Bonang! Leseli Lea Hlolla!
HAEBA u kile ua tlameha ho batla tsela lefifing, ua tseba hore na e ka ba ntho e ferekanyang hakaakang. Ha leseli le hlaha ua thaba! Mohlomong le uena u kile ua ba boemong bo ka tšoantšoang le lefifi. E ka ’na eaba sena se ile sa u etsahalla ha u ne u tlaletsoe, u sa tsebe hore na u tsoa le kae. Eaba hanyane ka hanyane u bona leseli. Ho tsoa lefifing le joalo la ho tlalloa, ’me u kena leseling, ke phihlelo e hlollang.
Lekholong la pele la lilemo, batho ba bangata ba ne ba le lefifing la moea. Ha moapostola Petrose a ne a bua le ba ileng ba tlohela litumelo tsa bona tsa pele ’me ba amohela Bokreste, o ile a ngola: ‘Molimo o le bitsitse ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.’ (1 Petrose 2:9) Ho bona, phetoho eo e ne e tšoana le ho tloha lefifing le letšo-letšo ’me ba kena leseling le khanyang. Phetoho eo e ka boetse ea tšoantšoa le motho ea se nang mang oe! le ea se nang tšepo, ebe joale e ba setho sa lelapa le nang le bokamoso bo sireletsehileng.—Baefese 2:1, 12.
“U Tlohetse Lerato Leo U Neng U E-na le Lona Pele”
Bakreste ba pele ba ile ba fumana “’nete”—e leng tumelo ea ’nete ea Bokreste. (Johanne 18:37) Ba ile ba bona leseli le hlollang la ’nete ’me ba etsa phetoho ea ho tloha lefifing la moea ’me ba ea leseling le fanang ka khanya. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, mafolofolo le cheseho tseo Bakreste ba bang ba neng ba e-na le tsona qalong li ile tsa tapa. Ka mohlala, bofelong ba lekholo la pele la lilemo, ho ne ho bile le bothata bo tebileng ka phuthehong ea Efese. Jesu Kreste ea tsositsoeng o ile a lemoha bothata boo, a re: “Ke na le hona khahlanong le uena, hore u tlohetse lerato leo u neng u e-na le lona pele. Ka hona hopola hore na u oele ho eng, u bake ’me u etse liketso tsa pele.” (Tšenolo 2:4, 5) Ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba Efese ba tsosolose lerato leo ba neng ba rata Molimo le ’nete ka lona.
Ho thoe’ng ka rōna? Le rōna re fumane thabo ea ho bona leseli, ea ho tseba ’nete e hlollang ea Lentsoe la Molimo. Re rata ’nete. Empa mathata a hlahelang batho ka kakaretso a ka fokolisa lerato la rōna bakeng sa ’nete. Mathata a mang hape e ka ba a ‘matsatsing ana a ho qetela.’ Re phela lefatšeng le khetholloang ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona”—lefatše leo baahi ba lona e leng “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho [le] ba sa tšepahaleng.” (2 Timothea 3:1, 2) Tšusumetso ea bona e ka fokotsa cheseho ea rōna ’me ea etsa hore lerato la rōna ho Jehova le fole.
Haeba re feletsoe ke lerato leo re neng re e-na le lona pele, re lokela ho ‘hopola hore na re oele ho eng ’me re bake.’ Re lokela ho khutlela boemong ba moea boo re neng re le ho bona pele. Ho feta moo, re lokela ho ela hloko hore re se ke ra lumella hore kananelo ea rōna bakeng sa ’nete e fokotsehe. Ho bohlokoa hakaakang hore kaofela ha rōna re lule re e-na le tšepo re bile re thabile ’me re etse hore lerato leo re ratang Molimo le ’nete ka lona le lule le phela!
‘’Nete e re Lokollang’
Leseli la ’nete ea Mangolo lea hlolla hobane Bibele e araba lipotso tsa bohlokoa tse ’nileng tsa tsietsa batho ka lilemo tse likete. Tse ling tsa lipotso tseo ke tse latelang: Lebaka leo re leng teng ka lona ke lefe? Morero oa bophelo ke ofe? Ke hobane’ng ha bokhopo bo le teng? Na ho na le bophelo ka mor’a lefu? Jehova o re rutile linnete tse hlollang mabapi le lithuto tsa Bibele. Na ha rea lokela ho leboha e le kannete? E se eka le ka mohla re ke ke ra khella fatše seo re ithutileng sona!
Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.” (Johanne 8:32) Ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Jesu, re lokolotsoe sebeng le lefung. Empa linnete tsena tsa bohlokoa le tsona li re lokolotse ho hlokeng tsebo le lipelaelong tsa lefatše lena le koahetsoeng ke lefifi. Ho nahana ka kananelo ka seo re ithutileng sona, ho tla matlafatsa lerato leo re ratang Jehova le Lentsoe la hae ka lona.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thesalonika a re: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le sebetsang ka ho lōna balumeli.” (1 Bathesalonika 2:13) Bathesalonika ba ile ba utloa ‘lentsoe la Molimo ’me ba le amohela ka thabo.’ Ba ne ba se ba se “lefifing.” Ho e-na le hoo, e ne e se e le “bara ba leseli.” (1 Bathesalonika 1:4-7; 5:4, 5) Bakreste bao ba ile ba tseba hore Jehova ke ’Mōpi le hore o matla ’ohle, o bohlale, o lerato o bile o mohau. Joaloka balateli ba bang ba Kreste, le bona ba ile ba ithuta hore Jehova o entse tokisetso ea hore libe tsa bona li hlakoloe ka sehlabelo sa thekollo sa Mor’a hae, e leng Jesu Kreste.—Liketso 3:19-21.
Le hoja Bathesalonika ba ne ba se na tsebo e tebileng haholo ea ’nete ea Bibele, ba ne ba tseba moo ba ka batlang tsebo teng. Mangolo a halalelang a ka etsa hore motho oa Molimo a ‘hlomelloe ka ho feletseng bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.’ (2 Timothea 3:16, 17) Bakreste ba Thesalonika ba ne ba ka tsoela pele ho ithuta, ’me nako le nako ba ne ba ka hlokomela hore ruri leseli le tsoang ho Molimo lea hlolla. Ba ne ba e-na le lebaka la hore ba thabe kamehla. (1 Bathesalonika 5:16) Le ho rōna ho joalo feela.
Leseli Tseleng ea Rōna
Ha mopesaleme a hlalosa lebaka leo ka lona leseli le hlollang, o ile a bina a re: “Lentsoe la hao ke lebone la leoto la ka, ke leseli tseleng ea ka.” (Pesaleme ea 119:105) Tataiso ea bomolimo eo re e fumanang Lentsoeng la Molimo e ka re thusa ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le tsela eo re rerang ho e nka le hore re phele ka mokhoa o nang le morero. Ha rea lokela ho tšoana le sekepe se hoholehang leoatleng. Ho tseba ’nete le ho phela ka eona hoa re sireletsa e le hore re se ke ra ‘akhotsoa joalokaha eka re akhotsoa ke maqhubu ’me ra isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto.’—Baefese 4:14.
Bibele e re: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.” E boetse e re: “Ho thaba eo Molimo oa Jakobo e leng thuso ea hae, eo tšepo ea hae e leng ho Jehova Molimo oa hae.” (Pesaleme ea 146:3, 5) Ho feta moo, ho tšepa Jehova ho re thusa hore re hlōle tšabo le matšoenyeho. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafilipi 4:6, 7) Ka sebele re rua molemo ha re tataisoa ke leseli la Lentsoe la Molimo.
Le Khanye le le Maseli Lefatšeng
Lebaka le leng hape leo ka lona leseli le tsoang Lentsoeng la Molimo le hlollang ke hore le re bulela monyetla oa ho etsa mosebetsi o hlomphehang ka ho fetisisa o filoeng batho. Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Pele a ntša taelo eo, o ile a re: “Ke filoe matla ’ohle leholimong le lefatšeng.”—Matheu 28:18-20.
Nahana hore na ke mang ea thusang Bakreste ba ’nete mosebetsing ona oa ho bolela litaba tse molemo le oa ho ruta batho ba lichaba tsohle linnete tsa Bibele. Jesu o ile a tšepisa balateli ba hae hore o ne a tla ba le bona. Ka sebele o ’nile a ba thusa le ho ba tšehetsa tšebeletsong ea bona ha ba ntse ba ‘khantša leseli la bona’ ka tsela eo le ka ‘mesebetsi e meng e metle.’ (Matheu 5:14-16) Mangeloi le ’ona a kentse letsoho mosebetsing ona oa ho bolela evangeli. (Tšenolo 14:6) Ho thoe’ng ka Jehova Molimo? Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa.” Ke tokelo e kaakang ho ba har’a “basebetsi-’moho le Molimo”!—1 Bakorinthe 3:6, 9.
Hape, ak’u nahane kamoo boiteko ba rōna bo hlohonolofatsoang kateng mosebetsing ona oo re o filoeng ke Molimo. Ha ho letho le ka bapisoang le tokelo eo re e filoeng ke Molimo ea hore re ‘khanye re le maseli lefatšeng.’ Ha re bonahatsa leseli le tsoang Lentsoeng la Molimo ka lipolelo le liketso tsa rōna, re khona ho thusa e le kannete batho ba tšepahalang. (Bafilipi 2:15) Hape re ka thaba ha re ntse re bolela le ho ruta litaba tse molemo ka cheseho, ‘etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rōna le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae.’—Baheberu 6:10.
‘Reka Moriana o Tlolang Mahlo Hore U o Pikitle ka Mahlong’
Molaetseng oa Jesu o neng o e-ea phuthehong ea lekholong la pele la lilemo e neng e le Laodisia, o ile a re: “U reke ho ’na . . . moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong e le hore u ka bona. Ke khalemela bohle bao ke ba ratang ’me kea ba laea.” (Tšenolo 3:18, 19) Pheko ea sebele bakeng sa bofofu ba moea ke “moriana o tlolang mahlo”—e leng lithuto tsa Jesu le taeo ea hae. Haeba re batla ho lula re e-na le pono e ntle ea lintho tsa moea, re lokela ho amohela keletso ea hae ’me re ikokobeletse eona, hape re ikokobeletse le tataiso e fumanehang hohle ka Bibeleng. Hape re lokela ho ba le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba Kreste ’me re etsise mohlala oa hae. (Bafilipi 2:5; 1 Petrose 2:21) Moriana ona ha o fumanoe mahala. Jesu o ile a re: “U [o] reke ho ’na.” Theko ea oona e ama nako ea rōna le boiteko.
Ha re tloha lefifing ’me re kena ka phaposing e khantšitsoeng, ho ka ’na ha feta nako e itseng pele mahlo a rōna a tloaela leseli. Ka ho tšoanang, re hloka nako hore re ithute Lentsoe la Molimo le ho bona leseli leo ’nete e fanang ka lona. Re hloka nako hore re thuise ka seo re ithutang sona le ho nahanisisa kamoo ’nete e leng ea bohlokoa kateng. Empa, ha re lahleheloe hakaalo. Hobane’ng? Hobane leseli lea hlolla!
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
“U reke ho ’na . . . moriana o tlolang mahlo hore u o pikitle mahlong e le hore u ka bona”