Na Liketso Tse Sehlōhō li Tla ke li Fele?
BATHO ba bangata ba ka lumela habonolo feela hore ntho e khōlō e etsisang batho liketso tse sehlōhō kajeno ke boikhabi. Ka lebaka la maikutlo a boithati a ’nileng a jaloa lilemong tse ngata tse fetileng, ho hlahile moloko oo ho oona batho ba bangata ba iketelletsang pele. Batho ba bangata ba ka etsa eng kapa eng e le hore feela ba fumane seo ba se batlang, ’me hangata phello e ba liketso tse sehlōhō. Hase batho ka bomong feela ba etsang sena, lichaba le tsona lia se etsa.
Batho ha ba sa natsa bophelo ba batho ba bang. Batho ba bang ba bile ba thabela ho ba sehlōhō. Joaloka linokoane tse bolelang hore li utloisa batho ba bang bohloko hore feela li ithabise, le bona ba ho nka e le boithabiso. Ho thoe’ng ka matšoele-tšoele a batho ba ratang libaesekopo tse bontšang pefo le liketso tse sehlōhō, a khothaletsang baetsi ba libaesekopo ho rua ka libaesekopo tsa mofuta oo? Matsoalo a batho ba bangata aa cha ka lebaka la ho ’na ba bona liketso tsa bobatana ka mecha ea boithabiso le ea litaba.
Hangata batho ba ileng ba tšoaroa ka sehlōhō ba senyeha likelello hoo le bona ba ka ’nang ba tšoara batho ba bang ka sehlōhō. Ha Noemí Díaz Marroquín, ea rutang National Autonomous University of Mexico, a bua ka batho ba mabifi hobane ba ile ba tšoaroa ka sehlōhō, o re: “Pefo ea ithutoa, ke kamoo re leng kateng . . . Re ithuta ho ba mabifi haeba tikolohong eo re phelang ho eona batho ba ho lumella ebile ba ho khothalletsa.” Kahoo, batho ba ’nileng ba tšoaroa hampe ba ka ’na ba tšoara ba bang hampe, mohlomong ebile e le ka litsela tseo ba ileng ba tšoaroa hampe ka tsona.
Maemong a mang, batho ba sebelisang hampe lintho tse kang joala le lithethefatsi ba ka ’na ba qetella ba le sehlōhō. Batho ba bang ba ke keng ba hlokomolohuoa ke ba sa khotsofalang ke mebuso ea bona e sa etsetseng batho lintho tseo ba li hlokang. Ba bang ba bona, ba etsa liketso tse sehlōhō ebile ba khothalletsa bokhukhuni hobane ba ikemiselitse ho phatlalatsa maikutlo a bona, ’me hangata ba bakela batho ba se nang molato mahlomola.
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa: ‘Na batho ba ithutile liketso tse sehlōhō ka bobona? Boemo bo teng hona joale bo bakoa ke eng?’
Ke Mang ea Hlileng a Hlohlelletsang Liketso Tse Sehlōhō?
Bibele e re bolella hore Satane Diabolose o na le tšusumetso e matla lefatšeng lena, e mo bitsa “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Ke eena motho ea sehlōhō ka ho fetisisa le oa moikhabi pōpong eohle. Jesu o ile a mo hlalosa hantle ha a ne a re ke “’molai” le “ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.
Moloko oa batho o ’nile oa e-ba tlas’a tšusumetso e matla ea Satane ho tloha ha Adama le Eva ba bontša ho se mamele. (Genese 3:1-7, 16-19) Lilemo tse ka bang makholo a 15 ka mor’a hore batho ba babeli ba pele ba furalle Jehova, mangeloi a marabele a ile a iketsa batho, a kopanela liphate le basali, eaba a tsoala bana ba mofuta o tsoakaneng, ba neng ba bitsoa Banefilime. Ba ne ba tsebahala ka eng? Lebitso la bona lea ba hlalosa. Le bolela “Balihi,” kapa “ba lihang batho ba bang.” Ho hlakile hore e ne e le batho ba mabifi ba ileng ba ruta batho boitšoaro bo bobe le liketso tse sehlōhō tse neng li ka felisoa feela ke Moroallo o neng o ka tlisoa ke Molimo. (Genese 6:4, 5, 17) Le hoja Banefilime ba ile ba timetsoa ka Moroallo, bo-ntat’a bona ba ile ba khutlela sebakeng sa moea e le bademona ba sa bonahaleng.—1 Petrose 3:19, 20.
Taba ea moshanyana e mong ea neng a e-na le modemona mehleng ea Jesu e bontša kamoo mangeloi ana a marabele a leng sehlōhō kateng. Modemona ona o ne o tsitsipanya ngoana enoa khafetsa, o mo lahlela mollong le ka metsing, ha o leka ho mo bolaea. (Mareka 9:17-22) Ho totobetse hore “makhotla [ao] a moea a khopo” a bontša botho bo se nang qenehelo ba Satane Diabolose, molaoli oa ’ona ea khopo e moholo.—Baefese 6:12.
Kajeno, bademona ba ntse ba tsoela pele ho susumetsa batho hore ba etse liketso tse sehlōhō, joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele: “Matsatsing a ho qetela ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng a bona.”—2 Timothea 3:1-5.
Boprofeta ba Bibele bo senola hore mehla ea rōna e mahlonoko ka ho fetisisa hobane ka mor’a hore ’Muso oa Molimo o thehoe ka Kreste Jesu ka 1914, Satane le bademona ba hae ba ile ba ntšoa ka sheshe maholimong. Bibele e re: “Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.”—Tšenolo 12:5-9, 12.
Na see se bolela hore boemo bo ke ke ba ntlafala? Díaz Marroquín, ea qotsitsoeng pejana, o re “batho ba ka khona ho tlohela” boitšoaro bo sa amoheleheng. Leha ho le joalo, kaha tšusumetso ea Satane e tletse lefatše kajeno, ho ke ke ha etsahala hore motho a tlohele boitšoaro bo joalo ntle le ha a lumella hore matla a mang a phahameng a susumetse tsela eo a nahanang ka eona le eo a etsang lintho ka eona. Matla ao ke afe?
Liphetoho li ka Etsahala—Joang?
Ho thabisang ke hore moea o halalelang oa Molimo ke matla a fetang ’ohle, ’me o ka hlōla tšusumetso efe kapa efe ea bodemona. O hōlisa lerato la batho le boiketlo ba bona. E le hore e mong le e mong ea ratang ho khahlisa Jehova a tlale moea oa Molimo, o lokela ho qoba esita le boitšoaro bo ka ’nang ba batla bo e-ba sehlōhō. Sena se akarelletsa hore motho a fetole botho ba hae hore bo lumellane le thato ea Molimo. Ebe thato eo ke eng? Ke hore re etsise tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona ho fihlela moo re ka khonang. Sena se akarelletsa hore re nke batho ba bang ka tsela eo Molimo a ba nkang ka eona.—Baefese 5:1, 2; Bakolose 3:7-10.
Ha u ithuta tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona, u tla kholiseha hore ha ho mohla Jehova a kileng a hlokomoloha batho. Ha ho mohla a kileng a tšoara motho mang kapa mang ka leeme, esita le eona phoofolo.a (Deuteronoma 22:10; Pesaleme ea 36:7; Liproverbia 12:10) O hanyetsa liketso tse sehlōhō le bohle ba li etsang. (Liproverbia 3:31, 32) Botho bo bocha boo Jehova a batlang hore Bakreste ba bo hlaolele bo ba thusa hore ba nke hore ba bang ba ba phahametse le hore ba ba hlomphe. (Bafilipi 2:2-4) Botho bona bo bocha ba Bokreste bo akarelletsa “lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” Lerato le lona le ke ke la hlokomolohuoa, “etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.” (Bakolose 3:12-14) Na ha u lumele hore haeba litšobotsi tsee li ne li atile, lefatše le ne le ke ke la e-ba ka tsela eo le leng ka eona hona joale?
Leha ho le joalo, u ka ipotsa hore na ebe ho ka khoneha hore motho a hle a fetole botho ba hae. Ka mohlala, nahana ka mohlala oa se etsahetseng. Martínb o ne a tloaetse ho tjolietsa mosali oa hae le ho mo shapa habohloko ka pel’a bana ba bona. Ka lekhetlo le leng, boemo bo ile ba e-ba bobe hoo bana ba ileng ba tlameha ho mathela ha moahelani ho ea kōpa thuso. Ka mor’a lilemo tse seng kae, lelapa la Martín le ile la qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ’me o ile a ithuta hore na e lokela ho ba motho oa mofuta ofe le hore na o lokela ho tšoara batho ba bang joang. Na o ile a khona ho fetoha? Mosali oa hae oa araba: “Nakong e fetileng, monna oa ka e ne e e-ba motho osele ha a halefile. Sena se ile sa ferekanya bophelo ba rōna ka nako e telele. Ke haelloa ke mantsoe a ho leboha Jehova ha a thusitse Martín hore a fetohe. Hona joale ke ntate ea molemo le monna ea babatsehang.”
Taba ena ke mohlala o le mong feela. Lefatšeng lohle, batho ba limilione ba ithutileng Bibele le Lipaki Tsa Jehova ba tlohetse liketso tse sehlōhō. Ka sebele, hoa khoneha hore motho a fetohe.
Liketso Tsohle Tse Sehlōhō li Haufi le ho Fela
Haufinyane, ’Muso oa Molimo—e leng ’muso o seng o hlomiloe maholimong oo Kreste Jesu e leng ’Musi oa oona ea nang le qenehelo, o tla laola lefatše ka ho feletseng. Leholimong koana, o se o lelekile Satane, moqapi oa liketso tsohle tse sehlōhō, hammoho le bademona ba hae. E se khale, ’Muso oa Molimo o tla etsetsa bafo ba oona ba lefatšeng ba ratang khotso lintho tseo ba li hlokang. (Pesaleme ea 37:10, 11; Esaia 11:2-5) Ke oona feela o ka rarollang mathata a lefatše. Empa ho thoe’ng haeba ha u ntse u emetse ’Muso oo u ka hlaheloa ke lintho tse sehlōhō?
Ho iphetetsa ka sehlōhō ho ke ke ha u thusa. Ho ka fella feela ka sehlōhō se fetang. Bibele e re khothalletsa hore re tšepe Jehova eo, ka nako ea hae a tla “fa e mong le e mong ho ea ka litsela tsa hae, ho ea ka litholoana tsa mesebetsi ea hae.” (Jeremia 17:10) (Bona lebokose le reng, “U ka Etsa Joang ha U Tšoaroa ka Sehlōhō.”) Ke ’nete hore u ka ’na ua utloa bohloko ka lebaka la ho etsetsoa tlōlo ea molao e sehlōhō. (Moeklesia 9:11) Empa, Molimo a ka etsolla liphello tsa ketso efe kapa efe e sehlōhō, esita le lona lefu. Ho ea ka tšepiso ea hae, batho ba khopolong ea hae ba shoeleng ka lebaka la liketso tse sehlōhō, ba tla tsosoa.—Johanne 5:28, 29.
Le hoja ho sa ntse ho ka etsahala hore re hlaheloe ke lintho tse sehlōhō, re ka tšelisoa ke ho ba le kamano e haufi le Molimo hammoho le tumelo e tiileng litšepisong tsa hae. Nahana ka Sara ea neng a se na monna empa a ile a hōlisa bara ba hae ba babeli a ba a tiisa hore baa ruteha. Ha a se a hōlile, bara ba hae ba ile ba mo lahla. Leha ho le joalo, hona joale Sara ke Mokreste, ’me o re: “Le hoja ke tla ’ne ke utloe bohloko, Jehova eena ha aa ntahla. O nthusa ka bara le baralib’eso ba moea, ba ntlhokomelang kamehla. Ke lumela ka tieo hore haufinyane o tla rarolla mathata a ka le a bohle ba tšepileng matla a hae ’me ba phetha litaelo tsa hae.”
Sara o bolela bo-mang ha a bua ka bara le baralib’abo ba moea? Ke metsoalle ea hae ea Bakreste ea Lipaki Tsa Jehova. Metsoalle ena ke mokhatlo oa bara ba motho oa lefatše lohle oa batho ba nang le qenehelo, ba kholisehileng hore haufinyane liketso tse sehlōhō li tla fela. (1 Petrose 2:17) Satane Diabolose, e leng mohlohlelletsi e moholo oa liketso tse sehlōhō, hammoho le mang kapa mang ea mo etsisang, ba ke ke ba pholoha. “Mehla [ena] ea bophoofolo,” e boleloang ke sengoli se seng, e tla fela. Ke hobane’ng ha u sa iteanye le e mong oa Lipaki Tsa Jehova e le hore u ka ithuta ka tšepo ee?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a U ka hlahloba ka botebo litšobotsi tsa Molimo le botho ba hae ka ho bala buka ea Atamela ho Jehova, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Mabitso a mang a fetotsoe.
[Lebokose le leqepheng la 6]
Seo U ka se Etsang ha U Tšoaroa ka Sehlōhō
Lentsoe la Molimo le fana ka keletso e nang le thuso ka hore na u ka etsa joang ha u tšoaroa ka sehlōhō. Nahana hore na u ka sebelisa joang mantsoe ana a bohlale a latelang:
“U se ke ua re: ‘Ke tla buseletsa bobe!’ Tšepa Jehova, ’me o tla u pholosa.”—Liproverbia 20:22.
“Haeba u bona ho hatelloa leha e le hofe ha ea nang le ho honyenyane le ho tlosoa ho mabifi ha kahlolo le ha ho loka . . . , u se ke ua makala ka lebaka la taba eo, etsoe ea phahametseng ea phahameng o talimile.”—Moeklesia 5:8.
“Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Matheu 5:5.
“Ka hona, lintho tsohle tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.”—Matheu 7:12.
“Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. Lokisetsang hore ho be le lintho tse ntle mahlong a batho bohle. Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. Le se ke la iphetetsa, baratuoa, empa le fe khalefo sebaka; kaha ho ngoliloe: ‘Phetetso ke ea ka; ke tla buseletsa, ho bolela Jehova.’”—Baroma 12:17-19.
“Esita le Kreste o ile a utloa bohloko bakeng sa lōna, a le siela mohlala hore le latele mehato ea hae haufi-ufi. . . . Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.”—1 Petrose 2:21-23.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Jehova o rutile ba bangata hore ba lahle liketso tse sehlōhō