Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w07 9/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘Ho Lemoha Seo re Leng Sona’—Nakong ea Sehopotso
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
w07 9/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Kaha Bajuda ba ne ba laetsoe hore ka Paseka ba se ke ba sebelisa “letho le lomositsoeng,” ke hobane’ng ha Jesu a ile a sebelisa veine—e leng seno se betseng—ha a theha Sehopotso sa lefu la hae?—Exoda 12:20; Luka 22:7, 8, 14-20.

Tšebeletso ea Paseka, e neng e tšoaea ho Falla ha bara ba Iseraele Egepeta, e ile ea thehoa ka 1513 B.C.E. Ha Jehova a fana ka litaelo tse mabapi le tšebeletso ena, o ile a re: “Le se ke la ja letho le lomositsoeng. Libakeng tsohle tsa lōna tsa bolulo le tla ja mahobe a sa lomosoang.” (Exoda 12:11, 20) Thibelo ena eo Molimo a neng a e behile e ne e sebetsa feela mofuteng oa bohobe bo lokelang ho jeoa ka Paseka. Ha hoa ka ha buuoa letho ka veine.

Lebaka la bohlokoa la hore ho se ke ha sebelisoa tomoso ke hobane Baiseraele ba ne ba tloha Egepeta ba potlakile. Exoda 12:34, Bibele—Phetolelo e Ncha, e hlalosa hore “Baiseraele [ba ile] ba nka hlama ea bona e e-s’o lomosoe, le lijana tsa bona tse lubelang, ba li phutha ka liaparo tsa bona, ba li jara mahetleng a bona.” Hore ebe ho ne ho ke ke ha e-ba le tomoso litšebeletsong tsa Paseka tse latelang ho ne ho tla hopotsa meloko ea nako e tlang ’nete ena ea bohlokoa.

Ka mor’a nako e itseng, batho ba ne ba se ba atisa ho nka tomoso e le letšoao la sebe kapa la ho bola. Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a bua ka setho sa phutheho ea Bokreste se kopanetseng boitšoarong bo bobe, o ile a botsa: “Na ha le tsebe hore tomoso e nyenyane e belisa hlama kaofela?” Eaba o re: “Tlosang tomoso ea khale, e le hore le ka ba hlama e ncha, ho ea kamoo le lokolohileng tomosong. Etsoe, ka sebele, Kreste paseka ea rōna o entsoe sehlabelo. Ka lebaka leo a re bolokeng mokete ona, eseng ka tomoso ea khale, kapa ka tomoso ea bobe le bokhopo, empa ka mahobe a sa lomosoang a botšepehi le ’nete.” (1 Bakorinthe 5:6-8) Ke bohobe bo sa lomosoang feela bo neng bo ka tšoantšetsa ’mele oa Jesu o se nang sebe.—Baheberu 7:26.

Bajuda ke bona ba ileng ba sebelisa veine hamorao tšebeletsong ea Paseka. Ho ka etsahala hore e ile ea kenyelletsoa ka mor’a hore ba khutle botlamuoeng Babylona. Bibele ha e na tlaleho e hanyetsang ho kenyelletsoa hona ha veine, ka lebaka leo, ke ka nepo Jesu a neng a ka e sebelisa lijong tsa Paseka. Ho hlakile hore mehleng ea boholo-holo, tsela ea tlhaho eo veine e neng e belisoa ka eona e ne e fapane le eo bohobe bo neng bo belisoa ka eona. Ho ne ho hlokahala yeast kapa tomoso ha ho belisoa hlama. Veine e entsoeng ka morara e ne e sa hloke hore ho tšeloe lintho tseo. Morara o ne o se o ntse o e-na le metsoako e belisang. Ka Paseka ho ne ho ke ke ha e-ba le lero le sa belang la morara hobane le ne le ke ke la lula le sa bela ho tloha nakong ea kotulo ka hoetla ho fihlela ka Paseka nakong ea selemo.

Kahoo, hore ebe Jesu o ile a tšoantšetsa mali a hae ka veine Sehopotsong, ho hang ha ho khahlanong le litaelo tsa Paseka tse mabapi le tomoso. Veine leha e le efe e khubelu e sa natefisoang, e sa tsoakoang, e sa tšeloang linōko ke eona e loketseng hore e ka sebelisoa e le tšoantšetso ea “mali a bohlokoa” a Kreste.—1 Petrose 1:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela