Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Na Liproverbia 22:6 e tiisa hore haeba bana ba Bakreste ba koetlisitsoe hantle, ba ke ke ba lahla tsela ea Jehova?
Temana ena e re: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” Feela joalokaha sefate se oela moo se sekametseng teng, ho na le monyetla oa hore bana ba koetlisitsoeng hantle ba tsoele pele ba sebeletsa Jehova ha ba hōla. Joalokaha motsoali e mong le e mong a tseba, ho koetlisa bana hantle ho hloka nako e ngata le boiteko. E le hore batsoali ba Bakreste ba etse bana ba bona barutuoa, ba lokela ho ba ruta, ho ba khalemela, ho ba khothatsa, ho ba laea haesita le ho beha mohlala o motle. Ba lokela ho etsa lintho tsena ba sa phetse le ka lerato ka lilemo tse ngata.
Leha ho le joalo, na see se bolela hore haeba ngoana a tlohela ho sebeletsa Jehova, batsoali ba hae ha baa mo koetlisa hantle? Maemong a mang, ho ka etsahala hore ebe ho na le moo batsoali ba ileng ba haelloa teng boitekong ba bona ba ho hōlisa bana ba bona ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova. (Baefese 6:4) Ka lehlakoreng le leng, maele ana hase tiiso ea hore ha bana ba koetlisitsoe hantle ba tla tšepahala ho Molimo. Batsoali ba ke ke ba lebisa bana ba bona hohle moo ba ratang teng. Joaloka batho ba baholo, bana le bona ba na le boikhethelo ’me qetellong ba lokela ho khetha tsela eo ba tla phela ka eona. (Deuteronoma 30:15, 16, 19) Ho sa natsoe boiteko bo matla ka ho fetisisa ba batsoali, ka mor’a nako, bana ba bang ha ba tšepahale, feela joalokaha Solomone, ea ngotseng temana ena eo re e tšohlang, a sa ka a tšepahala. Esita le Jehova o bile le bara ba sa kang ba tšepahala.
Kahoo, lengolo lena ha le bolele hore maemong ’ohle ngoana “a ke ke a e kheloha,” empa le bolela hore hangata ha a khelohe. Taba ee ke khothatso e kaakang ho batsoali! Batsoali ba lokela ho khothatsoa ke ho tseba hore boiteko ba bona bo etsoang ka tieo ba ho koetlisa bana ba bona ka tsela ea Jehova, bo tla beha litholoana tse ntle. Kaha karolo ea bona ke ea bohlokoa le tšusumetso ea bona e khōlō, batsoali ba khothaletsoa hore ba nke mosebetsi ona oa bona ka botebo.—Deuteronoma 6:6, 7.
Esita leha bana ba tlohela ho sebeletsa Jehova, batsoali ba neng ba le seli ha ba koetlisa bana ba bona ba ka ba le tšepo ea hore bana ba bona ba tla hlaphoheloa kelellong. ’Nete ea Bibele e matla, ’me ngoana ha a lebale kapele tsela eo batsoali ba hae ba mo koetlisitseng ka eona.—Pesaleme ea 19:7.