Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 4/15 leq. 3
  • Lefatše le Sehlōhō la Kajeno

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Sehlōhō la Kajeno
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Batho ba re Molimo o Sehlōhō?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Na Liketso Tse Sehlōhō li Tla ke li Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Tšoarela le ho Lebala na ho ka Khoneha?
    Tsoha!—1998
  • Masetla-libete—Tharollo ea Molimo ke Efe ho ’Ona?
    Tsoha!—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 4/15 leq. 3

Lefatše le Sehlōhō la Kajeno

MARÍA o ne a e-na le lilemo tse 64 ’me a lula a le mong. O ile a fumanoa a shoeletse ha hae ka lebaka la ho khakhathoa le ho khangoa ka terata.

Mokhopi oa batho ba halefileng o ile oa khakhatha mapolesa a mararo, o a qosa ka hore a koetetse bana ba babeli. Mokhopi ona o ile oa tšela mapolesa a mabeli ka peterole eaba oa a chesa, ’me a ile a bolaoa ke malakabe. Lepolesa la boraro lona le ile la tšola tlhako morong.

Sepolesa se ile sa utloa masetla-pelo a mang ka hlokoana la tsela. Litopo tsa banna ba bane ba neng ba le phomolong li ile tsa epolloa serapeng se itseng. Ba ne ba tlamiloe mahlong hore ba se ke ba bona, ’me matsoho a bona a tlameletsoe kamorao. Ha litopo tsa bona li hlahlojoa, ho ile ha fumanoa hore ba ile ba epeloa ba ntse ba phela.

Liketso tsena tsa bobatana ha lia bonoa libaesekopong tse tšosang tsa liketso tse sehlōhō le tsa pefo. Litlaleho tsena kaofela ke liketsahalo tsa ’nete tse sa tsoa etsahala, ’me e ne e le lihlooho tsa litaba naheng e ’ngoe ea Latin-America. Leha ho le joalo, mehleng ena hase naha ena feela e hlaheloang ke liketso tsena tse tšosang.

Liketso tse sehlōhō li etsahala letsatsi le leng le le leng. Ho phatloha ha liqhomane, litlhaselo tsa bokhukhuni, ho bolaea, ho futuhela batho, ho thunya le ho beta, ke linyane. Nako le nako mecha ea litaba e phatlalatsa litšoantšo tsa liketso tse sehlōhō, ’me batho ba bangata ha ba sa tšoha ha ba bona kapa ba utloa ka liketso tsena tse sehlōhō.

U ka ’na ua ipotsa: ‘Ho etsahala’ng ka lefatše mehleng ee? Na batho ba feletsoe ke ho nahanela ba bang le ho hlompha bophelo?’ Ebe ke hobane’ng ha re lokela ho phela lefatšeng le tjee?

Ak’u nahane ka Harry, monna e mong ea nang le lilemo tse 69 ea tšoeroeng ke kankere. Mosali oa hae o na le lefu la ho satalla mesifa, empa baahisani ba hae le metsoalle ba ba thusa ka lerato. Harry o re, “Ha ke tsebe hore na re ne re tla etsa joang ha e ne e se ka batho bana bohle ba re thusang.” Liphuputso li senola hore Canada, moo a lulang teng, batho ba fetang ba 50 ho ba lekholo, ba hlokomelang batho ba baholo, ba thusa motho eo ba sa amaneng le eena. Ha ho pelaelo hore u tseba batho feela ba bontšang mosa le moea oa boahelani nako le nako. Ka sebele batho ba ka khona ho bontša qenehelo le mosa ho e-na le ho ba sehlōhō.

Joale bobatana boo bo bakoa ke eng? Ke eng se etsang hore batho ba etse liketso tse sehlōhō? Na ba tšoarang batho ba bang ka sehlōhō ba ka fetoha? Na liketso tse sehlōhō li tla ke li fele? Haeba li tla fela, li tla fela joang hona neng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Train: CORDON PRESS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela