Kamoo Mangeloi a Amang Batho Kateng
“Ka mor’a lintho tsena ka bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le e-na le matla a maholo . . . La hoeletsa ka lentsoe le matla, la re: ‘O oele! Babylona e Moholo o oele!’”—TŠENOLO 18:1, 2.
1, 2. Ke eng e bontšang hore Jehova o sebelisa mangeloi hore a phethe thato ea hae?
HA MOAPOSTOLA Johanne ea hōlileng a ne a le botlamuoeng sehlekehlekeng sa Patmose, o ile a fuoa lipono tsa boprofeta. Ha a ne a e-ba ‘letsatsing la Morena ka pululelo,’ o ile a bona liketsahalo tse hlasimollang. Letsatsi leo le qalile ha Jesu Kreste a behoa teroneng ka 1914 ’me le tla tsoela pele ho fihlela qetellong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete.—Tšenolo 1:10.
2 Jehova Molimo ha aa ka a fa Johanne tšenolo ena ka ho toba. O ile a sebelisa mocha o itseng. Tšenolo 1:1 e re: “Tšenolo ka Jesu Kreste, eo Molimo a ileng a mo fa eona, ho bontša makhoba a hae lintho tse tla etsahala haufinyane. O ile a roma lengeloi la hae ’me a e hlahisa ka lipontšo ka lona ho lekhoba la hae Johanne.” A sebelisa Jesu, Jehova o ile a sebelisa lengeloi ho tsebisa Johanne lintho tse babatsehang mabapi le ‘letsatsi la Morena.’ Ka lekhetlo le leng, Johanne o ile a boela a “bona lengeloi le leng le theoha leholimong, le e-na le matla a maholo.” Mosebetsi oa lengeloi lee e ne e le ofe? Le ile “la hoeletsa ka lentsoe le matla, la re: ‘O oele! Babylona e Moholo o oele!’” (Tšenolo 18:1, 2) Lengeloi lena le matla le ne le filoe tokelo ea ho phatlalatsa ho oa ha Babylona e Moholo, e leng ’muso oa bolumeli ba bohata o laolang lefatše lohle. Kahoo, ha ho pelaelo hore Jehova o sebelisa mangeloi ka tsela e itseng ea bohlokoa hore a phethe thato ea hae. Pele re hlahloba ka ho qaqileng karolo eo mangeloi a e phethang morerong oa Molimo le kamoo a re amang kateng, a re hlahlobeng hore na libōpuoa tsena tsa moea li bile teng joang.
Mangeloi a Bile Teng Joang?
3. Ke likhopolo life tse fosahetseng ka mangeloi tseo batho ba bangata ba nang le tsona?
3 Kajeno batho ba limilione baa lumela hore mangeloi a teng. Empa ba bangata ba na le likhopolo tse fosahetseng ka ’ona le ka hore na a bile teng joang. Ka mohlala, batho ba bang ba ratang bolumeli ba nahana hore ha motho eo ba mo ratang a e-shoa, o bitsetsoa ho Molimo ’me o fetoha lengeloi. Na ke seo Lentsoe la Molimo le se rutang ka ho bōptjoa ha mangeloi, ka ho ba teng ha ’ona le ka morero oa ’ona?
4. Mangolo a re bolella eng ka tšimoloho ea mangeloi?
4 Lengeloi le matla ka ho fetisisa le le nang le bolaoli bo phahameng ka ho fetisisa—e leng lengeloi le leholo—le bitsoa Mikaele, lengeloi le ka sehloohong. (Juda 9) Lengeloi lena ke Jesu Kreste. (1 Bathesalonika 4:16) Khale-khale ha Jehova a ne a rera hore e be ’Mōpi, o ile a qala ka ho bōpa Mora enoa oa hae oa lengeloi. (Tšenolo 3:14) Hamorao, Jehova o ile a sebelisa Mora enoa oa hae oa letsibolo ho bōpa libōpuoa tse ling kaofela tsa moea. (Bakolose 1:15-17) Ha Jehova a ne a bua ka libōpuoa tsena tsa mangeloi a bolela hore ke bara ba hae, o ile a botsa mopatriareka Jobo a re: “U ne u le hokae ha ke theha lefatše? Mpolelle, haeba u tseba kutloisiso. . . . Ke mang ea behileng lejoe la lona la sekhutlo, ha linaleli tsa hoseng li hoeletsa ka thabo hammoho, bara bohle ba Molimo ba qala ho hlaba litlatse?” (Jobo 38:4, 6, 7) Ho hlakile hore mangeloi a bōpiloe ke Molimo ’me a bile teng khale haholo pele ho batho.
5. Mangeloi a hlophisitsoe joang?
5 Bakorinthe ba Pele 14:33 e re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” Ka lebaka leo, Jehova o hlophisitse bara ba hae ba moea ka lihlopha tse tharo tsa motheo: (1) lirafime, tseo mosebetsi oa tsona e leng ho hlokomela terone ea Molimo, ho phatlalatsa khalalelo ea hae, le ho boloka batho ba hae ba hloekile moeeng; (2) likerubime, tse phahamisang borena ba Jehova; le (3) mangeloi a mang a phethahatsang thato ea hae. (Pesaleme ea 103:20; Esaia 6:1-3; Ezekiele 10:3-5; Daniele 7:10) Makhotla aa a libōpuoa tsa moea a ama batho ka litsela life tse ling?—Tšenolo 5:11.
Mosebetsi oa Mangeloi ke Ofe?
6. Jehova o ile a sebelisa likerubime joang serapeng sa Edene?
6 Lekhetlo la pele moo ho buuoang ka ho toba ka libōpuoa tsa moea ke ho Genese 3:24, moo re balang tjena: “[Jehova] a leleka motho ’me ka bochabela ho serapa sa Edene a beha likerubime le lehare le halimang la sabole le iphetholang le sa khaotse bakeng sa ho lebela tsela e eang sefateng sa bophelo.” Likerubime tsena li ile tsa sitisa Adama le Eva ho khutlela lehaeng la bona la pele la serapa. Seo se ile sa etsahala qalong ea histori ea batho. Ho tloha nakong eo, mangeloi a ’nile a etsa mosebetsi ofe?
7. Moelelo oa mantsoe a lipuo tsa pele a bolelang “lengeloi” o bontša eng mabapi le mosebetsi o mong oo mangeloi a o etsang?
7 Bibele e bua ka mangeloi ka makhetlo a ka bang 400. Mantsoe a Seheberu le a Segerike a bolelang “lengeloi” a ka fetoleloa e le “lenģosa.” Kahoo Molimo o ’nile a sebelisa mangeloi ha a buisana le batho. Joalokaha ho boletsoe lirapeng tse peli tsa pele sehloohong sena, Jehova o ile a sebelisa lengeloi ho fetisetsa molaetsa oa hae ho moapostola Johanne.
8, 9. (a) Ketelo ea lengeloi e ile ea ama Manooa le mosali oa hae joang? (b) Batsoali ba ka ithuta eng ka se ileng sa etsahala ha lengeloi la Molimo le ne le etetse Manooa?
8 Mangeloi a boetse a sebelisetsoa ho thusa bahlanka ba Molimo ba lefatšeng le ho ba khothatsa. Ka mohlala, mehleng ea Baahloli Iseraele, Manooa le mosali oa hae eo e neng e le nyopa ba ne ba labalabela hore ba be le ngoana. Jehova o ile a romela lengeloi la hae ho ea tsebisa mosali oa Manooa hore o ne a tla ba le mora. Tlaleho eo e re: “Bona! u tla ima, ’me ka sebele u tla tsoala mora, ’me ha ho lehare le lokelang ho feta hloohong ea hae, hobane ngoana eo e tla ba Monazari oa Molimo ha a tsoa ka mpeng; ke eena ea tla etella pele ho pholoseng Baiseraele matsohong a Bafilista.”—Baahloli 13:1-5.
9 Qetellong mosali oa Manooa o ile a beleha mora e leng Samsone, ea ileng a tuma haholo historing ea Bibele. (Baahloli 13:24) Pele ngoana eo a hlaha, Manooa o ile a kōpa hore lengeloi leo le khutlele ho bona ’me le ba rute hore na ba lokela hōlisa moshanyana enoa joang. Manooa o ile a botsa: “Mokhoa oa bophelo oa ngoana eo le mosebetsi oa hae e tla ba ofe?” Lengeloi la Jehova le ile la pheta litaelo tseo le neng le li file mosali oa Manooa. (Baahloli 13:6-14) E tlameha ebe Manooa o ile a ikutloa a khothetse hakaakang! Kajeno mangeloi ha a sa etela batho ka tsela e tšoanang, empa batsoali ba ka etsisa Manooa, ka ho batla keletso ea Jehova ha ba koetlisa bana ba bona.—Baefese 6:4.
10, 11. (a) Lebotho le hlaselang la Basyria le ile la ama Elisha le mohlanka oa hae joang? (b) Ho nahana ka ketsahalo ee ho ka re ruisa molemo joang?
10 Mehleng ea moprofeta Elisha ho ile ha e-ba le mohlala o tsotehang o bontšang kamoo mangeloi a thusang kateng. Elisha o ne a lula motseng o mong oa Iseraele, o bitsoang Dothane. Ka letsatsi le leng ha mohlanka oa Elisha a tsoha hoseng haholo ’me a sheba ka ntle, o ile a bona motse o pota-potiloe ke lipere le likoloi tsa ntoa. Morena oa Syria o ne a rometse lebotho le matla ho ea tšoara Elisha. Mohlanka oa Elisha o ile a etsa joang? A tšohile, mohlomong a bile a thothomela, o ile a hoa a re: “Oho, mong’a ka! Re tla etsa joang?” Ruri o ne a feletsoe ke tšepo. Empa Elisha o ile a mo araba: “U se ke ua tšoha, etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” O ne a bolela’ng?—2 Marena 6:11-16.
11 Elisha o ne a tseba hore mabotho a leholimo a ne a le teng ho tla mo thusa. Leha ho le joalo, mohlanka oa hae eena ha aa ka a bona letho. Kahoo “Elisha a qala ho rapela ’me a re: ‘Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo a hae, e le hore a ka bona.’ Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.” (2 Marena 6:17) Joale mohlokomeli enoa o ne a ka bona mabotho a mangeloi. Haeba re e-na le temohisiso ea moea, le rōna re ka lemoha hore mangeloi, ao kaofela a tataisoang ke Jehova le Kreste, a thusa batho ba Jehova a bile aa ba sireletsa.
Thuso ea Mangeloi Mehleng ea Kreste
12. Lengeloi Gabriele le ile la thusa Maria joang?
12 Nahana ka thuso eo moroetsana oa Mojuda Maria a ileng a e fumana ha a utloa litaba tse reng: “U tla emola ka pōpelong ea hao u tsoale mora, ’me u tla mo reha lebitso la Jesu.” Nakoana pele lengeloi Gabriele le tlisa molaetsa ona o hlollang o tsoang ho Molimo, le ile la re ho eena: “U se ke ua tšaba, Maria, kaha u fumane kamohelo ho Molimo.” (Luka 1:26, 27, 30, 31) E tlameha ebe mantsoe aa a neng a kholisa Maria hore o amohetsoe ke Molimo a ile a mo khothatsa le ho mo matlafatsa hakaakang!
13. Mangeloi a ile a thusa Jesu joang?
13 Ketsahalo e ’ngoe e bontšang hore mangeloi aa thusa e ile ea e-ba ka mor’a hore Jesu a hanyetse liteko tse tharo tseo Satane a ileng a Mo tlisetsa tsona ha a le lefeelleng. Tlaleho e re bolella hore qetellong ea liteko tsena, ‘Diabolose o ile a mo tlohela, ’me, bonang! mangeloi a tla ’me a qala ho mo sebeletsa.’ (Matheu 4:1-11) Ho ile ha etsahala se tšoanang bosiung ba pele Jesu a e-shoa. Ha Jesu a ne a utloa bohloko bo boholo, o ile a khumama ka mangole eaba oa rapela, o re: “‘Ntate, haeba u lakatsa, tlosa senoelo sena ho ’na. Leha ho le joalo, ho ke ho etsahale thato ea hao, eseng ea ka.’ Joale lengeloi le tsoang leholimong la bonahala ho eena ’me la mo matlafatsa.” (Luka 22:42, 43) Empa mangeloi a re thusa joang kajeno?
Thuso ea Mangeloi Mehleng ea Kajeno
14. Lipaki Tsa Jehova li ile tsa tlameha ho mamella mahloriso afe mehleng ea kajeno, hona liphello tsa see e bile life?
14 Ha re nahana ka histori ea mehleng ea kajeno ea mosebetsi oa boboleli oa Lipaki Tsa Jehova, na ha re bone bopaki ba hore mangeloi aa thusa? Ka mohlala, batho ba Jehova ba ile ba khona ho mamella tlhaselo e mabifi ea Manazi Jeremane le Europe Bophirimela pele ho Ntoa ea II ea Lefatše (ka 1939-45) le nakong ea eona. Ba ile ba tlameha ho mamella mahloriso ka nako e telele le ho feta Italy, Spain le Portugal, pusong ea Bofasista ea Mak’hatholike. ’Me ka lilemo tse mashome, ba ile ba mamella mahloriso Soviet Union ea mehleng le linaheng tse neng li busoa ke eona. Mohlala o mong ke oa mahloriso ao Lipaki li ileng tsa a mamella linaheng tse ling tsa Afrika.a Haufinyane tjena, bahlanka ba Jehova ba ile ba hlorisoa ka sehlōhō naheng ea Georgia. Satane o entse matsapa ’ohle hore a felise mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, e le mokhatlo o hlophisitsoeng, li ile tsa tiisetsa khanyetso eo ’me tsa atleha. Lebaka le leng ke hobane mangeloi a ile a li sireletsa.—Pesaleme ea 34:7; Daniele 3:28; 6:22.
15, 16. Mangeloi a thusa Lipaki Tsa Jehova joang tšebeletsong ea tsona ea lefatše ka bophara?
15 Lipaki Tsa Jehova li nka ka botebo thōmo ea tsona ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle le ho etsa barutuoa ka ho ruta batho ba thahasellang ’nete ea Bibele libakeng tsohle. (Matheu 28:19, 20) Leha ho le joalo, li tseba hantle hore li ke ke tsa phetha thōmo ena ka ntle ho thuso ea mangeloi. Ka hona, kamehla li ’nile tsa khothatsoa ke mantsoe a boletsoeng ho Tšenolo 14:6, 7. E baleha tjena: “[’Na moapostola Johanne] ka bona lengeloi le leng le fofa sebakeng, ’me le ne le e-na le litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele e le litaba tse nyakallisang ho ba lulang lefatšeng, le ho sechaba se seng le se seng le moloko o mong le o mong le leleme le leng le le leng le batho ba bang le ba bang, le re ka lentsoe le phahameng: ‘Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile, kahoo le rapele Ea entseng leholimo le lefatše le leoatle le liliba tsa metsi.’”
16 Mantsoe ana a bontša ka ho hlaka hore mosebetsi o moholo oa boevangeli o etsoang lefatšeng ka bophara ke Lipaki Tsa Jehova, o tšehetsoa le ho tataisoa ke mangeloi. Jehova o sebelisa mangeloi a hae ho lebisa batho ba tšepahalang ho Lipaki tsa hae. Mangeloi a boetse a lebisa Lipaki ho batho ba tšoanelehang. Sena se hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala ka makhetlo a mangata hakana—ao re ke keng ra re ke ka tšohanyetso feela—hore ebe e mong oa Lipaki Tsa Jehova o kopana le motho ka nako eo a neng a le tsietsing ’me a hloka thuso ea moea.
Mosebetsi o Moholo oo Mangeloi a Tla o Etsa Haufinyane
17. Ho ile ha etsahala’ng ka Baassyria ha ba ne ba hlaseloa ke lengeloi le le leng feela?
17 Ho phaella mosebetsing oa ’ona oa ho ba manģosa le oa ho ba thuso e matlafatsang ho barapeli ba Jehova, mangeloi a etsa mosebetsi o mong hape. Linakong tse fetileng, a ile a phethahatsa likahlolo tsa Molimo. Ka mohlala, khale koana lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., Jerusalema e ile ea sokeloa ke lebotho le leholo la masole a Baassyria. Jehova o ile a etsa’ng? O ile a re: “Ka sebele ke tla sireletsa motse ona ho o pholosa ka lebaka la ka le ka lebaka la mohlanka oa ka Davida.” Tlaleho ea Bibele e re bolella se ileng sa etsahala: “Bosiung boo lengeloi la Jehova la tsoa ’me la bolaea ba likete tse lekholo le mashome a robeli a metso e mehlano liahelong tsa Baassyria. Ha batho ba tsoha hoseng, kaofela ha bona e ne e le litopo.” (2 Marena 19:34, 35) Ka sebele makhotla a batho a ntoa aa fokola ha a bapisoa le matla a lengeloi le le leng feela!
18, 19. Ke mosebetsi ofe o moholo oo mangeloi a tla o etsa haufinyane, hona seo se tla ama moloko oa batho joang?
18 Haufinyane mangeloi a tla sebetsa e le makhotla a Molimo a lihang likahlolo. Haufinyane, Jesu o tla tla le “mangeloi a hae a matla ka mollo o tukang.” Sepheo sa bona e tla be e le ho “tlisa phetetso holim’a ba sa tsebeng Molimo le ba sa mameleng litaba tse molemo tse mabapi le Morena oa rōna Jesu.” (2 Bathesalonika 1:7, 8) Ka sebele bohato bona bo tla ama moloko oa batho haholo! Ba hanang ho amohela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo tse boleloang hona joale lefatšeng lohle ba tla timetsoa. Ke batho ba batlang Jehova feela, ba batlang ho loka le bonolo ba tla “patoa letsatsing la bohale ba Jehova” ’me ba se ke ba tsoa kotsi.—Sofonia 2:3.
19 Rea leboha hore ebe Jehova o sebelisa mangeloi a hae a matla ho thusa le ho matlafatsa barapeli ba hae ba lefatšeng. Ho utloisisa ha rōna karolo eo mangeloi a e phethang morerong oa Molimo ho re khothatsa haholo, kaha ho na le mangeloi a ileng a fetohela Jehova ’me a se a laoloa ke Satane. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa mehato eo Bakreste ba ’nete ba ka e nkang hore ba itšireletse tšusumetsong e matla ea Satane Diabolose le bademona ba hae.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho fumana litlaleho tse qaqileng tsa mahloriso ana, bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1983 (Angola), 1972 (Czechoslovakia), 2000 (Czech Republic), 1992 (Ethiopia), 1974 le 1999 (Jeremane), 1982 (Italy), 1999 (Malawi), 2004 (Moldova), 1996 (Mozambique), 1994 (Poland), 1983 (Portugal), 1978 (Spain), 2002 (Ukraine) le 2006 (Zambia).
U Ithutile Eng?
• Mangeloi a bile teng joang?
• Mangeloi a ne a sebelisoa joang mehleng ea ho ngoloa ha Bibele?
• Tšenolo 14:6, 7 e senola eng ka mosebetsi oa mangeloi kajeno?
• Ke mosebetsi ofe o moholo oo mangeloi a tla o etsa haufinyane?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Lengeloi le ile la khothatsa Manooa le mosali oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
“Ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona”