Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 4/15 maq. 8-11
  • Ha Seo U se Lebeletseng se sa Phethahale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Seo U se Lebeletseng se sa Phethahale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Lebella Mehlolo
  • Ho se Bolele Seo U se Lebeletseng
  • Buisanang
  • “U Potlakele ho Utloa”
  • Na Ehlile re se re Loketse Lenyalo?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Haeba U Soetsehile ka Seo U Neng U se Lebeletse Lenyalong
    Tsoha!—2014
  • Lenyalo la Hao le ka Pholosoa!
    Tsoha!—2001
  • “Lenyalo le ke le Hlomphehe”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 4/15 maq. 8-11

Ha Seo U se Lebeletseng se sa Phethahale

ESITA le haeba monna le mosali ba ne ba bonahala eka baa tšoanelana ha ba sa laetsana, pherekano e ka ’na ea hōla ha ba se ba nyalane. Ebe ke hobane’ng ha batho ba neng ba bonahala eka baa utloana pele ba nyalana ba ka fetoha haholo feela ka mor’a moo?

Bibele e bolela hore ba kenang lenyalong ba tla hlaheloa ke “lintho tse bohloko le matšoenyeho.” (1 Bakorinthe 7:28, The New English Bible) Hangata, matšoenyeho a mang a bakoa ke hore batho ha baa phethahala. (Baroma 3:23) Ho phaella moo, ho ka etsahala hore ebe molekane e mong kapa balekane ka bobeli, ha ba sebelise melao-motheo ea Bibele. (Esaia 48:17, 18) Leha ho le joalo, ka linako tse ling, monna kapa mosali o kena lenyalong a lebeletse mehlolo. Haeba ho le joalo, ho se utloisisane ho ka baka mathata a maholo.

Ho Lebella Mehlolo

Haeba u monna kapa u mosali, mohlomong u kene lenyalong u lebeletse lintho tse itseng; batho ba bangata ba etsa joalo. Iphe nako ea ho nahana hore na u ne u lebeletse bophelo ba mofuta ofe. Na lenyalo la hao le kamoo u neng u lebeletse kateng? Haeba ho joalo, u se ke ua etsa qeto ea hore mathata a ke ke a rarolloa. Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho ka u thusa hore u otlolle lintho.a (2 Timothea 3:16) Ho sa le joalo, ho ka ba molemo hore u boele u ikhopotse hore na u ne u lebeletse eng lenyalong.

Ka mohlala, ba bang ba ne ba nahana hore joalokaha ho hlalosoa litšōmong, bophelo ba lenyalo ke tsoekere feela le hore banyalani ba bonya ka linako tsohle. Kapa mohlomong u ne u nahana hore uena le molekane oa hao le ne le tla ba hammoho boholo ba nako kapa hore le ne le tla lokisa ho se lumellane ho hong le ho hong habonolo, joaloka batho ba baholo. Ba bangata ba ne ba nahana hore litabeng tsa ho kopanela liphate, ha ba sa tla tlameha ho itšoara ha ba le lenyalong. Kaha lintho tsena tsohle tse tloaelehileng tseo batho ba li lebeletseng ke mehlolo, ha ho pelaelo hore li tla etsa hore ba bang ba soetsehe.—Genese 3:16.

Mohlolo o mong oo batho ba o lebellang ke oa hore ho nyaloa ho tla etsa hore motho a thabe. Ke ’nete hore ho ba le molekane e ka ba sesosa sa nyakallo. (Liproverbia 18:22; 31:10; Moeklesia 4:9) Empa na ho ka lebelloa hore lenyalo le tla felisa mathata ’ohle ka mohlolo? Ba nahanang joalo, hangata ba ithuta habohloko!

Ho se Bolele Seo U se Lebeletseng

Hase litebello tsohle tseo e leng mehlolo. Ho fapana le seo, tse ling li akarelletsa litakatso tse utloahalang. Leha ho le joalo, ho lebella lintho tse itseng ho ka ’na ha baka mathata. Moeletsi e mong oa litaba tsa manyalo o re: “Ke bona banyalani ba halefelanang hobane e mong a lebeletse ntho e itseng, empa ho se mohla a kileng a tsebisa molekane e mong ka eona.” E le hore u utloisise hore na sena se ka etsahala joang, nahana ka ketsahalo e latelang.

