Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 9/1 maq. 4-7
  • ‘E Ile ea Ngolloa ho re Laea’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘E Ile ea Ngolloa ho re Laea’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mabapi le Mongoli oa Bibele
  • Na Mangolo a Seheberu a Nketsoe Sebaka?
  • Keletso Bakeng sa Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi
  • Tšepo ea Bokamoso
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Testamente ea Khale?
    Lipotso Tse Botsoang Hangata ka Lipaki Tsa Jehova
  • Na Lipaki Tsa Jehova li Lumela Testamente ea Khale?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Na ke “Testamente ea Khale” Kapa “Mangolo a Seheberu”?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bibele e Bua ka Eng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 9/1 maq. 4-7

‘E Ile ea Ngolloa ho re Laea’

“HO ETSOA ha libuka tse ngata ha ho na bofelo.” (Moeklesia 12:12) Boitsebiso bo bongata bo hatisitsoeng bo fumanehang kajeno bo etsa hore mantsoe ana ebe ’nete kajeno ho tšoana le ka nako eo a neng a ngoloa ka eona. Joale, ’mali ea nang le temohisiso a ka etsa qeto joang mabapi le hore na ke boitsebiso bofe boo a lokelang ho bo bala?

Babali ba bangata ha ba etsa qeto ea hore na ke buka efe eo ba ka ’nang ba e bala, ba batla ho tseba ho itseng ka mongoli oa buka eo. Bahatisi ba ka ’na ba kenyelletsa serapa se senyenyane se bontšang hore na mongoli eo o tsoa motseng ofe, mangolo a hae a thuto le lethathamo la libuka tseo a li ngotseng. Ho bohlokoa ho tseba hore na mongoli oa buka ke mang, kaha makholong a lilemo a fetileng, hangata bangoli ba basali ba ne ba ngola libuka ba sebelisa mabitso a iqapetsoeng a banna e le hore batho ba neng ba tla bala libuka tsa bona ba se ke ba halala buka hobane feela e ngotsoe ke mosali.

Ka masoabi, joalokaha ho boletsoe sehloohong se tlang pele ho sena, batho ba bang ha ba bale Mangolo a Seheberu hobane ba lumela hore Molimo ea boletsoeng mangolong ana ke molimo ea sehlōhō ea ileng a timetsa lira tsa hae ntle ho mohau.a A re hlahlobeng seo Mangolo a Seheberu le Mangolo a Bakreste a Segerike a re bolellang sona ka Mongoli oa Bibele.

Mabapi le Mongoli oa Bibele

Ho ea ka Mangolo a Seheberu, Molimo o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Ke ’na Jehova; ha kea fetoha.” (Malakia 3:6) Lilemo tse 500 hamorao, mongoli oa Bibele Jakobo o ile a ngola tjena ka Molimo: “Ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:17) Joale, ke hobane’ng ha batho ba bang ba nahana hore Molimo eo ho buuoang ka eena ka Mangolong a Seheberu o fapane le Molimo eo ho buuoang ka eena ka Mangolong a Bakreste a Segerike?

Karabo ke hore, likarolo tse sa tšoaneng tsa Bibele li senola litšobotsi tse sa tšoaneng tsa botho ba Molimo. Bukeng ea Genese feela, ho hlalosoa hore ke “Moetsi oa leholimo le lefatše,” “Moahloli oa lefatše lohle le hore “pelo ea hae [e] utloa bohloko.” (Genese 6:6; 14:22; 18:25) Na litšobotsi tsee tse sa tšoaneng ke tsa Molimo a le mong? Ka sebele ho joalo.

Ho etsa mohlala: Moahloli oa sebaka se itseng a ka ’na a tsebahala haholo e le mophethahatsi ea matla oa molao har’a batho ba kileng ba tlisoa ka pel’a hae ka khotla. Empa mohlomong bana ba hae bona ba mo nka e le ntate ea lerato le ea fanang. Mohlomong metsoalle ea hae ea hlooho ea khomo eona e mo nka e le motho ea botsoalle le ea qabolang. Motho enoa ke moahloli, ke ntate ebile ke motsoalle. Ke feela hore likarolo tse fapa-fapaneng tsa botho ba hae li bonahala maemong a sa tšoaneng.

Ka ho tšoanang, Mangolo a Seheberu a hlalosa Jehova e le “Molimo ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” Leha ho le joalo, re boetse re ithuta hore “ho hang a ke ke a lokolla kotlong.” (Exoda 34:6, 7) Litšobotsi tseo tse peli li senola moelelo oa lebitso la Molimo. Ka ho toba lebitso “Jehova” le bolela “O Etsa Hore ho be.” Ka mantsoe a mang, Molimo e ba eng kapa eng e hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae. (Exoda 3:13-15) Empa e ntse e le Molimo ea tšoanang. Jesu o itse: “Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong.”—Mareka 12:29.

Na Mangolo a Seheberu a Nketsoe Sebaka?

Kajeno ho tloaelehile hore libuka tsa ho ithuta li nkeloe sebaka ke tse ling ha ho e-ba le lipatlisiso tse ncha kapa ha maikutlo a batho a fetoha. Na Mangolo a Segerike a Bakreste a ile a nkela Mangolo a Seheberu sebaka ka tsela eo? Che.

Haeba Jesu a ne a rerile hore tlaleho ea tšebeletso ea hae le mangolo a barutuoa ba hae li nke sebaka sa Mangolo a Seheberu, ha ho pelaelo hore a ka be a hlakisitse seo. Leha ho le joalo, ha e bua ka Jesu nakoana pele a nyolohela leholimong, tlaleho ea Luka e re: ‘Ha a qala ka Moshe le Baprofeta kaofela [ba ka Mangolong a Seheberu ] o ile a hlalosetsa [barutuoa ba hae ba babeli] lintho tse amanang le eena ka Mangolong ’ohle.’ Hamorao, Jesu o ile a hlaha ho baapostola ba hae ba tšepahalang le ho batho ba bang. Tlaleho e tsoela pele: “Joale a re ho bona: ‘Ana ke mantsoe a ka ao ke ileng ka le bolella ’ona ha ke sa ntse ke e-na le lōna, hore lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.’” (Luka 24:27, 44) Na Jesu o ne a ka tsoela pele a qotsa Mangolo a Seheberu le qetellong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, haeba Mangolo ana a ne a se a sa sebelisoe?

Ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e thehoe, balateli ba Jesu ba ile ba tsoela pele ho sebelisa Mangolo a Seheberu ho totobatsa boprofeta boo e neng e le hona bo tla phethahala, melao-motheo ea Molao oa Moshe e neng e ruta lithuto tsa bohlokoa le ho totobatsa litlaleho tsa bahlanka ba Molimo ba boholo-holo bao mehlala ea bona e metle e khothatsang Bakreste hore ba lule ba tšepahala. (Liketso 2:16-21; 1 Bakorinthe 9:9, 10; Baheberu 11:1–12:1) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”b (2 Timothea 3:16) Mangolo a Sebeheru a re ruisa molemo joang kajeno?

Keletso Bakeng sa Bophelo ba Letsatsi le Letsatsi

Nka bothata bo teng mehleng ena ba khethollo ea morabe. Motseng o mong oa Europe Bochabela, monna e mong oa Moethiopia ea lilemo li 21 o re: “Haeba re batla ho ea leha e le kae feela, re lokela ho tsamaea re le sehlopha. Mohlomong ha re tsamaea re le sehlopha ba ke ke ba re hlasela.” O tsoela pele: “Ha re khone ho tsamaea ka mor’a hora ea botšelela mantsiboea, haholo-holo ha re tsamaea ka terene e tsamaeang ka tlas’a lefatše. Ha batho ba re sheba, ba iponela ’mala oa letlalo la rōna feela.” Na Mangolo a Seheberu a bua ka bothata bona bo rarahaneng?

Ho ile ha thoe ho Baiseraele ba boholo-holo: “Haeba mojaki a lula le lōna e le mojaki naheng ea lōna, le se ke la mo sotla. Mojaki ea lulang e le mojaki hammoho le lōna o lokela ho ba ho lōna joaloka letsoalloa la habo lōna; le mo rate joalokaha le ithata, etsoe le bile bajaki naheng ea Egepeta.” (Levitike 19:33, 34) Ha ho pelaelo hore, Iseraele ea boholo-holo, molao oo o ne o hloka hore motho a hlomphe batho ba tsoang naheng e ’ngoe, kapa “bajaki,” ’me molao oo o sirelelitsoe Mangolong a Seheberu. Na ha u lumele hore melao-motheo e sirelelitsoeng molaong oo e ne e ka rarolla mathata a khethollo ea morabe kajeno?

Le hoja Mangolo a Seheberu a sa fane ka keletso e qaqileng litabeng tsa lichelete, a fana ka keletso e sebetsang mabapi le mokhoa o bohlale oa ho tšoara chelete. Ka mohlala, ho Liproverbia 22:7, rea bala: “Moalimuoa o fetoha khoba la moalimi.” (Bibele—Phetolelo e Ncha) Baeletsi ba bangata litabeng tsa lichelete baa lumela hore haeba motho a se bohlale ha a reka lintho ka sekoloto seo se ka mo kenya mathateng a lichelete.

Ho phaella moo, ho lelekisa leruo motho a sa tsotelle liphello—e leng ntho e tloaelehileng haholo lefatšeng la kajeno le ratang lintho tse bonahalang—ho ile ha hlalosoa ka nepo ke e mong oa banna ba neng ba ruile haholo historing, e leng Morena Solomone. O ile a ngola: “Ea ratang silevera a ke ke a khotsofalla silevera, hape leha e le ofe ea ratang leruo a ke ke a khotsofalla chelete e kenang. Sena le sona ke lefeela.” (Moeklesia 5:10) Eo ke temoso e bohlale hakaakang!

Tšepo ea Bokamoso

Bibele eohle e bua ka taba e le ’ngoe feela e ka sehloohong: ’Muso oa Molimo ka Jesu Kreste ke oona o tla tlosa qoso bobusing ba Molimo ’me o halaletse lebitso la Hae.—Daniele 2:44; Tšenolo 11:15.

Ka Mangolong a Seheberu, re ithuta lintlha tse re tšelisang mabapi le kamoo bophelo bo tla ba kateng ’Musong oa Molimo le tse re atametsang haufi haholo le Jehova Molimo, e leng eena Mohloli oa matšeliso ao. Ka mohlala, moprofeta Esaia o ile a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le khotso pakeng tsa batho le liphoofolo: “Phiri e tla lula ka nakoana le konyana e tona, lengau le bothe le potsanyane, ’me namane le taoana e moetse le phoofolo e fepehileng hantle li be hammoho; moshanyana o tla li etella pele.” (Esaia 11:6-8) Eo ke tšepo e thabisang hakaakang!

Mangolo a Seheberu a re’ng ka batho ba sotliloeng ke khethollo ea morabe, boloetse bo matla, kapa maemo a moruo ao ba ke keng ba a laola? Mangolo a Seheberu a profeta se latelang mabapi le Kreste Jesu: “O tla lopolla ea futsanehileng ea hoeletsang ho kōpa thuso, le ea hlorileng le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla utloela ea tlaase bohloko le ea futsanehileng, o tla pholosa meea ea ba futsanehileng.” (Pesaleme ea 72:12, 13) Litšepiso tsena lia thusa hobane li nolofaletsa ba li lumelang hore ba lebelle bokamoso ka tšepo le kholiseho.—Baheberu 11:6.

Hase feela moapostola Pauluse a ileng a bululeloa ho ngola: “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore ka mamello ea rōna le ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo”! (Baroma 15:4) Ka sebele, Mangolo a Seheberu e ntse e le karolo ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, e leng Bibele. A hlile a molemo bakeng sa rōna kajeno. Re tšepa hore u tla etsa matsapa a ho ithuta ho eketsehileng ka seo Bibele eohle e hlileng e se rutang ’me ka ho etsa joalo u atamele haufi haholo ho Mongoli oa eona, Jehova Molimo.—Pesaleme ea 119:111, 112.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sehloohong sena, Testamente ea Khale e bitsoa Mangolo a Seheberu. (Bona lebokose le reng “Na ke Testamente ea Khale Kapa ke Mangolo a Seheberu?” leqepheng la 6.) Ka tsela e tšoanang, ka tloaelo Lipaki Tsa Jehova li bitsa Testamente e Ncha Mangolo a Segerike a Bakreste.

b Mangolo a Seheberu a na le melao-motheo e mengata eo e leng ea bohlokoa haholo kajeno. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore Bakreste ha ba tlas’a Molao oo Molimo a ileng a o fa sechaba sa Iseraele ka Moshe.

[Lebokose le leqepheng la 6]

NA KE TESTAMENTE EA KHALE KAPA KE MANGOLO A SEHEBERU?

Polelo e reng “testamente ea khale” e fumanoa ho 2 Bakorinthe 3:14 ho Bibele—Phetolelo e Ncha. Phetolelong eo, “testamente” e emela lentsoe la Segerike di·a·theʹke. Leha ho le joalo, liphetolelo tse ngata tsa kajeno, tse kang Bibele ea Sesotho, li fetolela di·a·theʹke e le “selekane” ho e-na le ho sebelisa “testamente.” Hobane’ng?

Edward Robinson, e leng mongoli oa libuka tse hlalosang mantsoe o ile a re: “Kaha selekane sa boholo-holo se fumanoa libukeng tsa Moshe, [di·a·theʹke] e emela buka ea selekane, mangolo a Moshe, ke hore molao.” Ho 2 Bakorinthe 3:14, moapostola Pauluse o ne a bua ka Molao oa Moshe, oo e leng karolo feela ea Mangolo a pele ho Bokreste.

Ka hona, lentsoe le nepahetseng ka ho fetisisa bakeng sa libuka tsa pele tse 39 tsa Bibele e Halalelang ke lefe? Ho e-na le ho fana ka maikutlo a hore karolo ena ea Bibele e ne e siiloe ke nako kapa ha e sa sebetsa, Jesu Kreste le balateli ba hae ba ile ba re litemana tsena ke ‘Mangolo’ ba boela ba re ke ‘Mangolo a halalelang.’ (Matheu 21:42; Baroma 1:2) Ka lebaka leo, tumellanong le lipolelo tsena tse bululetsoeng, Lipaki Tsa Jehova li bitsa Testamente ea Khale Mangolo a Seheberu, hobane qalong, boholo ba karolo ena bo ne bo ngotsoe ka Seheberu. Ka ho tšoanang, karolo eo ho thoeng ke Testamente e Ncha li e bitsa Mangolo a Segerike, hobane banna ba ileng ba sebelisoa ke Molimo ho ngola karolo eo ea Bibele ba ne ba sebelisa puo ea Segerike.

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Motho a ka tsebahala e le moahloli ea thata, ntate ea lerato le motsoalle

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jesu o ile a sebelisa Mangolo a Seheberu tšebeletsong eohle ea hae

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ke melao-motheo efe ea Bibele e ka thusang motho ho etsa liqeto tse nepahetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela