U se ke Ua Phelela Kajeno Feela
PUONG e tummeng eo a ileng a e fana mosikong oa thaba ea Galilea, Jesu Kreste o ile a re: “Le se ke la itšoenya ka la hosasane.” Ho ea ka Bibele—Phetolelo e Ncha, Jesu o ile a tsoela pele ka ho re: “La hosasane le tla itšoenya ka tsa lona.”—Matheu 6:34.
U nahana hore mantsoe ao a reng “la hosasane le tla itšoenya ka tsa lona” a bolela’ng? Na a bolela hore u lokela ho phelela letsatsi la kajeno feela ebe u lebala la hosane? Na hoo ho hlile ho lumellana le seo Jesu le balateli ba hae ba neng ba se lumela?
“Khaotsang ho Tšoenyeha”
Ipalle mantsoe ’ohle a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:25-32. A mang a ’ona a re: “Khaotsang ho tšoenyeha ka meea ea lōna hore na le tla ja’ng kapa le tla noa’ng, kapa ka ’mele ea lōna hore na le tla apara’ng. . . . Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peō leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo; ho ntse ho le joalo Ntat’a lōna oa leholimo oa li fepa. . . . Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng? Hape, tabeng ea liaparo, ke hobane’ng ha le tšoenyeha? Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li hōlang kateng; ha li sehle, leha e le hore lia ohla . . . Kahoo le ka mohla le se ke la tšoenyeha ’me la re, ‘Re tla ja’ng?’ kapa, ‘Re tla noa’ng?’ kapa, ‘Re tla apara’ng?’ Kaha tsena tsohle ke lintho tseo lichaba li li phehellang ka tabatabelo. Etsoe Ntat’a lōna oa leholimo oa tseba hore le hloka lintho tsena tsohle.”
Jesu o qetella karolo ena ea puo ea hae ka ho fana ka likeletso tse peli. Keletso ea pele e re: “Joale, le ’ne le batle ’muso [oa Molimo] pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” Ea bobeli e re: “Kahoo, le ka mohla le se ke la tšoenyeha ka letsatsi le hlahlamang, etsoe letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona. Letsatsi ka leng le lekanoa ke bobe ba lona.”—Matheu 6:33, 34.
Ntat’a Lōna o Tseba Seo le se Hlokang
Na u nahana hore Jesu o ne a thibela barutuoa ba hae, hammoho le balemi, hore ba se ke ba ‘jala, ba kotula, kapa ba bokellela lijalo tsa bona matlong a polokelo’? Kapa hore ba se ke ba ‘sehla le ho ohla’ e le hore ba ka fumana liaparo tseo ba neng ba li hloka? (Liproverbia 21:5; 24:30-34; Moeklesia 11:4) Le hanyenyane. Ha ba ne ba ka khaotsa ho sebetsa, joang kapa joang ba ne ba tla qetella ba “kōpa nakong ea kotulo,” ba se na lijo kapa liaparo.—Liproverbia 20:4.
Ho thoe’ng ka ho tšoenyeha? Na Jesu o ne a bolela hore ho hang bamameli ba hae ba ne ba ke ke ba tšoenyeha? E ne e tla ba ntho e sa utloahaleng. Jesu ka boeena o ile a khathatseha ’me a tšoenyeha bosiung boo a ileng a tšoaroa ka bona.—Luka 22:44.
Jesu o ne a mpa a bolela ’nete kamoo e leng kateng. Le ka mohla ho tšoenyeha ho feteletseng ho ke ke ha u thusa ho rarolla mathata ao u tobaneng le ’ona. Ka mohlala, ho ke ke ha u thusa hore u phele nako e telele. Jesu o ile a re ho ke ke ha ‘eketsa nako ea bophelo ba hao ka setsoe se le seng.’ (Matheu 6:27) Ha e le hantle ho tšoenyeha haholo ka nako e telele ho ka khutsufatsa bophelo ba hao.
Keletso ea hae e ne e le molemo ka ho fetisisa. Lintho tse ngata tseo re tšoenyehang ka tsona ha li etsahale le ho etsahala. Ke sona seo ralipolotiki oa Lebrithani ea bitsoang Winston Churchill a ileng a se hlokomela ka nako e mahlonoko ea Ntoa ea II ea Lefatše. O ile a ngola tjena mabapi le lintho tse ling tseo a neng a tšoenyehile ka tsona ka nako eo: “Ha ke nahana ka lintho tsena tsohle tseo ke neng ke tšoenyehile ka tsona, ke hopola mantsoe a monna-moholo eo ha a ne a le makhatheng a lefu a ileng a re ho bile le lintho tse ngata tseo a neng a tšoenyehile ka tsona bophelong ba hae, tseo boholo ba tsona li sa kang tsa etsahala le ho etsahala.” Ka sebele, re lokela ho ameha ka litaba tsa letsatsi ka leng, haholo-holo hobane likhatello le mathata ao re talimanang le ’ona a ka etsa hore re tšoenyehe haholo.
‘Le ’ne le Batle ’Muso oa Molimo Pele’
Ha e le hantle, Jesu o ne a sa nahana feela ka se neng se tla tsoela bamameli ba hae molemo nameng le maikutlong. O ne a tseba hore re ka hlokomoloha lintho tsa bohlokoa haholo haeba re tšoenyeha ka ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong ’me re e-na le takatso e feteletseng ea ho batla matlotlo le menyaka. (Bafilipi 1:10) U ka ’na ua ipotsa: ‘Na ho na le ntho ea bohlokoa ho feta ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong?’ Ke lintho tsa moea tse amanang le borapeli ba rōna ho Molimo. Jesu o ile a hatisa hore ntho eo re lokelang ho e etelletsa pele bophelong ba rōna ke hore ‘re ’ne re batle ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae pele.’—Matheu 6:33.
Mehleng ea Jesu, batho ba bangata ba ne ba lelekisa lintho tse bonahalang. Ntho e ka sehloohong eo ba neng ba amehile ka eona e ne e le ho ipokellela leruo. Leha ho le joalo, Jesu o ile a khothalletsa bamameli ba hae hore ba se ke ba ba le pono e joalo. Kaha ba ne ba inehetse ho Molimo, ‘sohle seo ba neng ba tlameha ho se etsa e ne e le ho tšaba Molimo oa ’nete ’me ba boloke litaelo tsa hae.’—Moeklesia 12:13.
Ho ameha ka ho feteletseng ka lintho tse bonahalang—“matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo”—ho ne ho tla etsa hore bamameli ba hae ba fifalloe ke pono ea lintho tsa moea. (Matheu 13:22) Moapostola Pauluse o ngotse tjena: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi, tse lihelang batho timetsong le tšenyehong.” (1 Timothea 6:9) E le hore Jesu a thuse balateli ba hae hore ba qobe ‘leraba’ lena, o ile a ba hopotsa hore Ntat’a bona oa leholimo o ne a tseba hore ba hloka lintho tsena tsohle. Molimo o ne a tla ba hlokomela feela joalokaha a hlokomela “linonyana tsa leholimo.” (Matheu 6:26, 32) Ho e-na le ho lumella matšoenyeho hore a ba imele, ba ne ba lokela ho etsa sohle seo ba ka se khonang ho itlhokomela ebe ka kholiseho ba tlohela lintho ho Jehova.—Bafilipi 4:6, 7.
Ha Jesu a ne a re “la hosasane le tla itšoenya ka tsa lona,” o ne a mpa a bolela hore ha rea lokela ho ikekelletsa mathata a kajeno ka ho tšoenyeha ka ho feteletseng ka se ka ’nang sa etsahala hosane. Phetolelo e ’ngoe ea Bibele a fetolela mantsoe a hae tjena: “Le se ke la tšoenyeha ka la hosane; le tla ba le matšenyeho a lona a lekaneng. Ha ho hlokahale hore le eketse mathata a tlisoang ke letsatsi ka leng.”—Matheu 6:34, Today’s English Version.
“’Muso oa Hao o ke o Tle”
Leha ho le joalo, ho na le phapang e khōlō pakeng tsa ho tšoenyeha ho feteletseng ka letsatsi la hosane le ho iphapanyetsa lona ka ho feletseng. Le ka mohla Jesu ha aa ka a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba iphapanyetse letsatsi la hosane. Ho e-na le hoo, o ile a ba khothalletsa hore ba amehe ka matla ka bokamoso. Ha ho phoso hore ba rapelle litlhoko tsa hona joale—e leng bohobe ba bona ba letsatsi le letsatsi. Empa ba ne ba lokela ho qala ka ho rapella lintho tsa nako e tlang—hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea Molimo e etsoe lefatšeng.—Matheu 6:9-11.
Ha rea lokela ho tšoana le batho ba mehleng ea Noe. Ba ne ba phathahane haholo “ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa” hoo ba sa kang “ba elelloa” se neng se tla tloha se etsahala. Phello e ile ea e-ba efe? ‘Moroallo o ile oa tla ’me oa ba hohola bohle.’ (Matheu 24:36-42) Moapostola Petrose o ile a sebelisa ketsahalo eo ho re hopotsa hore re se ke ra phelela letsatsi la kajeno feela. O ngotse tjena: “Kaha lintho tsena tsohle li tla qhibiliha ka tsela eo, le tšoanela ho ba batho ba mofuta ofe liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo, le letile ’me le lutse le hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova!”—2 Petrose 3:5-7, 11, 12.
Boloka Matlotlo Leholimong
Ka sebele, a re ‘luleng re hopotse’ letsatsi la Jehova. Ho etsa joalo ho tla ama tsela eo ka eona re sebelisang nako, matla, bokhoni, matlotlo le tsebo ea rōna. Ha rea lokela ho phathahana ka ho hahamalla lintho tse bonahalang—ebang ke lintho tse hlokahalang kapa menyaka ea lefatše—hoo re sa beng le nako e kaalo ea ho etsa liketso tsa “boinehelo ba bomolimo.” Ho ameha feela ka letsatsi la kajeno ho ka ’na ha bonahala ho ruisa motho melemo ka potlako, empa melemo e joalo ke ea nakoana feela. Jesu o itse khato e bohlale ke hore re “ipolokele matlotlo leholimong” ho e-na le ho a boloka lefatšeng.—Matheu 6:19, 20.
Jesu o ile a hatisa ntlha eo papisong ea hae e buang ka motho ea neng a e-na le merero e meholo bakeng sa bokamoso. Ha aa ka a kenya Molimo mererong eo. Tšimo ea hae e ne e beha haholo. O ile a etsa qeto ea ho qhaqha matlo a hae a polokelo ebe o haha a maholo e le hore a ka raha qhebelele, a je, a noe ’me a imone menoana. Ke eng e neng e le phoso ka ho etsa joalo? O ile a shoa pele a ka ja litholoana tsa mosebetsi oa hae. Leha ho le joalo, ntho e bohloko le ho feta ke hore o ne a sa ikahela kamano le Molimo. Jesu o ile a phetha ka ho re: “Kahoo ho joalo le ka motho ea ipolokelang letlotlo empa a sa ruela ho Molimo.”—Luka 12:15-21; Liproverbia 19:21.
U ka Etsa’ng?
U se ke ua etsa phoso e tšoanang le ea motho eo ea hlalositsoeng ke Jesu. Batlisisa seo Molimo a se rerileng bakeng sa letsatsi la hosane, ’me u phele ka tsela e lumellanang le sona. Molimo ha aa patela batho seo a tla se etsa. Moprofeta Amose oa boholo-holo o ile a ngola tjena: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” (Amose 3:7) Hona joale, seo Jehova a se senotseng ka baprofeta ba hae se ngotsoe Lentsoeng la hae le bululetsoeng, Bibele.—2 Timothea 3:16, 17.
Bibele e boetse e senola se tla etsahala nakong e tlang, e leng se tla ama lefatše lohle ka tsela e e-s’o ka e bonoa le ka mohla. Jesu o itse: “Ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale.” (Matheu 24:21) Ha ho motho ea ka thibelang ketsahalo eo. Ha e le hantle, ha ho na lebaka le ka etsang hore barapeli ba ’nete ba batle ho e thibela. Hobane’ng? Hobane ketsahalo ena e tla felisa bokhopo bohle lefatšeng, ’me e betle tsela bakeng sa “leholimo le lecha le lefatše le lecha,” e leng puso e ncha ea leholimo le moloko o mocha oa batho lefatšeng. Lefatšeng leo le lecha, Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a [batho], lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:1-4.
Kahoo, na ha ho utloahale hore hona joale u iphe nako ea ho hlahloba hore na Bibele e re’ng ka ketsahalo eo? Na u ka thabela ho thusoa hore u etse joalo? Kōpa Lipaki Tsa Jehova hore li u thuse. Kapa u ngolle bahatisi ba makasine ena. E se eka u ka ikitlaelletsa hore u se ke ua phelela letsatsi la kajeno feela empa u phelele le letsatsi la hosane le tsotehang.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
“Khaotsang ho tšoenyeha . . . Letsatsi le hlahlamang le tla ba le matšoenyeho a lona”