Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 9/1 maq. 8-12
  • Ke Ile ka Rua Molemo ka Lebaka la Botšepehi ba Baratuoa ba Ka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Ile ka Rua Molemo ka Lebaka la Botšepehi ba Baratuoa ba Ka
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Bang Bao re Amanang le Bona
  • Kopano e Khethehileng ho Rōna
  • Liketsahalo Tse Ileng Tsa Ntšusumetsa Bophelong
  • Lenyalo le Mosebetsi oa ho Tsamaea
  • Liphetoho Lapeng
  • Ho Oka John
  • Mathata a Macha
  • Ho Khatholloa
  • Batsoali ba Rōna ba re Rutile ho Rata Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lefa la Bokreste le sa Tloaelehang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Hahamalla Pakane eo ke Ipehetseng Eona ha ke ne ke le Lilemo li Yšeletseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Hlohonolofatsoa ka Lefa le Khethehileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 9/1 maq. 8-12

Pale ea Bophelo

Ke Ile ka Rua Molemo ka Lebaka la Botšepehi ba Baratuoa ba Ka

JOALOKAHA HO BOLETSE KATHLEEN COOKE

HA NKHONO Mary Ellen Thompson a ne a etetse beng ka eena ba lulang Glasgow, Scotland, ka 1911, o ile a ea puong e neng e fanoa ke Charles Taze Russell, eo e neng e le setho se hlaheletseng sa Liithuti Tsa Bibele, tseo hamorao li ileng tsa tsejoa e le Lipaki Tsa Jehova. Nkhono o ile a hlolloa haholo ke seo a ileng a se utloa moo. Ha a khutlela Afrika Boroa, o ile a iteanya le Liithuti Tsa Bibele tsa moo. Ka April 1914, e ne e le e mong oa batho ba 16 ba ileng ba kolobetsoa kopanong ea pele ea Liithuti Tsa Bibele e neng e tšoaretsoe Afrika Boroa. Morali’a Nkhono, e leng Edith, eo hamorao e ileng ea e-ba ’Mè, o ne a le lilemo li tšeletseng ka nako eo.

Ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Russell ka 1916, ho ile ha e-ba le ho se utloane har’a Liithuti Tsa Bibele lefatšeng ka bophara. Durban teng, palo ea ba tšepahalang e ile ea fokotseha ho tloha ho ba 60 ho ea ho ba ka bang 12. Nkhono Ingeborg Myrdal, e leng ’mè oa Ntate, le mor’a hae Henry, eo e neng e le mocha ea qetang ho kolobetsoa, ba ile ba tšehetsa sehlopha sa ba tšepahalang. Ka 1924, Henry e ile ea e-ba morekisi oa libuka tsa bolumeli, e leng kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki Tsa Jehova ba neng ba bitsoa kateng nakong eo. Ka lilemo tse latelang tse hlano, o ile a bolela litaba tse molemo likarolong tse ngata tsa Afrika e ka boroa. Ka 1930, Henry le Edith ba ile ba nyalana, ’me ke ile ka hlaha lilemo tse tharo hamorao.

Ba Bang Bao re Amanang le Bona

Re ile ra lula Mozambique ka nakoana, empa ka 1939 re ile ra fallela Johannesburg ha Nkhono le Ntate-moholo Thompson. Ntate-moholo o ne a sa rate ’nete ea Bibele ’me ka linako tse ling o ne a hanyetsa Nkhono, empa leha ho le joalo, o ne a rata baeti haholo. Ngoan’eso, e leng Thelma, o ile a hlaha ka 1940, ’me ’na le eena re ile ra ithuta ho hlokomela litlhoko tsa batho ba hōlileng. Hangata, nakong ea lijo tsa mantsiboea re ne re qoqa nako e telele ka liketsahalo tsa letsatsi kapa re ikhopotsa liketsahalo tsa nako e fetileng.

Lelapa leso le ne le thabela ho amohela Lipaki tse etileng, haholo tse leng tšebeletsong ea nako e tletseng. Le tsona li ne li qoqa le rōna nakong ea lijo tsa mantsiboea ka liketsahalo tsa letsatsi, ’me lintho tseo li neng li bua ka tsona li ile tsa eketsa kananelo ea rōna ka lefa la moea leo re neng re e-na le lona. Sena se ile sa matlafatsa takatso eo ’na le Thelma re neng re e-na le eona ea hore le rōna re be bo-pula-maliboho.

Ho tloha re sa le banyenyane haholo, re ile ra rutoa hore re thabele ho bala. ’Mè, Ntate le Nkhono kaofela ba ne ba re balla libuka tse buang ka lipale tse monate kapa ba re balla Bibele ka ho toba. Liboka tsa Bokreste le tšebeletso e ne e le lintho tsa bohlokoa haholo bophelong ba rōna. Ntate e ne e le mohlanka oa phutheho (eo hona joale a bitsoang molebeli ea okamelang) Phuthehong ea Johannesburg, kahoo kaofela ha rōna re ne re lokela ho fihla ka nako libokeng. Ha re ne re e-na le kopano, Ntate o ne a phathahana ka mosebetsi oa ho e tsamaisa, ha ’Mè eena a ne a thusa baeti ka litaba tsa marobalo.

Kopano e Khethehileng ho Rōna

Kopano e neng e tšoaretsoe Johannesburg ka 1948 e ne e khethehile. Ka lekhetlo la pele, litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York, li ne li le teng. Ntate o ile a abeloa hore a tsamaise Nathan Knorr le Milton Henschel ka koloi ea hae nakong eo ba neng ba le mona ka eona. Ke ile ka kolobetsoa kopanong eo.

Nakoana ka mor’a moo, se ileng sa makatsa Ntate ke hore ntate oa hae o ile a mo bolella hore o ikoahlaea haholo ka hore ebe ka mor’a lefu la Mor’abo rōna Russell, o ne a ile a itumella ho susumetsoa ke batho ba neng ba tlohetse Liithuti Tsa Bibele. O ile a hlokahala likhoeli tse seng kae hamorao. Ka lehlakoreng le leng, Nkhono Myrdal eena o ile a lula a tšepahala ho fihlela a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1955.

Liketsahalo Tse Ileng Tsa Ntšusumetsa Bophelong

Ke qalile ho sebeletsa ke le pula-maliboho oa kamehla ka la 1 February, 1949. Kapele re ile ra qalella ho thaba ha re utloa tsebiso ea hore ho ne ho tla tšoaroa kopano ea machaba New York City selemong se latelang. Re ne re labalabela ho ea kopanong eo, empa re ne re se na chelete. Joale, ka February 1950, Ntate-moholo Thompson o ile a hlokahala, eaba Nkhono o sebelisa chelete eo a e fumaneng e le lefa hore a re lefelle leeto leo re le bahlano.

Libeke tse ’maloa pele re tsamaea, ke ile ka fumana lengolo le tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e Brooklyn, New York. E ne e le lengolo le ’memelang ho ea sehlopheng sa bo16 sa sekolo sa boromuoa sa Gileade. Ke ile ka thaba haholo, etsoe ke ne ke e-s’o ka ke e-ba le lilemo tse 17! Ha sehlopha seo se qala, ke ne ke le har’a liithuti tse leshome tse neng li e-tsoa Afrika Boroa, ke thabetse tokelo eo e khōlō.

Ka mor’a ho fumana mangolo ka February 1951, ba robeli ho rōna re ile ra khutlela Afrika Boroa ho tla sebeletsa re le baromuoa teng. Lilemo tse seng kae tse latelang, ’na le mphato oa ka re ne re bolela litaba tse molemo haholo-holo metseng e menyenyane moo ho neng ho buuoa Seafrikanse. Qalong, ke ne ke sa tsebe ho bua puo eo phollatsi, ’me ke hopola ka letsatsi le leng ke palame baesekele ke leba hae ke belaela ka hore ha ke atlehe tšebeletsong. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ke ile ka ntlafatsa ’me Jehova a hlohonolofatsa boiteko ba ka.

Lenyalo le Mosebetsi oa ho Tsamaea

Ka 1955, ke ile ka tsebana le John Cooke. O ne a ile a thusa hore ho qalisoe mosebetsi oa boboleli Fora, Portugal le Spain pele ho Ntoa ea II ea Lefatše le ka mor’a eona ’me selemong seo ke neng ke kopana le eena ka sona e ne e le moromuoa Afrika. Ka mor’a moo o ile a ’ngolla a re: “Ka beke e le ’ngoe feela ke makalitsoe ke lintho tse tharo . . . Mor’abo rōna ea seatla se bulehileng o ile a mpha koloi e nyenyane; ke ile ka khethoa hore ke be mohlanka oa setereke; ’me ke ile ka khahloa ke moroetsana.”a Re ile ra nyalana ka December 1957.

Pele re nyalana, John o ne a ile a ntiisetsa hore ha ke se ke phela le eena, re tla lula re thabile kamehla, ’me o ne a nepile. Re ne re etela liphutheho Afrika Boroa eohle, haholo-holo libakeng tsa batho ba batšo. Beke le beke, re ne re thulana le bothata ba ho fumana tumello ea hore feela re kene libakeng tseo, re sa re letho ka ho robaletsa teng. Ka lekhetlo le leng, re kile ra robala fatše ka lebenkeleng le se nang letho le neng le le haufi le moo ho lulang batho ba basoeu, re leka hore re se ke ra bonoa ke batho ba fetang ka tsela. Ka tloaelo re ne re tlameha ho lula lelapeng le haufi la Lipaki tsa ba basoeu, bao hangata ba neng ba lula sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse ngata.

Hape re ne re thulana le bothata ba ho tšoarela likopano hlatheng feela. Re ne re bontša lifilimi tse entsoeng ke Lipaki Tsa Jehova tse neng li thusa batho hore ba ananele mokhatlo oa rōna oa lefatše lohle oa bara ba motho. Re ne re tsamaea ka jenereithara ea rōna, kaha hangata ho ne ho se na motlakase libakeng tseo. Hape re ne re lokela ho sebetsana le mathata linaheng tse neng li sirelelitsoe ke Brithani moo lingoliloeng tsa rōna li neng li thibetsoe ’me bothata bo bong boo re neng re e-na le bona e ne e le ba ho ithuta puo ea Sezulu. Leha ho le joalo, re ile ra thabela ho sebeletsa barab’abo rōna.

Ka August 1961, John e ile ea e-ba eena morupeli oa pele oa thupelo ea libeke tse ’nè ea Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso Afrika Boroa, se neng se reretsoe ho thusa balebeli ba liphutheho. O ne a ipabola tsebong ea ho ruta ’me a finyella lipelo ka tsela e bonolo eo a neng a beha mabaka ka eona le tsela e hlakileng eo a neng a etsa lipapiso ka eona. Ka nako e batlang e etsa selemo le halofo, re ile ra tsamaea ho tloha sebakeng se seng re leba ho se seng thupelong ea sehlopha ka seng se buang Senyesemane. Ha John a ne a ruta, ’na ke ne ke e-ea tšebeletsong ea tšimo le Lipaki tsa sebakeng seo. Joale re ile ra makala ha re fumana lengolo le re memelang hore ho tloha ka la 1 July, 1964 re il’o sebetsa ofising ea lekala ea Afrika Boroa e neng e le haufi le motse oa Johannesburg.

Leha ho le joalo, nakong ena bophelo ba John bo ne bo se bo qalile ho re qaka. Ka 1948, o ile a tšoaroa ke lefuba ’me ka mor’a moo o ne a atisa ho ikutloa a felloa ke matla ’meleng. O ne a e-ba le matšoao a tšoanang le a ntaramane ’me a kula ka matsatsi a mangata—nakong eo, o ne a sa khone ho etsa letho ebile a sa bone le batho. Ngaka eo re neng re ile ra e bona pejana re bitsetsoa ofising ea lekala e ne e ile ea bolela hore boloetse bo tšoereng John e ne e le ba ho tepella maikutlo.

Ho ne ho ke ke ha khoneha hore joalokaha ngaka e ile ea bolela, re fokotse matla ao re sebetsang ka ’ona tšebeletsong ea rōna. Ha re le ofising ea lekala, John o ile a abeloa ho sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me ’na ka abeloa mosebetsi oa ho lokisa liphoso linthong tse ngotsoeng. Ka sebele e ile ea e-ba tlhohonolofatso e kaakang hore re be le kamore ea rōna! Pele re nyalana, John o ne a sebelelitse tšimong ea Sepotoketsi, kahoo ka 1967 re ile ra kōptjoa ho ea thusa lelapa la Lipaki la Mapotoketsi mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo sechabeng se seholo sa Mapotoketsi tikolohong ea Johannesburg. Seo se ile sa bolela hore ke itloaetse ho bua puo e ’ngoe hape.

Kaha sechaba sa Mapotoketsi se ne se qalikane tikolohong e khōlō, re ne re tsamaea haholo—ka linako tse ling re tsamaea lik’hilomithara tse 300 hore re fihle ho ba tšoanelehang. Nakong ena, Lipaki tse buang Sepotoketsi tse tsoang Mozambique li ile tsa qala ho etela likopanong tsa rōna, e leng ntho e neng e thusa ba bacha haholo. Ka lilemo tse 11 tseo re ileng ra li qeta tšimong ea Sepotoketsi, re ile ra bona ha sehlopha sa rōna se senyenyane sa ba ka bang 30 se eketseha hore e be liphutheho tse ’nè.

Liphetoho Lapeng

Khabareng, ho ne ho bile le liphetoho tse etsahetseng heso. Ka 1960 ngoan’eso, Thelma, o ile a nyaloa ke John Urban, eo e neng e le pula-maliboho United States. Ka 1965 ba ile ba ea sehlopheng sa bo40 sa Gileade ’me ba sebeletsa ka botšepehi e le baromuoa Brazil ka lilemo tse 25. Ka 1990 ba ile ba khutlela Ohio ho ea hlokomela batsoali ba John ba kulang. Ho sa tsotellehe khatello e bakoang ke ho hlokomela batsoali ba kulang, ba ntse ba tsoela pele ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ho fihlela lena le holimo.

Nkhono Mary Ellen o ile a phetha tšebeletso ea hae ea lefatšeng ka 1965, a ntse a tšepahetse ho Molimo a le lilemo li 98. Ntate o ile a tlohela mosebetsi oa boipheliso ka selemo sona seo. Kahoo ha ’na le John re kōptjoa hore re thuse tšimong ea Sepotoketsi, ’Mè le Ntate ba ile ba ithaopela ho sebetsa le rōna. Tšusumetso ea bona e ile ea matlafatsa sehlopha seo, ’me ka mor’a likhoeli tse ’maloa, ho ile ha thehoa phutheho. Nakoana ka mor’a moo, ’Mè o ile a qala ho kulisoa ke kankere, e ileng ea nka bophelo ba hae ka 1971. Lilemo tse supileng hamorao, Ntate o ile a hlokahala.

Ho Oka John

Lilemong tsa bo-1970, ho ile ha hlaka hore bophelo ba John bo ne bo sa ntlafale. Butle-butle, o ile a lokela ho tlohela tse ling tsa litokelo tsa hae tsa tšebeletso tseo a neng a li rata haholo, tse akarelletsang ho khanna Thuto ea beke le beke ea lelapa ea Molula-Qhooa lekaleng la rōna le ho tsamaisa lipuisano tsa Bibele tsa hoseng. O ile a tloha kabelong ea ho sebetsa Lefapheng la Tšebeletso ’me a isoa Lefapheng la Thomello ’me a qetella a sebetsa lirapeng.

Cheseho eo John a neng a e-na le eona e ne e mo thatafaletsa hore a etse liphetoho. Ha ke ne ke leka ho mo phehella hore a ke a fokotse sekhahla seo a sebetsang ka sona, ka ho soasoa o ne a re ke mo sitisa joaloka bolo ea tšepe le ketane tse neng li faseletsoa leqaqailaneng la motšoaruoa—hangata ka mor’a moo o ne a nkopa ka lerato. Qetellong re ile ra utloa ho hlokahala hore re tlohe tšimong ea Sepotoketsi ’me re sebeletse phuthehong e neng e kopanela Holong ea ’Muso e lekaleng.

Ha bophelo ba John bo ntse bo mpefala, ho ne ho ama maikutlo ho bona kamano e haufi eo a neng a e-na le eona le Jehova. Ha John a ne a tsoha har’a mpa ea bosiu a tepeletse maikutlo habohloko, re ne re qoqa ho fihlela a kokobetse maikutlo hoo a neng a ka rapela hore Jehova a mo thuse. Qetellong, o ile a khona ho sebetsana le linako tseo tse mpe ka ho iqobella hore a phete butle mantsoe a ho Bafilipi 4:6, 7 a reng: “Le se ke la tšoenyeha ka letho . . . ” Ka mor’a moo o ne a khoba matšoafo hoo a neng a khona ho qalella ho rapela. Hangata ke ne ke tsoha ebe ke mo shebella ke khutsitse ha a ntse a bebenya melomo a phehella Jehova ka tieo kōpong ea hae e tiileng.

Kaha mehaho ea lekala la rōna e ne e se e le menyenyane haholo, ho ile ha qaloa kaho ea lekala le lecha le leholo ka ntle ho Johannesburg. ’Na le John re ne re atisa ho etela sebakeng sena se khutsitseng, se thōko le lerata le tšilafalo ea metseng e meholo. John o ile a thuseha haholo ha re ne re lumelloa hore re fallele bolulong ba nakoana sebakeng seo ho fihlela lekala le lecha le phethiloe.

Mathata a Macha

Ha John a ntse a fokolloa haholoanyane ke matla a ho nahana le ho beha mabaka, ho ile ha e-ba boima le ho feta hore a phethe likabelo tsa mosebetsi oa hae. Ke ne ke angoa ka ho teba ke tsela eo ba bang ba neng ba thusa John ka eona boitekong ba hae. Ka mohlala, ha mora e mong oabo rōna a ne a etela laebraring ea sechaba ho ea etsa lipatlisiso, o ne a tsamaea le John. John o ne a tlatsa lipokotho tsa hae ka lipampitšana le limakasine bakeng sa leeto leo la ho ea ka ntle letsatsing leo. Sena se ne se thusa John hore a utloe ho na le seo a se finyeletseng ebile e le oa bohlokoa.

Qetellong, John o ne a se a sa khone ho bala ka lebaka la boloetse ba ho lahleheloa ke kelello bo bitsoang Alzheimer’s. Re ne re thabela lik’hasete tsa lingoliloeng tsa Bibele le tsa lipina tsa ’Muso haholo. Re ne re li mamela ka makhetlo-khetlo. Hangata John o ne a teneha ha ke ne ke sa lule fatše ’me ke li mamela le eena, kahoo ke ne ke lula ke tšoarehile ka ho loha le ho roka nakong eo ea lihora tse ngata. Seo se ile sa etsa hore re be le lijesi le likobo!

Ka mor’a nako, boemo ba John bo ile ba hloka hore ke mo hlokomele haholoanyane. Esita le hoja hangata ke ne ke khathala haholo hore nka bala kapa ka ithuta, e bile tokelo ho ’na hore ke mo hlokomele ho fihlela qetellong. Qetello eo e ile ea e-ba ka 1998 ha John a ne a hlokahalla matsohong a ka ka khutso, hang ka mor’a hore a be le lilemo tse 85—a tšepahetse ka tieo ho fihlela qetellong. Ke lebeletse ka thabo e kaakang ho mo bona tsohong, a boetse a phetse hantle ’meleng le kelellong!

Ho Khatholloa

Ka mor’a lefu la John, ho ne ho se bonolo ho ’na hore ke ithute ho phela ke le mong. Kahoo, ka May 1999, ke ile ka etela ngoan’eso Thelma le monna oa hae, United States. Ke ile ka thaba haholo ’me ka khatholoha ha ke kopana le metsoalle e mengata e tšepahalang, e ratehang, haholo-holo ha re ne re etetse ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York! Ruri e ne e le khothatso eo ke neng ke e hloka moeeng.

Ha ke nahana ka bophelo ba baratuoa ba ka ba tšepahalang, ke hopola lintho tse ngata haholo tseo ke ruileng molemo ka tsona. Ka thupelo ea bona, mohlala oa bona le thuso ea bona, ke ile ka ithuta hore ke rate batho ba lichaba le ba merabe e meng. Ke ile ka ithuta ho se fele pelo, mamello le ho feto-fetoha le maemo. Ka holim’a tsohle, ke ile ka utloa mosa oa Jehova, Ea Utloang thapelo. Le ’na ke ikutloa joaloka mopesaleme ea ileng a ngola a re: “Ho thaba eo u mo khethang le ho etsa hore a atamele, e le hore a ka lula mabaleng a hao. Ka sebele re tla khotsofalla molemo oa ntlo ea hao.”—Pesaleme ea 65:4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 1, 1959, leqepheng la 468-72.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Nkhono o na le barali ba hae

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Ke na le batsoali ba ka ha ke ne ke kolobetsoa ka 1948

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke na le Albert Schroeder, mongolisi oa Sekolo sa Gileade le liithuti tse ling tse robong tsa Afrika Boroa

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Ke na le John ka 1984

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela