Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/1 leq. 3
  • Ho Atleha le ho Hlōleha ha Keletso ea “Litsebi”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Atleha le ho Hlōleha ha Keletso ea “Litsebi”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Hōlisa Bana ka Keletso e Tsoang Libukeng
  • Batla Keletso e Molemo
    Tsoha!—2007
  • Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Hōlisa Bana
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Batsoali ba Tlas’a Khatello
    Tsoha!—1997
  • Mathata a ho ba ’Mè
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/1 leq. 3

Ho Atleha le ho Hlōleha ha Keletso ea “Litsebi”

HA U ka thaepa mantsoe “botsoali” le “keletso” ho se seng sa libaka tseo ho batloang boitsebiso ho tsona Inthaneteng, kapele feela ho tla hlaha litšupiso tse fetang limilione tse 26. Haeba u ne u ka qeta motsotso o le mong feela u sheba ebile u bala boitsebiso bo bong le bo bong bo buang ka taba ena, ngoana oa hao o ne a tla hōla ho be ho fete lilemo tse ngata u ntse u e-s’o qete ho bala boitsebiso boo kaofela.

Pele ho e-ba le lingaka tsa bana, litsebi tsa kelello ea bana le Inthanete, batsoali ba ne ba batla keletso hokae? Ka kakaretso, ba ne ba e batla ho beng ka bona. Bo-’mè, bo-ntate, bo-’mangoane kapa bo-rakhali, bo-malome kapa bo-rangoane ba ne ba lula ba le malala-a-laotsoe ebile ba khona ho fana ka keletso, thuso ea lichelete le ho hlokomela bana. Empa linaheng tse ngata, ho falla ha batho ba bangata ba tlohang mahaeng ba ea litoropong ho batla ho khaotse ka ho feletseng maqhama ao a matla a lelapa. Hangata kajeno, bo-’mè le bo-ntate ba tlameha ho jara mosebetsi o thata oa ho hōlisa bana ba le bang.

Ha ho pelaelo hore lena ke le leng la mabaka a entseng hore indasteri ea kajeno ea ho hlokomela bana e hōle ka potlako hakana. Lebaka le leng ke tumelo e atileng ea hore keletso e molemo e ka fumanoa saenseng. Ho elella bofelong ba lilemo tsa bo-1800, Maamerika a ne a se a ntse a lumela hore saense e ka ntlafatsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba batho. Na e ne e ka hlōleha tabeng ea ho hōlisa bana? Kahoo ha Lekhotla la Sechaba la Amerika la Bo-’mè le ne le tletleba phatlalatsa ka taba ea “ho hloka tsebo ha batsoali” ka 1899, kapele-pele ‘litsebi tse ngata tsa saense’ li ile tsa itlhahisa hore li fane ka thuso. Li ile tsa tšepisa hore li tla thusa bo-’mè le bo-ntate ba ntseng ba leka ka matla ho hōlisa bana ba bona.

Ho Hōlisa Bana ka Keletso e Tsoang Libukeng

Empa litsebi tsee li finyeletse eng? Na batsoali ba kajeno ha ba sa tšoenyehile ebile ba se ba hlomeletsoe hamolemo ho hōlisa bana ba bona ho feta batsoali ba nakong e fetileng? Ha ho joalo ho latela phuputso e ’ngoe e sa tsoa etsoa Brithani. E bontšitse hore batsoali ba etsang hoo e ka bang karolo ea 35 lekholong ba nang le bana ba banyenyane ba ntse ba batla keletso eo ba ka e tšepang. Ba bang ba nahana hore ntho feela eo ba ka e etsang ke ho etsa seo maikutlo a bona a tlhaho a reng ba se etse.

Ann Hulbert, bukeng ea hae e bitsoang Raising America: Experts, Parents, and a Century of Advice About Children, o ithuta histori ea lingoliloeng tsa litsebi tse buang ka ho hōlisa bana. Hulbert, ea nang le bana ba babeli, o bolela hore lintho tse seng kae tse fumanoeng ke litsebi li ne li theiloe boitsebisong ba saense bo nang le motheo o tiileng. Ha e le hantle, ho bonahala keletso ea tsona e susumelitsoe haholo ke lintho tse ba etsahaletseng bophelong ho e-na le ho susumetsoa ke boitsebiso leha e le bofe bo se nang leeme. Ha re nahana ka se etsahetseng nakong e fetileng, ho bonahala boitsebiso bo bongata boo litsebi tsena li bo ngotseng bo ne bo se na molemo oa sebele, bo ikhanyetsa ’me ka linako tse ling e le bo makatsang haholo.

Kahoo batsoali ba boemong bofe kajeno? Bonneteng, ba bangata ba ferekane, hobane ba tobane le keletso e ngata, maikutlo le liphehisano tse ngata ho feta leha e le neng pele. Leha ho le joalo, hase batsoali kaofela ba nahanang hore ha ba na keletso e ka ba tataisang. Batsoali lefatšeng ka bophara ba rua molemo mohloling oa boholo-holo oa bohlale o ntseng o fana ka keletso e ka tšeptjoang, joalokaha sehlooho se latelang se tla bontša.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela