Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 8/1 maq. 2-3
  • Ho Batla Bomoea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Batla Bomoea
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U na le Kamano e Ntle le Molimo?
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lelapa la Bokreste le Eteletsa Lintho tsa Moea Pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Bomoea ba ’Nete—U ka bo Finyella Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 8/1 maq. 2-3

Ho Batla Bomoea

THUTONG ea hae e tummeng ea Thabeng, Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.” (Matheu 5:3) Ho ka etsahala hore ebe u lumellana le polelo eo. Libakeng tsohle batho baa hlokomela hore bomoea boa hlokahala bophelong ba bona ’me ba nka hore ha ba bo finyelletse, ba tla thaba. Ha e le hantle, lentsoe “bomoea” le bolela’ng?

Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe e hlalosa hore bomoea ke “ho ba seli kapa ho ameha ka litlhoko tsa bolumeli” le “ho beha kelello linthong tsa moea.” Kahoo, batho ba nka hore lentsoe le kang “bomoea,” le tšoana ka moelelo le lipolelo tse kang “ho beha kelello linthong tsa moea” kapa “ho rata bolumeli.” Ho hlakisa lentsoe lena hape, nahana ka papiso ena: Motho ea tsebang litaba tsa khoebo ho ee ho thoe o rata khoebo. Ka ho tšoanang, motho ea nkang lintho tsa moea kapa tsa bolumeli e le tsa bohlokoa ho thoe o rata bolumeli.

Ebe bomoea ba ’nete bo finyelloa joang? Le hoja e batla e le malumeli ’ohle a bolelang hore a tseba tsela ea ho finyella bomoea, tataiso eo ho fanoang ka eona e batla e le ngata joaloka malumeli ka booona. Moprostanta o bolela hore o bo finyella ka ho pholosoa sebokeng sa tsosoloso. Mok’hatholike o batla ka ho buisana le Molimo ’Miseng. Mobuddha o bo batla ka tsebo ea ho thuisa. Mohindu eena o bo batla ka ho loantša taba ea ho tsoaloa hangata ka ho itima menate. Na batho baa kaofela ba tseleng ea ho finyella bomoea ba ’nete? Na litseleng tsee ho na le e etsang hore batho ba finyelle bomoea?

Batho ba bangata ha ba lumele hore tsena ke litsela tsa ho finyella bomoea. Ba bolela hore ntho e hlokahalang feela ke ho “lumela empa u sa ikamahanye,” ke hore, u lumele ho molimo empa u sa kene kereke. Ba bang ba nahana hore bomoea ha bo finyelloe ka ho ba molumeli, empa bo finyelloa ka ho ba le takatso ea ho ba le khotso le ea ho ba le morero bophelong. Ba bolela hore ha ho hlokahale hore batho ba batlang bomoea ba be le bolumeli. Ho e-na le hoo, ho hlokahala feela hore ba itšepe bobona, eseng ho tšepa Molimo. Mongoli e mong o re: “Bomoea ba ’nete ke ntho e botebong ba motho. Ke tsela eo u ratang batho ba bang ka eona, u ba amohelang ka eona u sebelisanang le bona ka eona hammoho le hore na u sebetsana le tikoloho joang. Ha bo fumanoe kerekeng e itseng kapa ka ho lumela lithuto tse itseng tsa bolumeli.”

Ho hlakile hore maikutlo a batho a fapana haholo tabeng ea bomoea. Ho na le libuka tse likete tse bolelang hore li bontša batho tsela ea ho finyella bomoea, empa hangata ba li balang ba sala ba sa khotsofala ebile ba ferekane. Leha ho le joalo, ho na le buka e le ’ngoe e nang le tataiso e tšepahalang litabeng tsa moea. Ke buka e bontšang bopaki ba hore e bululetsoe ke Molimo. (2 Timothea 3:16) A re boneng hore na buka eo, e leng Bibele, e re’ng ka bomoea le ka bohlokoa ba bona.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

COVER: Background: © Mark Hamblin/​age fotostock

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela