Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 4/15 maq. 12-15
  • Tsamaea le Pauluse ha a Leba Berea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsamaea le Pauluse ha a Leba Berea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Histori ea Pele
  • O ne o Atlehile Nakong ea Puso ea Roma
  • Litaba Tse Molemo li Fihla Berea
  • “A Tšetleha Mabaka a Hae ka Mangolo”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Pauluse le Timothea
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?
    Tsoha!—1991
  • Ho Loanela Hore Litaba Tse Molemo li Boleloe Thesalonika
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 4/15 maq. 12-15

Tsamaea le Pauluse ha a Leba Berea

Mosebetsi oa baromuoa ba babeli o ne o atlehile haholo, ’me letšoele le leholo le ile la fetoha balumeli. Joale sehlopha sa mahoohoo se ile sa ba hlasela eaba ba etsa qeto. Molemong oa phutheho e neng e sa tsoa thehoa le molemong oa polokeho ea baromuoa bao ka bobona, baromuoa bana ba ile ba kena tseleng hang-hang, har’a mp’a bosiu. Kahoo, hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., Pauluse le Silase ba ile ba tloha lebōpong la leoatle la Macedonia le Thesalonika. Ba ile ba kena leetong la ho ea Berea, e leng motse o latelang oo ba neng ba tla bolela litaba tse molemo ho oona.

JOALOKA motsamai oa boholo-holo, moeti oa kajeno a ka bona Berea (Véroia) e mosikong o ka bochabela oa Thaba ea Bermios e tlokomang botala. Berea e ka ba lik’hilomithara tse 65 ka boroa-bophirimela ho Thesalonika le lik’hilomithara tse ka bang 40 ho tloha Leoatleng la Aegea. Thaba ea Olympus, e ho elella ka boroa, ke sebaka sa tšōmong sa melimo e ka sehloohong ea tempele ea Bagerike ba boholo-holo.

Liithuti tsa Bibele li thahasella Berea kaha ke sebaka seo ho sona Pauluse a ileng a bolela litaba tse molemo ’me a sokollela ba bangata Bokresteng. (Liketso 17:10-15) A re ke re menahaneng le mehlala ea Pauluse ’me re hlahlobisise histori ea motse ona.

Histori ea Pele

Ha ho motho ea tsebang hantle hore na motse oa Berea o thehiloe neng. Baahi ba eona ba pele, bao mohlomong e neng e le merabe ea Mafrigia, ba ile ba lelekoa moo ke Bamacedonia hoo e ka bang lekholong la bosupa la lilemo B.C.E. Ka mor’a lilemo tse makholo a mararo, Macedonia e ne e ruile ka lebaka la ho hlōla ha Alexandere e Moholo. Ho ile ha hahuoa mehaho e hlollang le marako, hammoho le libaka tse halalelang tsa Zeuse, Artemise, Apollo, Athena le melingoana e meng ea Bagerike.

Buka e ’ngoe ea histori e bolela hore ka lilemo tse makholo, Berea “e ile ea phetha karolo ea bohlokoa tikolohong eo le karolong eohle e ka leboea ho Greece.” Motse ona o ile oa hlahella nakong ea puso ea morena oa ho qetela oa lesika la marena a Macedonia, e leng Maantigonid (306-168 B.C.E.), ao Baroma ba ileng ba qetela ba a amohile puso.

Encyclopædia Britannica e bolela hore ha Baroma ba ne ba hlōla Morena Philip V ka 197 B.C.E., “puso ea pele e ile ea ferekanngoa ’me Roma ea fetoha ’mampoli ea matla ka bochabela ho Mediterranean.” Ka 168 B.C.E., sebakeng se bitsoang Pydna, se ka bang lik’hilomithara tse ’maloa ka boroa ho Berea, molaoli oa Moroma o ile a hlōla ntoa ea makhaola-khang khahlanong le Perseus, eo e neng e le ’musi oa ho qetela oa Macedonia ea boholo-holo. ’Muso o matla oa lefatše oa Bagerike o ne o nketsoe sebaka ke Roma, joalokaha boprofeta ba Bibele bo ne bo boletse esale pele. (Daniele 7:6, 7, 23) Ka mor’a ntoa eo, Berea e ile ea e-ba o mong oa metse ea pele ea Macedonia e ileng ea inehela ho Roma.

Lekholong la pele la lilemo B.C.E., Macedonia e ile ea fetoha lepatlelo la ntoa nakong ea qhoebeshano e neng e le pakeng tsa Pompey le Juliase Cesare. Ha e le hantle, Pompey o ile a theha ntlo-khōlō ea hae le lebotho la sesole tikolohong ea Berea.

O ne o Atlehile Nakong ea Puso ea Roma

Nakong ea Pax Romana, kapa Khotso ea Roma, baeti ba tlang Berea ba ne ba fumana literata tse katiloeng ka majoe li bile li etselitsoe mathule. Motse ona o ne o e-na le libate tsa sechaba, mabala a liketsahalo le libaka tsa moo ho tšoareloang litlhōlisano tsa ntoa. Motse oo o ne o e-na le liphaephe tsa metsi a nooang le tse tsamaisang likhoerekhoere ka tlas’a lefatše. Berea e ile ea e-ba setsi sa khoebo se tummeng haholo se neng se eteloa ke bahoebi, litsebi tsa bonono, baatlelete le bashebelli ba neng ba tla lipapaling le liketsahalong tse ling. Batho ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba ka fumana libaka tsa borapeli moo ba neng ba ka etsa meetlo ea malumeli a bona. Ha e le hantle, lihlotšoana tsa borapeli tse pusong eohle ea Roma li ne li fumaneha motseng ona.

Melimo e meng e neng e rapeloa Berea e ne e le baemphera ba Roma ba entsoeng melingoana ka mor’a hore ba shoe. Eo e ne e le ntho e bonahalang e tloaelehile ho Baberea kaha Alexandere e Moholo ke eena moemphera oa pele ea ileng a rapeloa e le molimo. Buka e ’ngoe ea Segerike e re: “Kaha Bagerike ba ’Musong o ka bochabela ba ne ba tloaetse ho fa marena tlotla ea hore ke melimo ha ba sa ntse ba phela, Bagerike bao ba ile ba thabela ho fa le baemphera ba Roma tlotla ea ho ba melingoana . . . Licheleteng tsa bona tsa tšepe, moemphera o ne a bontšoa e le molingoana, a roetse moqhaka o khanyang. Ba ne ba mo rapela joaloka molimo, ba mo binela lifela le lipina.” Ho ne ho hahuoa lialetare le litempele, ebe o etsetsoa mahlabelo. Esita le baemphera ba ne ba e-tla meketeng ena ea ’muso ea bolumeli, e neng e akarelletsa lipapali, mesebetsi ea bonono le litlhōlisano tsa lingoliloeng.

Ke hobane’ng ha Berea e ne e le setsi sa borapeli ba bohetene? Ke hobane e ne e le sebaka sa Koinon ea Macedonia. Koinon e ne e le sehlopha sa baemeli ba tsoang metseng ea Macedonia. Baemeli bana ba ne ba kopana khafetsa Berea hore ba tšohle litaba tsa motse le tsa liprofinse ba ntse ba behiloe leihlo ke puso ea Roma. O mong oa mesebetsi e ka sehloohong ea Koinon e ne e le ho laola mekete ea bolumeli ea puso.

Bona e ne e le boemo ba motse oo Pauluse le Silase ba ileng ba leba ho oona ka mor’a hore ba balehe Thesalonika. Nakong eo, Berea e ne e bile tlas’a taolo ea Roma ka lilemo tse makholo a mabeli.

Litaba Tse Molemo li Fihla Berea

Pauluse o ile a qala ho bolela litaba tse molemo Berea ka synagogeng ea motse oo. Batho ba ile ba mo amohela joang? Tlaleho e bululetsoeng e bolela hore Bajuda ba moo “ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, kaha ba ile ba amohela lentsoe ka tabatabelo e khōlō ea kelello, ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng mabapi le hore na lintho tsena li joalo kapa che.” (Liketso 17:10, 11) Kaha “ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng,” ha baa ka ba khomarela lineano tsa bona ka manganga. Le hoja ba ne ba utloa lintho tse ncha, ba ne ba sa belaelle letho kapa ba sa khopehe. Ho e-na le ho hana molaetsa oa Pauluse, ba ile ba mamela ka hloko, ba bula likelello tsa bona hore ba mamele Pauluse ba se na leeme.

Bajuda bao ba ne ba ka lemoha joang hore Pauluse o ne a ruta ’nete? Ba ile ba leka seo ba neng ba se utloa ka hore ba sebelise mokhoa o tšepahalang ka ho fetisisa. Ba ile ba hlahloba Mangolo ka hloko le ka khothalo. Setsebi sa Bibele se bitsoang Matthew Henry se ile sa fihlela qeto ena: “Kaha Pauluse o ne a beha mabaka ka mangolo, a bile a ba lebisa Testamenteng ea Khale hore a pake seo a se bolelang, ba ile ba tlameha ho ea Libibeleng tsa bona, ba phetle moo a neng a ba lebisa teng, ba bale litemana tse potolohileng taba, ba hlahlobisise seo ho hlileng ho buuoang ka sona, ba se bapise le mangolo a mang, ba hlahlobe hore na lintho tseo Pauluse a neng a li bolela li ne li utloahala ebile e le tsa ’nete le hore na mabaka a hae a ne a ba susumelletsa ho lumela, ebe joale ba etsa liqeto ka tsela e loketseng.”

Seo e ne e se ho habanya lintho feela. Baberea ba ile ba ikitlaeletsa ho ithuta ka mafolofolo, ba sa khaotse, ba etsa joalo letsatsi le letsatsi, eseng ka Sabatha feela.

Nahana ka liphello tse ileng tsa e-ba teng. Bajuda ba bangata ba Berea ba ile ba amohela molaetsa ’me ea e-ba balumeli. Bagerike ba bangata, mohlomong ho akarelletsa le ba bang ba neng ba sokolohetse Bojudeng, le bona ba ile ba lumela. Ba bang ba ile ba hlokomela seo. Ha Bajuda ba Thesalonika ba utloa seo, ba ile ba potlakela Berea ho ea “susumetsa le ho ferekanya matšoele.”—Liketso 17:4, 12, 13.

Pauluse o ile a tlameha ho tloha Berea, empa o ile a tsoela pele a bolela litaba tse molemo libakeng tse ling. Lekhetlong lena o ile a kena sekepeng se neng se e-ea Athene. (Liketso 17:14, 15) Leha ho le joalo, o ne a thabetse hore ebe ho ne ho thehiloe Bokreste sebakeng seo, ka lebaka la mosebetsi oo a neng a o entse Berea. Mosebetsi oo o beha litholoana kajeno.

Ka sebele, motseng oa Berea (Véroia) ho ntse ho e-na le batho ba hlahlobisisang Mangolo hore ba ‘nepisise lintho tsohle’ le ho ‘tšoarella ka tieo’ ho se thehiloeng mabakeng a utloahalang le ’neteng. (1 Bathesalonika 5:21) Liphutheho tse peli tse hōlang tsa Lipaki Tsa Jehova motseng ona li etsa mosebetsi oa boboleli joaloka Pauluse, li bolella ba bang molaetsa oa Bibele. Li batla ba lipelo li tšepahalang ’me li ba behela mabaka ka Mangolo, li lumella matla a susumetsang a Bibele hore a thuse bohle ba batlang ho tseba Jehova, Molimo oa ’nete.—Baheberu 4:12.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

Karolo ea leeto la bobeli la boromuoa la Pauluse

MYSIA

Troase

Neapolise

Filipi

MACEDONIA

Amfipolise

Thesalonika

Berea

GREECE

Athene

Korinthe

AKAIA

ASIA

Efese

RHODE

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Chelete ea silevera e bontšang Alexandere e Moholo e le molingoana oa Bagerike

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Coin: Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Heke e neng e kena sebakeng sa bolulo sa Bajuda Berea (Véroia)

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Synagoge ea khale, Berea (Véroia) ea mehleng ea kajeno

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela