Bontša Hore U Thahasella Batho ba Bang—Ka ho ba Babatsa
1 Ho babatsa batho ho tsoa pelong hoa ba khothatsa, ho ba susumelletsa ho nka khato ebile hoa ba thabisa. Bahoeletsi ba bangata ba lemohile hore hangata ho babatsa batho ho tsoa pelong ka mantsoe a mabeli kapa a mararo ho etsa hore batho ba ba mamele tšebeletsong. Re ka babatsa batho joang ha re ntse re batla monyetla oa ho ba bolella litaba tse molemo?
2 Falimehela Maemo: Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ile a hlokomela liketso tse ntle tsa liphutheho tse supileng tsa Asia Minor. (Tšen. 2:2, 3, 13, 19; 3:8) Ka ho tšoanang, haeba re thahasella batho bao re kopanang le bona tšebeletsong e le kannete, seo se tla re susumelletsa ho batla menyetla ea ho ba babatsa. Ka mohlala, haeba motho a hloekisitse jarete ea hae hantle, motsoali a le bonolo a bile a rata bana ba hae kapa mong’a ntlo a bososela le batho ka botsoalle a bile a lumelisa, lintho tsena tsohle li ka re fa monyetla oa ho ba babatsa. Na u lula u falimehetse maemo ao ebile u sebelisa menyetla e joalo hamolemo?
3 Mamelisisa: Ha u bolella ba bang litaba tse molemo, ba kōpe hore ba u bolelle maikutlo a bona ka ho ba botsa lipotso tse loketseng. Ba bontše tlhompho ka ho mamelisisa seo ba se buang. (Bar. 12:10) Mohlomong u ka utloa ntho e ’ngoe eo u ka ba babatsang ka eona ho tsoa botebong ba pelo ebe joale u khona ho theha puisano ea lōna ho seo le lumellanang ka sona.
4 E-ba le Temoho: Re lokela ho etsa’ng ha mong’a ntlo a bua ntho e itseng e sa lumellaneng le ’nete ea Bibele? Ho e-na le ho pheha khang ka polelo eo e fosahetseng, leboha maikutlo a mong’a ntlo ebe mohlomong u tsoela pele ka ho re, “Kea bona hore u amehile ka ho teba ka taba ena.” (Bakol. 4:6) Esita le haeba motho a pheha khang, hangata re ka mo babatsa hore ebe o thahasella taba eo e le kannete. Ho bua le batho ka mokhoa o bonolo joalo ho ka ’na ha thapisa ba bonahalang e le lingangele tse hanyetsang litaba tse molemo.—Liprov. 25:15.
5 E le hore ha re babatsa motho a ikutloe a khothetse, re lokela ho mo babatsa ho tsoa botebong ba pelo. Ho khothatsa ba bang ka tsela eo ho tlotla Jehova ’me ho ka ’na ha hulela batho molaetseng oa ’Muso.