Falimehela Bohlokoa ba ho Babatsa Batho ba Bang
NA U kile ua utloa motho a tletleba ka hore mohiri oa hae ha a mo babatse? Na ebe mohlomong le uena u kile ua tletleba joalo? Kapa haeba u mocha, na u kile ua tletleba joalo ka batsoali ba hao kapa ka matichere a hao?
Tse ling tsa litletlebo tsena lia utloahala. Empa ho ea ka mokoetlisi e mong oa Mojeremane ea susumetsang batho, ha basebetsi ba tletleba ka tsela ena, hase hakaalo hore ba tšoenngoa ke taba ea hore ha ba babatsoe, se ba tšoenyang haholo ke ha mohiri oa bona a sa ba tsotelle. Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho na le ntho e haellang mona. Re hloka ho babatsoa le ho utloa hore rea tsotelloa, e le hore re be le likamano tse molemo le batho ba bang.
Sena sea hlokahala le litabeng tsa borapeli. Phutheho ea Bokreste e lokela ho tsebahala ka moea oa ho babatsana, oa ho bontšana lerato le oa ho tsotellana. Litho tsa phutheho li ba le moea ona o motle ebile li o boloka ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na phutheho ea habo rōna e lerato hakae, ho tla ’ne ho be le moo ho hlokahalang hore ho ntlafatsoe teng. Ka lebaka leo, a re tšohleng mehlala e meraro e metle ea batho ba ileng ba babatsa ba bang, Elihu, e leng mohlanka oa Molimo oa pele ho mehla ea Bokreste, moapostola Pauluse le Jesu Kreste ka boeena.
Keletso e Mosa le e Bontšang Tlhompho
Elihu, eo kamoo ho bonahalang kateng e neng e le moneketsela oa Abrahama, o ile a phetha karolo ea bohlokoa ho thusa Jobo hore a be le pono e tšoanetseng ka kamano ea hae le Molimo. Elihu o ne a le mosa a bile a bontša tlhompho. A sa fele pelo, o ile a letela monyetla oa hae oa ho bua. Le hoja metsoalle ea bohata ea Jobo e ne e iponela liphoso tsa hae feela, Elihu eena, ho phaella tabeng ea ho fana ka keletso, o ile a potlakela ho babatsa Jobo kaha Jobo e ne e le motho ea lokileng. O ile a etsa sena ka ho bontša kutloelo-bohloko le ka boikutlo ba ho mo tsotella joaloka motsoalle, a bitsa Jobo ka lebitso, ho fapana le ba bang ba sa ka kang ba bitsa Jobo ka lebitso. Ka tlhompho o ile a kōpa: “Uena Jobo, ka kōpo utloa mantsoe a ka, u mamele lipolelo tsohle tsa ka.” Ka boikokobetso o ile a ipeha boemong ba Jobo, eaba o re: “Bona! ’Na ke seo u leng sona ho Molimo oa ’nete; le ’na, ke bōpiloe ka letsopa.” Eaba oa mo babatsa, o re: “Haeba ho e-na le mantsoe leha e le afe ao u ka a buang, nkarabe; bua, etsoe ke khahliloe ke ho loka ha hao.”—Jobo 33:1, 6, 32.
Tsela e ’ngoe ea ho babatsa batho ba bang ke ka ho ba tšoara ka mosa le ka tlhompho. Ha e le hantle, haeba re etsa sena, re tla be re re ho ea re mametseng, ‘Ke u nka u tšoaneloa ke ho mameloa ka hloko le ho hlomphuoa.’ Kahoo re bontša hore rea mo rata ebile rea mo tsotella.
Ho ba mosa ha ho bolele feela ho ba le mekhoa e metle. E le hore mosa oa rōna o finyelle lipelo tsa batho ba bang, re lokela ho o bontša ka botšepehi le ka pelo eohle. E lokela ho ba pontšo ea lerato la sebele.
Ho ba Masene ha re Babatsa Batho ba Bang
Moapostola Pauluse o ile a bontša kamoo ho ba masene ho ka bang molemo kateng ha re babatsa batho ba bang. Ka mohlala, ha a ntse a bolela Athene a le leetong la hae la bobeli la boromuoa, o ile a sireletsa Bokreste ha a ne a bua le bo-rafilosofi ba bang ba Bagerike. Hlokomela kamoo a ileng a bontša masene kateng ha a phetha kabelo ena e thata. “Ba bang ba bo-rafilosofi ba Baepikure hammoho le ba Bastoike ba qala ho tsekisana le eena, ’me ba bang ba ne ba re: ‘Ke’ng seo mobeberi eo a lakatsang ho se bolela?’ Ba bang ba ne ba re: ‘O bonahala e le mophatlalatsi oa melimo esele.’” (Liketso 17:18) Ho sa tsotellehe lipolelo tseo, Pauluse o ile a khoba matšoafo eaba o re: “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.” Ho e-na le ho nyatsa borapeli ba bona ba litšoantšo, Pauluse o ile a ba babatsa ka ho chesehela ha bona bolumeli.—Liketso 17:22.
Na Pauluse o ne a mpa a ba tlotsa ka jeme feela? Che. O ne a tseba hore mosebetsi oa hae e ne e se ho ahlola bamameli ba hae; o ne a tseba hantle hore ka lekhetlo le leng le eena o ne a sa tsebe ’nete. Mosebetsi oa hae e ne e le ho bolela molaetsa oa Molimo, eseng ho ahlola batho. O ne a tseba ka eena seo Lipaki Tsa Jehova tse ngata kajeno li se tsebang: Hore batho ba bang bao ka botšepehi ba sireletsang bolumeli ba bohata ba qetella e le bona ba sireletsang bolumeli ba ’nete ka matla.
Mokhoa oo Pauluse a ileng a o sebelisa o ile oa atleha ’me o ile oa e-ba le molemo. “Banna ba bang ba [ile ba] ikopanya le eena ’me ea e-ba balumeli, bao har’a bona hape ho neng ho e-na le Dionysiase, moahloli oa lekhotla la Areopago, le mosali ea bitsoang Damarise, le ba bang ntle ho bona.” (Liketso 17:34) Ka sebele Pauluse o ile a bontša bohlale ka ho babatsa Baathene ka lintho tseo ba neng ba li lumela ka tieo—le hoja li ne li fosahetse—ho e-na le ho ba nyatsa kahobane ba ne ba se na tsebo e nepahetseng! Esita le batho ba khelositsoeng ke boitsebiso bo fosahetseng ba ka ’na ba ba lipelo li ntle.
Pauluse o ile a sebelisa bohlale ha a ne a lokela ho itšireletsa ka pel’a Heroda Agripa II. Ho ne ho tsebahala hore Heroda o ne a ratana le khaitseli ea hae e nyenyane, Bernice, e leng ntho eo ka ho hlakileng Lentsoe la Molimo le e nyatsang. Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a bua letho le nyatsang. Ho e-na le hoo, o ile a fumana lebaka le loketseng la ho babatsa Heroda. “Malebana le lintho tsohle tseo Bajuda ba nqosang ka tsona, Morena Agripa, ke inka ke le ea thabileng hore ebe ke tla itšireletsa ka pel’a hao letsatsing lena, haholo-holo kaha u le setsebi litloaelong tsohle hammoho le litsekong har’a Bajuda.”—Liketso 26:1-3.
Ka sebele re lokela ho sebelisa mokhoa o tšoanang o bohlale ha re sebelisana le batho ba bang! Ho babatsa moahelani, seithuti-’moho, kapa mosebetsi-’moho ho ka hōlisa likamano tsa khotso le ho hlahisa boitšoaro bo botle. Haeba re finyella pelo ka pabatso e tšoanelehang, ka linako tse ling re ka ’na ra khona ho susumeletsa batho ba tšepahalang hore ba tlohele menahano le liketso tsa bona tse fosahetseng ’me ba iphaphathe le tsebo e nepahetseng.
Mohlala o Phethahetseng oa Jesu oa ho Babatsa Batho ba Bang
Jesu o ne a babatsa batho ba bang. Ka mohlala, ka mor’a tsoho ea hae le ho nyolohela leholimong, Molimo o ile a laela Jesu hore a sebelise moapostola Johanne ho bua le liphutheho tse supileng tse Asia Minor. Ka linako tsohle o ne a babatsa ba tšoaneloang ke pabatso. O ile a sebelisa lipolelo tse latelang ha a ne a bua le phutheho e Efese, e Pergame le e Thyatire: “Ke tseba liketso tsa hao, le mosebetsi le mamello ea hao, le hore ha u mamelle batho ba babe”; “u ntse u tšoere lebitso la ka ka tieo, ’me ha ua ka ua latola tumelo ea hao ho ’na”; a ba a re “ke tseba liketso tsa hao, le lerato le tumelo le bosebeletsi le mamello ea hao, le hore liketso tsa hao tsa morao li feta tsa pele.” Esita le ka phuthehong ea Sarda e neng e hloka keletso e matla, Jesu o ile a hlokomela batho ba neng ba tšoaneloa ke pabatso, a re: “Leha ho le joalo, u na le mabitso a seng makae Sarda a sa kang a silafatsa liaparo tsa ’ona tsa ka ntle, ’me a tla tsamaea le ’na a apere tse tšoeu, hobane aa tšoaneleha.” (Tšenolo 2:2, 13, 19; 3:4) Jesu o ile a beha mohlala o motle hakaakang!
Kaha re etsisa Jesu, ha rea lokela ho tšoaea sehlopha sohle sa batho phoso hobane feela batho ba ’maloa sehlopheng seo ba fokola ntlheng e itseng ebile ha rea lokela ho fana ka keletso empa re sa ba babatse. Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore, haeba re babatsa motho hafeela re batla ho mo fa keletso, ka linako tse ling le mantsoe a rōna a pabatso a ka ’na a oela fatše. Neng kapa neng ha ho khoneha, babatsa batho ba bang haholo! Kahoo, haeba ka nako e ’ngoe ho ka hlokahala hore u fane ka keletso, ho tla ba bonolo hore ba e amohele.
Baholo ba Babatsang ka Tsela e Loketseng
Mosali e mong oa Mokreste ea bitsoang Cornelia, eo hona joale a sebetsang ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Europe, oa hopola hore lilemong tsa bo-1970, molebeli e mong ea tsamaeang o ile a mo botsa hore na o ntse a e-ea joang ka thuto ea hae ea botho le ka ho bala limakasine. O re: “Ke ile ka ikutloa ke hlajoa ke lihlong hanyenyane.” Empa o ile a lumela hore o ne a sa khone ho bala sehlooho se seng le se seng sa makasine. Oa hopola: “Ho e-na le ho ntšoaea phoso ka sena, o ile a mpabatsa ka bonyane boo ke neng ke khona ho bo bala. Ho mpabatsa ha hae ho ile ha nkhothatsa haholo hoo ho tloha ka nako eo, ke ’nileng ka ikemisetsa ho bala sehlooho se seng le se seng.”
Ray, ea sebetsang ofising ea lekala Europe, o hopola letsatsi la hae la pele a le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Molebeli ea okamelang oa phutheho, ea neng a sebetsa a bile a e-na le boikarabelo ba lelapa hammoho le mesebetsi e mengata ka phuthehong, o ile a kena ka Holong ea ’Muso mantsiboeeng ao eaba o ea ho Ray ka ho toba ’me oa botsa, “Ho ne ho le joang letsatsing la hao la pele u le tšebeletsong ea bopula-maliboho?” Hona joale, hoo e ka bang lilemo tse 60 hamorao, Ray o ntse a hopola kamoo moholo enoa a ileng a mo nahanela kateng.
Joalokaha liphihlelo tseo tse peli li bontša, mantsoe a lerato a teboho a tsoang botebong ba pelo a bontšang kananelo bakeng sa lintho tseo ba bang ba li entseng—eseng feela mantsoe a boikaketsi a se nang thuso—a ka etsa mehlolo. Ka phuthehong ea Bokreste, re na le mabaka a mangata a ho babatsa balumeli-’moho le rōna. Ka mohlala, re ka ba babatsa ka takatso ea bona ea ho sebeletsa Jehova, ka likarabo tsa bona tse lokiselitsoeng hantle, ka ho tsoela pele ha bona ba hlōla tšabo ea ho fana ka lipuo sethaleng kapa ka ho kopanela lipontšong le lipuisanong libokeng tsa phutheho, ka ho chesehela ha bona ho bolela le ho ruta le ka matsapa ao ba a etsang a ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso le lipakane tsa moea. Ha re babatsa batho ba bang, re hlohonolofatsoa haholo. Rea thaba ebile seo se re thusa ho ba le pono e nepahetseng ka lintho.—Liketso 20:35.
Baholo ba phutheho ba lokela ho babatsa phutheho ka mosebetsi oa eona o motle. ’Me haeba ho hlokahala hore ba fane ka keletso, ba fana ka eona ka lerato. Ka lehlakoreng le leng, ba qoba ho tšoenyeha haholo ka ho etsa lintho ka mokhoa o phethahetseng hoo haeba ntho e itseng e sa etsoe ka mokhoa o phethahetseng ho nkoang hore ho entsoe phoso e khōlō haholo.
Baholo ba Bakreste ba etsisang mohlala oa Elihu ea ileng a bontša tlhompho le mosa, ba sebelisang bohlale boo Pauluse a ileng a bo sebelisa hammoho le kameho e lerato e ileng ea bontšoa ke Jesu, ba tla khothatsa barab’abo bona e le kannete. Ho babatsoa ho tla susumelletsa batho hore ba ikitlaetse ebile ho tla etsa hore ba be le kamano e ntle le e thabisang le ba bang. Ha Jesu a ne a kolobetsoa, e tlameha ebe o ile a thaba hakaakang ha a utloa Ntate oa hae oa leholimo a mo babatsa ka mantsoe a reng: “U Mora oa ka, ea ratoang; ke u amohetse”! (Mareka 1:11) E se eka re ka thabisa lipelo tsa barab’abo rōna ka mantsoe a rōna a pabatso a tsoang botebong ba pelo le a molemo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ho sebetsa boemo ka bohlale ho ile ha tlisetsa Pauluse liphello tse molemo, le ho rōna ho ka ba joalo
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Pabatso e mofuthu, le e tsoang botebong ba pelo e ka etsa mehlolo