Babali ba Batla ho Tseba
Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Testamente ea Khale?
Lipaki Tsa Jehova li nka Bibele e le Lentsoe la Molimo ebile li lumela hore Testamente ea Khale le Testamente e Ncha ke likarolo tsa eona tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, li khetha ho sebelisa mabitso a loketseng haholoanyane, e leng “Mangolo a Seheberu” le “Mangolo a Segerike a Bakreste” hobane qalong libuka tse ngata tsa Testamente ea Khale le e Ncha li ne li ngotsoe ka Seheberu le ka Segerike.
Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ipolelang hore ke Bakreste ba lesisitheho ho lumela Testamente ea Khale. Ba bolela hore e hlalosa Molimo joaloka motho ea bohale ea lumellang lintoa, lipolao le liketso tse ling hoo ho leng thata hore ba mo amahanye le Molimo ea lerato ka ho fetisisa, ea lokileng ea hlahang Testamenteng e Ncha. Ba bang ba nka hore kaha Testamente ea Khale e bua haholo ka bolumeli ba Sejuda, hase ea bohlokoa ho Bakreste. Leha ho le joalo, kaha ho Deuteronoma 12:32, Molimo o ile a laela hore ho se be le motho ea eketsang kapa a tlosa ho itseng lentsoeng la hae, na mabaka aa a qhelelang ka thōko karolo ea Bibele e etsang liphesente tse 75 aa utloahala?
Ka nako e ’ngoe ka 50 C.E. ha moapostola oa Mokreste Pauluse a ne a etetse baahi ba Thesalonika, Greece, o ile “a behelana mabaka le bona ka Mangolo, a hlalosa le ho paka ka litšupiso hore ho ne ho hlokahala hore Kreste a utloe bohloko le hore a tsohe bafung.” (Liketso 17:1-3) Ba bang ba bamameli ba hae e ile ea e-ba Bakreste ’me hamorao Pauluse o ile a ba babatsa, a re: “Ha le amohela lentsoe la Molimo, leo le ileng la le utloa ho rōna, ha lea ka la le amohela e le lentsoe la batho, empa, feela joalokaha kannete le le joalo, e le lentsoe la Molimo, le boetseng le sebetsang ka ho lōna balumeli.” (1 Bathesalonika 2:13) Ho bonahala eka nakong ea ha a ba etetse, e ne e le Kosepele ea Matheu feela e neng e se e ngotsoe har’a libuka tse 27 tsa Mangolo a Segerike a Bakreste. Kahoo ho hlakile hore “Mangolo” ao Pauluse a neng a paka “ka litšupiso” ka ’ona e ne e le litemana tsa Mangolo a Seheberu.
Ha e le hantle, bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba ile ba qotsa Mangolong a Seheberu ka ho toba ka makhetlo a 320 le ka tsela e sa tobang ka makhetlo a mang a makholo. Hobane’ng? “Etsoe lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.” (Baroma 15:4) Sena se bontša ka ho hlakileng hore kajeno batho ba lumelang Bibele eohle ba rua molemo haholo.
Mangolo a Segerike a Bakreste a ngotsoeng motheong oa Mangolo a Seheberu, ke libuka tse utloahalang tse ntšetsang pele Lentsoe la Molimo ’me li ile tsa ngoloa ha merero ea Molimo e ntse e senoloa butle-butle. Ho hang hase a bohlokoa ho feta Mangolo a Seheberu. Herbert H. Farmer, e leng moprofesa oa thuto ea bolumeli Univesithing ea Cambridge, o bolela ho re “motho a ke ke a utloisisa [Likosepele] ntle le hore a utloisise nalane ea batho bao ho neng ho entsoe selekane sa khale le bona, e ngotsoeng Testamenteng ea Khale.”
Ha ho hlokahale hore ho etsoe liphetoho Lentsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, “tsela ea ba lokileng e joaloka leseli le khanyang le ntseng le khanya ka ho eketsehileng ho fihlela motšehare o moholo.” (Liproverbia 4:18) Molimo o ile a senola kamoo morero oa hae o neng o tla phethahala kateng ka hore a kenyelletse Mangolo a Segerike a Bakreste e le karolo ea Mangolo a Halalelang a Bibele, empa o ne a sa thefule bohlokoa ba Mangolo a Seheberu. Kaofela ha ’ona ke karolo ea “lentsoe la Jehova le [lulang] le le teng ka ho sa feleng.”—1 Petrose 1:24, 25.