Na “Testamente ea Khale” e Ntse e Sebetsa?
KA 1786 ngaka ea Lefora e ile ea hatisa buka e bitsoang Traité d’anatomie et de physiologie (Puisano ka Kaheho ea ’Mele le Tšebetso ea Litho Tsa ’Mele). Mehleng ea eona, buka ena e ne e nkoa e le eona e nepahetseng ka ho fetisisa litabeng tsa tšebetso ea boko, ’me morao tjena e ’ngoe ea likopi tsa eona tse seng kae tse leng teng e ile ea rekisoa ka liranta tse fetang likete tse 195! Leha ho le joalo, kajeno hase bakuli ba bangata ba neng ba ka tšepa ngaka e etsang opereishene e sebelisa boitsebiso ba bongaka bo thehiloeng bukeng ena ea khale haholo. Hore ebe nakong e fetileng buka ena e ne e le ea bohlokoa ebile e ngotsoe ka bokhabane ha ho bolele hore e ka thusa mokuli kajeno.
Batho ba bangata ba nahana joalo ka seo ho thoeng ke Testamente ea Khale. Ba bona bohlokoa ba tlaleho ea eona ea histori ea Iseraele ba bile ba rata boqhetseke boo e ngoliloeng ka bona. Leha ho le joalo, ha ba lumele hore ke ntho e utloahalang ho latela tataiso e fanoeng lilemo tse ka holimo ho 2 400 tse fetileng. Kajeno lintho li fapane haholo tsebong ea saense, ea khoebo esita le bophelong ba lelapa ho feta kamoo ho neng ho le kateng ha Bibele e ne e ngoloa. Philip Yancey, eo e kileng ea e-ba mohlophisi oa Christianity Today, bukeng ea hae e bitsoang The Bible Jesus Read o ile a ngola a re: “[Testamente ea Khale] hangata ha e utloahale, ’me likarolo tsa eona tseo re ka reng lia utloahala li khopisa batho ba kajeno. Ka mabaka ana le a mang Testamente ea Khale, e etsang likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa Bibele, hangata ha e baloe.” Ena hase ntho e ncha.
Lilemo tse ka tlaase ho 50 ka mor’a lefu la moapostola Johanne hoo e ka bang ka 100 C.E., mohlankana e mong ea ruileng ea bitsoang Marcion o ile a bolela phatlalatsa hore Bakreste ha baa lokela ho sebelisa Testamente ea Khale. Ho ea ka rahistori oa Lenyesemane Robin Lane Fox, Marcion o ile a tsitlella hore “‘Molimo’ eo ho buuoang ka eena Testamenteng ea Khale e ne e le ‘leqaba le sehlōhō’ le le ratang batlōli ba molao le likhukhuni tse kang Morena Davida oa Iseraele. Empa Kreste eena o ne a fapane, o ile a itšenola hore ke Molimo ea phahameng ka ho fetisisa le ea fapaneng le Molimo oa [Testamente ea Khale].” Fox o ile a ngola hore litumelo tsena “li ile tsa bitsoa ‘Tumelo ea Marcion’ ’me ho fihlela karolong e khōlō ea lekholo la bone la lilemo, li ile tsa hohela batho ba bangata, haholo-holo batho ba ka Bochabela ba buang Sesyria.” Batho ba ntse ba khomaretse litumelo tsena. Ka lebaka leo, lilemo tse ka holimo ho 1 600 hamorao, Philip Yancey o ile a ngola hore, “tsebo ea Testamente ea Khale e ntse e qepha ka potlako har’a Bakreste ’me e batla e felile tu! har’a batho feela ba tloaelehileng.”
Na Testamente ea Khale e nketsoe sebaka ke Testamente e Ncha? Re ka etsa joang hore tsela eo re utloisisang “Jehova oa mabotho” oa Testamente ea Khale ka eona e lumellane le tsela eo re utloisisang “Molimo oa lerato le oa khotso” oa Testamente e Ncha? (Esaia 13:13; 2 Bakorinthe 13:11) Na Testamente ea Khale e ka u ruisa molemo kajeno?