bo tšoanang le ba Davida, ea ileng a bina a re: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena. Ho thaba eo u mo khethang le ho etsa hore a atamele, e le hore a ka lula mabaleng a hao. Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao.”—Pesaleme ea 65:2, 4.
Na U sa Hopola?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ananela ba eteletseng pele ka phuthehong?
• Re lokela ho itšoara joang ha barab’abo rōna ba ikarabellang ba etsa liphoso?
• Re lokela ho ikutloa joang ha ho etsoa lintlafatso mokhoeng oo re utloisisang Mangolo ka oona?
• Ke’ng se ka thusang Mokreste hore a hlōle lipelaelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Davida o ile a fa Solomone lipolane tsa ho haha tempele ’me a tšehetsa borapeli ba ’nete ka pelo eohle
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Baholo ba Bakreste ba thabela ho fana ka thuso ea moea