Na U Khatholla ba Bang?
KAROLONG e ka boroa ea mokoloko oa Lithaba Tsa Anti-Lebanon ho na le Thaba ea Hermone, eo tlhōrō ea eona e leng limithara tse 2 814 ka holim’a bophahamo ba leoatle. Hoo e ka bang selemo kaofela, tlhōrō ea thaba ea Hermone e lula e koahetsoe ke lehloa, ’me sena se etsa hore mouoane o futhumetseng o fetang holim’a eona bosiu e be phoka. Phoka eo e theohela lifateng tsa phaena le tsa litholoana tse mothipoloheng le masimong a morara. Iseraeleng ea boholo-holo, phoka e joalo e khathollang e ne e le mohloli o ka sehloohong oa mongobo bakeng sa limela likhoeling tse ngata tsa ha pula e sa ne.
Pineng e bululetsoeng ke Molimo, bonngoe bo khathollang boo barapeli ba Jehova ba nang le bona bo tšoantšoa le “phoka ea Hermone e theohelang holim’a lithaba tsa Sione.” (Pesaleme ea 133:1, 3) Joalokaha phoka ea Thaba ea Hermone e hlasimolla limela, re ka khatholla batho bao re kopanang le bona. Re ka etsa seo joang?
Jesu o Behile Mohlala oa ho Khatholla ba Bang
Jesu Kreste o ile a ba le tšusumetso e matla ho ba bang. Esita le ho ba le eena ka nako e khutšoanyane feela ho ne ho khatholla haholo. Ka mohlala, mongoli oa Kosepele ea bitsoang Mareka o re: “Eaba [Jesu] o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa, a ba beha matsoho.” (Mareka 10:16) E tlameha ebe bana bao ba ile ba ikutloa ba khatholohile hakaakang!
Bosiung ba ho qetela ba Jesu a le lefatšeng, o ile a hlatsoa barutuoa ba hae maoto. E tlameha ebe boikokobetso ba hae bo ile ba ba ama maikutlo. Eaba Jesu o re ho bona: “Ke le behetse mohlala, e le hore, feela joalokaha ke entse ho lōna, le ka etsa ka ho tšoanang.” (Johanne 13:1-17) Ka sebele ho ne ho hlokahala hore le bona ba ikokobetse. Jesu ha aa ka a halefa le hoja baapostola ba sa ka ba utloisisa hang-hang hore na o bolela’ng, ’me hamorao bosiung boo ba qala ho phehisana ka hore na ke mang ho bona ea neng a bonahala eka ke eena e moholo ka ho fetisisa. Ho e-na le hoo, o ile a ba tšetlehela mabaka a sa fele pelo. (Luka 22:24-27) Esita leha “a ne a ntse a hlapaoloa, [Jesu] ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola.” Ha e le hantle, “ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” Re tšoanela ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho khatholla ba bang.—1 Petrose 2:21, 23.
Jesu o itse: “Jarang joko ea ka ’me le ithute ho ’na, kaha ke na le maikutlo a bonolo ’me ke ikokobelitse pelong, ’me le tla fumanela meea ea lōna khatholoho.” (Matheu 11:29) Ak’u nahane u se u rutoa ke Jesu ka ho toba! Ka mor’a hore batho ba motseng oa habo ba mo utloe ha a ruta ka synagogeng, ba ne ba hloletsoe ’me ba re: “Monna eo o fumane bohlale boo le mesebetsi ee e matla hokae?” (Matheu 13:54) Ha re bala ka bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae, re ka ithuta ho hongata mabapi le tsela ea ho khatholla ba bang. A re hlahlobeng mohlala o tsotehang oa Jesu oa ho khothatsa ba bang le ho ba thusa.
Bua Lintho Tse Khothatsang Kamehla
Ho bonolo ho heletsa mohaho ho feta ho haha o mocha. Molao-motheo oo oa ho haha le ho heletsa o sebetsa le lipuong tsa rōna. Kaha ha rea phethahala, kaofela ha rōna re na le liphoso le mefokolo. Morena Solomone o itse: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea tsoelang pele ho etsa se molemo ’me a sa etse sebe.” (Moeklesia 7:20) Ho bonolo ho bona liphoso tsa motho e mong le ho mo hlaba ka mantsoe. (Pesaleme ea 64:2-4) Ka lehlakoreng le leng, hase kamehla ho leng bonolo ho bua lintho tse khothatsang.
Jesu o ile a khothatsa batho ba bang ka lipuo tsa hae. O ile a ba khatholla moeeng ka ho ba bolella litaba tse molemo tsa ’Muso. (Luka 8:1) Jesu o ile a boela a khatholla bao e ileng ea e-ba barutuoa ba hae ka ho ba senolela Ntate oa hae oa leholimo. (Matheu 11:25-27) Hase feela batho ba neng ba rata Jesu!
Ka lehlakoreng le leng, bangoli le Bafarisi ba ne ba sa tsotelle hore na batho ba hloka eng. Jesu o itse: “Ba rata sebaka se hlaheletseng ka ho fetisisa lijong tsa shoalane le litulo tse ka pele ka lisynagogeng.” (Matheu 23:6) Ha e le hantle, ba ne ba khella batho ba tloaelehileng fatše, ba re: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.” (Johanne 7:49) Ho hang boikutlo boo bo ne bo sa khatholle batho!
Hangata lipuo tsa rōna li bontša se ka pelong le kamoo re talimang batho ba bang kateng. Jesu o itse: “Motho ea molemo o hlahisa se molemo letlotlong le molemo la pelo ea hae, empa motho ea khopo o hlahisa se khopo letlotlong la hae le khopo; etsoe molomo oa hae o bua se tletseng ka pelong.” (Luka 6:45) Joale, re ka etsa’ng ho tiisa hore lipuo tsa rōna li khatholla ba bang?
Ntho ea pele ke hore re nahane pele re bua. Liproverbia 15:28 e re: “Pelo ea ea lokileng ea thuisa e le hore e arabe.” Ha ho hlokahale hore motho a nke nako e telele a thuisa ka tsela eo. Hangata ha re nahana pele re bua, re ka hlokomela hore na mantsoe a rōna a tla ama ba bang joang. Re ka ipotsa: ‘Na seo ke batlang ho se bua se bontša hore kea nahanela? Na ke ’nete kapa ke taba ea bo-ba-re feela? Na ke “lentsoe le buuoang ka nako ea lona e nepahetseng?” Na se tla khatholla le ho khothatsa batho bao ke tla ba bolella sona?’ (Liproverbia 15:23) Haeba re hlokomela hore taba eo ea nyahamisa kapa hase nako ea ho e bua, a re ikitlaelletseng ho e tlohela. Ho e-na le hoo, ke hobane’ng ha u sa bue ntho e khothatsang le e loketseng? Mantsoe ao motho a a buang a sa nahane a tšoana le “ho hlaba ha sabole,” athe mantsoe a khothatsang “ke pholiso.”—Liproverbia 12:18.
Ntho e ’ngoe e ka re thusang ke ho nahana ka litšobotsi tse etsang hore balumeli-’moho le rōna e be ba bohlokoa mahlong a Molimo. Jesu o itse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 6:44) Jehova o bona makhabane a e mong le e mong oa bahlanka ba hae ba tšepahalang—esita le bao re nahanang hore baa sokolisa. Ha re ikitlaelletsa ho hlokomela makhabane a bona, re tla susumelletseha ho ba bua hantle.
Thusa ba Bang
Jesu o ne a utloisisa hantle mahlomola a batho ba hateletsoeng. Ha e le hantle, “ha a bona bongata a bo hauhela, hobane bo ne bo sohlokehile ’me bo qhalakane joaloka linku tse se nang molisa.” (Matheu 9:36) Empa Jesu o ile a nka bohato ka boemo ba bona bo sa thabiseng. O ile a re ho bona: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba sehlang le ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” Eaba o ba tiisetsa ho re: “Joko ea ka e mosa le mojaro oa ka o bobebe.”—Matheu 11:28, 30.
Kajeno, re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ (2 Timothea 3:1) Batho ba bangata ba imetsoe ke “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho.” (Matheu 13:22) Ba bang ba imetsoe ke mathata a sithabetsang. (1 Bathesalonika 5:14) Re ka khatholla batho ba hlokang khothatso joang? Joaloka Kreste, re ka ba thusa ka ho ba fokoletsa mojaro oa bona.
Batho ba bang ba leka ho ikimolla ka ho bua ka mathata a bona. Haeba batho ba nyahameng ba kōpa hore re ba thuse, na re ipha nako ea ho mamela ka hloko? Ho hlokahala hore motho a ithibe hore e be momameli ea nang le kutloelo-bohloko. Re lokela ho lula re tsepamisitse mohopolo ho seo motho e mong a se buang, ho e-na le ho nahana ka tsela ea ho araba kapa ea ho rarolla bothata. Ha re mamela motho ka hloko, re mo sheba mahlong ’me re bososela ha ho loketse, re bontša hore rea mo tsotella.
Ka phuthehong ea Bokreste, re na le menyetla e mengata ea ho khothatsa balumeli-’moho le rōna. Ka mohlala, ha re le libokeng Holong ea ’Muso, re lokela ho sheba hore na ke bo-mang ba fokolloang ke bophelo. Ka linako tse ling se hlokahalang feela ke hore re qete metsotso e seng mekae re ba khothatsa pele seboka se qala kapa ha se tsoa. Hape re lokela ho nahana ka ba sa tlang Thutong ea Buka ea Phutheho. Mohlomong re ka ba founela ’me ra bontša hore re amehile ka bona kapa ra ithaopela ho ba thusa.—Bafilipi 2:4.
Baholo ba Bakreste ba na le boikarabelo bo boima ka phuthehong. Re ka ba bebofaletsa mojaro oa bona haholo ka ho sebelisana le bona le ka hore ka boikokobetso re phethe kabelo leha e le efe eo re e fuoang. Lentsoe la Molimo le re ho rōna: “Mamelang ba etellang pele har’a lōna ’me le ipehe tlaase, kaha ba lula ba lebetse meea ea lōna joaloka ba tla ikarabella; e le hore ba ka etsa sena ka thabo eseng ka ho feheloa, kaha sena se ne se tla ba kotsi ho lōna.” (Baheberu 13:17) Ka ho ba le moea oa ho ithaopa, re ka khatholla “ba okamelang ka tsela e ntle.”—1 Timothea 5:17.
U se Phetse ho Bua Lintho Tse Khothatsang le ho Thusa ba Bang
Phoka e khathollang e ba teng ha marotholi a mangata a masesaane a metsi a oela fatše hamonate, joalokaha eka a itlhahela thoboloko! feela. Ka ho tšoanang, re ke ke ra khatholla ba bang ka ketso e le ’ngoe feela e ntle empa re ka ba khatholla ka litšobotsi tse kang tsa Kreste tseo re li bonahatsang ka linako tsohle.
Moapostola Pauluse o ngotse tjena: “Ka lerato la bara ba motho le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) A re pheleng tumellanong le keletso eo ea Pauluse. E se eka re ka khatholla ba bang ka lipuo le liketso tsa rōna.
[Litšoantšo leqepheng la 16]
Phoka ea Thaba ea Hermone—mohloli o ka sehloohong oa mongobo bakeng sa limela
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Momameli ea nang le kutloelo-bohloko o khatholla ba bang