Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 4/15 leq. 19
  • Na U sa Hopola?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U sa Hopola?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Jehova o Fana ka ‘Moea o Halalelang ho ba mo Kōpang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jehova o Tla ‘Etsa Hore Toka e Etsoe’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 4/15 leq. 19

Na U sa Hopola?

Na u thabetse ho bala litokollo tsa morao-rao tjee tsa Molula-Qhooa? Joale, leka ho bona hore na u ka araba lipotso tse latelang:

• Re ka ithuta eng papisong ea Jesu ea motho ea qophellang ea amohetseng moeti? (Luka 11:5-10)

Papiso ena e bontša boikutlo boo re lokelang ho ba le bona ha re rapela. Re lokela ho kōpa ka ho qophella, kapa re ’ne re kōpe, haholo-holo ha re kōpa moea o halalelang oa Molimo. (Luka 11:11-13)—12/15, leqepheng la 20-2.

• Papiso ea Jesu ea mohlolohali le moahloli e re ruta thuto efe? (Luka 18:1-8)

E bontša hore re lokela ho rapela. Ho fapana le moahloli eo, Jehova o lokile ebile o batla ho re thusa. Ho feta moo, re lokela ho ba le tumelo e tšoanang le ea mohlolohali oa papisong eo.—12/15, leqepheng la 26-8.

• Ke hobane’ng ha moapostola Pauluse a ile a bolella Bakreste ba Korinthe hore ba “atolohe”? (2 Bakorinthe 6:11-13)

Ho bonahala eka Korinthe, ba bang ba ne ba sa ananele balumeli-’moho le bona, ba bile ba le lekhonatha. Re lokela ho leka ho ananela balumeli-’moho le rōna e le kannete, esita le ho ikitlaelletsa ho ba le metsoalle e mecha.—1/1, leqepheng la 9-11.

• Ho tiisa ho boletsoeng ho Tšenolo 7:3 ke hofe?

Ha Molimo a tlotsa Bakreste ka moea o halalelang, ba fumana ho tiisoa ha pele. Empa Tšenolo 7:3 e bua ka ho tiisoa ha ho qetela, ha batlotsuoa bao ba se ba tiisitsoe hore ba bontšitse ka botlalo hore baa tšepahala.—1/1, leqepheng la 30-1.

• Batsoali ba ka ithuta eng tlalehong ea Bibele e buang ka Samuele?

Taba ea pele, ba lokela ho ruta bana ba bona lentsoe la Molimo, joalokaha ho totobetse hore batsoali ba Samuele ba ile ba mo ruta lona. Ho phaella moo, ba lokela ho khothalletsa bana ba bona hore ba etse tšebeletso ea Jehova mosebetsi oa bona oa bophelo bohle.—1/15, leqepheng la 16.

• Re ka bontša joang hore re thabela ho letela Jehova?

Re ‘letetse . . . ho ba teng ha letsatsi la Jehova,’ ’me re lebeletse ho lopolloa mohla a timetsang bohle ba se nang bomolimo. (2 Petrose 3:7, 12) Empa le hoja Jehova a labalabela ho felisa bokhopo bohle, oa ithiba e le hore a pholose Bakreste ka tsela e tla tlotlisa lebitso la hae. Re lokela ho tšepa hore Jehova o tseba nako e loketseng ea ho nka bohato, ’me ha re sa ntse re letetse seo, re lokela ho mo rorisa ka mafolofolo. (Pesaleme ea 71:14, 15)—3/1, leqepheng la 17-18.

• Na mofuteng ka mong oa liphoofolo tse hloekileng Noe o ile a kenya tse supileng kapa tse leshome le metso e mene ka arekeng?

Noe o ile a bolelloa hore a “inkele tse supileng” phoofolong ka ’ngoe e hloekileng. (Genese 7:1, 2) Ka Seheberu, poleloana e reng “tse supileng” ka ho toba e bolela “tse supileng tse supileng.” Ho bua joalo ha ho bolele tse supileng habeli, joalokaha litemana tse ling tsa Bibele li bontša. Ho totobetse hore Noe o ile a nka liphoofolo tse supileng, tseo e neng e le tse tšeletseng tse tsamaeang le balekane ba tsona le e le ’ngoe ea bosupa eo hamorao a neng a ka e sebelisetsa ho etsa sehlabelo. (Genese 8:20)—3/15, leqepheng la 31.

• Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ‘nahanisisa’ kamoo tumelo ea baholo ba ba eteletseng pele, e fellang kateng?

Moapostola Pauluse o re mema hore re ‘nahanisise’ kapa re shebisise phello ea boitšoaro ba baholo bo bontšang botšepehi, ebe re latela mehlala ena ea tumelo. (Baheberu 13:7) Re etsa sena hobane Lentsoe la Molimo le re laela hore re etse joalo. Hape, re susumelletsoa ho lumela hore ba thahasella litaba tsa ’Muso oa Molimo ebile ba thahasella hore re atlehe.—4/1, leqepheng la 28.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela