“Tloong ho ’na, . . . ’me ke Tla le Khatholla”
Bacha ba Tšoanang le Marotholi a Phoka a Khathollang
HA HO pelaelo hore Jesu Kreste o ne a kopanyelletsa le balateli ba hae ba bacha lilemong ha a re: “Tloong ho ’na, . . . ’me ke tla le khatholla.” (Matheu 11:28) Ha batho ba qala ho tlisa bana ba bona ho eena, barutuoa ba hae ba ile ba leka ho ba thibela. Empa Jesu o ile a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” Jesu o bile a ‘sika bana bao ’me a qala ho ba hlohonolofatsa.’ (Mareka 10:14-16) Ha ho pelaelo hore Jesu o ne a nka bana e le ba bohlokoa.
Bibele e bua ka bahlankana le baroetsana ba tšepahalang, esita le bacha le bana ba banyenyane, ba ileng ba beha mehlala e babatsehang ea ho sebeletsa Molimo. Bukeng ea Lipesaleme ho boleloa esale pele ka “sehlopha sa bahlankana” ba khathollang joaloka marotholi a phoka. E boetse e bua ka “bahlankana” le “baroetsana” ba rorisang lebitso la Jehova.—Pesaleme ea 110:3; 148:12, 13.
Sebaka Seo Bacha ba Atlehang ho Sona
Marotholi a phoka ke papiso e loketseng, hobane phoka e amana le chai le tlhohonolofatso. (Genese 27:28) Marotholi a phoka ha a theohe ka sekhahla ’me aa khatholla. Nakong ena ea ha Kreste a le teng, bacha ba Bakreste ba itlhahisa ka bongata ka ho rata le ka tabatabelo. Joaloka marotholi a phoka a khathollang, bahlankana ba bangata le baroetsana ba sebeletsa Molimo ka thabo ’me ba thusa balumeli-’moho le bona.—Pesaleme ea 71:17.
Bacha ba Bakreste ha ba khatholle ba bang feela; bona ka bobona baa khatholoha tšebeletsong ea bona. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o fana ka tikoloho eo ba ka atlehang ho eona. Kaha ba boloka litekanyetso tse phahameng tsa boitšoaro, bahlankana le baroetsana ba thabela ho ba le kamano e haufi le Molimo. (Pesaleme ea 119:9) Ka phuthehong, ba boetse ba kopanela mesebetsing e hahang ’me ba fumana metsoalle e metle—tsena ke lintho tse tlatsetsang bophelong bo khotsofatsang le bo nang le morero.
‘Pholiso le Khatholoho’
Na bacha ba Bakreste bona ba ikutloa joaloka “marotholi a phoka”? Tania ke moroetsana ea kopanelang mesebetsing ea phutheho ka mafolofolo le eo ka thabo a etsang lihora tse fetang 70 ka khoeli tšebeletsong. O ikutloa joang? O re: “Ke ikutloa ke khatholohile hape ke khothetse. Ho ba le Jehova le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng oa lefatšeng bophelong ba ka e bile ‘pholiso le khatholoho’ ho ’na.”—Liproverbia 3:8.
Ariel ke mosebeletsi e mong e mocha oa nako e tletseng, ’me o ananela lijo tsa moea tseo a li fumanang ka phuthehong. O re: “Ha ke e-ea libokeng tsa Bokreste, likopanong tse khōlō le tse nyenyane, ke khona ho ja tafoleng ea Jehova ea moea, sena se nkhatholla haholo moeeng. Hape hoa nkhothatsa ho tseba hore lefatšeng lohle, ke na le basebetsi-’moho le ’na.” Ha a hlalosa ntho ea sehlooho e mo khathollang, o re: “Ho khatholla haholo hore ebe Jehova ke motsoalle oa ka, haholo-holo ha ke utloa kapa ke bona liphello tse mpe tseo tsamaiso ena e bang le tsona ho batho.”—Jakobo 2:23.
Abishai ea lilemo li 20 o sebeletsa e le ’moleli oa nako e tletseng oa evangeli ebile e le mohlanka ea sebeletsang ka phuthehong. O hlalosa phihlelo ea hae ka mantsoe ana: “Ke ikutloa ke khatholohile hobane ke tseba kamoo nka sebetsanang ka katleho kateng le mathata a mangata ao bacha ba tobanang le ’ona kajeno. ’Nete ea Bibele e nthusitse hore ke tsepamise mohopolo ho seo ho hlokahalang hore ke se etse hore ke sebeletse Jehova ka moea oohle.”
Antoine e ne e le sefela-peloana ha a sa le lilemong tse qalang tsa bocha. Ka lekhetlo le leng o kile a otla seithuti-’moho le eena ka setulo, ’me a hlaba se seng ka pentšele. Ho hang Antoine o ne a sa khatholle! Empa taeo ea Bibele e ile ea fetola boitšoaro ba hae. Hona joale ha a le lilemo li 19 ’me a sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang ebile e le mosebeletsi oa nako e tletseng ka phuthehong, o re: “Ke leboha Jehova hore ebe o ntumeletse hore ke mo tsebe ’me o nthusitse hore ke bone bohlokoa ba ho sebelisa boitšoaro le ho fetola mekhoa ea ka. Ke qobile mathata a mangata ka tsela ena.”
Ba bang ba hlokomela boikutlo bo khathollang ba bacha ba Bakreste. Matteo ke Paki e nyenyane Italy. Tichere ea hae e ile ea etsa qeto ea hore e mong le e mong ka tlelaseng ea sebelisang puo e litšila o tla lefisoa chelete e itseng e nyenyane. Nako e itseng hamorao, bana ba sekolo ba ile ba kōpa hore molao ona o hlakoloe hobane ba ne ba re “ha ho khonehe hore ho se ke ha sebelisoa puo e litšila.” Matteo oa hlalosa, o re: “Empa tichere e ile ea bolela hore sena hase ’nete, eaba e bolela hore ’na ke mohlala joaloka e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me e ile ea mpabatsa ka pel’a tlelase eohle bakeng sa ho sebelisa puo e hloekileng.”
Ka tlelaseng e sa laoleheng Thailand, tichere e ile ea bitsa Racha ea lilemo li 11 hore a fetele ka pel’a tlelase ’me ea mo babatsa bakeng sa boitšoaro ba hae, ea re: “Ke hobane’ng ha kaofela le sa etsise mohlala oa hae? O mahlahahlaha lithutong tsa hae ebile o itšoere hantle.” Eaba e re ho liithuti: “Ke nahana hore le tla lokela ho fetoha Lipaki tsa Jehova joaloka Racha, e le hore le ntlafatse boitšoaro ba lōna.”
Hoa thabisa ho bona bacha ba likete ba Bakreste ba eketsa tsebo ea bona ka Jehova ’me ba etsa thato ea hae. Bacha ba joalo ba batle ba bontša bohlale boo hangata bo bontšoang ke batho ba baholo. Molimo a ka ba thusa hore bophelo ba bona bo atlehe hona joale esita le ho ba fa bokamoso bo khanyang lefatšeng le lecha le tlang. (1 Timothea 4:8) Tsamaisong ena ea hona joale e se nang letho moeeng, e tletseng bacha ba sa khotsofalang le ba ferekaneng, bacha ba Bakreste ba fapane ka tsela e khathollang!