Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Bibele ha e bue ka ho otlanya likhalase tlotlisong ea motho ea itseng kapa ketsahalo e itseng, joale ke hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li qoba ho kopanela mokhoeng oo?
Tloaelo ea ho otlanya likhalase tsa veine (kapa tsa seno se seng se nang le tahi) ke ea khale le e atileng haholo, le hoja e ka ’na ea etsoa ka litsela tse sa tšoaneng ho ea ka libaka tse fapaneng. Ka linako tse ling ba bang ba otlanya likhalase tsa bona hanyenyane. Motho ea reng ho etsoe ketso eo, hangata o kōpela e mong thabo, bophelo bo botle, ho phela halelele le tse ling tse joalo kapa o mo lakaletsa tsona. Ba bang ba kopanelang ketsong eo ba ka ’na ba bolela hore ba lumellana le seo kapa ba phahamisa likhalase tsa bona ebe ba noa veine. Le hoja batho ba bangata ba talima tloaelo ena e se kotsi kapa e le ketso e bontšang mekhoa e metle, ho na le mabaka a utloahalang ao ka ’ona Lipaki Tsa Jehova li sa kopaneleng mokhoeng ona oa ho otlanya likhalase.
Lebaka hase hobane Bakreste ba sa lakaletse motho e mong thabo kapa bophelo bo botle. Ha sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ne se ngolla liphutheho, se ile sa phetha ka mantsoe a ka fetoleloang ka hore “bophelo bo botle ho lōna,” kapa “le sale hantle.” (Liketso 15:29) ’Me barapeli ba bang ba ’nete ba ile ba re ho marena a batho: “Khosi ea ka . . . a ke a phele ho isa nakong e sa lekanyetsoang” kapa “Morena a ke a phele ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—1 Marena 1:31; Nehemia 2:3.
Empa tloaelo ee ea ho otlanya likhalase e qalile joang? Molula-Qhooa oa May 1, 1968, o ile oa qotsa The Encyclopædia Britannica (1910), Buka 13, leqepheng la 121, tjena: ‘Ho ka etsahala hore ebe moetlo oa ho lakaletsa motho e mong “bophelo bo botle” ka ho sebelisa khalase ea veine o nkiloe mokhoeng oa boholo-holo oa bolumeli oa ho noa veine sehlabelong se etselitsoeng melimo le bafu. Ha ba ne ba e-ja, Bagerike le Baroma ba ne ba tšollela fatše lino bakeng sa melimo ea bona, ’me meketeng ea bona e tloaelehileng ba ne ba otlanya likhalase tlotlisong ea melimo eo le bafu.’ Encyclopedia eo e ile ea phaella ka ho re: ‘Meetlo ena ea ho noa e kang sehlabelo kamehla e ne e tsamaea le ho lakaletsa ba phelang bophelo bo botle.’
Na ho sa ntse ho le joalo? Buka ea 1995 e bitsoang International Handbook on Alcohol and Culture e re: “Ho ka etsahala hore ebe tloaelo ea [ho otlanya likhalase] ke mosaletsa oo e seng oa bolumeli oa mekete ea boholo-holo eo ho eona ho neng ho tšolleloa fatše seno se halalelang bakeng sa melimo: e leng mali kapa veine tseo ka tsona ho neng ho etsoa takaletso ea mahlohonolo, e leng thapelo e neng e akaretsoa ka mantsoe a reng ‘phela halelele!’ kapa ‘e-ba le bophelo bo botle!’”
Ka sebele, hore ebe ntho e itseng, mokhabiso kapa tloaelo e simolohile bolumeling ba boholo-holo ba bohata kapa e tšoana le ntho e amanang le bona, ha ho bolele hore ka linako tsohle morapeli oa ’nete o thibeloa ho ba le lintho tse joalo kapa ho li sebelisa. Nahana ka likharenate. Encyclopedia e tsebahalang ea Bibele e re: “Ho bonahala eka likharenate le tsona li ne li sebelisoa e le letšoao le halalelang malumeling a bohetene.” Leha ho le joalo, Molimo o ile a laela hore mokhabiso oa likharenate o entsoeng ka khoele o kenngoe lemenong la seaparo sa moprista ea phahameng, ’me likharenate li ne li khabisitse litšiea tsa koporo tsa tempele ea Solomone. (Exoda 28:33; 2 Marena 25:17) Ho feta moo, ka nako e ’ngoe, reng ea lenyalo e ne e amana le bolumeli. Leha ho le joalo, kajeno batho ba bangata ha ba tsebe seo, ba nka hore reng ea lenyalo e mpa e le pontšo ea hore motho o nyetse kapa o nyetsoe.
Ho thoe’ng ka ho sebelisa veine mabapi le liketso tsa bolumeli? Ka mohlala, ka nako e ’ngoe banna ba neng ba rapela Baale ba Shikeme ba ile “ba kena ka tlung ea molimo oa bona ba ja ba noa ’me ba rohaka Abimeleke,” mor’a Gideone. (Baahloli 9:22-28) Na u nahana hore motho ea tšepahalang ho Jehova o ne a tla noa seno seo, mohlomong a kōpa hore matla a tsoang ho molimo oa bohata a sebetse khahlanong le Abimeleke? Ha Amose a hlalosa nako eo ka eona batho ba bangata ba Iseraele ba neng ba fetohetse Jehova, o ile a re: “Ba ithapalatsa ka thōko ho aletare e ’ngoe le e ’ngoe holim’a liaparo tse nkiloeng e le tebeletso; ’me ka tlung ea melimo ea bona ba noela veine ea ba lefisitsoeng.” (Amose 2:8) Na barapeli ba ’nete ba ne ba tla kopanela ketsong eo, ebang veine e ne e tšolleloa fatše e le nyehelo ho molimo oa bohata kapa e nooa maemong a joalo? (Jeremia 7:18) Kapa na morapeli oa ’nete o ne a tla phahamisa khalase ea veine ’me a kōpe molimo oa bohata hore a susumetse bokamoso ba motho e mong kapa hore a atlehe ka moso?
Hoa thahasellisa hore ebe ka linako tse ling barapeli ba Jehova ba ne ba phahamisa matsoho ’me ba kōpa hore ho be le phello e ntle. Ba ne ba phahamisetsa matsoho a bona ho Molimo oa ’nete. Rea bala: “Solomone a qala ho ema ka pel’a aletare ea Jehova . . . joale a otlollela liatla tsa hae maholimong; a tsoela pele ho re: ‘Jehova Molimo oa Iseraele, ha ho na Molimo ea tšoanang le uena . . . e se eka u ka utloa u le sebakeng sa hao sa bolulo, maholimong, u utloe ’me u tšoarele.’” (1 Marena 8:22, 23, 30) Ka ho tšoanang, “Esdrase [o ile] a boka Jehova . . . eaba batho bohle baa araba, ‘Amen! Amen!’ ka ho phahamisa matsoho. Joale ba inama ’me ba khumamela Jehova lifahleho tsa bona li shebile fatše.” (Nehemia 8:6; 1 Timothea 2:8) Ho hlakile hore bao ba tšepahalang ba ne ba sa phahamisetse matsoho leholimong ba kōpa hore ba hlohonolofatsoe ke molimo ea itseng oa mahlohonolo.—Esaia 65:11.
Kajeno batho ba bangata ba kopanelang tloaelong ena ea ho otlanya likhalase ba ka ’na ba se ke ba nahana hore ba kōpa molimo ea itseng hore a ba arabe kapa a ba hlohonolofatse, empa le teng ba ke ke ba hlalosa lebaka leo ka lona ba phahamisetsang likhalase tsa veine leholimong. Leha ho le joalo, hore ebe ha ba nahane hakaalo ka taba eo, hase lebaka la hore Bakreste ba ’nete ba utloe ba tlameha ho etsisa lipontšo tseo tsa bona.
Hoa tsebahala hore le litabeng tse ling, Lipaki Tsa Jehova li qoba ho etsa lipontšo tse itseng tseo batho ba bangata ba li etsang. Mohlala, batho ba bangata ba etsa lipontšo tse itseng bakeng sa matšoao a linaha tsa habo bona kapa lifolakha; bona ha ba nke lipontšo tseo e le liketso tsa borapeli. Bakreste ba ’nete ha ba kena-kenane le lipontšo tseo, empa bona ha ba kopanele liketsong tseo. Ha li tseba hore litšebeletso tse joalo li ka ’na tsa e-ba teng, ka masene Lipaki tse ngata li lokisetsa hore li se ke tsa e-ba teng moo e le hore li se ke tsa khopisa ba bang. Leha ho le joalo, li ikemiselitse hore li ke ke tsa etsa lipontšo tsa ho rata naha, tse sa lumellaneng le Bibele. (Exoda 20:4, 5; 1 Johanne 5:21) Kajeno batho ba bangata ba ka ’na ba nka hore ho otlanya likhalase ke ntho e sa amaneng le bolumeli ka tsela leha e le efe. Leha ho le joalo, ho na le mabaka a utloahalang ao ka ’ona Bakreste ba sa kopaneleng mokhoeng oo o simolohileng bolumeling oo le hona joale o ntseng o ka talingoa e le ho kōpa mahlohonolo a tsoang ‘leholimong,’ joalokaha eka ho kōptjoa thuso matleng a itseng a phahametseng batho.—Exoda 23:2.