Mary o nyaloa ke David, eo ha habo e leng hōle le hahabo Mary. Kaha Mary ke motho ea lihlong, pele a nyaloa o hlokomela hore ho ea sebakeng se secha ho tla baka mathata. Leha ho le joalo, o tšepile hore David o tla mo thusa. Ka mohlala, Mary o lebeletse hore David o tla ema le eena ’me a mo thuse ho tloaela metsoalle ea hae. Leha ho le joalo, David ha a etse joalo. Ho e-na le hoo, o nkeha ke ho qoqa le metsoalle ea hae—a sa natse Mary. Mary o ikutloa a setse lepalapaleng, ebile eka o lahlehile. Oa ipotsa, ‘Ebe ke hobane’ng ha David a sa ntsotelle hakaale?’

Na Mary o lebeletse mohlolo? Che. O mpa a batla feela hore monna oa hae a mo thuse ho tloaela maemo a macha. Mary o lihlong, ’me o imetsoe ke taba ea ho kopana le batho bana ba bangata bao a qalang ho ba bona. Leha ho le joalo, taba ke hore ha ho mohla Mary a ileng a tsebisa David hore na o ikutloa joang. Kahoo, David ha a tsebe hore na Mary o ikutloa joang. Ho tla etsahala joang haeba litaba li tsoela pele ka tsela ee? Mary a ka ’na a tlalellana, ’me ka mor’a nako, a ba a nahana hore monna oa hae o iphapanyetsa maikutlo a hae.

Mohlomong le uena u ikutloile u soabile ebile u tsielehile ha ho bonahala molekane oa hao a sa etse letho ka litlhoko tsa hao. Haeba ho joalo, u ka etsa joang?

Buisanang

Ka sebele u ka utloa bohloko haeba lintho tseo u li lebeletseng li sa phethahale. (Liproverbia 13:12) Leha ho le joalo, ho na le seo u ka se etsang ka boemo boo. Maele a mang a Bibele a re: “U ka susumetsa ba bang haeba u le bohlale ebile u bua ntho e utloahalang.” (Liproverbia 16:23, Contemporary English Version) Kahoo, haeba u bona eka ntho eo u e lebeletseng ea utloahala, buisana le molekane oa hao ka eona.

Leka ho khetha nako e nepahetseng, boemo bo loketseng le mantsoe a tšoanetseng hore u bolele lintho tse u tšoenyang. (Liproverbia 25:11) U khobe matšoafo ha u bua, ’me u bue ka tlhompho. Hopola hore morero oa hao hase ho qosa molekane oa hao, empa ke ho mo tsebisa maikutlo a hao le seo u se lebeletseng.—Liproverbia 15:1.

Ebe ke hobane’ng ha u lokela ho ikhathatsa ka ho etsa lintho tsee tsohle? Na molekane ea nahanelang o ne a ke ke a bona hore na u hloka eng? Ho ka etsahala hore ebe molekane oa hao o mpa a shebile taba ka tsela e fapaneng empa a ka thabela ho nahanela maikutlo a hao haeba u mo hlalosetsa ’ona. Ha u bolella molekane oa hao hore na u batla eng kapa u hloka eng, hase pontšo ea hore lenyalo la lōna ha lea atleha, ebile hase bopaki ba hore ha a u tsotelle.

Kahoo, u se ke ua tsilatsila ho buisana le molekane oa hao. Ka mohlala, boemong bo tšohliloeng pejana, Mary o ne a ka re ho David: “Ke bona eka ke thatafalloa ho tseba batho ba bangata hakana bao ke qalang ho ba bona. Ho fihlela ke phutholoha har’a bona, na u ka nthusa hore ke ba tloaele kaofela?”

“U Potlakele ho Utloa”

Joale, a re hlaheng taba ena ka lehlakoreng le leng. A re re molekane oa hao o tla ho uena, ’me o tšoentsoe ke hore ha u etse ntho e utloahalang eo a e lebeletseng. Haeba ho etsahala sena, mamela molekane oa hao! Leka hore u se ke ua ikemela. Ho e-na le hoo, ‘u potlakele ho utloa, u liehe ho bua, u liehe ho halefa.’ (Jakobo 1:19; Liproverbia 18:13) Moapostola Pauluse o ile a khothatsa Bakreste a re: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

U ka etsa sena ka ho ipeha boemong ba molekane oa hao. Bibele e re: “Lōna banna, le tsoele pele ho lula le [basali ba lōna] ka mokhoa o tšoanang ho ea ka tsebo,” kapa, “lōna banna le leke ho utloisisa basali bao le lulang le bona,” ho ea ka phetolelo ea J. B. Phillips’. (1 Petrose 3:7) Ha e le hantle, basali ba lokela ho etsa boiteko bo tšoanang mabapi le banna ba bona.

Hopola, ho sa tsotellehe hore na uena le molekane oa hao le tšoanelana hakae, hoo ha ho bolele hore litabeng tsohle le na le pono e tšoanang. (Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Ba Sebakeng se le Seng, Empa ha ba Bone ka ho Tšoana.”) Ka sebele, sena se molemo hobane ho sheba taba ka lehlakoreng la motho e mong, hoa thusa. Ka lebaka la lintho tse kang malapa ao le tsoang ho ’ona le litso tsa lōna, uena le molekane oa hao le nyalane e mong le e mong a lebeletse lintho tse itseng. Ka lebaka leo, le ka ratana haholo empa la se ke la lebella lintho tse tšoanang.

Ka mohlala, balekane ba Bakreste ba ka ’na ba tseba hantle molao-motheo oa Bibele oa bohlooho. (Baefese 5:22, 23) Empa bohlooho bo tla hle bo sebelisoe joang ka lelapeng la lōna, ’me mosali eena o tla bontša boikokobetso joang? Na bobeli ba lōna le tataisoa ke molao-motheo oo oa Bibele, ’me na le etsa boiteko ba sebele ba ho o latela?

Hape ho ka etsahala hore ebe le na le maikutlo a sa tšoaneng mabapi le litaba tse ling tsa letsatsi le letsatsi. Ke mang ea tla etsa mesebetsi e itseng ea lelapa? Le tla etela beng ka lōna neng, hona khafetsa hakae? Balekane ba Bakreste ba tla bontša joang hore ba etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso bophelong ba bona? (Matheu 6:33) Litabeng tse amanang le chelete, ho bonolo ho kena likolotong, ka lebaka leo, ho molemo ho reka lintho ka bohlale le ho baballa chelete. Kahoo, ha e le hantle see se bolela eng? Ho hlokahala hore le phetlelane lifuba ka tlhompho litabeng tsena, ’me ho etsa joalo ho ka le tsoela molemo haholo.

Lipuisano tsa mofuta ona li ka le thusa hore le phele ka khotso lenyalong la lōna, le haeba ho tla fihlela joale ho bile le lintho tse ling tse sa phethahalang. Ka sebele, le tla nolofalloa ho sebelisa keletso ena ea moapostola Pauluse: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”—Bakolose 3:13.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, e na le likeletso tse ngata tse molemo tse tobisitsoeng ho banyalani.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

BA SEBAKENG SE LE SENG, EMPA HA BA BONE KA HO TŠOANA

‘Nahana ka sehlopha sa bahahlauli se shebile setšoantšo sa naha. Le hoja sehlopha sohle se talimile sebakeng se le seng, motho ka mong o se bona ka ho fapaneng. Hobane’ng? Hobane motho ka mong o shebile a le sebakeng seo a leng ho sona. Ha ho batho ba babeli ba emeng sebakeng se tšoanang hantle. Ho feta moo, hase batho bohle ba shebang lintho tse tšoanang. Motho ka mong o fumana karolo e fapaneng e thahasellisa haholo. Ho joalo le lenyalong. Esita leha balekane ba babeli ba tšoanelana haholo, ha ho ba nang le pono e tšoanang hantle ea lintho. . . . Puisano e akarelletsa boiteko ba ho etsa hore ho se tšoane hona ho ba kopanye hore e be nama e le ’ngoe. Hona ho hloka nako ea ho buisana.’—Molula-Qhooa oa August 1, 1993, leqepheng la 4.

[Lebokose le leqepheng la 11]

SEO U KA SE ETSANG HONA JOALE

• Hlahloba hape lintho tseo u li lebeletseng. Na u lebeletse mehlolo? Na u lebeletse ho fetang matla a molekane oa hao?—Bafilipi 2:4; 4:5.

• Leka ho lokisa maemo haeba u lebeletse mehlolo. Ka mohlala, ho e-na le hore u re, “Ha ho mohla re tla hanyetsana,” etsa qeto ea hore haeba le fapana ka maikutlo, le tla leka ho rarolla bothata ka khotso.—Baefese 4:32.

• Buisanang ka lintho tseo le li lebeletseng. Ho buisana haeba ho e-na le taba e itseng ke mokhoa oa ho ithuta ho ratana le ho hlomphana.—Baefese 5:33.

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

U “potlakele ho utloa” se tšoenyang molekane oa hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela