Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 12/1 maq. 26-29
  • Ke ne ke Batla Liphoso Athe ke Tla Fumana ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke ne ke Batla Liphoso Athe ke Tla Fumana ’Nete
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karabo e Jang Lisente Tse 25
  • Ke Ipatlela Liphoso
  • Bophelo bo Phathahaneng le bo Nang le Morero
  • Ho Fallela Naheng e ’Ngoe—Seo Batho ba se Lebellang le se Etsahalang
    Tsoha!—2013
  • Ho Haha Hammoho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Karolo 4—Lipaki ho Isa Karolong e Hōle ka ho Fetisisa ea Lefatše
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 12/1 maq. 26-29

Ke ne ke Batla Liphoso Athe ke Tla Fumana ’Nete

Joalokaha ho boletse R. Stuart Marshall

Moprista oa Mojesuite o ile a re: “Ho hang ha re buisane le Lipaki Tsa Jehova. Li sebelisa Bibele.” Karabo ea hae e ile ea ’makatsa, etsoe ke ne ke qeta ho mo kōpa hore a thuse mofumahali oa ka hore a bone moo lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova li ikhanyetsang teng. Ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele le Lipaki e le hore ke tle mo bontše tsona.

NAKONG eo, ke ne ke le lilemo li 43, ha ke ipolella hore ke batla ho hanyetsa lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova, ke sebelisa tsebo ea ka ea ho beha mabaka le ea thuto ea bolumeli. Ke kene likolo tsa Mak’hatholike ho tloha ho sa mathomo ho fihlela k’holejeng. Le hoja ke ile ka fumana lengolo la bachelor litabeng tsa khoebo ka 1969 ke bile ke ithutetse filosofi le thuto ea bolumeli, ha ho le e ’ngoe ea lithuto tseo tsa Mak’hatholike e neng e akarelletsa thuto ea Bibele.

Ha ke qeta k’holejeng, ke ile ka nyala Patricia McGinn eo le eena e neng e le Mok’hatholike. Bobeli ba rōna re ile ra ntšetsa pele thuto ea rōna ’me ra qetella re fumane lengolo la doctorate Univesithing ea Stanford. Mor’a oa rōna ea bitsoang Stuart, o ile a hlaha ka 1977, eaba re qetella re lula Sacramento, California, U.S.A. Ho tloha moo, ke ile ka qeta lilemo tse 23 ke sebeletsa ’muso oa California Lefapheng la Boeletsi ba Lichelete Lekhotleng la Ketsa-molao ke hlahloba lichelete tseo ’muso o batlang ho li sebelisetsa thuto. Ke ne ke sebetsa ka thata ke bile ke phela hamonate. Joaloka ntate oa lelapa, ke ne ka thabela ho bona ha mor’a oa rōna a ntse a hōla. Mofumahali oa ka eo ke mo ratang o ne a ntšehetsa ka botšepehi ’me le ’na ke ne ke mo tšehetsa.

Karabo e Jang Lisente Tse 25

Ha mor’a rōna a le lilemo li peli, Patricia o ile a fumana Bibele ho Lipaki Tsa Jehova eaba o qala ho ithuta Bibele le tsona. O ile a kolobetsoa lilemo tse tharo hamorao. Ke ne ke nka hore Lipaki Tsa Jehova li fetelletsa lintho tabeng ea matsatsi a phomolo le ho tšela mali, empa mabaka a tsona a ne a utloahala litabeng tse ling. Ka 1987 ho ile ha e-ba le seboka se khethehileng sa likomiti tse peli tsa ketsa-molao tse ikarabellang litabeng tsa thuto naheng ea heso moo le hoja ke ne ke sa lebella, ke ileng ka hlahisa maikutlo a ka pepenene ha ke ne ke fana ka mabaka a tšehetsang likeletso tsa ka tse neng li ea lekhotleng la ketsa-molao.

Univesithi ea California e ne e hloka chelete ea ho kenela tlhōlisano le linaha tse ling tsa United States e le hore e fuoe projeke e itseng e kopanetsoeng ke linaha tseo, e neng e ja lidolara tse limilione tse likete tse tšeletseng. Projeke eo e ne e le ea ho haha mohaho o moholohali o nang le thepa ea bohlokoa bakeng sa ho etsa lipatlisiso tsa saense. Ke ne ke ile ka hanyetsa taba ea ho tšehetsa projeke eo ka lichelete, ka bolela hore seo se ke ke sa tsoela moruo oa naha molemo o mokaalo. Univesithi e ile ea romela bo-rasaense ba babeli ba kileng ba hapa likhau tsa Nobel tsa thuto ea fisiks hore ba tl’o fana ka mabaka ka pel’a lekhotla la ketsa-molao. Ka bobeli ba bona ba ile ba hlalosa hore projeke eo e ne e tla thusa bo-rasaense ho ntšetsa pele lithuto tsa bona. E mong o ile a re e ka thusa batho ho fumana likarabo tsa lipotso tse mabapi le hore na bokahohle bo bile teng joang. E mong o ile a re e ka re thusa ho utloisisa hore na bophelo bo qalile joang polaneteng ea rōna.

Molula-setulo oa komiti o ile a retelehela ho ’na.

Eaba o re: “Na u nahana hore lidolara tse limilione tse likete tse tšeletseng li ngata haholo hore re lefelle likarabo tsa lipotso tseo?”

Ha ke mo araba ke ile ka re: “Le ’na kea lumela hore tseo ke lipotso tsa bohlokoa. Leha ho le joalo, Lipaki Tsa Jehova li atisa ho nketela ka Moqebelo hoseng ebe ka lisente tse 25 li mpha makasine e arabang lipotso tseo. Ha ke tsebe hantle hore na karabo ea lidolara tse limilione tse likete tse tšeletseng eo re ka ’nang ra e fumana ka projeke ena, e tla ba molemo ho feta ea lisente tse 25.”

Kaofela ha bona ba ile ba keketeha, ho akarelletsa le bahapi bao ba likhau tsa Nobel. Le hoja lekhotla la ketsa-molao le ile la lumela ho tšehetsa projeke eo ka lichelete, ha ho le ea mong ea ileng a hanyetsa ntlha ea ka.

Ha nako e ntse e feta, ke ile ka bona ho hlokahala hore ke sebetsane le boemo bo neng bo ntse bo tota lapeng la ka. Ka mor’a hore ke bue le Patricia ka Bibele le ka Lipaki Tsa Jehova ka lilemo tse tšeletseng kaofela, ke ile ka nyahama ha a re o batla ho qeta nako e ngata mosebetsing oa boboleli. Sena se ne se bolela hore o tla fokotsa mosebetsi oo a neng a o etsa univesithing. Ke ne ke sa utloisise hore na motho ea hlaphohetsoeng kelellong joaloka eena a ka hahamalla sepheo sa mofuta oo joang ’me ho ne ho bonahala ho se letho leo nka ka le buang kapa ka le etsa le ka mo susumelletsang hore a fetole maikutlo a hae.

Ke ile ka leka ho fumana thuso ea motho e mong oa setsebi, motho ea tsebang Bibele ho mpheta eo ke neng ke nahana hore a ka bontša Patricia habonolo feela hore na ke hokae moo lithuto tsa Lipaki Tsa Jehova li sa lumellaneng teng le Bibele. Ke ne ke nahana hore ha re ka fumana phoso e le ’ngoe feela lithutong tsa tsona, mohlomong a ka belaella le tse ling. Sena ke sona feela seo ke neng ke se hloka e le hore ke finyelle mosali oa ka ea kelello e hlaphohetsoeng. Ke ile ka ea ho moprista oa Mojesuite oa kereke eo ’na le Patricia re neng re kile ra e kena. Puisano ea rōna e ile ea qetella ka tsela eo ke e hlalositseng selelekeleng sa sehlooho sena. Ha moprista eo a hana ho bua le mosali oa ka, ho ile ha hlaka hore ke tla lokela ho iphumanela liphoso tseo le ho li bontša Patricia, le hoja seo se ne se tla nka nako e telele.

Ke Ipatlela Liphoso

Ha ke ntse ke ithuta Bibele le Lipaki, ke ile ka hlolloa haholo ke boprofeta ba Bibele. Ke ile ka bala boitsebiso ba ho oa ha Babylona bo ngotsoeng ke moprofeta Esaia lilemong tse ka bang 200 pele seo se etsahala. Ha e le hantle, boprofeta boo bo bolela hore motho ea neng a tla hlōla motse oo ke Cyruse le hore leano la hae la ho hapa Babylona e ne e tla ba ho khelosa metsi a Nōka ea Eufrate. (Esaia 44:27–45:4) Ke ne ke ile ka ithuta ka ho oa ha Babylona lilemong tse fetileng ha ke ne ke ithuta ka maqiti a sebelisoang ke mabotho a sesole. Ke ile ka boela ka ithuta hore lilemo tse fetang 200 esale pele, moprofeta Daniele o ne a ile a profeta ka morena ea matla oa Greece eo ka mor’a lefu la hae ’muso oa hae o neng o tla aroha ho ba mebuso e mene e seng matla hakaalo. (Daniele 8:21, 22) Ke ile ka hopola hore ha ke ntse ke etsa histori ea boholo-holo, ke ile ka ithuta ka Alexandere e Moholo. Ka mor’a hore ke etse lipatlisiso, ke ile ka bona hore ehlile libuka tsena tsa Bibele li ne li ngotsoe pele liketsahalo tseo li etsahala.

Joale ha ke se ke ithuta le Lipaki ka matla, ke ile ka hla ka kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo, e leng ntho eo ka lilemo-lemo ke sa kang ka ithuta eona thutong ea bolumeli ea Mak’hatholike. Ke ne ke tla etsa’ng ka tsebo eo? Ke ile ka etsa qeto ea ho nehela bophelo ba ka ho Jehova le ho ba Paki ea Jehova. (Esaia 43:10) Ke ile ka kolobetsoa ka 1991, e leng nako e ka etsang lilemo tse peli feela ka mor’a hore ke buisane le moprista eane. Mora oa rōna o ile a kolobetsoa selemong se latelang.

Kaha lelapa la rōna le ne le se le talima lintho ka tsela e ncha, re ile ra fetola sepheo sa rōna. E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ileng ka li etsa ka mor’a hore ke kolobetsoe e bile ho etsetsa mosali oa ka moralo oa lilemo tse hlano oa hore na a etse’ng e le hore a tle a itokolle mosebetsing oa ho ruta univesithing ha a le lilemo li 50. O ne a batla ho ba pula-maliboho ’me ka nako eo bo-pula-maliboho ba ne ba lokela ho qeta lihora tse 1 000 ka selemo kapa tse 83 ka khoeli, ba thusa batho ba bang hore ba ithute ’nete ea Bibele. Ka 1994, o ne a se a entse liphetoho tse hlokahalang mosebetsing hoo a neng a ka ingolisa e le pula-maliboho. Qalong sepheo sa ka se ne se akarelletsa ho ntlafatsa mosebetsing oa boboleli, ho thusa moo ke neng nka khona phuthehong ea heso le ho ithaopela ho thusa ka liak’haonte tsa kaho ea Liholo Tsa ’Muso tikolohong ea heso.

Ka linako tse ling ke ne ke fumana monyetla oa ho bua ka Bibele ha ke le mosebetsing. Ke ile ka fumana hore mohlahlobi e mocha oa lichelete Lefapheng la Boeletsi ba Lichelete Lekhotleng la Ketsa-molao e ne e le Paki e neng e se e sa chesehele bolumeli ba eona. O ne a ile a ba le lipelaelo ka Bibele ’me tsa mo thefula tumelong. Ke ile ka thabela ho mo tsosolosa moeeng. O ile a khutlela moo a hōletseng teng eaba o qala ho ba pula-maliboho.

Ka 1995 ke ile ka ea sebokeng se khethehileng sa likomiti tse peli tsa thuto tse neng li tlil’o utloa hore na patlisiso eo ’muso oa kopanelo o ileng oa e tšehetsa ka lichelete e tsamaile joang. Molula-setulo oa komiti eo o ile a botsa moemeli oa ’muso oa kopanelo hore na ho etsahetse’ng ka projeke eane ea ho haha mohaho o moholohali o nang le thepa ea ho etsa lipatlisiso tsa saense. Ha moemeli eo oa ’muso oa kopanelo a araba o ile a re projeke eo e ne e ile ea fuoa ’muso oa Texas empa ha e ea ka ea phethoa ka mabaka a mararo. La pele ke hore, le pele projeke eo e qala, ho ile ha fumanoa hore ha e sa tla ja lidolara tse limilione tse likete tse tšeletseng empa e se e tla ja lidolara tse limilione tse likete tse robong. La bobeli, ’muso oa kopanelo o ne o batla ho sebelisa chelete eo nthong e ’ngoe, ka ho khetheha ntoeng ea 1991 ea Iraq. La boraro ke hore, ba ile ba fumana hore ba ka fumana likarabo tsa lipotso tsa bophelo ho Lipaki Tsa Jehova ka lisente tse 25! Ho bonahala hore batho ba bangata ba ile ba pheta mantsoe a ka ho fihlela ke a utloa hape.

Eitse ha bohle ba ipolaea ka litšeho, eaba litho tse ling tsa komiti lia ncheba. Ke ile ka fa bohle ba teng boitsebiso ba morao-rao, ka re: “Hona joale le se le ka iphumanela likarabo tseo mahala hafeela le ka ipalla libuka tsa Lipaki.”

Bophelo bo Phathahaneng le bo Nang le Morero

Hang hoba mohats’a ka a itokolle mosebetsing, re ile ra etsa moralo oa lilemo tse hlano bakeng sa ka. Ka bohlale ke ile ka etsa lipatlisiso tsa hore na nka fumana mosebetsi oa nakoana hokae hobane joale ke ne ke batla ho qeta nako e eketsehileng ke ruta batho ba bang ’nete ea Bibele. Eitse ke sa lebella, eaba Lefapha la Boeletsi ba Lichelete Lekhotleng la Ketsa-molao le mphokoletsa nako ea mosebetsi. Kahoo, ka 1998, le ’na ke ile ka ba pula-maliboho.

Hoseng ho hong, ha ke ntse ke itokisetsa ho ea mosebetsing oa ho bolela le mofumahali oa ka, ke ile ka fumana mohala o tsoang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e United States, Brooklyn, New York. Pejana ho ne ho ile ha etsoa phuputso ea batho ba nang le tsebo e itseng ba ka lakatsang ho ea sebetsa ofising ea lekala, joale motho ea letsitseng o ne a botsa hore na nka thabela ho sebetsa morerong o itseng Brooklyn. Ke ile ka lumela hang-hang. Ka lebaka leo re ile ra ea sebetsa ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova ea lefatše lohle ka likhoeli tse 18. Ke ile ka qetella ke itokolotse mosebetsing oa ’muso oa California pele ho nako e le hore nka etsa mosebetsi oo ’me ke o qete. Ka mor’a moo, re ile ra ithaopela ho thusa mosebetsing oa ho haha Holo ea Kopano ea Lipaki Tsa Jehova Fairfield, California. Re ile ra rekisa ntlo ea rōna e Sacramento eaba re fallela foleteng e nyenyane e Palo Alto. Ho itokolla pele ho nako mosebetsing ho ile ha mpulela menyetla ea hore ke hlohonolofatsoe ka ho eketsehileng. Ho tloha moo, re ile ra sebetsa mererong e meng liofising tsa lekala tsa Lipaki Tsa Jehova Nigeria, Afrika Boroa, Canada, Brithani le Jeremane.

Hona joale ’na le mofumahali re etsisa Lipaki tse ileng tsa re thusa, ka hore le rōna re thuse batho ba bang ho ithuta ’nete ea Bibele. Ho tsoa botebong ba pelo, ke nka hore thuto e phahameng ka ho fetisisa ho tsohle tseo ke li fumaneng, ke thuto e tsoang ho Jehova. E fapane le thuto leha e le efe e teng lefatšeng e rutoang ka tsela e tebileng le e phahameng. Jehova o rupetse Lipaki tsa hae hore li rute batho ’nete ea Bibele ka tsela e finyellang pelong le maikutlong. Sena ke sona se ntšusumelletsang hore ke tsoele pele ho ithuta. ’Na le mofumahali rea leboha hore ebe hona joale re phela bophelo ba mofuta ona, le hore ebe re na le tlotla e babatsehang ea ho sebelisa thuto ea rōna hore re sebeletse ’Musi oa bokahohleng, Jehova Molimo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 27]

Ha ke ntse ke ithuta Bibele le Lipaki, ke ile ka hlolloa haholo ke boprofeta ba Bibele

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

’Na le Patricia ka letsatsi la lechato

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Re thabela ho thusa batho ba bang hore ba ithute ’nete ea Bibele

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela