Mohato oa 1
Batla Keletso e Molemo
Ke hobane’ng ha u lokela ho nka mohato oo? Ha batsoali ba sika lesea le sa tsoa hlaha ka lekhetlo la pele, ba ka ’na ba apareloa ke maikutlo a loantšanang. Brett, ntate ea lulang Brithani, o re: “Ke ne ke thabile haholo ke bile ke hloletsoe. Empa hape ke ile ka utloa e le boikarabelo bo boima ’me ke e-s’o lokele mosebetsi oo oa ho ba ntate.” Monica, ’mè e mong ea lulang Argentina, o re: “Ke ile ka tšoenyeha hore na ebe ke tla khona ho hlokomela litlhoko tsa moralinyana oa ka. Ke ile ka ipotsa, ‘Na ke tla khona ho mo koetlisa hore ha a hōla e be motho ea nang le boikarabelo?’”
Na u utloisisa thabo eo batsoali bao ba bileng le eona hammoho le matšoenyeho a bona? Ka sebele ho hōlisa ngoana ke o mong oa mesebetsi e thata ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang, empa oa khotsofatsa, hape ke mosebetsi o ferekanyang maikutlo empa oa thabisa. Joalokaha ntate e mong a boletse, “u na le monyetla o le mong feela oa ho hōlisa ngoana.” Ka lebaka la ho tseba hore na batsoali ba na le tšusumetso e khōlō hakae bophelong bo botle le thabong ea bana ba bona, u ka ’na ua ikutloa u hloka keletso e tšepahalang ea hore na u ka ba motsoali ea atlehileng joang.
Bothata: Ho bonahala motho e mong le e mong a e-na le keletso tabeng ea ho hōlisa bana. Nakong e fetileng, batsoali ba bacha ba ne ba tataisoa ke mohlala oa batsoali ba bona kapa lintho tseo ba neng ba li lumela litabeng tsa bolumeli. Empa linaheng tse ngata, malapa ha a sa tsitsitse ’me bolumeli bo feletsoe ke matla. Ka lebaka lena, batsoali ba bangata ba batla keletso ho litsebi tse fang batsoali likeletso. Likeletso tse ling tseo litsebi tsena li fanang ka tsona li thehiloe melao-motheong e utloahalang. Empa maemong a mang keletso ea litsebi tseo e ka ’na ea itoantša ka boeona ’me ka potlako e ka ’na ea nkoa e feletsoe ke nako.
Tharollo: Batla keletso ho Motho ea tsebang sohle ka ho hōlisa bana—e leng ’Mōpi oa batho, Jehova Molimo. (Liketso 17:26-28) Lentsoe la hae, Bibele, le na le keletso e tobileng le mehlala e sebetsang e ka u thusang hore u be motsoali ea atlehang. Oa tšepisa: “Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—Pesaleme ea 32:8.
Molimo o fa batsoali keletso efe e ka ba thusang hore ba hōlise bana ba thabileng?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 3]
“Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.”—Liproverbia 3:5