Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 8/1 maq. 3-4
  • Bacha ba Sebeletsang Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bacha ba Sebeletsang Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha ba Tšoanang le Marotholi a Phoka a Khathollang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bahlanka ba Bacha Linakong Tsa Bibele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bacha ba Thabileng Tšebeletsong ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bacha, Rorisang Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 8/1 maq. 3-4

Bacha ba Sebeletsang Molimo

NA U ho fumana e le ho sa tloaelehang hore bacha ba batle ba fane ka nako ea bona, ntle ho tefo ea letho, ba tle monyakong oa hao ho bua ka Molimo? Na ho bonahala ho makatsa, mehleng ea ho hloka tumelo ho hōlang, hore bana ba ka kopanela le batsoali ba bona ho bueng le ba bang ka litšepiso tse hlollang tsa Bibele tsa bokamoso bo thabileng?a

Liphuthehong tse ngata ho tse 60 000 le ho feta tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle u tla fumana bacha ba bangata. Ha ba ee sekolong sa beke le beke sa Sontaha kapa thupelong ea katekisima. Ho e-na le hoo, bacha bana ba rua molemo esita le ho nka karolo libokeng tsa phutheho. Ba banyenyane ba ka fana ka litlhaloso tse bonolo. Bana ba nka karolo Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo. Bacha ba bangata ba sebelisa matsatsi a phomolo ea sekolo ba thusa baahisani ho ithuta ka Molimo le ka litšepiso tsa oona tse hlollang tsa bokamoso.

Ha ho hlile ha ho letho le lecha ka mosebetsi o joalo oa bacha. Bibele e bolela ka bahlankana le baroetsana ba tšepahalang, ho kopanyelletsa le bacha le bana ba banyenyane, ba behileng mohlala o ikhethang oa ho sebeletsa Molimo.

Buka ea Bibele ea Lipesaleme e boletse esale pele ka “sehlopha sa bahlankana” ba khathollang ’me ba le bangata joaloka “phoka” tšebeletsong ea Molimo. E boetse e buile ka “bahlankana” le “baroetsana” ba rorisang lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 110:3, NW; 148:12, 13) Ho ka etsahala hore ebe, bacha ba bang ba ne ba le har’a ba neng ba le teng ha moea o halalelang oa Molimo o ne o tšolleloa ho balumeli ka Pentekonta ea 33 C.E. Tsatsing leo ba ka bang 3 000 ba ile ba amohela Lentsoe ’me ba ile ba kolobetsoa. Moapostola Petrose o itse ketsahalo ena e makatsang e ne e le phethahatso ea boprofeta ba Joele: “Bara ba lōna le barali ba lōna ba tla profeta; ba bacha ba lōna ba tla bona lipono, ’me maqheku a lōna a tla lora litoro.”—Liketso 2:4-8, 16, 17, 41.

Mehlala e meng ea Bibele ea batho ba sebelelitseng Jehova Molimo bocheng ba bona e kopanyelletsa Samuele, Morena Davida ea lokileng, baprofeta ba Bibele ba tsebahalang haholo Jeremia le Daniele, ho kopanyelletsa le Timothea ea tšepahalang. Tokollo ena e na le lihlooho tse tharo tse buang ka e meng ea mehlala ena ea Bibele. U tla bona ho tsoa lihloohong tsena hore na ke hobane’ng ha bacha, ho kopanyelletsa le batho ba hōlileng, ba nka ho sebeletsa Molimo ka ho teba le hore na ke hobane’ng ha ba qeta nako e ngata hakaalo ho thusa baahisani ho etsa ho tšoanang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Tlhahlobo ea 1985 ea Gallup e ile ea fumana hore ke feela karolo ea 12 lekholong ea Maamerika a hlahileng ho tloha ka 1946 a ileng a bolela hore a ne a e-na le “tumelo e ngata” ha a le lilemo li 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela