Jehova o Tla ‘Etsa Hore Toka e Etsoe’
“Na . . . Molimo a ke ke a etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare?”—LUKA 18:7.
1. Ke bo-mang ba u khothatsang, hona hobane’ng?
HAR’A Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, ho na le banna le basali ba Bakreste ba sebelelitseng Jehova ka botšepehi ka lilemo-lemo. Na u tseba ba bang ba bara le barali baa babo rōna ba ratehang? Mohlomong u nahana ka morali’abo rōna e mong ea hōlileng, ea kolobelitsoeng lilemong tse ngata tse fetileng eo e leng ka seoelo a lofang liboka Holong ea ’Muso. Kapa mohlomong u nahana ka mor’abo rōna e mong ea hōlileng eo ka botšepehi a tšehetsang tšebeletso ea tšimo ea beke le beke ’me e se e le ka lilemo tse mashome-shome a e tšehetsa. Ke ’nete hore boholo ba batho bana ba tšepahalang bo ne bo nahana hore hona joale e ne e tla ba ke khale Armagedone e fetile. Leha ho le joalo, taba ea hore lefatše lena le sa lokang le ntse le le teng ha ea thefula tšepo ea bona litšepisong tsa Jehova kapa boikemisetso ba bona ba ho ‘mamella ho isa bofelong.’ (Matheu 24:13) Ka sebele, phutheho eohle e khothatsoa ke tumelo e tebileng joalo eo bahlanka bao ba tšepahalang ba Jehova ba e bontšang.—Pesaleme ea 147:11.
2. Ke boemo bofe bo re utloisang bohloko?
2 Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka ’na ra bona boemo bo fapaneng le boo. Lipaki tse ling li khathile tema mosebetsing ona ka lilemo-lemo, empa ha nako e ntse e feta tsa fokolloa ke tumelo ho Jehova, eaba li khaotsa ho kopanela le phutheho ea Bokreste. Ho re utloisa bohloko hore ebe ba bang bao e kileng ea e-ba metsoalle ea rōna ba lahlile Jehova, ebile ho tsoa botebong ba pelo re lakatsa ho thusa ‘nku e ’ngoe le e ’ngoe e lahlehileng’ hore e khutlele mohlapeng. (Pesaleme ea 119:176; Baroma 15:1) Leha ho le joalo, motho o ipotsa lipotso tse itseng ha batho ba bang ba lula ba e-na le tumelo ’me ba le mafolofolo ha ba bang ba felloa ke tumelo ’me ba khaotsa ho kopanela le phutheho. Ke eng e thusang Lipaki tse ngata ho lula li e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova ha tse ling li felloa ke tumelo? Ka bomong re ka etsa’ng ho tiisa hore re lula re kholisehile ka matla hore “letsatsi le leholo la Jehova” le ntse le atamela? (Sofonia 1:14) A re ke re tšohleng papiso e ’ngoe e fumanoang Kosepeleng ea Luka.
Temoso ho ba Phelang “ha Mor’a Motho a Fihla”
3. Ke bo-mang bao ka ho khetheha ba ka ruang molemo papisong ea mohlolohali le moahloli, hona hobane’ng?
3 Ho Luka khaolo ea 18, re fumana papiso ea Jesu e mabapi le mohlolohali le moahloli e mong. E tšoana le papiso ea monna ea leqoophe ea neng a amohetse moeti, eo re buileng ka eona sehloohong se fetileng. (Luka 11:5-13) Leha ho le joalo, litemana tsa Bibele tse potolohileng litemana tseo tse nang le papiso ea mohlolohali le moahloli li bontša hore papiso ena e sebetsa haholo-holo ho ba phelang “ha Mor’a motho a fihla” a e-na le matla a ho busa ’Musong, e leng nako e qalileng ka 1914.—Luka 18:8.a
4. Jesu o ile a tšohla eng pele a ka pheta papiso e fumanoang ho Luka khaolo ea 18?
4 Pele Jesu a pheta papiso eo, o ile a bolela hore bopaki ba ho ba teng ha hae matleng a ’Muso bo ne bo tla bonahala hohle “joalokaha lehalima . . . le khanya ho tloha karolong e ’ngoe tlas’a leholimo ho ea karolong e ’ngoe tlas’a leholimo.” (Luka 17:24; 21:10, 29-33) Leha ho le joalo, batho ba bangata ba phelang “nakong ea bofelo” ba ne ba ke ke ba ela hloko bopaki boo bo hlakileng. (Daniele 12:4) Hobane’ng? Lebaka la bona le ne le tla tšoana le leo batho ba mehleng ea Noe le ea Lota ba ileng ba iphapanyetsa litemoso tsa Jehova ka lona. Mehleng eo, batho ‘ba ne ba ja, ba ne ba noa, ba ne ba reka, ba ne ba rekisa, ba ne ba lema, ba ne ba haha ho fihlela mohla ba timetsoang.’ (Luka 17:26-29) Ba ile ba shoa hobane ba ne ba amehile haholo ka lintho tse tloaelehileng hoo ba neng ba sa tsotelle ho etsa thato ea Molimo. (Matheu 24:39) Kajeno hoa tšoana, batho ba bangata ba phathahantsoe ke mesebetsi ea letsatsi le letsatsi hoo ba sa hlokomeleng bopaki ba hore bofelo ba lefatše lena le sa tšabeng Molimo bo haufi.—Luka 17:30.
5. (a) Jesu o ile a lemosa bo-mang, hona hobane’ng? (b) Ke eng e entseng hore ba bang ba felloe ke tumelo?
5 Ho hlakile hore Jesu o ne a amehile ka balateli ba hae hore le bona ba ka khelosoa ke lefatše la Satane, hoo ba neng ba ka ’na ba “khutlela linthong tse ka morao.” (Luka 17:22, 31) ’Me ke ’nete hore ntho ena e hlahetse Bakreste ba bang. Ka lilemo-lemo ba ne ba ile ba labalabela letsatsi leo ka lona Jehova a tla felisa lefatše lena le khopo. Empa eitse ha Armagedone e sa fihle ka nako eo ba neng ba lebeletse hore e fihle ka eona, ba ile ba nyahama, ba fokolloa ke tšepo ea hore letsatsi la Jehova la kahlolo le haufi eaba ba khoehlisa tšebeletsong. Butle-butle ba ile ba tšoareha haholo ka lintho tse tloaelehileng tsa bophelo hoo ba neng ba se na nako e kaalo ea lintho tsa moea. (Luka 8:11, 13, 14) Se utloisang bohloko e le kannete ke hore, ka mor’a nako ba ile ba “khutlela linthong tse ka morao”!
Ho Hlokahala Hore re “Rapele Kamehla”
6-8. (a) Pheta papiso ea mohlolohali le moahloli. (b) Jesu o ile a re papiso ee e sebetsa joang?
6 Re ka etsa’ng ho tiisa hore ha re khaotse ho lula re kholisehile ka tieo hore litšepiso tsa Jehova li tla phethahala? (Baheberu 3:14) Jesu o ile a tšohla potso eo hang ka mor’a ho lemosa barutuoa ba hae hore ba se ke ba khutlela lefatšeng le khopo la Satane.
7 Luka o tlaleha hore Jesu o ile “a tsoela pele ho ba bolella papiso mabapi le hore ho hlokahala hore ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela.” Jesu o ile a re: “Motseng o itseng ho ne ho e-na le moahloli ea itseng ea neng a sa tšabe Molimo ’me a sa hlomphe motho. Empa ho ne ho e-na le mohlolohali motseng oo ’me a ’na a ea ho eena, a re, ‘Tiisa hore ke fumana toka ho mohanyetsi oa ka molaong.’ Joale, ka nakoana o ne a sa rate, empa ka mor’a moo a ipolella, ‘Le hoja ke sa tšabe Molimo kapa ke sa hlomphe motho, leha ho le joalo, ka lebaka la ho tsoela pele ha mohlolohali enoa ho nkhathatsa, ke tla tiisa hore o fumana toka, e le hore a tle a se ke a ’na a tla ’me a nteteka ka ho feletseng.’”
8 Ka mor’a ho ba phetela pale ena, Jesu o ile a ba bontša hore na e sebetsa joang: “Utloang seo moahloli eo, le hoja a sa loka, a se buileng! Joale, na ka sebele Molimo a ke ke a etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae ba hoeletsang ho eena bosiu le motšehare, esita le hoja a e-na le tiisetso ho bona? Kea le bolella, O tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako. Leha ho le joalo, ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo lefatšeng?”—Luka 18:1-8.
“Tiisa Hore ke Fumana Toka”
9. Ke moko-taba ofe o totobalitsoeng papisong ea mohlolohali le moahloli?
9 Moko-taba oa papiso ena e hlakileng o totobetse. Batho bana ba babeli ba papisong hammoho le Jesu ba buile ka oona. Mohlolohali o ile a ikōpela: “Tiisa hore ke fumana toka.” Moahloli eo o ile a re: “Ke tla tiisa hore o fumana toka.” Jesu o ile a botsa potso e reng: ‘Na Molimo a ke ke a etsa hore toka e etsoe.’ ’Me ha Jesu a bua ka Jehova o ile a re: “O tla etsa hore ba etsetsoe toka ka potlako.” (Luka 18:3, 5, 7, 8) Hantle-ntle Molimo ‘o tla etsa hore ho etsoe toka’ neng?
10. (a) Lekholong la pele la lilemo toka e ile ea phethahatsoa neng? (b) Bahlanka ba Molimo ba kajeno ba tla etsetsoa toka neng hona joang?
10 Lekholong la pele la lilemo, “matsatsi a ho phethahatsa toka” (kapa “matsatsi a phetetso” BPN) a ile a fihla ka 70 C.E. ha Jerusalema le tempele ea eona li timetsoa. (Luka 21:22) Bakeng sa batho ba Molimo ba kajeno, toka e tla etsoa ka “letsatsi le leholo la Jehova.” (Sofonia 1:14; Matheu 24:21) Ka nako eo, Jehova o tla ‘busetsa matšoenyeho ho ba tšoenyang’ batho ba hae “ha [Jesu Kreste] a tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.”—2 Bathesalonika 1:6-8; Baroma 12:19.
11. Toka e tla tla “ka potlako” ka tsela efe?
11 Leha ho le joalo, re lokela ho utloisisa tšepiso e tiileng ea Jesu joang ea hore Jehova o tla etsa hore toka e etsoe “ka potlako”? Lentsoe la Molimo le bontša hore “esita le hoja [Jehova] a e-na le tiisetso,” ka potlako o tla phethahatsa toka ha ho fihla nako e loketseng. (Luka 18:7, 8; 2 Petrose 3:9, 10) Ha Moroallo o fihla mehleng ea Noe, batho ba khopo ba ile ba timetsoa ntle ho tšenyo ea nako. Ka ho tšoanang, le mehleng ea Lota, ha mollo o theoha leholimong, batho ba khopo ba ile ba timetsoa. Jesu o itse: “Ho tla ba ka tsela e tšoanang letsatsing leo ha Mor’a motho a tla senoloa.” (Luka 17:27-30) Ba khopo ba tla boela ba ‘timetsoe ka tšohanyetso.’ (1 Bathesalonika 5:2, 3) Ka sebele, re ka kholiseha ka botlalo hore Jehova a ke ke a lumella hore lefatše lena la Satane le be teng esita le ka letsatsi le le leng feela ho feta seo toka e se hlokang.
‘O Tla Etsa Hore Toka e Etsoe’
12, 13. (a) Papiso ea Jesu ea mohlolohali le moahloli e re ruta thuto efe? (b) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jehova o tla mamela lithapelo tsa rōna ebe o etsa hore toka e etsoe?
12 Papiso ea Jesu ea mohlolohali le moahloli e boetse e totobatsa linnete tse ling tsa bohlokoa. Ha Jesu a bontša hore na papiso eo e sebetsa joang, o ile a re: “Utloang seo moahloli eo, le hoja a sa loka, a se buileng! Joale, na ka sebele Molimo a ke ke a etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae?” Ke ’nete hore Jesu o ne a sa bapise Jehova le moahloli eo joalokaha eka o re Molimo o ne a tla tšoara balumeli ka tsela e tšoanang le eo. Empa Jesu o ile a ruta balateli ba hae thuto e itseng ka Jehova ka ho bontša phapang pakeng tsa moahloli eo le Molimo. Ke litsela life tse ling tseo ba sa tšoaneng ka tsona?
13 Moahloli oa papisong ea Jesu o ne ‘a sa loka,’ empa “Molimo ke Moahloli ea lokileng.” (Pesaleme ea 7:11; 33:5) Ha ho letho leo moahloli eo a neng a le thahasella ka mohlolohali eo, empa Jehova o thahasella batho ka bomong. (2 Likronike 6:29, 30) Moahloli eo o ne a sa rate ho thusa mohlolohali eo, empa Jehova o rata ho thusa ba Mo sebeletsang, ka sebele o labalabela ho ba thusa. (Esaia 30:18, 19) Re ithuta eng? Haeba moahloli eo ea sa lokang o ile a mamela boipiletso ba mohlolohali eo eaba o mo sebeletsa ka toka, na Jehova a ke ke a etsa se fetang seo, a utloa lithapelo tsa batho ba hae ebe ka sebele o etsa hore ba etsetsoe toka?—Liproverbia 15:29.
14. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khaotsa ho ba le tumelo ea hore letsatsi la Molimo la kahlolo lea tla?
14 Kahoo, ba felloang ke tumelo ea hore letsatsi la Molimo la kahlolo lea tla ba etsa phoso e khōlō. Hobane’ng? Ka ho khaotsa ho ba le tumelo e tiileng ea hore “letsatsi le leholo la Jehova” le haufi, bonneteng ha ba kholoe hore Jehova oa tšepahala hoo a ka phethahatsang litšepiso tsa hae ka botšepehi. Empa ha ho le ea mong eo ka nepo a ka belaellang botšepehi ba Molimo. (Jobo 9:12) Potso e loketseng ke e reng, Na ka bomong re tla lula re tšepahala? Ha e le hantle ke oona moko-taba oo Jesu a ileng a o totobatsa qetellong ea papiso ea mohlolohali le moahloli.
“Na ka Sebele O Tla Fumana Tumelo ee Lefatšeng?”
15. (a) Jesu o ile a botsa potso efe, hona hobane’ng? (b) Rōna re lokela ho ipotsa potso efe?
15 Jesu o ile a botsa potso e thahasellisang e reng: “Ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo ee lefatšeng?” (Luka 18:8, mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW.) Poleloana e reng “tumelo ee” e bontša hore Jesu o ne a sa bue ka tumelo ka tsela e tloaelehileng feela, empa o ne a bua ka tumelo ea mofuta o itseng—tumelo e tšoanang le eo mohlolohali eo a neng a e-na le eona. Jesu ha aa ka a ikaraba potso eo. O ile a e botsa e le hore e mong le e mong oa barutuoa ba hae a ka nahana ka boleng ba tumelo ea hae. Na e ne e ntse e fokola hanyane ka hanyane hoo ba neng ba le kotsing ea ho khutlela linthong tseo ba neng ba li siile morao? Kapa na ba ne ba e-na le tumelo e tšoanang le e bontšitsoeng ke mohlolohali eo? Ka ho tšoanang, kajeno re lokela ho ipotsa potso ena, ‘“Mor’a motho” o fumana tumelo ea mofuta ofe ka pelong ea ka?’
16. Mohlolohali eo o ne a e-na le tumelo ea mofuta ofe?
16 E le hore re be har’a bao Jehova a tla ba sebeletsa ka toka, re lokela ho etsisa mohlolohali eo. O ne a e-na le tumelo ea mofuta ofe? O ile a bontša tumelo ea hae ka ho qophella ‘ho ea ho [moahloli], a re, “Tiisa hore ke fumana toka.”’ Mohlolohali eo o ile a qophella e le hore motho ea sa lokang a mo sebeletse ka toka. Ka ho tšoanang, bahlanka ba Molimo kajeno ba ka kholiseha hore Jehova o tla ba sebeletsa ka toka—esita le haeba ho feta nako e telele ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng. Ho feta moo, ba bontša hore ba kholisehile hore litšepiso tsa Molimo li tla phethahala ka ho qophella lithapelong—bonneteng, ka ho ‘hoeletsa ho Jehova bosiu le motšehare.’ (Luka 18:7) Ka sebele, haeba Mokreste a ne a ka khaotsa ho rapella hore toka e etsoe, o ne a tla be a bontša hore o feletsoe ke tšepo ea hore Jehova o tla nka bohato molemong oa bahlanka ba hae.
17. Ke mabaka afe a etsang hore re phehelle thapelong le ho lula re e-na le tumelo ea hore ruri letsatsi la Jehova la kahlolo lea tla?
17 Maemo a mohlolohali eo a re bontša hore re na le mabaka a mangata a ho phehella thapelong. Ak’u nahane ka litsela tse ling tseo maemo a mohlolohali eo a fapaneng le a rōna ka tsona. Mohlolohali eo o ile a lula a e-ea ho moahloli enoa esita le hoja ho ne ho se motho ea neng a mo khothalletsa ho etsa joalo, empa Lentsoe la Molimo le hlile le re khothalletsa hore re ‘phehelle thapelong.’ (Baroma 12:12) Ha ho letho le neng le kholisa mohlolohali eo hore o tla fuoa seo a se kōpang, empa Jehova o re kholisitse hore toka e tla phethoa. Ka moprofeta oa hae, Jehova o ile a re: “Esita le haeba e ka lieha, u lule u e lebeletse; kaha ruri e tla phethahala. E ke ke ea siuoa ke nako.” (Habakuke 2:3; Pesaleme ea 97:10) Mohlolohali eo o ne a se na mothusi ea mo buellang e le hore boipiletso ba hae bo ka ba le matla. Empa re na le mothusi ea matla, Jesu, “ea ka letsohong le letona la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.” (Baroma 8:34; Baheberu 7:25) Kahoo, haeba har’a mathata ao a neng a kopana le ’ona mohlolohali eo o ile a lula a kōpa moahloli ka tšepo ea hore toka e tla be e etsoe, ka sebele rōna re lokela ho lula re e-na le tumelo ea hore ruri letsatsi la Jehova la kahlolo lea tla!
18. Thapelo e tla matlafatsa tumelo ea rōna joang hona e tla re thusa joang hore re sebeletsoe ka toka?
18 Papiso ea mohlolohali enoa e re ruta hore thapelo le tumelo li amana haufi-ufi le hore ha re qophella thapelong, seo se ka sitisa litšusumetso tse ka fokolisang tumelo ea rōna. Ke ’nete hore sena hase bolele hore pontšo ea mponeng kea rapela e ka thibela ho felloa ke tumelo. (Matheu 6:7, 8) Ha temoho ea hore re itšetlehile ka ho feletseng ka Molimo e re susumelletsa ho rapela, joale thapelo e re atametsa haufi le Molimo ebile e matlafatsa tumelo ea rōna. Kaha tumelo ea hlokahala bakeng sa poloko, ha ho makatse hore ebe Jesu o ile a bona ho hlokahala ho khothalletsa barutuoa ba hae “hore ba rapele kamehla ’me ba se ke ba tela”! (Luka 18:1; 2 Bathesalonika 3:13) Ke ’nete hore “letsatsi le leholo la Jehova” le ke ke la tlisoa ke lithapelo tsa rōna—ebang rea le rapella kapa ha re le rapelle, lona le tla tla. Empa hore na ka bomong re tla sebeletsoa ka toka ebe re pholoha ntoa ea Molimo kapa che, ho hlile ho itšetlehile ka tumelo eo re nang le eona le ka ho phehella thapelong.
19. Re bontša joang hore re na le tumelo e tiileng ea hore Molimo o tla ‘etsa hore toka e etsoe’?
19 Rea hopola hore Jesu o ile a botsa potso ena: “Ha Mor’a motho a fihla, na ka sebele o tla fumana tumelo ee lefatšeng?” Karabo ea potso ee ea hae e thahasellisang ke efe? Re thaba hakaakang hore ebe kajeno bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ba limilione lefatšeng ka bophara ba bontša ka lithapelo, mamello le ka phehello hore ba na le tumelo ea mofuta oo! Kahoo potso ea Jesu e ka arajoa ka “E!” Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na hona joale lefatše la Satane le re tšoara ka tsela e hlokang toka hakae, re na le tumelo e tiileng ea hore Molimo o tla “etsa hore toka e etsetsoe bakhethoa ba hae.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E le hore u utloisise ka botlalo hore na papiso ena ke ea bohlokoa hakae, bala Luka 17:22-33. Hlokomela hore na litemana tse buang ka “Mor’a motho” ho Luka 17:22, 24, 30 li re beha leseling joang mabapi le potso e botsitsoeng ho Luka 18:8.
Na U sa Hopola?
• Ke eng e entseng hore Bakreste ba bang ba felloe ke tumelo?
• Ke hobane’ng ha re ka ba le tumelo e tiileng ea hore letsatsi la Jehova la kahlolo lea tla?
• Re na le mabaka afe a ho phehella thapelo?
• Ho qophella thapelong ho re thusa joang hore re se ke ra felloa ke tumelo?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Papiso ea mohlolohali le moahloli e totobatsa eng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Batho ba limilione kajeno ba lumela hore Molimo o tla ‘etsa hore toka e etsoe’